You also want an ePaper? Increase the reach of your titles
YUMPU automatically turns print PDFs into web optimized ePapers that Google loves.
Likamano

Mofuthu oa lerato le senang kotsi
Liteboho,

Buka ena ea motataisi e ngotsoe le ho hlophisoa ke Nicol Cave, Palesa Ndabe le Morongoe

Masilo.

Mokhatlo oa C-Change o leboha batho ba latelang: Sepolo Mofelehetsi, Ntsopa Mokitimi,

Ntefi Ntsike le Bolele Monyau ba sebetsang Phela Health and Development Communications

ka mosebetsi oa bona o motle oa ho lekola le ho ntša liphoso bukeng ena. Re boetse re

leboha ‘Me Nozisolo Mpopo le ‘Me ‘Matiisetso Monare ba fetoletseng buka ena Sesothong.

Buka ena ea motataisi e sebelitse litaba tse tsoang libukeng tse ling tse hlahisitsoeng ke

mekhatlo e fapaneng e kentseng letsoho litabeng tsa toantšo ea HIV le AIDS. Mekhatlo ena

e kenyeletsa African Transformation; ALAFA – Lesotho; Catholic Relief Services (CRS) –

Lesotho; Family Health International (FHI); Frontiers Prevention Project; Journey’s of Hope;

PACT -Botswana; Population Services International (PSI); Soul City Institute; Stepping Stones;

le UNICEF.

Buka ena ea motataisi e tšehelitsoe ka lithuso ke ‘Muso oa Amerika ka letlole la USAID tlasa

litumelano tsa No GOP-A-00-07-00004-00. Litaba tse ngotsoeng ka hara buka ena le liphoso

tse ka ba teng ke boikarabello ba mokhatlo oa C-Change o tataisoang ke AED.
Likamano

Mofuthu oa lerato le senang kotsi
Contents

THUTO EA 1: LIA THAKHOHA ............................................ 1

KETSAHALO EA 1: Morero oa lipuisano tsa Sechaba .............................................................................. 2

KETSAHALO EA 2: Papali ea Lefito la Batho ........................................................................................... 4

KETSAHALO EA 3: Ho mamelana .......................................................................................................... 5

KETSAHALO EA 4: Ho tšehetsana ........................................................................................................... 6

KETSAHALO EA 5: Melaoana ................................................................................................................ 7

KETSAHALO EA 6: Liforomo tsa boitlhatlhobo (Boleng le Tlhahlobo ea Kotsi) .......................................... 9

THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO .............. 10

KETSAHALO EA 1: Puo ea thobalano .................................................................................................. 12

KETSAHALO EA 2: Litho tsa ‘mele ea rona tseo re natefeloang ha li tšoaroa .......................................... 14

KETSAHALO EA 3: Likamano tse molemo LE Likamano tse kotsi ........................................................... 17

KETSAHALO EA 5: Re ka fumana tšehetso hokae? ................................................................................. 20

THUTO EA 3: HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA ..... 24

KETSAHALO EA 1: Tšoaetso ea HIV e fetisoa joang? ............................................................................. 27

KETSAHALO EA 2: Mekhoa eo o ka fumanang tšoaetso ea HIV ka eona LE mekhoa eo o ke

keng oa fumana tšoaetso ea HIV ka eona. ............................................................ 29

KETSAHALO EA 3: Thobalano e kotsi e holimo le e kotsi e tlaase le boitšoaro ba thobalano .................... 32

KETSAHALO EA 4: Pale ea likhomo le liphokojoe ................................................................................. 36

KETSAHALO EA 5: Ho utloisisa AIDS le sesole sa rona sa ‘mele ............................................................. 39

KETSAHALO EA 6: HIV le AIDS ho felisa mafosisa ............................................................................... 41

i
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI ........ 47

ii

KETSAHALO EA 1: Re bolelang ka bonyatsi kapa ho boka? ........................................................................ 50

KETSAHALO EA 2: Khokahano ea thobalano ke eng? ............................................................................. 53

KETSAHALO EA 3: Pale ea Limpho ....................................................................................................... 55

KETSAHALO EA 4: Mantsoe a sebelisoang ho hlalosa likamano tse fapaneng .......................................... 57

KETSAHALO EA 5: Hobaneng khokahano ea thobalano e le kotsi? Boleng ba HIV .................................. 59

KETSAHALO EA 6: Khokahano tsa thobalano tse teng metseng ea rona .................................................. 66

THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE

THOBALANO ................................................ 70

KETSAHALO EA 1: Khokahano ea thobalano ea Lebohang .................................................................... 73

KETSAHALO EA 2: Hobaneng batho ba metseng ea rona ba eba le likamano tsa thobalano le

batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe? ..................................................................... 75

KETSAHALO EA 3: Melemo ea ho ba le moratuoa a le mong ea ratanang le uena feela. ........................... 80

KETSAHALO EA 4: Che Thabo, Mathabo! ............................................................................................. 81

KETSAHALO EA 5: Balekane ba bua ka ‘bonyatsi’ le ho boka .................................................................... 82

THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA

JOANG? ....................................................... 89

KETSAHALO EA 1: Lipotso ka HIV le AIDS Lesotho .............................................................................. 92

KETSAHALO EA 2: Ho khaotsa litloaelo tse mpe tsa rona ...................................................................... 95

KETSAHALO EA 3: Ho hlola lintho tse sitisang phetoho .......................................................................... 96

KETSAHALO EA 4: Methati e tšeletseng ea phetolo ea boitšoaro ............................................................ 99

KETSAHALO EA 5: Na ho bobebe hakaalo? ......................................................................................... 101

THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI? .................. 105

KETSAHALO EA 1: Bochaba le bolumeli bo ka susumetsa boitšoaro ba rona joang? ............................. 109

KETSAHALO EA 2: Tseo re ka li Emisang, tseo re ka li Bolokang, le tseo re ka li Fetolang ..................... 112

KETSAHALO EA 3: Ho fetola litumelo tse bakang kotsi (Tšoantšiso) ..................................................... 116

KETSAHALO EA 4: Ha re phureng leshoatla ka taba ena: Bonyatsi bo ka feela. .................................... 119
THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA

SEBELE ................................................... 122

KETSAHALO EA 1: Phapano ke efe lipakeng tsa botona, botšehali le teka-tekano? ................................ 124

KETSAHALO EA 2: “Monna oa Mosotho oa SEBELE” le “Mosali oa Mosotho oa SEBELE” ............... 126

KETSAHALO EA 3: Papali ea kea Lumela, ha ke lumele ....................................................................... 127

KETSAHALO EA 4: Ke mang ea nang le matla? ................................................................................... 130

THUTO EA 9: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO ..... 135

KETSAHALO EA 1: Ho etsahalang ha Baratuoa ba sena puisano? ......................................................... 137

KETSAHALO EA 2: Baratuoa ba bua ka thobalano ............................................................................... 139

KETSAHALO EA 3: BANNA LE BASALI BA BATLANG THOBALANONG ? ...................................... 141

KETSAHALO EA 4: Ho ka etsahala’ng ha re ka etsa qeto ea ho bua ka thobalano? ................................ 143

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITŠOARO

BA KA ...................................................... 146

KETSAHALO EA 1: Ho tsamaea moleng o otlolohileng ........................................................................ 148

KETSAHALO EA 2: Ho tsamaea borokhong ba phetoho ........................................................................ 149

KETSAHALO EA 3: Ho khetha seketsoana sa hao ho qoba moroallo oa metsi ........................................ 152

KETSAHALO EA 4: Ho etsa Liqeto tsa ho fetoha ................................................................................. 155

THUTO EA 11: HO TŠELA MOLA OA HO QETELA .......... 162

KETSAHALO EA 1: Ke na le bohlokoa hobane…… ............................................................................... 163

KETSAHALO EA 2: Ho ithuta ka liphoso le bofokoli ba rona ................................................................. 164

KETSAHALO EA 3: Ke na le tšehetso… ............................................................................................... 167

KETSAHALO EA 4: Tlhahlobo ea boithuto ka kakaretso ....................................................................... 168

KETSAHALO EA 5: Foromo e bontšang le ho hlahloba kotsi ea ka. ........................................................ 169

iii
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

iv
THUTo Ea 1

LIA THAKHOHA

Ketsahalo ea 1 Kakaretso ea lenane le tse phuthetsoeng thutong ena................Metsotso e 30

Ketsahalo ea 2: Lefito la batho ........................................................................Metsotso e 10

Ketsahalo ea 3: Ho mamelana .........................................................................Metsotso e 15

Ketsahalo ea 4: Ho tšehetsana .........................................................................Metsotso e 15

Ketsahalo ea 5: Litebello tsa sehlopha le Melaoana ..........................................Metsotso e 20

Ketsahalo ea 6: Boleng le Tlhahlobo ea Kotsi ..................................................Metsotso e 20

Lesakana le Koalang: Motšehetsi oa ka ........................................................Metsotso e 10

p

Lihora tse 2

1
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

2

Selelekela

1. Amohela bohle ba nkang karolo lipuisanong tsena tsa “Likamano:

mofuthu oa lerato le senang Kotsi”. Leboha bohle ba teng thutong ena

ea pele.

2. Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E

fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e

tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase.

3. Ela hloko hore lenane le lekaneng la sehlopha e be batho ba 10 ho isa

ho ba 12. Sehlopha se se etsoe ka batho ba fetang 15. Haeba ho na le

batho ba fetang 15 sehlopheng sa hao, u ka nahana ka arola sehlopha

ha beli hore re tsebe ho ba le lipuisano tse atlehileng.

4. Lipuisano tsena li lokela ho nka nako ea libeke tse ka bang leshome le

motso o mong (11), hobane batho ba lokela ho ba le nako e lekaneng

ho inahana ka tseo ba ithutang tsona holima thuto ka ngoe, e le hore

motho ka mong a lekole boitšoaro ba ea hae le methati eo a ka e

nkang ho fetola boitšoaro ba hae linthong tse ka bo behang kotsing.

KETSAHALO EA 1

Morero oa lipuisano tsa Sechaba

Ketsahalong ena u tla hlalosa sepheo le tse reretsoeng ho fihleloa ka ho tšoara lipuisano le

lihlopha re buisana ka litaba tsa “Mofuthu oa lerato le senang kotsi” . Hamorao u ka sebelisa

pampiri e kholo e ngotsoeng ea puisano ea “Mofuthu oa lerato le senang kotsi ” e tsoang

kahar’a lebokose la lithusa-thuto ho fana ka kakaretso ea lithuto tse 11 tseo re tla bua ka tsona

libekeng tse leshome le motso o mong ( 11) re le ‘moho.

Hlalosa sepheo sa morero oa C-Change;

1.

Sepheo sa morero C-Change ke ho fokotsa tloaelo ea ho etsa thobalano le batho ba ba

fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe. Bongata ba rona re tseba taba ena e le bonyatsi.

2. Bonyatsi ke tloaelo ea mantlha e eketsang ho ata ha HIV Lesotho. Re lokela ho sebetsa

hammoho ho fokotsa tloaelo ena.
THUTO EA 1: LIA THAKHOHA

3. Morero ona oa ho tšoara lipuisano le lihlopha re buisana ka litaba tsa “ Mofuthu oa lerato

le senang kotsi” o shebane le tsela eo re ka ntlafatsang likamano tsa rona le bophelo ba

rona ba thobalano e le hore re pheme ho tsoela kantle ho ba le baratuoa ba bang kathoko.

Re khothalletsoa ho fumana lerato le thobalano e khotsofatsang kahare ho likamano tsa

rona.

4. Beke le beke re tla kena thutong e ncha moo re tla buisana le ho ithuta lintho tse ncha

ka likamano, mofuthu oa lerato, monate oa thobalano,puisano lipakeng tsa batho ba

ratanang, thobalano, thobalano e sireletsehileng le ho fetola boitšoaro ba rona ho

itšireletsa le ho sireletsa bao re ba ratang khahlanong le tšoaetso ea HIV.

5. Nakong eo re kopaneng ka litaba tsa “ Mofuthu oa lerato le senang kotsi” ke nako ea

hore re be le boithuto ka puisano (ha se ka sekolong). Re tla ithuta litaba tse ncha, empa

re tla boela re arolelana maikutlo le ho fihlella litharollo ‘moho. Kaofela re ka ithuta ho

ba bang.

6.

Hlalosetsa litho tsa sehlopha hore qetellong ea libeke tse 11, re tla fumana melemo e

latelang:

` Ba le kutloisiso ea kotsi ea ho etsa thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e

le ‘ngoe.

` Elelloa kotsi eo u bang ho eona ka lebaka la boitšoaro ba hao ba thobalano kapa ba

moratuoa oa hao.

` Ho tebisa maikutlo ka litloaelo tsa rona le boleng ba rona ka ho etsa thobalano le

batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

` Ba le litsebo tse ncha ka puisano e ntlafetseng le ho buisana ka tseo re li batlang

likamanong tsa rona.

` Qala tsela e ncha ea ho phela eo re tšireletsehileng kotsing ea ho ho etsa thobalano

le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

7. Bontša sehlopha PAMPIRI EA PUISANO e tsoang kahar’a lebokose la lithusa-thuto ‘me

u bue ka lintlha tseo re tla bua ka tsona lithutong tse 11 tse tlang.

8. Hlalosa hore thuto ka ‘ngoe e tla ba lipakeng tsa lihora tse peli le lihora tse peli le

metsotso e mashome a mararo. Thuto ka ‘ngoe, e tla ba le liketsahalo tse ‘ne kapa tse

hlano tse fapaneng. Lumellanang ka nako eo sehlopha se tla kopana ka eona beke le

beke.

9. Bolella sehlopha hore morero ona ke oa mofuta oa pele Lesotho mona. Tseo ba ithutang

tsona lipuisanong tsena, le litlhahiso tsa bona li tla thusa ho matlafatsa morero ona

molemong oa lihlopha tse tla rupeloa nakong e tlang.

Araba lipotso tseo sehlopha se ka bang le tsona ka morero oa C-Change le ka moo

lipuisano li tla tsamaea ka teng.

3
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

4

KETSAHALO EA 2

Papali ea Lefito la Batho

Hore re ikutloe re phutholohile ho bua ka litaba tse kang thobalano, le bophelo bo botle ba

thobalano, mofuthu oa lerato le likamano, re lokela ho ikutloa re le sebakeng se bolokehileng,

se re tšehetsang, moo e mong le e mong a ka arolelanang litaba, a ithute ‘me a hole. Papali ea

Lefito la Batho e bua ka ho tšepana le ho sebetsa hammoho.

Mekhoa ea ho tsamaisa papali

1.

Kopa litho tsa sehlopa ho ikarola lihlotšoana tsa batho ba bahlano (5) ‘me ba atamelane

ho etsa lesakana.

2. Hlalosa: “tšoara matsoho a motho e mong ea lesakeng empa e se be ea pel’a hao. Etsa

bonnete ba hore o tšoere matsoho a batho ba babeli ba fapaneng. Kamora mona, lekang

ho itokolla le sa tlohele matsoho a ba bang, ho fihlela le boetse le entse lesakana le

tloaelehileng. Kamor’a metsotso e meraro (3) botsa lipotso tse latelang:

U ile ua lokoloha joang?

Ho na le ea ileng a lahleheloa ke tšepo?

Ke eng e entseng hore sehlopha se atlehe?

Hlalosa hore lipuisanong tsena re tla sebetsa hammoho ho ithuta ho ba bang le ho thusana ka ho

tšehetsana le ho eletsana.
THUTO EA 1: LIA THAKHOHA

KETSAHALO EA 3

Ho mamelana

Se seng se tla thusa hore sehlopha sa rona se be le katleho ke ha re fanana sebaka sa ho bua le

ho mamelana. Ha re itloaetseng ho mamelana ka ho etsa tšoantšiso/papali e bontšang batho ba

babeli ba mamelanang.

Mokhoa ea ho tsamaisa tšoantšiso

1.

Arola litho tsa sehlopha ka bobeli. Sehlopheng ka seng, kopa motho a le mong ho qoqela e

mong ka nako e monate eo a bileng le eona le motsoalle kapa setho sa lelapa haufinyane.

2. Hlalosa hore motho ea mametseng a ke ke a bua kapa ho mo kena hanong, empa a

ka bontša thahasello kapa kutloisiso a sa bue. Lumella motho enoa ho bua metsotso e

meraro. Etsa bonnete ba ho boloka nako.

3. Kamorao ho metsotso e meraro, kopa ea neng a mametse e be eena ea buang ka nako e

monate eo a bileng le eona le motsoalle kapa setho sa lelapa. Ea neng a bua e se e le eena

ea mamelang.

4. Ea mametseng, o lokela ho mamela ka hloko,

a se ke a kena e mong hanong . Emisa

kamor’a metsotso e meraro.

5.

Kopa litho tsa sehlopha kaofela ho etsa lesakana la nkope. Kopa litho tsa sehlopha ho

fana ka maikutlo a bona holima ketsahalo e qetang ho feta. Botsa sehlopha:

Ho ne ho le joang ha ho na le motho ea u mametseng ka hloko?

Ho ne ho le joang ho lula u thotse u mametse?

Re ka bontša batho joang hore re mametse ka hloko?

Qetella ketsahalo ena ka hore:

Motho o mamela ka ho ela hloko le ho nahana ka se buuoang ke motho e mong.

Ho mamela ke tsebo eo u ka ithutang eona ‘me e ntlafala ha u e etsa khafetsa.

Itloaetse ho mamela ka hloko molekane oa hao, motsoalle kapa motho e mong oa lelapa.

Kaofela re ka ithuta ho ba bang, ha feela re mamelana.

5
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

6

KETSAHALO EA 4

Ho tšehetsana

Kaofela re na le mathata ‘me re tobane le ho etsa liqeto tse boima. Ho ba le metsoalle ea rona

le litho tsa lihlopha ho re tšehetsa le ho re tataisa , ho ka re thusa ho feta ha bobebe liqholotso

tseo re kopanang le tsona maphelong a rona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1.

Bala pale ea ‘M’e Refiloe (ka tlase) ‘me u botse sehlopha lipotso tse latelang. Kapa u

kope motho e mong ho bala pale.

Pale ea ‘ M’e Refiloe

Ha ke tsebe hore na ke etse joang … ke rata monna oa ka empa matsatsing ana

ha ke tsebe hore na ho etsahala’ng haholo ha e le Moqebelo bosiu. O tsamaea

le metsoalle ea hae ho ea noa, ‘me ha a khutle ho fihlela bosiu bo boholo. Ka

linako tse ling ha a tle hae ho hang. Ha ke tsebe hore na o na le mosali e mong,

ha ke tsebe... ke kopa thuso, ke tšoenyehile, empa ke mo botsa joang? Ke tšohile

hore a ka tšoana a ntlisesa mafu, haeba a ena le basali ba bang. Nka ikutloa ke

sireletsehile ha re sebelisa khohlopo... empa nka kopa ntho e joalo joang..? O tla

nahana hore ke ea mo belaella... kapa ha ke mo tšepahalle.

2.

Botsa sehlopha,

Na re tseba batho ba boemong bo tšoanang le ba Refiloe?

Haeba u ne u le motsoalle oa Refiloe, ke tšehetso le keletso li fe tseo u neng u ka mo

fa tsona?

Qetella ketsahalo ena, e re

Nakong ea lipuiwsano re tlo buisana haholo ka batho ba kang Refiloe. Batho ba kang ‘na le uena.

Re tla tšehetsana le ho fanana likeletso.
THUTO EA 1: LIA THAKHOHA

KETSAHALO EA 5

Melaoana

Ketsahalo ena e botsa litho tsa sehlopha hore na ba lebeletse ho fumana eng lipuisanong tsena

tsa lihlopha, le hore na ba tla kenya letsoho joang morerong ona. Likarabo tsa litho tsa sehlopha

li tla tlatselletsa ho etsa melaoana e tla tsamaisa sehlopha nakong ea lipuisano.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Kopa sehlopha ho nahana motsotsoana ka seo ba lakatsang ho se FUMANA lipuisanong

tsena tsa “Mofuthu oa lerato le senang kotsi’. Kopa litho tsa sehlopha ho tla pela pampiri

e kholo ‘me ba etse setšoantšo se hlalosang seo ba lakatsang ho se fumana ka ho ba teng

lipuisanong tsena.

2. Hlalosetsa sehlopha hore, e le hore bohle re fumane seo re se batlang, re tla lokela ho

sebetsa hammoho re le sehlopha, e mong le e mong a kenye letsoho ka tsela ea hae ho

bona hore re ba le sebaka seo re tla ithuta le ho hola ho sona. Hlalosetsa sehlopha hore

mekhoa eo lithuto li etsoang ka eona le melaoana ea tsamaiso li tla re thusa hore re ithute

‘moho.

3. Kopa sehlopha ho nahana ka tseo ba ka FANANG ka tsona morerong ona e le hore o tle o

atlehe. U ntse o sebetsa ‘moho le sehlopha ngola maikutlo ana holim’a pampiri e kholo.

Etsa tlhahiso hore litho tsa sehlopha li nahane ka tsela eo ba tla itšoara ka eona kapa lintho tseo

a tla li etsa, tse tla:

Etsa hore sebaka sa thuto se tsoele bohle molemo ‘me se etse hore bohle ba phutholohe.

Bontša tlhomphano ka tsela eo re tla atamelana ka eona.

Thusa sehlopha ho atleha.

Mehlala ea lintho tseo setho ka seng se ka se etsang li ka kenyeletsa;

“Ke tla ….” Mamela bohle;

“Ke tla….” kenya letsoho;

“Ke tla….” Tsitsa tabeng;

Boloka lekunutu. (Ho se be litšebo);

Hlompha maikutlo a bohle;

Ke tla nka karolo ka ho hlahisa maikutlo a ka lipuisanong;

Ke tla fa batho ba bang monyetla oa ho bua, ke ba mamele ka hloko – ke se ke ka bua ka

linako tsohle

Fihla ka nako;

Ke tla leka ho ba teng lithutong tsohle.

7
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

8

4. Ha sehlopha se khotsofetse ke ho fana ka litšoantšo tsa lintho tse tla atlehisa morero, tse

ngotsoeng holim’a pampiri e kholo, ba bolelle hore tsena e tla ba “Melaoana ” nakong

ena eo re leng ‘moho.

5. Kopa sehlopha ho hlahloba litšoantšo ka ho FANA/MELAOANA ‘me u bone hore na ho

na le moo ba batlang ho etsa liphetoho kapa ba batlang litlhakisetso. Kamor’a motsotso

kopa sehlopha ho phutha matsoho a bona ha ba lumellana le sena. Haeba ba bang ba sa

lumele, khutlela lethathamong ‘me le buisane ka lintlha tse sa hlakelang sehlopha kapa

tseo se sa lumellaneng le tsona.

6.

Khothaletsa litho tsa lihlopha ho ikamahanya le melaoana ena ‘me u ba kope ho u

hopotsa le ho hopotsana, ha uena kapa e mong oa bona a tlola molao.

HOPOLA: hangata batho ba tla hlahisa melaoana eo ba e lakatsang – etsa bonnete ba

hore ke melaoana e ka fihlelehang. Leka ho nolofatsa melaoana kahohle –hohle.

TLHOKOMELISO EA BOHLOKOA

Ho bohlokoa ho etsa melaoana ka litšoantšo . Mohlala, sebelisa setšoantšo sa

tsebe sebakeng sa ho mamela; setšoantšo sa tšupa-nako (oache) sebakeng sa ho

fihla ka nako le ho boloka nako, setšoantšo sa sefahleho se bososelang sebakeng sa

tlhomphano le ho hlompha litlatsetso tsa ba bang; joalo joalo.

Ketsahalo ena e e re thusa hore re qale ho sebelisa litšoantšo ho fetisa melaetsa ka

tsela eo bohle ba ka e utloisisang. Ho bohlokoa ho fana ka khothatso le ho babatsa

mothating ona o qalang oa ho sebelisa Iitšoantšo ho fana ka litlhahiso. Ho boetse ho

bohlokoa ho toboketsa hore ha ho hlokahale hore litšoantšo e be tse tsoileng matsoho

tse ntle: hoa bohlokoa ke hore ke letšoao le pampiring leo bohle ba tla le tseba ba le

utloisise.

Lesakana le Koalang: Motšehetsi oa ka

Sepheo sa ‘Motsehetsi oa ka’ ke ho fa motho e mong le e mong tšehetso ka linako tsohle ha

morero ona o ntse o tsoela pele. Motho e mong le e mong e ba motšehetsi oa motho e mong

sehlopheng ‘me seabo sa bona ke ho ba “hlokomela” ka ho ba botsa qetellong ea thuto e ‘ngoe

le e ‘ngoe kapa lipakeng tsa lithuto, hore na ba ikutloa joang le hore na tsohle li ntse li tsamaea

hantle.

1. Kopa bohle ho ema ba entse lesakana ‘me ba tšoarane ka matsoho. Kopa bohle ho

tlohellana ‘me ba shebe ho motho ea ka letsohong le letona. Sena se bolela hore motho e

mong le e mong o tla sheba e mong kamorao.
THUTO EA 1: LIA THAKHOHA

2. Hlalosa hore lipuisanong tsa mofuta ona ke maikutlo a matle ho “hlokomelana”. Kahoo,

u khothalletsa hore e mong le e mong e be motsehetsi oa motho ea ka pele ho eena

lesakaneng. Ka tsela ena, motho e mong le e mong o tla “hlokomela” motho e mong, ‘me

motho e mong le e mong o tla ba le motho ea mo hlokomelang.

3. Hlalosa hore seabo sa e mong le e mong oa bona e le motšehetsi ke ho hlokomela motho

eo a mo “ts’ehelitseng” ka ho mo botsa qetellong ea thuto e ‘ngoe le e ‘ngoe kapa

bohareng ba lithuto hore na o ikutloa joang le hore na tsohle li ntse li tsamaea hantle.

4. Hlalosa hore ketso ea mofuta ona e thusa batho ba ka ‘nang ba fumana tse ling tsa lithuto

li le thata. E boetse e thusa sehlopha ho elelloa hore e mong le e mong o na le seo a ka

fanang ka sona le hore kaofela re ka thusana le ho tšehetsana.

KETSAHALO EA 6: Liforomo tsa

boitlhatlhobo (Boleng le Tlhahlobo ea

Kotsi)

Kopa motho ka mong ho tlatsa foromo ea Boleng le Tlhahlobo ea Kotsi. Foromo ena ke ea

lekunutu. Ha ba lokela ho ngola mabitso a bona foromong ena. E reretsoe lipatlisiso feela.

Litho li tlameha ho tlatsa foromo ea ‘BOINGOLISO’ e tlatsoa ke motho e mong le e mong, hore

re tsebe ho bona na ke batho ba feng ba nkang karolo lipuisanong tsena.

Bokella liforomo tsa Boleng le Tlhahlobo ea Kotsi

Leboha boteng ba bohle ‘me le lumellane ka letsatsi le nako ea thuto e hlahlamang.

9
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

10

THUTo Ea 2

HA RE BUOENG KA

THOBALANO

Ketsahalo ea 1: Puo ea thobalano ....................................................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 2: Litho tsa ‘mele ea rona tseo re natefeloang ha li tšoaroa ..........metsotso e 40

Ketsahalo ea 3: Likamano tse nepahetseng LE Likamano tse sa nepahalang .....metsotso e 30

Ketsahalo ea 4: Re ka fumana tšehetso hokae?.................................................metsotso e 40

Lesakana le Koalang: Lintho tse molemo, tse teng ho ‘na kajeno .........................metsotso e 10

p

Lihora tse 2 le

metsotso e 20
Tse tlang ho

ithutoa

Kakaretso ea

thuto

Lisebelisoa tse

Hlokahalang

Qetellong ea thuto litho tsa sehlopha li lokela ho:

1.

THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

Ikutloa li phutholohile ho bua ka thobalano, liketso tsa

thobalano le boitšoaro ba thobalano.

2. Utloisisa litho tsa ‘mele tseo ba natefeloang ha li tšoaroa le tseo

batho ba mofuta o mong, e le banna kapa basali ba natefeloang

ha li tšoaroa.

3.

4.

Elelloa hore thobalano e tšireletsehileng ke thobalano e monate.

Utloisisa tse ling tsa mantlha tse etsang hore re be le likamano

tse mofuthu tsa lerato le thobalano e khotsofatsang.

Ketsahalo ea 1: Puo ea thobalano. Ketsahalong ena sehlopha se hlahisa

mantsoe a amohelehang sechabeng ho hlalosa litho tsa botona le

botšehali le liketso tse fapaneng tsa thobalano.

Ketsahalo ea 2: Litho tsa ‘mele ea rona tseo re natefeloang ha li

tšoaroa. Sehlopha se etsa setšoantšo sa monna le mosali ‘me ba bontše

litho tsa ‘mele ea bona tseo ba natefeloang ha li tšoaroa. Sena se

lateloa ke puisano ka thobalano e monate, ebile e se na kotsi e ngata.

Ketsahalo ea 3: Likamano tse nepahetseng le tse sa nepahalang.

Ketsahalo ena e etsa hore sehlopha se lekole maemo a fapaneng hore

na a na le tšusumetso e nepahetseng kapa e sa nepahalang likamanong

tsa rona. E re hlokomelisa hore kaofela re na le boikarabello ho etsa

likamano tsa rona li ntlafale le hore e be tse khotsofatsang thobalanong

le maikutlong.

Ketsahalo ea 4: Re ka fumana tšehetso hokae? Ketsahalo ena e thusa

litho tsa sehlopha ho buisana ka litšebeletso le litsi tse teng motseng oa

rona, haholo litsi tsa bophelo bo botle le thobalano le ho khothaletsana

ho fumana litšebeletso litsing tsena. Lesakana le Koalang: Papali ea

‘Lintho tse molemo, tse teng ho ‘na kajeno’ e thusa hore batho ba

tšepane le hore ba bue ka bolokolohi e le litho tsa sehlopha.

Ketsahalo ea 4: LIKARETE TSA LIKAMANO TSE MOLEMO LE

LIKAMANO TSE KOTSI

KHOPOTSO: Joalo ka motataisi, u hloka ho ikutloa u phuthulohile ho bua ka thobalano. Ha

u sa phutholoha, litho tsa sehlopha ha li na ho phuthuloha. Sepheo sa mantlha sa ketsahalo

ena ke ho kholisa sehlopha hore thobalano e sireletsehileng ke thobalano e monate. Ho tseba

hore u bolokehile ho etsa hore u natefeloe haholo. Haeba o khona ho buisana le moratuoa oa

hao hore na u natefeloa ke thobalano ha o tšoara kae, ‘me le eena a khona ho u joetsa hore

na o natefeloa ha a tšoaroa kae, le ka natefeloa ke thobalano le ha le sebelisa khohlopo.

11
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

12

Selelekela

Amohela bohle thutong ena ea bobeli. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa

sehlopha tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng

thuto ea kajeno.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno le

tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo la tšebetso e tsoang

kahar’a lebokose la lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li ngotsoe litabeng tse

hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola ba

ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e

tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase.

KETSAHALO EA 1:

Puo ea thobalano

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho hlakisa mantsoe a amohelehang sechabeng ho hlalosa liketso tsa

thobalano le litho tsa ‘mele tsa thobalano

MEKHOA EA HO TSAMAISA THUTO

1. Hlalosa hore re tlo bua ka lintho tseo batho ba bangata ba leng lihlong ho bua ka tsona

ka har’a batho. Empa tsela ea ho hlola lihlong ke ho amohela hore kaofela re na le ho ba

lihlong.

2. Kaha e ‘ngoe ea litsela tsa mantlha tseo re fumanang tšoaetso ea HIV ka eona ke

thobalano, re lokela ho tseba ho bua ka maikutlo a rona le liketso tsa rona malebana le

thobalano, hammoho le mekhoa ea ho etsa thobalano.

3. Hlalosa hore thutong ena le lithutong tsohle tse hlahlamang, re tla hloka ho bua ka litho

tsa ‘mele le liketso tse fapaneng tsa thobalano. Kahoo re lokela ho lumellana hammoho ka

mantsoe a amohelehang ao bohle re ka a sebelisang le ho a utloisisa hammoho.
THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

4. Arola sehlopha lihlotšoana tse peli. Fa sehlopha ka seng pampiri ea likarete tsa HA RE

BUENG KA THOBALANO e tsoang kahar’a lebokose la lithusa-thuto. Kopa sehlopha se

le seng ho nahana mantsoe a amohelehang sechabeng a bolelang likarolo tsa ‘mele (joale

ka ha re bontšitse ka tlase mona, tse hlahang lehlakoreng le ka letsohong le letsehali).

Kopa sehlopha sa bobeli ho nahana mantsoe a amohelehang sechabeng a bolelang liketso

tsa thobalano (joale ka ha re bontšitse ka tlase mona, tse hlahang lehlakoreng le ka

letsohong le letona).

Likarolo tsa ‘Mele Liketso tsa Thobalano

Botona

Marete

mohlamu

Botšehali

Naoa

Matsoele

Tlhoko

Lero la botona

Maboea

Maro a bosali

Ho qetella thuto,

Ho kotana

Ho nyeka/ (ho momona botona)

Ho nyeka botho ba mosali

Ntloabe

Ho monna le mosali ba futhumatsana ho lokisetsa ‘mele ea

bona thabalano

Ho tsoheloa

Ho kotana ka libonong

Ho etsa thobalano le mosali a e so be mongobo kapa metsi

sethong sa hae sa botšehali.

Ho lahla ‘mane

Ho fihla sehlohlolong sa monate oa thobalano

Ho chopholela (ho ntša botona ba monna ka botšehaling ba

mosali pele monna a lahla ‘mane)

Ho etsa thobalano monna a kenya botona ba hae lipakeng

tsa lirope tsa mosali

Thoholetsa bohle ka ho qeta mosebetsi ona o thata. Hopotsa sehlopha hore ana ke mantsoe ao re

tla a sebelisa nakong ea libeke tsena tse 11 ha re ntse re tsoela pele ka lipuisano tsa ho fokotsa

bonyatsi .

13
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

14

KETSAHALO EA 2:

Litho tsa ‘mele ea rona tseo re

natefeloang ha li tšoaroa

Ketsahalong ena re tla etsa setšoantšo sa ‘mele oa mosali le ‘mele oa monna, ebe re tšoaea litho

tsa ‘mele ea rona tseo re natefeloang ha li tšoaroa -ho banna le basali, le ho khothalletsa puisano

ka mefuta e fapaneng ea menate ea thobalano, e seng feela ho kena thobalanong. Sepheo

sa ketsahalo ena ke ho eketsa kutluisiso ka “Litho tsa ‘mele ea rona tseo re natefeloang ha li

tšoaroa tsa banna le basali ho eketsa monate oa thobalano le ho tseba ho laola litakatso tsa rona

tsa thobalano.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1.

NTLHA EA BOHLOKOA

Hangata ketsahalo ena e qabola batho, empa ena le sepheo sa bohlokoa e leng

ho thusa batho ho itloaetsa ho bua ka thobalano le ho ithuta ka ho thusa batho ho

itloaetsa ho bua ka thobalano le ho elelloa lintho tse ba natefisetsang thobalano le tse

etsang hore baratuoa ba bona ba natefeloe. Khothaletsa sehlopha ho nahana ka litsela

tse ngata tsa ho natefeloa kapa ho fihlela sehlohlolo sa monate oa thobalano, mohlala:

Ho bua ka thobalano;

Ho tantša ka tsela e hohelang;

Ho pholla “Litho tsa ‘mele ea rona tseo re natefeloang ha li tšoaroa”;

Ho itšoara;

Ho tšoarana;

Ho phollana ; ho kenya botona lipakeng tsa lirope.

Arola sehlopha lihlotšoana tse peli: basali feela le banna feela. Haeba u na le banna feela

kapa basali feela, kopa sehlopha se seng ho ikuka e le banna kapa basali.

2. Kopa sehlopha ka seng ho etsa setšoantšo sa ‘mele oa motho oa mofuta oa bona (basali ba

etsa setšoantšo sa mosali) holim’a pampiri e kholo. Kopa sehlopha ho tšoaea likarolo li fe

kapa li fe tse amanang le pelehi, bosali kapa bonna le tse eketsang monate oa thobalano.

3. Kopa sehlopha ka seng ho tšoaea “moo ba ratang ho tšoaroa” – litho tsa ‘mele tseo batho

ba mofuta oa bona ba ratang ho tšoaroa hore ba ikutloe ba khalleha. Buisanang hore na

batho ba bang ba rata ho tšoaroa libakeng li fe tse fapaneng.
4.

THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

Kopa lihlopha ho pheta sena, empa lekhetlong lena ba etse le setšoantšo se fapaneng.

Mohlala, sehlopha sa basali se tla etsa setšoantšo sa ‘mele oa monna.

5. Beha litšoantšo tsena tse ‘ne tse ngotsoeng holima pampiri e kholo leboteng. Fa sehlopha

nako ea ho sheba litšoantšo tsena tse ‘ne. Kamorao ho mona kopa litho tsa sehlopha

kaofela ho etsa lesakana.

BOTHO BA

MOTHO E

MOTS’EHALI

LIROPE

MOLOMO

NAOA

LITLHOKO

POPELO

‘Ha motho a o

tšoara naoa, ho

ka u thusa hore o

fihlele sehlohlong sa

thobalano ka pele’.

15
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

16

6.

Botsa litho tsa sehlopha ka tseo ba ithutileng tsona ketsahalong ena ka ho botsa lipotso

tse latelang:

Banna le basali ba utloisisa “Litho tsa ‘mele ea bona tseo ba natefeloang ha li

tšoaroa” hakae? Ke se fe se ka ba thusang ho matlafatsa kutloisiso ea Litho tsa

‘mele ea bona tseo ba natefeloang ha li tšoaroa?

Ke kotsi efe ea ho fetisa HIV e ka bang teng ka ho tšoarana “Litho tsa ‘mele ea

rona tseo re natefeloang ha li tšoaroa? Re ka fokotsa kotsi ee joang re ntse re utloa

monate?

7. Kopa sehlopha ho khutlela lihlopheng tsa bona tse tšoanang ho qapa tšoantšiso e

khutšoanyane kapa pina ka monna le mosali ha ba khothaletsana ho leka mekhoa e mecha

ea ho utloisana monate ba sa kene thobalanong. Botsa sehlopha sa banna le sa basali hore

na li ka rata ho arolelana litšoantšiso tsa bona na.

Qetella ketsahalo ena, e re:

Ho na le mekhoa e mengata ea ho fana le ho amohela monate oa thobalano, kantle le ho

kena thobalanong.

Thobalano e sireletsehileng ke thobalano e monate. Ho sebelisa khohlopo ha ho felise

monate oa thobalano. Qapang lintho tse ncha. Sebelisa litsebo tsa hore motho a ka

tšoaroang litho tsa ‘mele tse fapaneng ‘me a natefeloa.

Ho bua ka litakatso tsa hao tsa thobalano ho tla thusa hore kamano ea lona e matlafale

‘me le be le thobalano e khotsofatsang.

Haeba u sa phutholoha, itloaetse ho bua ka thobalano le metsoalle ea hao pele. Aha

boitšepo ba hao.
THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

KETSAHALO EA 3:

Likamano tse molemo LE Likamano tse kotsi

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho buisana ka boitšoaro le litloaelo tse molemo le tse kotsi

likamanong tsa rona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Pele o qala ketsahalo ena, ngola lihlooho tse latelang ka litlhaku tse kholo lipampiring

tse arohaneng: “tse molemo haholo”, “tse kotsi haholo” le “ho ea ka mabaka”. Sebelisa

matšoao a sefahleho se thabileng, sefahleho se sa thabang le letšoao la potso.

2. Manamisa matšoao ana holima lebota. Beha letšoao la “tse kotsi haholo” ka letsohong

le letšehali, u behe letšoao la “tse molemo haholo” ka letsohong le letona. Hlalosa hore

hona ke “sekala se bekhang likotsi le melemo ea likamano tsa rona” ‘me re tla sebelisa

sekala sena ho buisana ka boitšoaro le litloaelo tse teng likamanong tsa rona. Hlalosa

hore likamano tsa lerato li ka ba kae kapa kae sekaleng sena, ho tloha ho ‘tse molemo’ ho

isa ho ‘tse kotsi’.

3. Arola litho tsa sehlopha ka lihlotšoana tsa batho ba babeli. Kopa motho ka mong ( ka

lihlotšoana tsa batho ba babeli) ho fana ka mohlala oa likamano tse molemo le likamano

tse kotsi. Mehlala e ka ba litaba tse maphelong a bona, kapa ho batho ba bang bao ba

ba tsebang. Fa lihlotšoana tsena metsotso e mehlano ho buisana ka mehlala ea bona.

Khothaletsa sehlopha ho bua ka likarolo tse molemo le tse kotsi tsa likamano tsa bona.

4. Kopanya lihlopha,

bohle ba lule ba entse lesakana. Botsa sehlopha ho nahana ka

makhabane a kamano e molemo. Ngola tsena tlas’a letšoao la “tse molemo haholo” .

Toboketsa makhabane ana a mantlha:

` Hlompho

` Tekano

` Boikarabello

` Botšepehi

` Kenyeletsa makhabane a mang a kamano e molemo ao sehlopha se a boletseng.

5. Hlakisa hore likamano tse kotsi li fapane haholo le likamano tse molemo. Mehlala,

tlhekefetso ea ‘meleng/ ho loana, tlhekefetso ea maikutlo, ho se fane ka thobalano, ho se

fe molekane oa hao chelete ea ho reka litlhoko tsa lelapa haeba u sebetsa.

6. Beha letšoao le ngotsoeng “ ho ea ka mabaka” pela matšoao ao re itseng a bontša ‘ sekala

se bekhang likotsi le melemo ea likamano tsa rona’

7. Fa morupeluoa e mong le e mong karete ea LIKAMANO TSE MOLEMO le karete ea

LIKAMANO TSE KOTSI tse tsoang kahar’a lebokose la lithusa-thuto. Ka kakaretso ke

likarete tse 15.

17
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

18

8. Kopa motho e mong le e mong ho bala a hoelehelitse se ngotsoeng kareteng ea hae. Mo

kope ho hlalosa kamoo boemo bona bo leng molemo kapa bo leng kotsi likamanong le

hore na hobaneng a nahana joalo. Kopa motho ka mong ho beha karete ea hae sebakeng

se nepahetseng holima sekala se bekhang likotsi le melemo ea likamano tsa rona’.

9. Botsa sehlopha hore na se nahana joang ka sebaka seo karete e leng ho sona. Fana ka

nako ea ho buisana. Haeba ba sa lumellane, ba hopotse makhabane a likamano tse

molemo (hlompho, tekano, boikarabelo, botšepehi). Ba botse hore na boemo bona bo

bontša makhabane ana.

10. Pheta ka mokhoa o tšoanang ka karete e ‘ngoe le e ‘ngoe ea kamano E MOLEMO le E

KOTSI.

` Taba ea bohlokoa ka ho fetisisa likamanong tsa rona ke thobalano. E molemo? E

kotsi ? Ho ea ka mabaka?

` Ha ho mohla ke hananang le moratuoa oaka ka maikutlo. E molemo? E kotsi? Ho

ea ka mabaka?

` Ka nako e ‘ngoe ke khetha ho ba mong ntle le ho ba ‘moho le moratuoa oaka. E

molemo? E kotsi? Ho ea ka mabaka?

` Ke natefeloa ke ho noa joala le moratuoa oaka. E molemo? E kotsi? Ho ea ka

mabaka?

` Re etsa ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe ‘moho. E molemo? E kotsi? Ho ea ka mabaka?

` ‘Na le barutoa ba ka ba khale re ntse re le metsoalle. E molemo? E kotsi? Ho ea ka

mabaka?

` Moratuoa oaka o intša le metsoalle ea hae, ke le sieo. E molemo? Ho ea ka

mabaka?

` Ke phuthullohela moratuoa oaka haholo ha re se re na le nako e telele re tsebana. E

molemo? E kotsi? Ho ea ka mabaka?

` Ke tšaba ho bua ka lintho tse nkhotsofatsang thobalanong. E molemo? E kotsi? Ho

ea ka mabaka?

` Re etsa thobalano ka Sontaha se seng le se seng. E molemo? E kotsi? Ho ea ka

mabaka?

` Ke se ke mpa ke le ka har’a likamano tsena tsa lerato hobane ho molemo ho feta ha

ke se na motho eo ke ratanang le eena. E molemo? E kotsi? Ho ea ka mabaka?

` Ke etsa eka ke natefetsoe ke thobalano le ha ho se joalo, e le ho thabisa moratuoa

oaka. E molemo? E kotsi? Ho ea ka mabaka?

` Re buisana ka mathata hang ha a hlaha likamanong tsa rona tsa lerato. E molemo?

E kotsi? Ho ea ka mabaka?

` Re qabana khafetsa. E molemo? E kotsi? Ho ea ka mabaka?

` Ho nolofatsa litaba ha e le moratuoa oaka ea etsang liqeto litabeng tse re amang. E

molemo? E kotsi? Ho ea ka mabaka?
11. Phethela ketsahalo ena ka ho botsa lipotso tse latelang:

THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

U nahana hore ke hobaneng batho ba bang ba lula likamanong tse kotsi?

Metsoalle le lelapa ba ka thusa batho ba lulang likamanong tse kotsi joang?

` Ke litsebo life le tšehetso tseo banna ba li hlokang ho bopa likamano tse molemo?

Qetella ketsahalo ka hore,

Likamano tse molemo li thehiloe holim’a puisano e phuthulohileng le tlhomphano ea

baratuoa ba babeli. Liqeto li etsoa hammoho ke batho ba babeli ‘me ha ho motho ea

hatellang e mong likamanong tsena.

Likamano tse kotsi, ke tseo ho tsona ho seng lipuisano tse ntle ‘me ha se mahlakore a

mabeli a etsang liqeto, liqeto li etsoa ke motho a le mong.

Lipuisano tse seng ntle le liqeto tse etsoang ke motho a le mong likamanong tsa lerato li

ka re beha kotsing e tšabehang ea ho fumana tšoaetso ea HIV le mafu a likobo

Batho ba ratanang ba lokela hore ba phutholohellane ‘me ba ikutloe ba lekana.

Ha re beng mehlala e tla bontša bana ba rona hore na likamano tse molemo ke tse joang.

NTLHA EA BOHLOKOA

Ho se lekane hoa banna le basali, ho susumetsa hore batho ba lule likamanong tse

kotsi. Ha ngata, basali ba thatafalloa haholo ho tsoa likamanong tse kotsi ho feta

banna. Mabaka e ka ba hore basali ba fumana meputso e menyane ho feta banna hape

ba na le taolo e fokolang holim’a lihlahisoa tsa moruo (mobu, likalimo tsa lichelete).

Sena se etsa hore basali ba itšetlehe ho banna ba bona ka lebaka la chelete. Sechaba

se hobosa basali ba khutlileng lenyalong kapa ba arohaneng le banna ba bona. Basali

ba tlasa khatello e kholo ea ho “boloka malapa maemong afe kapa afe”. Taba ena e

tšehetsoa ke maele a Sesotho a reng ‘Mosali o ngalla motšeo”. Re tla bua haholo ka

litaba tsena thutong ea moetlo.

Banna le bona ba hloka litsebo, tšehetso le ho itloaetsa ho bua le baratuoa ba bona ka

ho bopa likamano tse molemo.

Ho ea ka litloaelo tsa rona, basali ba ka bua ka maikutlo a bona ‘me ba tšehetsana

moo ho hlokahalang. Ho ea ka litloaelo tsa rona, ho thata ho banna ho kopa tšehetso

litabeng tse ba amang kapa ho bontša maikutlo a bona. Mohato oa pele oa ho fihlela

likamano tse molemo ke ho qholotsa litloaelo tsena tsa teka-tekano ea banna le basali.

Banna ba hloka ho fuoa menyetla ea ho kopa tšehetso ha ba hloka ho tšehetsoa. Banna

ba boetse ba hloka ho itloaetsa ho bua ka maikutlo a bona le likamano tsa bona.

19
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

20

KETSAHALO EA 5: Re ka fumana

tšehetso hokae?

Ketsahalong ena re tla sebetsa hammoho re le sehlopha ho bontša litšebeletso tse fapaneng tsa

bophelo bo botle le litaba tsa thobalano le lisebelisuoa tse teng metseng ea rona sebakeng sa

batho ba fapaneng.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Arola sehlopha lihlotšoana tse 3 ho latela lilemo, botona kapa botšehali joale ka ha re

bontšitse mehlaleng e latelang. Sehlopha ka seng se tla bontša lisebelisuoa le litšebeletso

tse fapaneng tse teng sebakeng sa batho ba lilemo tsena e le batho ba batona kapa ba

batšehali.

Sehlopha sa 1: Banna le basali ba lilemo tse ka tlase ho 21

Sehlopha sa 2: Banna ba lilemo tse ka holimo ho 21

Sehlopha sa 3: Basali ba lilemo tse ka holimo ho 21

2. Kopa sehlopha ka seng ho etsa setšoantšo sa motho bohareng ba pampiri e kholo. Ka

lehlakoreng le letšehali la motho enoa, ba bontše lisebelisoa le litšebeletso tseo motho

enoa a li sebelisang hona joale.

3.

4.

5.

Ka lehlakoreng le letona la motho, bontša lisebelisoa le litšebeletso tse teng motseng,

empa tseo motho enoa a sa li sebeliseng hona joale.

Kaholim’a motho enoa hlalosa mabaka ao motho enoa a sa sebeliseng lisebelisoa le

litšebeletso tse teng.

Ka tlasa setšoantšo sa motho, ngola lintho tseo re ka li etsang ho khothaletsa motho ho

sebelisa litšebeletso tse teng.

6. Kopa litho tsa sehlopha ho etsa lesakana. Buisanang ka litaba tse hlahang litšoantšong

tsena. Etella lipuisano pele ka seo litho tsa lihlopha li ka se etsang ho khothaletsana le ho

khothaletsa ba bang motseng ho sebelisa litšebeletso tsa bophelo bo botle le thobalano, tse

teng motseng.

7. Kopa baithaopi ba babeli ba tla nka litšoantšo tsena ‘me ba etse lethathamo la litšebeletso

tsohle tsa bophelo bo botle, thobalano, thibelo ea HIV, tlhokomelo le tšehetso ea HIV ea

batho ba phelang le ts’oaetso ea HIV tse teng motseng. Lethathamo lena e tla ba Bukana

ea Litšebeletso eo sehlopha sa lona se ka ipolokelang eona. Ha le ntse le fumana leseli

ka litšebeletso tse ling tse teng motseng, le ka li ngola mona bukaneng ea litšebeletso.

Boloka bukana ena, ‘me litho tsa sehlopha sa hao li e sebelise.
Qetella ketsahalo, e re

THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

Ho na le litsi tsa litšebeletso tsa bophelo le tsa bophelo bo botle ba thobalano. Re hloka ho

li sebelisa.

Ho hlahlobela HIV le ho tseba boemo ba hao ho ka sireletsa uena le moratua oa hao

khahlanong le HIV.

Lesakana le Koalang: Lintho tse teng ho ‘na kajeno tse

molemo

Ena ke ketsahalo e khutšoanyane, e thusang litho tsa sehlopha hore ba tšepahallane le ho tseba

ho boloka lekunutu ka har’a sehlopha le ho ba thusa ho phuthulohellana. Haeba re tšehetsana

ho etsa likamano tsa rona e be tse sireletsehileng, tse matlafetseng, li bile li na le thobalano e

khotsofatsang, re lokela ho phuthulohellana le ho tšepahallana. Kopa motho ka mong ho khetha

21
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

lintho tse ‘ne (4) tse fapaneng, e ka ba liaparo tseo a li tenneng kapa lintho tseo a li nkileng ho

eena, ka mokotleng kapa ka pokothong, tse supang tse latelang:

22

ntho ea bohlokoa haholo: mohlala – senotlolo sa ntlo, se nthusa hore ke kene ka tlung.

ntho e behang motho pooaneng: mohlala - koae, bohle ba ea bona hore kea tsuba.

ntho e nang le pale e itseng: mohlala – kobo ena hobane ke e reketsoe ke ngoanaka ea

hlokahetseng.

Lumella litho tsa sehlopha tse ‘maloa ho bolella sehlopha mehlala ea bona.

Qetella thuto

Leboha bohle ha ba kentse letsoho

lipuisanong tsa letsatsi.

Kopa baithaopi ba babeli ho salla

morao ho etsa tlaleho ho sehlopha

ka tseo ho buuoeng ka tsona thutong

ea kajeno. Baithaopi bana ba babeli

ba tla qala thuto ea boraro ka ho

fana ka kakaretso ea tse entsoeng

thutong ea 2.

Hopotsa bohle hore e mong le e

mong a hlokomele ‘motsehetsi oa

hae’.

HOPOLA:

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa foromo

ea boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi.

Botsa sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea

kajeno, ka hore ba arabe lipotso tse hlahang

foromong ena, ’me u ngole likarabo tsa bona

holima foromo ena. Bolella sehlopha hore

bonyane le tla nka metsotso e mehlano ho

tlatsa foromo ena.

THUTO EA 2: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA

EOnA

Ha ho bobebe ho bua ka thobalano.

Re hloka ho ba sebete le ho tloaela ho bua ka thobalano

Haeba u sa phuthulohe ha u bua ka thobalano, qala ka ho itloaetsa ho bua ka

eona le metsoalle ea hao.

Thobalano e sireletsehileng ke thobalano e monate. Ha re nahaneng ka moo

re ka natefeloang ke thobalano ka teng le hore re tsebe moo re natefeloa ha re

tšoaroa teng.

Koala mahlo a hao ‘me u nahane eka uena le moratuoa oa hao le buisana ka litho tsa

‘mele tseo tseo le ratang ho tšoaroa ho tsona ka bobeli.

Etsa setšoantšo ka kelellong ea hao se bontšang kamoo u natefeloang ke thobalano le

ka moo ho renang khotso kateng lelapeng la hao.
THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

THUTO EA 2: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA THUTO

1. Arolelana tseo u ithutileng tsona le basali ba bang ba motse. Thehang sehlopha

sa basali ba baholo le sa basali ba banyenyane lilemong. Kopanang khafetsa ho

buisana ka litsela tsa ho eketsa ho natefeloa ke thobalano le moratuoa oa hao!

2. Ka sehlopha kapa ka bonngoe, ngola (kapa etsa setšoantšo sa) pale ea lerato E

KHALISANG ka monna le mosali ba nang likamano tse mofuthu tsa thobalano!

Romella pale ea hao ho C-Change ‘me u be monyetleng oa ho hapa mpho sebakeng

sa sehlopha sa hao. Re ka nna ra sebelisa pale ea hao libukeng tse ling tsa

C-Change.

3.

Banna, arolelanang seo le ithutileng sona le banna ba bang ba motse.

4. Pheta papali ea ‘likamano tse molemo’ le ‘likamano tse kotsi’ le sehlopha sa bacha

ba motseng.

5. Mamela lenaneo la seea-le-moea le hatisitsoeng le buoang ka thobalano , ‘me le

buisane ka litaba tsa lenaneo lena le le sehlopha kapa le ngangisana ka taba ena.

6. Fana ka “Bukana ea Litšebeletso” eo sehlopha sa hao se e entseng ho (a) lihlopha

tse ling tse teng motseng oa lona (b) setsi sa bophelo motseng; (c)lekhotleng

la motse; (d) motebong oa sepolesa; (e) mephatong; (f) lingaka tsa moetlo;

(g) likolong tse phahameng le libakeng tse ling tseo u nahanang hore e ka ba

bohlokoa.

23
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Karolo ea pele

24

THUTo Ea 3

HIV LE AIDS LINNETE LE

MAFOSISA

Ketsahalo ea 1: O ka fumana tšoaetso ea HIV joang? .......................................metsotso e 30

Ketsahalo ea 2: Mekhoa eo o ka fumanang tšoaetso ea HIV ka eona LE

mekhoa eo o ke keng oa fumana tšoaetso ea HIV ka eona .......metsotso e 30

Ketsahalo ea 3: Tšoantšiso ka mekhoa e fapaneng ea thobalano le kotsi

ea mekhooa eno. ....................................................................metsotso e 60

Kakaretso ea nako ea karolo ea pele: Lihora tse 2

Karolo ea bobeli

Ketsahalo ea 4: Pale ea likhomo le liphokojoe? ................................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 5: Ho utloisisa sesole sa rona sa ‘mele .........................................metsotso e 50

Ketsahalo ea 6: Ho hlaola mafosisa (Nete kapa Mafosisa) ................................metsotso e 30

Lesakana le koalang: Ho etsa setšoantšo ..........................................................metsotso e 20

p

Lihora tse 4

Lihora tse peli
Tse tlang ho

ithutoa

Kakaretso ea

Thuto

Boitokisetso pele

ho thupelo

Lisebelisuoa tse

hlokahalang

Qetellong ea thupelo sehlopha se tla:

1.

2.

3.

4.

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

Utloisisa mekhoa eo o ka fumanang tšoaetso ea HIV ka eona LE

mekhoa eo o ke keng oa fumana tšoaetso ea HIV ka eona.

Motho ka mong o tla itlhatlhoba le ho hlokomela hore na o

kotsing ha kae

Hlalosa mekhoa ea ho thibela HIV.

Tseba ‘nete ka HIV, ba tsebe ho lahla mafosisa a tloaelehileng

ka HIV le AIDS.

5. Utloisisa phapang lipakeng tsa HIV le AIDS le hore na motho

ea phelang le kokoana hloko ea HIV o fihla boemong ba AIDS

joang.

Ketsahalo ea 1: Tšoaetso ea HIV e fetisoa joang? ho sebelisoa papali

ea pampiri e nang le sekere se sekhubelu (X).

Ketsahalo ea 2: HIV eka feta joang, eka se fetisoe joang? Re bala pale

ea Mamello.

Ketsahalo ea 3: Tšoantšiso ka mekhooa e fapaneng ea thobalano le

kotsi ea mekhoa eno. Bontša liketso tsa thobalano tse fapaneng, le hore

na ketso eo e na le kotsi e holimo, kotsi e tlaase kapa ha e na kotsi ho

hang ea hore motho a fumane tšoaetso ea HIV.

Ketsahalo ea 4: Papali ea likhomo le liphokojoe e hlalosang phapang

lipakeng tsa HIV le AIDS.

Ketsahalo ea 5: Ho utloisisa sesole sa rona sa ‘mele ka litšoantšiso le

libapali tse bitsoang HIV le Masole a ‘Mele.

Ketsahalo ea 6: Ho hlaola mafosisa. Arola likarete ho latela hore na ke

‘nete kapa ke mafosisa

Fumana likhohlopo setsing sa bophelo. Kamor’a thuto botsa sehlopha

na ba ka thabela ho nka likhohlopo. Molaetsa oa bohlokoa oo sehlopha

se lokelang ho o nka mofao thutong ena ke hore ho bohlokoa ho

sebelisa khohlopo nako eohle ha u kena thobalanong.

Ketsahalo ea 3: Likarete tsa Kotsi

e holimo, Kotsi e tlaase

Ketsahalo ea 6: Likarete tsa

“nete kapa mafosisa ka HIV

Ketsahalo ea 5: Likarete tsa

sesole sa ‘mele

Hopola: Kamehla etsa bonnete ba hore litaba tse hlahang ho litho tsa sehlopha tse ka tiisang

litumelo tse sa nepahalang, mafosisa, litšebo le ho ba sechele, li tšohloa ke litho tsa sehlopha

kaofela.

25
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

26

Selelekela

Ena ke thuto e telele ea liketsahalo tse 6. Le ka rera le le sehlopha hore na le batla

ho etsa liketsahalo kaofela thutong e le ‘ngoe kapa le batla ho arola thuto ena ka

matsatsi a mabeli. Ho etsa liketsahalo tsa thuto kopanong tse peli ho tla fana ka

nako e ngata sebakeng sa lipusano.

Amoheloa bohle thutong ena hape. Leboha bohle ha ba tlile. Botsa ka ba morao

nakong kapa ba sa tleng. Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho

fana ka boikhopotso holima liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa

lesakana la nkope, ‘me uena u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho

tsa sehlopha ‘me eena a bolele maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong

e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea

bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno

le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo

la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li

ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola ba

ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e

tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase.
THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

KETSAHALO EA 1:

Tšoaetso ea HIV e fetisoa joang?

Ketsahalo ena e sebelisa pampiri

ea sekere se sekhubelu (X) ho

bontša hore na HIV e ka feta

kapele joang sechabeng, haholo

sechabeng seo banna le basali

ba etsang thobalano le batho ba

fetang bo ‘ngoe ka nako e le ‘ngoe.

Papali e boela e bontša kamoo

batho ba ka fokotsang kotsi ea

tšoaetso ea HIV.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Nka likarete ka har’a lebokose la lithusa-thuto. Tse tharo li tla be li na le sekere se

sekhubelu “x” ho tsona , tse ‘ne li tla be li na le tlhaku “C” le setšoantšo sa khohlopo ho

tsona, tse hlano li tla be li sa ngoloa letho. Ha u na le batho ba 12 sehlopheng sa hao,

sebelisa likarete tse 12 papaling ena. Haeba u na le batho ba fetang 12 sehlopheng sa

hao, eketsa likarete tse ling tse se nang letho ho tsoa kahar’a lebokose la lithusa-thuto

2.

Fa motho ka mong karete. Ba bolelle HO SE SHEBE KARETE TSA BONA KAPA HO SE

LUMELLE MOTHO E MONG HO LI BONA.

3. Kopa litho tsa sehlopha ho potoloha ba lumelise batho ba bararo. Ba lokela ho hopola bao

ba ba lumelisitseng, empa ba se shebe karete ea mang kapa mang.

4.

Kamor’a hore bohle ba lumelise batho ba bararo, kopa bohle ho lula fatše ba shebe

likarete tsa bona.

5. Pampiring e kholo, ngola sekere se sekhubelu “X”. Kopa bohle ba nang le sekere se

sekhubelu “X” kareteng tsa bona ho ema pela pampiri e kholo e nang le sekere se

sekhubelu. Tsebisa sehlopha hore batho bana ba phela le tšoaetso ea HIV.

6.

Kopa bohle ba lumelisitseng e mong oa batho bana ba emeng kapele ho tla ho metsoalle

ea bona.

7. Hlalosa hore “papaling ena, ho lumelisa motho ho bontša ho etsa thobalano e sa

sireletsehang le motho eo, le ho ba kotsing ea tšoaetso. Joale papaling ena, batho ba

tšoaraneng ka matsoho le batho ba bararo ba phelang le tšoaetso, le bona ba tšoaelitsoe.

8.

HOPOLA:

Ho bohlokoa ho ikenyeletsa papaling ho bontša hore

ka mokhoa o tšoanang le uena u kotsing ea ho fumana

tšoaetso joalo ka bona. Mang le mang ea etsang

thobalano o kotsing ea ho fumana tšoaetso ea HIV.

Kopa bohle ba lumelisitseng e mong oa batho ba bararo ba emeng kapele, ho ema. Bohle

27
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

28

9.

ba emeng ba na le tšoaetso ea HIV. Tsoelapele ka sena makhetlo a ‘maloa ho fihlela bohle

ba eme kapele.

Botsa na ke mang ea nang le tlhaku ea “C” karateng ea hae. Joetsa batho bana hore ba

ka lula fatše. Joetsa sehlopha hore batho bana ba sebelisitse khohlopo. Ha ba na tšoaetso.

10. Ba ileng ba tšoaetsoa ke e mong oa batho ba sebelisitseng khohlopo, ba ka lula fatše ho

bontša hore le bona ha bana tšoaetso.

11. Botsa sehlopha hore se ithutile eng papaling ena. Likarabo li ka kenyeletsa tsena:

HIV e ka feta kapele , ha bonolo, haholo ha o etsa thobalano le batho ba fetang

bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

Ho ba le kopano le motho a le mong ho tšoana le ho ba le kopano le bohle bao

motho eo a keneng thobalanong le bona.

O ke ke oa bona ha motho a na le tšoaetso.

Ho sebelisa khohlopo ka nepo nako eohle ho ka fokotsa kotsi ea tšoaetso.

12. Botsa sehlopha hore na se ka be se entse eng ho qoba tšoaetso papaling ena, ntle le ho

sebelisa likhohlopo. Likarabo e tla ba:

Ba ka be ba hanne ho bapala (ho ila).

Ba ka be ba qophelletse ho bona karete tsa ba bang (tlhatlhobo)

Ba ka be ba lumelisitse motho a le mong (phokotso ea baratuoa ba bangata).

Qetella ketsahalo:

opotsa sehlopha hore HIV ke tšoaetso e kotsi e jalehang kapele. Re ka fokotsa kotsi ea tšoaetso

ea HIV ka ho itšireletsa ka mekhoa e latelang:

` Ho sebelisa khohlopo nako eohle ha o etsa thobalano.

` Ho tseba boemo ba hao ba HIV le ba molekane oa hao kapa moratuoa oa hao.

` Ho etsa thobalano le moratuoa a le mong, ea nang le uena feela. (ho tšepahallana)

Ho ila thobalano.
THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

KETSAHALO EA 2:

Mekhoa eo o ka fumanang tšoaetso ea

HIV ka eona LE mekhoa eo o ke keng

oa fumana tšoaetso ea HIV ka eona.

Ketsahalo ena e tla thusa ho hlalosa hore na HIV e fetisoa joang le hore na ha e fetisoe joang. O

tla bala pale ea Mamello ho bontša kamoo HIV e fetisoang ka teng, ka maro a ‘mele le liketso

tsa thobalano.

TATAiSO HO MOTATAiSi: PHETiSO EA HiV.

HIV e fetisoa joang?

E ka fetisoa ka mekhoa e latelang:

Thobalano ke tsela e atileng haholo eo batho ba tšoaetsoang HIV ka eona.

Lebaka ke hobane maro a thobalano a na le kokoana-hloko e ngata ea HIV.

Ho tloha ho ’m’a ho ea ho lesea nakong ea pelehi, kapa nakong ea kanyeso.

Mali a nang le tšoaetso a ka fetisa kokoana-hloko, mohlala haeba motho a ka

tšoara mali a joalo a ena le leqeba a sa kenya liatlana.

Ha metsoalle le ba lelapa ba sebelisang mahare, maborashe a meno, li-ente

(joale ka batho ba entelang tsoekere) le linalete ‘moho.

Mekhoa eo o ke keng oa fumana tšoaetso ea HIV ka eona?

U ke ke oa tšoaetsoa HIV ka ho kopanela ntlo, tafole, setulo, koloi, fono, kharafu,

ntloana, mealo kapa liphahlo. Sena ke hobane kokoana-hloko ea HIV e ke ke ea

phela kantle ho’mele. Eka phela feela marong a ‘mele. O ke ke ua fumana tšoaetso

ha o suna motho. Sena ke hobane ha ho kokoana-hloko e lekaneng matheng. O ke ke

ua tšoaetsoa ka ho longoa ke monoang, tšitšili, boseleisi, kapa letseetse le lommeng

motho ea nang le tšoaetso. HIV e fetisoa ho tloha ho motho ho ea ho motho e mong.

29
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

30

1.

2.

3.

Hlalosa hore u tla balla sehlopha pale joale ba tle ba o emise ha ba utloa o bitsa kapa u

bua ka maro a ‘mele kapa ketso ea thobalano.

Balla sehlopha pale ea Mamello o hoelehelitse. Etsa bonnete ba hore o bala butle.

Kopa sehlopha ho o emisa ha ba utloa lero la ‘mele kapa ketso ea thobalano e ka behang

Mamello tsietsing ea tšoaetso ea HIV .

4. Buisanang hore na lero lena la ‘mele kapa ketso ea thobalano e ka fetisa kapa e ke ke

ea fetisa HIV. Haeba sehlopha se sa hloae maro ana kaofela kapa liketso tse sehelletsoe

mola, etsa bonnete ba ho khutlela ho tsona ‘me le buisane ka tsona ha o qetile ho bala

pale.

Pale ea Mamello (e qotsitsoe bukeng ea AlAFA, 2006 & 2008)

Mamello o lilemo li 26 . O hlahetse le ho holela Leribe, empa kaha ho ne ho sena

mosebetsi sebakeng seo o ile a ea Maseru ho batla mosebetsi lifemeng. Ha a fihla

Maseru o ile a lula le ‘mangoana’e qalong. O ne a le motlotlo haholo ke ho fumana

bolulo,’me kamehla a thusa ka tlung, ho pheha le ho hloekisa. Ka nako e ‘ngoe ha

ntsa khabela moroho, a itšeha ka thipa menoaneng .

Empa ntlong ena ho ne ho lula batho ba bangata ‘me mohlankana oa ‘mangoana’e

o ne a etsa a se ikutloe a phuthulohile. Mantsiboea a mang mohlankana enoa oa

mangoana’e a hohela Mamello ka ho iketsa motsoalle oa hae, a mo qobella ho mo

meta le ho mo pholla. Mamello a atleha ho mo sutumetsa pele a ka etsa thobalano

le eena. A lemoha hore haufinyane o tlameha ho fumana ntlo moo a tla lula.

Mamello o ne a le sehlahlo bophelong a bile a khahleha haholo. O ne a rata ho

tantša le ho inyakalatsa le metsoalle mafelong a beke. Ha ngata o ne a arolelana

seno sa hae le ho noella likhalaseng tsa batho bao a tantšang le bona kaha e ne e le

metsoalle kaofela, ebile ba ne ba arolelana lijo.

O ne a na le mohlankana Mangaung eo a neng a mo chakela hang ka khoeli, empa

ho ne ho le thata ho ba mong, ‘me o ne ae a bonye le metsoalle ea hae ea bahlanka,

ka nako e ‘ngoe ho bonya hona ho ne ho ka ‘na hoa lebisa thobalanong. Ka tsatsi

le leng motsoalle oa motsoalle oa Mamello a utloa ka bothata ba hae ba bolulo,

‘me a ithaopela ho tla arolelana ntlo ea hae le eena, haeba a ikemiselitse “ho

patala molemo”. Mamello o ile a inahana ka sena nako e telele, a qeta hore ho tla

ba molemo ho tsoa ntlong ea ‘mangoana’e. Ka nako eo, o ne a nahana hore o tla
THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

tseba ho laola boemo bona (ba ho lula le motsoalle). Ha a se a lula le mohlankana

enoa, o qetelletse a robetse le eena. Le ha ho le joalo, O ne a ntse a tsoelapele ho

bona mohlankana oa hae oa Mangaung, hobane o ne a mo rata. O entse thobalano

le mong’a ntlo hobane a ne a hloka chelete. Ntle ho moo, mohlankana enoa ea mo

fileng bolulo o ne a na le kharebe e neng e lula Khauteng. Mamello o ne a lokela ho

lula le metsoalle mafelong a beke ha kharebe e ne e chakile.

Mamello a hlokomela hore ke mokhachane. O ne a sa tsebe hantle na ntat’ a ngoana

ke mang – e ne e ka ‘na ea ba mohlankana oa hae, kapa mong’a ntlo . E ne e ka ‘na

ea ba e mong oa basebetsi ba femeng – ba ne ba ile ba etsa moketjana oa boithabiso

beke tse fetileng. Mamello o ne a tseba hore o ne a sa lokela ho robala le monna eo,

empa o ne a thabile, hobane monna enoa o ne a le motle a bile a bontša thahasello

ho Mamello.

Ka tsatsi le leng la phomolo ha a ea hae Leribe, koloi ea baeti eo a neng a e palame

e ile ea etsa kotsi. E ile ea mo lahlela kantle a ba le leqeba le lebe leotong le

hloohong. E mong oa baeti a leka ho mo thusa ka ho mo tlamisa leoto, empa a sitoa

ka ha le eena sephaka sa hae se ne se na le leqeba le lebe.

Libeke tse fokolang ka morao ho moo, Mamello a ba le mocheso o mongata, letšollo

le hlooho. O ne a utloa e ka o na le sefuba sa mokhohlane, a qeta ka ho ea sepetlele.

Mooki a mo botsa hore na o batla ho hlahlobela HIV, a hlalosa ka hore o hlahlobile

selemong se fetileng sephetho se bontšitse a sena tšoaetso – ‘me a ke ke a ba le

tšoaetso. Empa o ne a ngongorehile ka lesea la hae.

Botsa sehlopha ho etsa qeto ea hore na Mamello o na le tšoaetso ea HIV

Joale ba botse hore na haeba a na le tšoaetso, o e fumane neng?

Na ho ka etsahala hore e be ngoana o na le tšoaetso ea HIV? Hobaneng?

Likarabo: Ha re tsebe haeba Mamello o na le tšoaetso ea HIV. Ha re tsebe hore na ngoana o na

le tšoaetso ea HIV

31
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 3:

Thobalano e kotsi e holimo le e kotsi e

tlaase le boitšoaro ba thobalano

Sepheo sa ketsahalo ena ke hore litho tsa sehlopha li utloisise hore liketso tse fapaneng tsa

thobalano li na le kotsi e holimo ea ho fetisa HIV ha tse ling li na le kotsi e tlaase ea ho fetisa

tšoaetso ea HIV. Ho fokotsa kotsi ea rona ea ho fumana tšoaetso, re lokela ho tseba na ke liketso

li fe tse re behang kotsing e holimo ka ho fetisisa e le hore re tsebe ho qoba liketso tseo tsa

thobalano.

32

BOiKHOPOTSO BA MOTATAiSi: linnETE KA PHETiSO EA

TšOAETSO EA HiV

Ntho tse peli li lokela ho etsahala hore tšoaetso ea HIV e etsahale: Kokoana-hloko e

lokela ho ba le moo e kenang le teng maling a motho, e lokela ho bangata haholo ho ba

kotsi.

HIV e fetisoa ka maro a ‘mele a nang le tšoaetso. Ke maro a mararo feela a ‘mele a

nang le tšoaetso ea HIV e phahameng haholo:

1. Mali. Mali a motho ea nang le tšoaetso a na le tšoaetso e phahameng haholo.

Tšoaetso e teng maling a tsoang ho motho oa mosali nakong eo a ileng matsatsing.

2. Maro a thobalano a banna le basali. Nakong ea thobalano, monna o ntša maro a

mabeli botoneng ba hae. La pele ke lero le hlakileng le hlahang ha a qala ho tsoheloa;

La bobeli ke ‘mane e leng lero le lesoeu. Ho monna a nang le tšoaetso ea HIV, maro

ana ka bobeli a na le kokoana hloko ea HIV e lekaneng ho ka tšoaetso motho e mong

haeba botona ba hae bo le ka hara ‘mele oa motho e mong (sethong sa mosali sa

botšehali, ka setonong kapa ka hanong). Nakong ea thobalano mosali o ba le maro

ka botšehaling ba hae. Ho mosali ea nang le tšoaetso ea HIV, maro a hae a botšehali

ana le kokoana-hloko e lekaneng ho tšoaetso motho e mong.

3. Lebese la letsoele. Lebese le tsoang letsoeleng la mosali ea nang le kokoana hloko ea

HIV le na le tšoaetso ea HIV e lekaneng ho tšoaetsa ngoana, nakong ea kanyeso.

Maro a mang a ‘mele a bonahetse a na le kokoana-hloko ea HIV, empa ha a na

kokoana-hloko e lekaneng ho tšoaetsa motho. Maro ana a kenyeletsa mathe, likeleli le

mofufutso.

Ha ho bonolo ho tseba hantle hore na menyetla ke efe ea ho fumana ea HIV ketsong e

itseng, empa bo ramahlale ba ea tseba hore liketsahalo tse ling tsa thobalano li kotsi ho

feta tse ling. Ka kakaretso, bongata (ka palo) ba maro a ‘mele a fapanyetsanoeng, bo

phahamisa kotsi ea ho fumana HIV.
MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1.

2.

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

Nka lipampiri tse kholo tse tse tharo, Ho e’ngoe ngola “HA HO KOTSI”, ho ea bobeli

ngola “KOTSI E TLAASE” ho ea boraro, “KOTSI E HOLIMO”.

Manamisa lipampiri tsena leboteng , li behiloe ka ho lekana.

3. Ntša LIKARETE TSA PAPALI EA KOTSI ka hara lebokose la sethusa-thuto (Thuto ea

boraro (3).) Holima likarete ho tla ngoloa ketsahalo ea thobalano kapa litloaelo tsa

thobalano. Ka lehlakoreng le leng ho tla ba le setšoantšo se bontšang thobalano.

4.

5.

6.

1.

Abela sehlopha likarete.

Botsa motho ka mong a bolele na karete ea hae o nahana e ea holima pampiri efe: ‘kotsi

e holimo’, ‘kotsi e tlaase’ kapa ‘ha ho kotsi’.

Hang hoba sehlopha se lumellane, ‘me o hlahlobile ka bukeng hore karabo e nepahetse,

beha karete holima pampiri e nang le sehlooho se nepahetseng.

KOTSI E HOLIMO KOTSI E TLAASE HA HO KOTSI

Thobalano kantle ho

tšebeliso ea khohlopo

2. Ho etsa thobalano lekhetlo

la pele ntle ho tšebeliso ea

khohlopo

3.

Ho ba le baratuoa ba fetang

bonngoe ka nako e le ‘ngoe

4. Ho ba le baratuoa ba

bangata e mong, ka mor’a e

mong

5.

Ho kotana ka libonong kantle

ho tšebeliso ea khohlopo

6. Ho nyeka kapa ho momona

botho ba monna ntle le

tšebeliso ea khohlopo

7. Ho etsa thobalano ho

sebelisoa khohlopo e le ‘ngoe

makhetlo a mangata

8. Ho noa joala le ho etsa

thobalano le motho eo u sa

rataneng le eena

9.

Ho ratana le batho ba baholo

10. Ho nyeka mosali

bothong ba hae

11. Ho nyeka kapa ho

momona botho ba

monna ho sebelisoa

khohlopo

12. Thobalano ho

sebelisoa khohlopo

13. Ho kotana ka

libonong ho

sebelisoa khohlopo

14. Ha monna a kenya

botona ba hae

lipakeng tsa lirope

tsa mosali

15. Ho phollana

16. Ho akana, ho pholla,

ho silila.

Ho buisana le

17.

moratuoa oa

hau ka litaba tse

tla etsa hore u

khotsofale joaloka

ha eka u qeta ho

etsa thobalano

(mohlomong le

buisana fonong lesa

shebana mahlong)

33
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Hlahloba likarabo tsa sehlopha mona

34

1. Thobalano ea ka sethong sa bosali ntle le khohlopo. THOBALANO E KOTSI E HOLIMO

2. Thobalano khetlo la pele ntle ho khohlopo. THOBALANO E KOTSI E HOLIMO.

Thobalano ea mofuta o fe kapa o fe ntle le khohlopo e o beha tsietsing ea ho fumana HIV.

Ha e le thobalano khetlo la pele monyetla oa ho taboha le ho tsoa mali ka bosaling o

moholo. Sena se eketsa kotsi ea ho fumana HIV.

3. Ho etsa thobalano le batho ba fetang bo’ngoe ka nako e le ‘ngoe. BOITšOARO BONA BO

KOTSI E HOLIMO

4. Ho ba le baratuoa ba bangata, e mong kamora e mong. BOITŠOARO BONA BO KOTSI E

HOLIMO. Ho ba le baratuoa ba bangata ho o beha kotsing e kholo ea tšoaetso ea HIV.

5. Thobalano ea ka setonong ntle ho khohlopo. THOBALANO E KOTSI E HOLIMO. Ho qoba

bokhachane bo sa reroang, batho ba bang ba etsa thobalano ka setonong. Ba bang ba etsa

thobalano ea mofuta ona e le ho leka mekhoa e fapaneng ea ho etsa thobalano. Thobalano

ea setonong ntle le khohlopo ke thobalano ea kotsi e holimo haholo. Letlalo le kahare le

bonolo le ka taboha le ho tsoa mali ha bonolo.Hona ho eketsa kotsi ea ho fumana HIV.

6. Ho nyeka kapa ho momona setho sa botona sa monna ntle le tšebeliso ea khohlopo.

THOBALANO E KOTSI E HOLIMO. Ho nyeka kapa ho momona setho sa botona sa

monna ntle le tšebeliso ea khohlopo ke thobalano e kotsi e holimo hobane maro a monna

ka bobeli ba ona (le tsoang pele ho thobalano le ha a lahla ‘mane) a na le HIV e lekaneng

ho tšoaetsa motho e mong.

7. Ho etsa thobalano ho sebelisoa khohlopo e le ‘ngoe makhetlo a mangata. THOBALANO E

KOTSI E HOLIMO. O ke ke oa ba le bonnete ba hore khohlopo e ntse e tšireletsehile. Ka

mohlomong e ka ba le lesoba le sa bonahaleng kamora ho sebelisoa lekhetlo la pele.

8. Ho noa joala le ho etsa thobalano le motho eo o sa mo tsebeng hantle kapa eo e seng

moratuoa oa hao oa mehla. THOBALANO E KOTSI E HOLIMO. Ha re noa joala re sitoa

ho etsa liqeto tse nepahetseng. Ka lebaka la joala motho a ka etsa thobalano le motho

ea sa mo tsebeng hantle kapa eo e seng moratuoa oa hae oa mehla ebile a sa sebelisa

khohlopo.

9. Ho ratana le ho kena thobalanong le bo ntate le bo mme ba baholo haholo ho uena ka

lilemo. KOTSI EA TšOAETSO E HOLIMO. Ha hona le phapang ea lilemo ho batho ba

babeli ba ratanang, hona le boemo boo motho e mong a nang le matla ho feta e mong. Ha

o sena matla ho thata ho ipuella hore o sebelise li khohlopo. Sena se o beha kotsing ea

tšoaetso ea HIV.

Ho nyeka kapa ho nyanya mosali sethong sa hae sa bosali.

10. THOBALANO E KOTSI E

TLAASE. Ho nyeka kapa ho nyanya mosali sethong sa hae sa bosali ke thobalano e kotsi

e tlaase hoba ho na le phetisetsano ea maro e fokolang.
THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

11. Ho nyeka monna sethong sa hae sa botona se tširelelitsoeng ka khohlopo. KOTSI EA

THOBALANO E TLAASE. Likhohlopo li thibela maro a ‘mele ho kopana.

12. Thobalano ea ka sethong sa bosali o sebelisa khohlopo. THOBALANO E KOTSI E

TLAASE. Likhohlopo li thibela maro a ‘mele ho kopana.

13. Ho kenya setho sa botona (se tširelelitsoeng ka khohlopo) ka setonong ho motho e mong.

THOBALANO E KOTSI E TLAASE. Likhohlopo li thibela maro a ‘mele ho kopana.

14. Ho mathisa botona pakeng tsa lirope tsa mosali/ngoanana THOBALANO E KOTSI E

TLAASE. Thobalano eo setho sa monna se sa kenang kahare ho ‘mele oa motho e mong

ke thobalano ea kotsi e tlaase.

15. Ho phollana THOBALANO E SE NANG KOTSI. Thobalano e sa keneng kahare ke

thobalano e kotsi e tlaase.

16. Ho suna, ho aka, le ho silila. THOBALANO E SE NANG KOTSI. Ha ho kotsi ea letho ea

HIV liketsong tsena (tsa thobalano) hoba ha ho na phapanyetsano ea maro a thobalano.

Ha ho kokoana hloko ea HIV e lekaneng matheng ho fetisa tšoaetso.

17. Ho buisana le moratuoa oa hao ka litaba tse tla etsa hore o khotsofale joale ka ha eka o

qeta ho etsa thobalano (mohlomong le bua ka fono le sa shebana mahlong). THOBALANO

E SENANG KOTSI. Ha ho kotsi, ha ho phapanyetsano ea maro a ‘mele.

Qetella ketsahalo ka,

Ho botsa sehlopha ho sheba lipampiri tse kholo tse tharo (tse leboteng) ba nahane ka liketso tsa

thobalano tseo ba li etsang ha joale kapa tseo e bang ba li e ntse nakong e fetileng.

Ba botse na ba nahana hore na liketso tsena li amme menyetla ea bona ea ho fumana tšoaetso ea

HIV joang. Hopotsa bohle hore “ho tseba boemo ba hao ba HIV ka nako, ho o thusa hore ba le

bophelo bo botle bo bolelele”.

35
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

36

KETSAHALO EA 4:

Pale ea likhomo le liphokojoe

Ketsahalong ena, o tla hlalosa phapang pakeng tsa HIV le AIDS. Sehlopha se tla etsa papali e

qabolang e bitsoang ‘pale ea likhomo le liphokojoe’ ho hlalosa phapang pakeng tsa HIV le AIDS.

Qala ketsahalo ka tlhalosetso, e reng,

1.

Batho ba bangata ba ferekang’oa ke

phapang pakeng tsa HIV le AIDS. Batho

ba bang ba nahana HIV le AIDS ke ntho

tse tšoanang. Sena ha se ‘nete. Batho ba

qala ba ena le tšoaetso ea HIV ebe ha

nako e ntse e ea ba qetella ba le boemong

ba AIDS. Kokoana hloko e sebetsa ka

tsela e tjena: Batho ba tšoaetsoa ke

kokoana hloko ea HIV ka boitšoaro ba

thobalano bo kotsi. HIV e hlasela ‘mele

ea bona e e hlokise matla. Kaha ‘mele

ea bona e hloka matla, ba qala ho kula

ke mafu a mangata a bitsoang ‘mafu a

nkang monyetla’. Boemong bona re re

motho ea nang le tšoaetso o boemong ba

AIDS.

2. Sebelisa mohlala oa masetla-oko (ke

kokonyana) ha a hlasela ntlo, ka ho bua

litaba tse latelang (Kapa o ka ba balla)

HIV e hlasela ‘mele joaloka masetla-oko ha a

hlasela ntlo. Qalong, o keke oa bona tšenyo eo

masetla-oko a e etsang ntlong ea mobu. Ntlo

e bonahala e se na letho. Empa butle butle

masetla-oko a lulang kahara mabota a ntlo a

ja lipalo le joang bo tšoereng ntlo ‘moho.Ka ho

etsa hona, masetla-oko a etsa hore motheo oa

ntlo o hloke matla. Ka le leng la matsatsi moea

o matla oa fihla oa liha ntlo. Se lihileng ntlo ke

eng: moea kapa masetla-oko ? (Karabo: HIV e

tšoana le masetla-oko. E hlasela ‘mele ho hlaha

kahare, e etsa hore ‘mele o hloke matla).

Bala lintlha tsa boikhopotso tsa motataise ka
Pale ea likhomo le liphokojoe

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho sebelisa tšoantšiso ka namane ea khomo e hlaseloang

ke liphokojoe ho hlalosa na HIV e ata joang ‘meleng oa motho le hore na ‘mele o ba

boemong ba AIDS joang.

hloko, ‘me o itokise hore na o tla beha ketsahalo ka mantsoe a hao.

MOKHOA OA HO TSAMAISA PAPALI:

1. Kopa moithaopi ho ema kapele ho sehlopha. Bolella motho eno ke namane . Ba kope ho

etsisa namane ha e lla “moo”.

2. Kopa baithaopi ba bang ba 4 kapa 5. Batho bana ba etse e ka ke likhomo tse kholo.

Mosebetsi oa bona ke ho siireletsa namane.

3.

4.

Kopa likhomo tse kholo ho kopanya matsoho a bona ba etse lesakana la nkope, namane e

be ka hare ho lona.

Ho bontša bohlokoa ba likhomo tse kholo (mosebetsi oa bona), etsa e ka o otla namane.

Ka pele, likhomo tse kholo li tla kopela namane hare ho e qobisa tlhaselo.

5. Kopa baithaopi ba bang ba bane (4) . Batho bana ke liphokojoe. Mosebetsi oa bona ke ho

hlasela namane.

37
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

38

6.

7.

8.

9.

Hlalosa re tla nka phokojoe e hlasetse namane, haeba e ‘ngoe ea liphokojoe e ka khona ho

tšoara namane.

Ha motataise a re: “ Hlasela!” Liphokojoe li tla leka ho tšoara namane. Likhomo tse

kholo li tla sireletsa namane.

Tsoela pele hore liphokojoe li hlasele namane nako e etsang motsotso ho fihlela liphokojoe

li thetsitse namane bonyane ha ‘ngoe.

Botsa sehlopha: (likarabo li ka masakaneng)

` Ba nahana hore namane e tšoantšisa eng? ( Namane ke ‘mele oa motho).

` Likhomo tse kholo li tšoantšisa eng? ( Likhomong tse kholo ke masole a’mele kahare

ho ‘mele ea rona. Mosebetsi oa masole a ‘mele ke ho re tšireletsa mafung)

` Liphokojoe li tšoantšisa eng? ( Liphokojoe ke mafu a fapaneng a hlaselang ‘mele oa

motho. Mohlala, Lefuba, letšollo kapa feberu ea mala. (Liphokojoe ha se HIV)

Ha sesole sa rona sa ‘mele (likhomo tse kholo) se ntse se le matla, liphokojoe (kapa mafu) li

ke ke a fihla ho namane ea khomo. Empa hang ha likhomo tse kholo (sesole sa ‘mele) li hloka

matla, li ke ke tsa sireletsa namane liphokojoeng (mafung).

HIV e hlasela sesole sa ‘mele. E leka ho timetsa sesole sa ‘mele. Hang ha sesole sa rona se sena

matla, re ke ke ra hlola re tseba ho itšireletsa litšoaetsong le mafung a re bolaeang.
THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

KETSAHALO EA 5:

Ho utloisisa AIDS le sesole sa rona sa ‘mele

Ketsahalo ena e bontša ka mokhoa o bobebe na ho etsahalang ka ‘mele oa motho le sesole sa

‘mele hang hoba a fumane tšoaetso ea HIV. Qetellong ea ketsahalo sehlopha se lokela ho:

Tseba hore na sesole sa ‘mele se sebetsa joang;

Tseba hore na HIV e hlasela sesole sa rona sa ‘mele joang;

Utloisisa hore na HIV e re beha maemong a tlokotsing joang, ho kula le ho bolaoa ke

mafu a mangata a nkang monyetla.

Bala litaelo hantle ka hloko, etsa hore o utloisise pale ena hantle, o itokise hore na o tla e pheta

joang ka mantsoe a hao.

Ho tsamisa thuto ena o tla hloka LIKARETE TSA SESOLE SA ‘MELE ka hara lebokose la

lithusa-thuto. Likarete li na le matšoao a latelang:

Karete e le ngoe (1 ) : ’mele

Karete tse ‘ne (4): masole a ‘mele

Karete e le ngoe (1) sefuba

Karete e le ngoe (1) “lefuba”; (1) “Mokaola”; ( 1) “sereme sa matšoafo”

Karete e le ngoe ( 1) “Tšoaetso” ea HIV.

MOKHOA OA HO TSAMAISA PAPALI

1.

2.

3.

Hloaea baithaopi ba leshome. Ha o batla ho sebelisa baithaopi ba fetang 10, etsa

baithaopi bano sesole sa ‘mele. Ba lokela ho fasa karete molaleng oa bona.

Hlalosetsa sehlopha hore baithaopi ba 10 ba tlo etsa tšoantšiso ka hore na HIV e ama

‘mele joang.

Batla moithaopi ho ba “’Mele”. Kopa ’Mele ” ho re a lule setulong bohareng ba ntlo. O

tla bitsoa Botle.

4. Hlalosa hore Botle ke mosali ea motle. O phetse hantle ‘meleng le masole a hae a ‘mele a

mo sireletsa mafung a fapaneng. Basireletsi ba hae kahare ho ‘mele ba bitsoa “Sesole sa

‘mele.

5. Kopa baithaopi ba 4 ho ba “Sesole sa ‘mele”. Ba kope ho sireletsa Botle ka ho mo etsetsa

lesakana la nkope. Natifisa papali ena, o ka re“Ha re amoheleng Sesole sa ‘mele ka

litlatse.” Se tlameha ho mo sireletsa, se ka khona ho mo sireletsa khahlanong le ntho efe

kapa efe e ka lekang ho mo hlasela.

39
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

40

6. Botsa sehlopha hore na ke mofuta o fe oa bokulo o ka hlaselang Botle. Ba ka ‘na

ba arabela ka mafu a kang “Sefuba sa mokhohlane”. Ha re amoheleng ‘Sefuba sa

mokhohlane’ me re se opele liatla. Kopa moithaopi oa “Sefuba sa mokhohlane” ho tla

pele a etse sa mokana a hlasela Botle. Ha “Sefuba sa mokhohlane” se tla ho hlasela

Botle, “Sesole sa ‘mele” se mo kopetseng hare se hlasela “Sefuba sa mokhohlane”.

Kamor’a hore Sesole sa ‘mele se loantše le ho hlola “Sefuba sa mokhohlane”, kopa

moithaopi oa“Sefuba sa mokhohlane” ho emella ka thoko.

7. Botsa hore na mafu a mang a ka tšoaetsang motho ke afe. Haeba motho e mong a re

“Lefuba”. Kopa moithaopi oa Lefuba ho tla kapel’a sehlopha ‘me a leke ho hlasela Botle.

Sesole sa ‘mele se’a mo sireletsa. Pheta sena ka serame sa matšoafo . Sesole sa ‘mele se

tebela mafu.

8. Ha joale hlalosa boemo bo latelang: Botle o ile a etsa thobalano ‘me a fumana tšoaetso

ea lefu la likobo. Re ka fumana tšoaetso ea mafu a likobo a feng? Batho batla araba ka

likarabo tse kang mokaola kapa seso. Ha re amoheleng le ho opela Seso liatla… Botsa

moithaopi oa Seso ho tla ka pele a etse ka tsela e tšoanang le eo mafu a mang a entseng

ka teng. Sesole sa ‘mele se sireletsa batho khahlanong le Seso.

9. Tsoelapele ka pale, o re: “nakong ea kamano ea thobalano, Botle o ile a tšoaetsoa ke HIV.

Bolella sehlopha hore tšoaetso ea HIV e bolaea sesole sa ‘mele.

10. Kopa moithaopi oa “Tšoaetso ea HIV” ho hlasele Botle ‘me a lihe le leng la masole

a mele. Ha joale ho na le masole a ‘mele a mararo ho sireletsa Botle ho mafu a mo

hlaselang.

11. Laela “sefuba sa mokhohlane” ho hlasela Botle.

12. Kopa “HIV” ho hlasele le ho tebela lesole le leng la ‘mele. Ho setse masole a ‘mele a

mabeli feela. Laela Seso ho hlasela Botle.

13. Kopa “HIV” ho hlasela le ho tebela lesole le leng la ‘mele. Laela “serame sa matšoafo”

ho hlasela Botle. Serame sa matšoafo se ka hlasela botle ha bobebe hobane HIV e bolaea

sesole sa hae sa ‘mele.

14. Ha joale Botle o boemong ba AIDS. Sesole sa hae sa sesole sa ‘mele se felile a ke ke a

hlola a tseba ho itšireletsa mafung a nkang monyetla.

15. Botsa hore na hantle Botle o bolailoe keng?

(Karabo). Botle o bolaoa ke sefuba sa mokhohlane kapa lefuba kapa serame sa matšoafo kapa

lefu la likobo.

Ha se HIV e mo bolaeang. HIV e senya sesole sa hae sa ‘mele, sena se lumella mafu a mang ho

kena le ho ‘molaea.
Qetella ketsahalo ka hore:

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

` HIV ke kokoana hloko e thefulang ‘mele, ‘me qetellong motho a be boemong ba AIDS, a

be a qetelle a hlokahetse.

` HIV e senya sesole sa ‘mele e re etsa re be tlokotsing ea mafu a ka re bolaeang.

` Re ka itšireletsa tšoaetsong ea HIV ha re ila thobalano kapa re etsa ‘thobalano’ e kotsi e

tlaase feela joalo ka ho suna, ho itšoara kapa mathisa botona lipakeng tsa lirope.

` Re ka itšireletsa tšoaetsong ea HIV ha re sebelisa likhohlopo nako eohle ha re etsa

thobalano, le ho balekane ba rona.

` Re ka itšireletsa tšoaetsong ea HIV ha re ba le moratuoa a le mong ‘me le eena a na le

uena feela.

KETSAHALO EA 6:

HIV le AIDS ho felisa mafosisa

Batho ba bangata ba na le litaba tse fosahetseng ka thobalano le HIV le AIDS. Papali ena e

thusa sehlopha ho khetha haeba lipolelo tseo e le ‘nete kapa mafosisa ka HIV le AIDS.

Hlalosa hore mafosisa ke pale e fosahetseng. Hona le lipale tse fosahetseng tse ngata kaHIV le

AIDS. AIDS ke lefu le lecha leo batho ba tšabang ha le ka ba tšoara. Ka nako e ‘ngoe ha batho

ba tšohile, ba lumela lipale tse fosahetseng. O lokela ho tseba ‘nete ka HIV le AIDS e le hore o

tsebe ho itšireletsa ho tšoaetso le ho thusa ho fetisa ‘nete ka HIV le AIDS.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1.

2.

Nka likarete tsa ‘NETE kapa MAFOSISA ka hara lebokose la lithusa thuto, (Thutong ea

3). Etsa hore likarete li kopane hantle.

Nka pampiri tse kholo tse peli. Ho e ‘ngoe ngola, “’NETE” ho e ‘ngoe ngola,

“MAFOSISA”. Manamisa lipampiri maboteng a shebaneng.

3. Kopa sehlopha ho etsa lesakana bohareng ba ntlo. Bala karete ea pele o hoelehelitse, o

kope sehlopha ho ea ema tlasa letšoao le bontšang karabo ea bona. Ba nahanang hore

polelo e fosahetse ba tla ea ema tlas’a letšoao la ‘Mafosisa’ le bao ba nahanang hore ke

‘nete batla ema tlasa letšoao la ’Nete.

4. Kopa motho a le mong kapa ba babeli ho hlalosa karabo ea bona ‘me ba khothaletsa

batho ba bang ho ea hlakoreng la bona.

41
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

42

5.

Buisanang ka karabo e nepahetseng (o ntse o tataisoa ke litaba tse ngotsoe kamorao ho

karete). E ea polelong e hlahlamang pheta methati ho fihlela lipolelo tsohle li baluoe.

Haeba sehlopha se na le lipotso ka HIV le AIDS tseo o sitoang ho li araba, kopa mosebeletsi oa

bophelo ea sebetsang setsing sa bophelo motseng oa heno ho tla bua ka HIV, ho ata hoa mafu le

kalafo.

LIPOLELO TSA MAFOSISA LE TSA ‘NETE

1. Basali le banana ba kotsing ea ho fumana tšoaetso HIV ho feta banna le bashanayana.

‘NETE. Taba ena ke ‘nete hobane botho ba banana ha bo so tiee hantle (kapa ho hola ka

botlalo) le ‘me ho ka ba le ho taboha kapa hona ho hlaha kotsi ha bobebe. Sena ha se

bolele hore banana ba itšoere ka tsela e fapaneng le ba bang, empa e le hore feela ‘mele

ea bona e kotsing e phahameng ea ho fumana tšoaetso.

2. Haeba motho a etsa thobalano le motho a le mong, motho eo a keke fumana tšoaetso

HIV. MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete hobane: Motho eno eo u etsang thobalano le eena,

eka nna eaba hona le motho e mong eo a etsang thobalano le eena eo u sa mo tsebeng.

Lesotho banna ba etsang palo ea mashome a mane lekholong (40%) le basali ba etsang

palo ea mashome a mabeli lekholong (20%) ba na le moratuoa a le mong kapa ba fetang

bo-‘ngoe ka nako e le ‘ngoe. Haeba u etsa thobalano le motho a le mong, etsa bo nnete ba

hore o etsa thobalano le uena feela e seng le motho e mong.

3. Ho ka etsahala hore mosali ea phelang le tšoaetso ea HIV a be le ngoana ea se nang

tšoaetso ea HIV. ‘NETE. Taba ena ke ‘nete hobane: Haeba mosali a sebelisa litlhare

tse thibelang tšoaetso ho tloha ho ‘Ma ho ea ho lesea ngoana eo a ka hlaha a se na

tšoaetso. Haeba a sa sebelise litlhare tsena, ngoana a ka tšoaetso nakong ea bokhachane,

nakong eo a hlahang kapa nakong ea kanyeso. Taba ea bohlokoa eo u ka e etsang ha u

le mokhachane ke ho hlahlobela tšoaetso ea HIV ‘me u latele likeletso tsa basebeletsi ba

bophelo.

4. Batho ba nyalaneng ha ba hloke ho hlahlobela tšoaetso ea HIV kapa ho sebelisa

likhohlopo. MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete hobane: Ntle le hore batho bao ba

nyalaneng ba be le bo-nnete bo feletseng ba hore balekane ba bona ha ba etse thobalano

le batho ba bang, ba tla lokela ho sebelisa likhohlopo. Ntho ea bohlokoa eo ba ka e etsang

ke ho hlahlobela tšoaetso ea HIV, ba na le tšoaetso kapa ba se na eona,ba lokela ho etsa

thobalano ba le bang feela.

AIDS e ama haholo batho ba banyane lilemong. MAFOSISA.

5. Taba ena ha se ‘nete hobane

batho ba bangata ba nyalaneng Lesotho ba phela le tšoaetso ea HIV/AIDS ho feta batho

ba sa nyalanang. Sekhahla sa tšoaetso ea HIV se phahame haholo ho basali ba lilemo tse

lipakeng tsa 25 le 40. Ho banna, teng sekhahla sa tšoaetso ea HIV se phahame haholo

ho ba lilemo tse lipakeng tsa 30 le 49 (e qotsitsoe ho modes of transmission study (NAC

2008)
50

40

30

20

10

0

8

2

25

11

39

24

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

15-19 20-24 25-29 30-34 35-39 40-44 45-49

6. O ka fumana AIDS ka lebaka la boloi. MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete. Tšoaetso ea

HIV ke eona e bakang AIDS. Joalokaha tšoaetso ea sefuba e baka sefuba kapa tšoaetso

ea lefuba le eona e baka lefuba. U ka ba le AIDS ha feela u na le tšoaetso ea HIV

‘meleng oa hau. Ntle le moo, ha ho ntho e ‘ngoe e ka etsang hore u be le AIDS.

7. African potato, bitiruti, konofono ‘moho li ka phekola AIDS. MAFOSISA. Taba ena ha

se ‘nete hobane: Ha ho pheko bakeng sa AIDS. Mefuta e meng ea Lijo le litlama-tlama li

ka etsa hore u ikutloe o hlaphohetsoe le ho thusa ho fokotsa matšoao a mang ao motho a

nang le ona, empa li keke tsa phekola AIDS. Phepo e nepahetseng e bohlokoa molemong

oa bophelo bo botle.

8. Batho ba phelang mose ho maoatle (joale ka Amerika le linaheng tsa Manyesemane) ba

na le meriana e fapaneng e ka ba phekolang HIV/AIDS. MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete

hobane: Ha ho pheko bakeng sa AIDS. Litlhare tsa li-ARV li thusa motho ea nang le

tšoaetso ea HIV ho phela nako e telele a phetsehantle empa ha li phekole AIDS

9. Ho amohela limpho kapa chelete ho monna kapa mosali ho ba fa matla a hore ba u laole.

MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete hobane: ke uena ea etsang qeto ea hore na u batla ho

etsa thobalano le mang, neng, hokae.

10. Haeba batho ba babeli ba baratanang ba phela le tšoaetso ea HIV, ba lokela ho sebelisa

likhohlopo. ‘NETE. Taba ena ke’nete hobane: Ha batho ba babeli ba baratanang ba

phela le tšoaetso ea HIV, ba lokela ho sebelisa likhohlopo ho qoba tšoaetso e iphetang ea

HIV. Tšoaetso e iphetang ea HIV e ka potlakisa bokulo.

11. Ho sebelisa litlama tse ommeng ka bothong ba bosali ho fokotsa maro a ‘mele, ‘me ho ka

thibela HIV. MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete hobane: Ho omisa botho ba mosali ka

mokhoa o fe kapa o fe ho etsa hore a tabohe le ho tsoa mali ha bobebe. Sena se etsa hore

kotsi ea tšoaetso ea HIV e phahame ho feta ho fapana le ho e theola.

41

40

39

43

29

34

28

17

BASALI BANNA

43
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

44

12. Ha batho ba babeli ba ratanang ba phela le tšoaetso ea HIV, ‘me e ba mosali o kula

pele, o tlameha hore e be ke eena ea tšoaelitsoeng pele. MAFOSISA. Taba ena ha se

‘nete hobane: ho kula ka Sekhahla h’a e mong pele ha ho amane le hore na ke mang

ea tšoaelitsoeng pele. Hangata e amana le hore na motho o sebetsa mosebetsi o boima

hakae, mofuta oa lijo tseo a li jang le hore na o fumana phomolo e kae esita le bokhoni

ba ‘mele ea bona ho itoanela khahlanong le mafu. Ere ka ha basali hangata ba etsa

mesebetsi e boima ‘me ba bile ba hloka nako e ngata ea ho phomola, ‘mele ea bona e ka

sitoa ho itoanela khahlanong le mafu.

Qetella tšebetso, e re,

Hona le lipale tseo e seng ‘nete tse ngata ka HIV le AIDS. AIDS ke lefu le lecha leo batho ba

tšabang ha le ba tšoara. Ka nako e ‘ngoe ha batho ba tšohile, ba lumela lipale tseo e seng ‘nete.

O lokela ho tseba ‘nete ka HIV le AIDS e le hore o tsebe ho itšireletsa khahlanong le tšoaetso le

ho thusa ho jala ‘nete ka lona.

Etsa bonnete ba hore le buoa ka melaetsa ea bohlokoa e latelang. Haeba litaba tsena li sa ka tsa

hlaha lipuisanong, li hlahise ho na joale.

1.

E mong le e mong ea etsang thobalano o kotsing ea tšoaetso ea HIV.

2. Ha o na le leseli ka litaba tsa HIV, hore na e tšoetsoana

joang le hore na o ka e qoba

joang, o ka tseba ho itšireletsa khahlanong le tšoaetso ea HIV.

3.

Fumana linnete. O se ke oa jala mafosisa le mashano ka HIV le AIDS.

4. Bua le moratuoa oa hao ka linete

ka tšoaetso ea HIV le kamoo le ka

sireletsanang ka teng tšoaetsong.

Haeba o sitoa ho bua le moratuoa

oa hao, etsa bonnete ba hore o oa

itšireletsa.

5. Ke boikarabello ba rona bohle ho

itšireletsa le ho sireletsa bao re ba

ratang ho qoba tšoaetso ea HIV.

Kaofela re na le boikarabelo ba ho

itšireletsa le bao re ba ratang, ho

tšoaetso ea HIV.

HOPOLA:

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlatsa foromo

ea boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi. Botsa

sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea kajeno, ka

hore ba arabe lipotso tse hlahang foromong ena,

’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo

ena. Bolella sehlopha hore bonyane le tla nka

metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena.

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

THUTO EA 3: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA

EOnA

Hona le lipale tse ngata tseo e seng linnete ka HIV le AIDS.

Itšireletse le ba bang ka ho buisana ka linete tsa HIV.

Se ke oa jala mafosisa ka HIV le AIDS.

Ka mehla sebelisa khohlopo le motho e mong le e mong eo o etsang thobalano

le eena makhetlong ohle.

Ha o fumana o sena tšoaetso ke monyetla oa ho lekola boitšoaro ba hao le

litloaelo tsa hao litabeng tsa thobalano ho etsa bonnete ba hore o lula o sena

tšoaetso.

‘KELETSO KE LEBONE’

THUTO EA 3: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA THUTO

SECHABEng

1. Qholotsa mokhatlo oa bacha motseng oa heno ka lipotso tsa linnete tsa HIV

le AIDS. Romella C-Change litšoantšo tse bontšang tlholisano ena le tlaleho e

ngotsoeng o tsebe ho ba le monyetla oa ho hapela sehlopha sa heno limpho.

2. Etsa setšoantšo o sebelisa pampiri e kholo se ka fetisang melaetsa. A ku nahane

hore na lona le le sehlopha le ne le ka etsang setšoantšo se joang ha e ne e ba le

sebeletsa ‘muso ‘me le ruta batho ka thibelo ea HIV. Etsa pampiri eo o sebelisa

litlhaku tse bupuoeng ka lebitso la sehlopha sa heno. Mohlala: Phela support

group.

P – Puisano ke lelomolo,

H – Hlokomela kotsi ea ho etsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe.

E – Ellelloa bohloka ba ho tšepahalla moratuoa oa hao.

L – Lerato la ‘nete lea sireletsa.

A – Arolelana tsohle le moratuoa oa hao.

45
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Hlokomela: haeba lebitso la sehlopha sa heno se na le litlhaku tse se nang mantsoe a

Sesotho, le ka sheba lentsoe le leng le tla kenya tlhaku ena. Mohlala Ipopeng support

group. Sebakeng sa (G) re tla ngola ‘Ngongoreha ha o sa tsebe boemo ba hao”.

Romella pampiri ena e kholo e nang le melaetsa ea ho thibela HIV, e bupuoeng ka

lebitso la mokhatlo oa lona ho C-Change o tsebe ho ba monyetleng oa ho hapela

sehlopha sa heno limpho.

3. Mema metsoalle ea hao ho lula ‘moho bosiu le shebella e ‘ngoe ea litšoantšo tsa

ONELOVE ‘Untold Stories’ le buisane ka litaba tse hlahang setšoantšong hore na

li le ama joang.

4. Ngola tšoantšiso e ka hlahisoang thelefishining (TV) lipaleng tsa ONELOVE.

Haeba tšoantšiso ea hao e le mabapi le thibelo ea HIV ka ho fokotsa bonyatsi kapa

palo ea batho bao motho a etsang thobalano le bona ka nako e le ‘ngoe, e romelle

ho C-Change o be le monyetla oa ho oa ho hapela sehlopha sa heno limpho.

5. Romella C-Change litlaleho ka lethathamo la lintho tseo le li e entseng le le

sehlopha e le ho fetisetsa melaetsa sechabeng ka se ka etsoang ho fokotsa ho ata

hoa HIV o be le monyetla oa ho hapela sehlopha sa hao limpho.

46
THUTo Ea 4

MENATE LE MATHATA A

BONYATSI

Ketsahalo ea 1: Re bolelang ka bonyatsi kapa ho boka? .....................................Metsotso e 15

Ketsahalo ea 2: Khokahano ea thobalano ke eng? ..............................................Metsotso e 45

Ketsahalo ea 3: Khokahano ea thobalano ea Limpho ..........................................Metsotso e 20

Ketsahalo e sa tlameng: Mantsoe a sebelisoang ho hlalosa likamano tse fapaneng

Ketsahalo ea 4: Hobaneng khokahano tsa thobalano li le kotsi? Boleng ba HIV ......Metsotso e 40

Ketsahalo ea 5: Khokahano ea thobalano motseng oa habo rona ........................Metsotso e 30

Ketsahalo ea 6: Boleng le Tlhahlobo ea Kotsi ...................................................Metsotso e 20

Lesakana le Koalang: Papali: Tseo ke li ratang ka motse oa haeso .......................Metsotso e 10

p

Lihora tse 2,

metsotso e 20

47
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Tse tlang ho

ithutoa

Kakaretso ea

thuto

48

Qetellong ea thuto litho tsa sehlopha li lokela ho:

1. Tseba hore nakong Libeke tse tharo tsa ha motho a qeta ho

tšoaetso, ‘me a etsa thobalano a sa sebelise likhohlopo o kotsing

e kholo ea ho tšoaetsa ba bang.

2.

3.

4.

Utloisisa ka moo khokahano ea thobalano e eketsang kotsi le ho

anetsa ho ata hoa HIV.

Elelloa kotsi eo ba leng ho eona ea ho ba le tšoaetso ea HIV ka

lebaka la boitšoaro ba bona le ba baratuoa ba bona.

Ho nahana ka mekhoa ea ho itšireletsa ha ba etsa thobalano

haeba ba le khokahanong ea thobalano.

Ketsahalo ea 1: Re bolelang ka bonyatsi kapa ho boka? Sebelisa lipale

tsa Nono le Thabo hammoho le Boitelo le Phakisi ho hlalosa hore na

bonyatsi keng.

Ketsahalo ea 2: Khokahano ea thobalano ke eng? Sehlopha se tla

tsoela pele ka pale ea Nono le Thabo le Boitelo le Phakisi ho hlalosa

khokahano ea thobalano.

Ketsahalo ea 3: Khokahano ea thobalano ea Limpho. Re tla buisana ka

litaba tsa Limpho ha re qeta ho bala pale ea hae. Ketsahalo ea mantsoe

a sebelisoang ho hlalosa likamano tse fapaneng, ha e sa tlameng, e

ka etsoa ha nako e le teng): E batla litho tsa sehlopha li nahane ka

mantsoe le maele ao batho ba motse oa bona ba a sebelisang ho hlalosa

bonyatsi le ka moo mantsoe ana a amang boitšoaro ba rona ka teng.

Ketsahalo ea 4: Hobaneng khokahano ea thobalano e le kotsi? Boleng

ba HIV. Hona ke thuto e fanoang ke motataise a sebelisa setšoantšo sa

“Hobaneng HIV e rata Bonyatsi” ho hlalosa ka moo HIV e atang ka

potlako khokahanong ea thobalano.

Ketsahalo ea 5: Likhokhano tsa thobalano tse metseng ea rona. Litho

tsa sehlopha li qapa khokahano ea thobalano ba sebelisa likarete

tse bontšang “batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona”.

Lesakana le Koalang: Tseo ke li ratang ka motse oa heso. Sena se koala

thuto ka tsela e monate, u botsa litho tsa sehlopha tseo ba li ratang

motseng oa bona.
Lisebelisoa tse

Hlokahalang

Boitokiso ba pele

ho thupelo

Selelekela

Ketsahalo ea 1: Likarete tsa

litšoantšo tsa LIPALE TSA

NONO LE THABO, BOITELO LE

PHAKISI.

Ketsahalo ea 4: Litšoantšo tse

bontšang na HIV e ata joang ka

hara ‘mele ea rona LE setšoantšo

sa “Hobaneng HIV e rata

Bonyatsi”.

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

Ketsahalo ea 2: Likarete tsa

litšoantšo tsa KHOKAHANO EA

THOBALANO EA BOITELO LE

PHAKISI, THABO LE NONO.

Ketsahalo ea 5: Likarete tsa

batho ba tšoanang le ba phelang

metseng ea rona.

Itokisetse ho sebelisa likarete tsa batho ba tšoanang le ba phelang

metseng ea rona, ho bopa khokahano ea thobalano.

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha tse eso

fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thuto ea kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima

liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena u le

motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele maikutlo

a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea ho hlahloba

kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno le

liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo la tšebetso e

tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li ngotsoe litabeng tse

hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola hore

ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e

tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

Hlalosetsa litho tsa sehlopha hore thutong ea kajeno re tlo shebana le boitšoaro bo kotsi

ba ho ba le baratuoa ba fetang bo nngoe ka nako e le ‘ngoe. Batho ba bang ba tloaetse ho

hlalosa ketso ena ka hore ke bonyatsi kapa ho boka.

Hlalosetsa litho tsa sehlopha hore thutong ena re tla ithuta litaba tse ncha ka boleng ba

HIV le kamoo koakoana-hloko ea HIV e amang ‘mele oa motho ka teng. Empa re tla qala

pele ka ho hlalosa hore na ho etsa thobalano le batho ba fetang bongoe ka nako e le ‘ngoe

ho bolelang.

49
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 1:

Re bolelang ka bonyatsi kapa ho boka?

Ketsahalong ena u tla sebelisa lipale tsa batho ba bane ho hlalosa hore na re bolelang ka

bonyatsi kapa ho boka, le ho hlalosa khokahano ea thobalano. Sepheo sa ketsahalo ena ke ho

thusa litho tsa sehlopha ho utloisisa ka moo ho ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe

(bonyatsi) ho fapaneng le ho ba le moratuoa e mong ka mora ho hlala e mong .

Bongata ba rona re ea tseba hore ha u na le baratuoa ba bangata, u kotsing e kholo ea tšoaetso

ea HIV. Seo ba bangata re sa se tsebeng ke hore ha re etsa thobalano le batho ba fetang bonngoe

ka nako e le ‘ngoe, re kotsing ea ho fumana ea tšoaetso ea HIV ho feta motho ea bang le

moratuoa e mong ka mora ho hlala e mong.

MEKHOA EA HO TSAMAISA THUTO

50

1. Hlalosetsa litho tsa sehlopha hore na ho boka kapa bonyatsi ho bolelang. Ho boka kapa

bonyatsi ho bolela tloaelo eo banna le basali ba nang le likamano tsa thobalano le batho

ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe. Hangata motho o na le likamano tsa lerato le

motho e mong hape, kantle ho molekane oa hae kapa moratuoa oa hae oa mantlha kapa

oa bohlokoa. Ketso ena re tloaetse hore ke bonyatsi ha e le motho ea nyetseng ea etsang

thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe. Lesotho mona, bonyatsi bo

etsoa ke banna le basali.

2. Tloaelo ena ea ho ba le baratuoa ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe e u beha kotsing e

kholo ea ho ba le tšoaetso ea HIV le ho fetisetsa HIV mothong eo u mo ratang.

3. “Re tlo bala lipale tsa batho ba fapaneng, ‘me re tla ithuta ka bona”. Balla litho tsa

sehlopha pale ea Boitelo le Phakisi u ntan’o bala pale ea Thabo le Nono.
PALE EA PHAKISI LE BOITELO

PALE EA THABO LE NONO

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

Hae, Basali! Ba sokolisa kea u bolella. Ke na le lilemo tse

15 ke nyalane le Boitelo empa he ke khathetse joale tjena.

Ha ho sa le monate. Joale boemong bo motho oa monna o

etsa joang? Ke bolela hore ha feela ke e entse pinyane, ha

feela ke ntse ke fana ka chelete, ha feela ke ntse ke na le

eena, ke mo hlokomela ‘moho le bana ba rona, ke ntse ke

mo tšepahalla. Ke se fe seo nka se etsang? Lerato la rona

le se ne le fele khale… empa re na le bana... ‘me re ntse re

lula ‘moho

Bona lesea la ka le letle joang! Ke ngoana oa rona oa boraro,

ngoana oa ngoanana eo esaleng ke mo batla ka nako e telele,

ke thabile hoo! Ha e le Phakisi eena ke monna ea lokileng, o

sebetsa ka thata, o tlisa chelete lapeng o bile o rata le bana

ba hae. Empa joale matsatsing ana ke khathatsehile, o lula a

tsamaile a ile joaleng le metsoalle ea hae, ena e mo lihelang.

Mafelong a beke teng ha a ke a tle hae ka nako, o fihla bosiu.

Empa joale ke tla reng? Nkeke ka botsa monna taba tsena.

Ke rapela empe ebe ha ho na motho eo a ratanang le eena.

Ho monate ho ba le chelete. Ke na le Khoeli joale ke

sebetsa Mosebetsi o mocha ‘me ke se ke lula Maseru. Mona

ho monate ho feta Mphaki! Ho menyaka ea bosiu, Ho bo

DJ, he ho monate! Ke nahana hore ke hlolohetsoe Thabo,

empa joale chehe! banna ba mona ba nepahetse kannete!

Ha se hore ha ke sa rata Thabo, ke ntse ke mo rata, ke ntse

ke kopana le eena, kea mo hloka, empa joale motho u phela

hangoe feela,

Ke hore Nono o ntšietseng? Maseru ho hole, ho nkuka hora

tse hlano ho fihla ka taxi! Ke mo hlolohetsoe.. o bohlokoa ho

‘na, ha ho na e mong. Ke lula ke mo nahanne esale a tsamaea.

Re ntse re kopana ka mor’a beke tse tharo empa ha ho tšoane

leha a ne a ntse a le mona. O lula a bua ka metsoalle ea hae e

mecha le menyakoe eo a eang ho eona.

51
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

52

4. Ka mor’a ho bala lipale tsena tse peli, botsa litho tsa sehlopha lipotso tse latelang.

Maikutlo a hau ke a fe malebana le batho baa, ha o sheba liketso tsa bona le maemo

ao ba leng ka hara ona?

Na re tseba batho ba maemong a tšoanang?

Qetella ketsahalo, ka hore

` Ho na le mabaka a mangata a etsang hore batho ba be le likamano tsa thobalano

tse ling kathoko ho likamano tsa bona tsa mantlha. Thutong e hlahlamang re

tla shebana le mabaka a mangata a fapaneng a etsang hore batho ba be le

likamano tsa thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe. Mabaka a

mang ke hobane ba futsanehile kapa hobane ba batla ho fumana thobalano e ba

khotsofatsang (ho feta eo ba e fumanang likamanong tsa bona tsa mantlha).

` Kajeno re batla ho sheba kotsi le litla-morao tsa ho ba le baratuoa ba fetang

bonngoe ka nako e le ‘ngoe nakong ena ea HIV le AIDS.

` Ha re ba le baratuoa bangata ka nako e le ‘ngoe,ebile re etsa thobalano le bona

re ba karolo ea khokahano ea thobalano. Ha motho a le mong khokahanong ea

thobalano a ba le tšoaetso ea HIV, batho bohle ba khokahanong ea thobalano ba ka

tšoaetsoa ke HIV.

Ha re shebe mohlala oa khokahano ea thobalano ketsahalong e hlahlamang.
THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

Ketsahalo ea 2:

Khokahano ea thobalano ke eng?

Ketsahalong ena u tla hlalosa hore na khokahano ea thobalano keng ka ho tsoelapele ka lipale

tsa Boitelo le Phakisi le Thabo le Nono. Ka morao re tla buisana ka litaba tse amanang le

khokahano ea bona ea thobalano, ka mokhoa oa ho araba lipotso tse leqepheng le hlahlamang.

Khokahano ea Thobalano ea Boitelo le Phakisi, Thabo le

Nono

Mpho

LIPOTSO TSA SEHLOPHA

Lenala Limpho

Phori Ntsopa

1. Haeba Phori a tšoaelitsoe HIV ka ho etsa thobalano e sa sireletsehang ke kharebe ea

hae Ntsopa bosiung bo fetileng – ke mang ea ka ba kotsing ea ho ba le tšoaetso ea HIV?

Batho ba supileng ba ka ba kotsing. Na u ka ba bolela?

(Ntsopa, Boitelo, Phakisi, Nono, Limpho, Lenala, Thabo)

2.

Ntsopa a ka fokotsa kotsi ea ho ba le tšoaetso ea HIV joang?

(Ba sebelisa likhohlopo. Phori o na le tšoaetso ea HIV)

3. Bongata ba batho bana ba tšoantšisong ena ea khokahanong ea thobalano ha ba elelloe

hore ba kotsing. See se bakoa keng?

53
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

54

(Ba bang ha ba tsebe hore baratuoa ba bona ba na le baratuoa ba bang. Ba nahana hore

ba babeli feela, empa hantle-ntle ba hokahane le batho ba bang khokahanong).

4. Haeba Thabo a se a sa ratane le Nono ‘me a qala ho ratana le Mpho – na Mpho o kotsing

e tšoanang ea HIV? (Ha ho joalo. Mpho o ne a ke ke a ba kotsing e tšoanang hobane ha

se karolo ea khokahano ea thobalano. Haeba Thabo a khaotsa le Nono, ke Mpho le Thabo

feela ba seng khokahanong ea thobalano).

Papali: Ka nokeng, ka ntle

Kopa litho tsa sehlopha ho etsa lesakana. Hlalosa: “Re eme lebopong la noka. Ha ke re ‘ ka

nokeng’ ke batla hore le qhomele bohareng ba noka ( ka ho qhomela ka hara lesakana”).

(Bona hore bohle ba qhomela bohareng). “Ha ke ka ntle, ke batla le boele le khutlele

lebopong moo le bolokehileng”. (Bona hore ba qhomela morao lebopong). Qala ka ho

hoelehetsa ‘ka nokeng!’ ka ntle! ‘ka nokeng! ‘‘ka ntle!’ ‘me litho tsa sehlopha li qhomele

pele le morao ho latela seo u se buang. Leka ho ba qhekella ka ho hoelehetsa ‘ ka nokeng’!

ba se ntse ba le ka nokeng kapa ‘ka ntle’ ba se ntse ba le ka ntle. Ha motho a etsa phoso,

a tsoe lesakaneng, a eme ka thoko. Papali ena e tsoelapele ho fihlela ho setse motho a le

mong, motho enoa ke eena ea hlolang.

Papali: Sekepe se tebang

KAPA

Kopa bohle ho inahana ba le ka sekepeng se tebang ka pele hare ho letamo. Ho kena

liketsoaneng tsa pholoho re lokela ho ba lihlopheng tse nang le lenane le itseng sehlopheng

ka seng. Bolella bohle ho tsamaea, ho kopa-kopana le ba bang, ‘me uena u hoelehetse:

“Sekepe se ea teba- etsang lihlopha tsa batho ba bararo”. Motho a le mong kapa ba babeli

ba ka nna ba sala ka thoko – u ka ba bolella ho lula fatše. Pheta makhetlo a ‘maloa ka

lipalo tse fapaneng, mohlala ‘lihlopha tsa batho ba 4’, ‘lihlopha tsa batho ba 7’.
THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

KETSAHALO EA 3:

Pale ea Limpho

Ketsahalong ena u tla bala pale ea Limpho ho thathiseletsa ho ithuta ka khokahano ea thobalano

ho tsoa thutong e fetileng.

Bolella litho tsa sehlopha hore u tlo ba phetela pale ea mosali e monyane lilemong ea bitsoang

Limpho. Ba kope ho koala mahlo ‘me ba iketsetse setšoantšo sa ka moo Limpho a shebahalang

kateng, a nahanang ka teng, le ka moo a ikutloang kateng. Bala pale ea Limpho kapa u kope e

mong oa litho tsa sehlopha ho e bala.

Khokahano ea Limpho ea thobalano

Limpho ke mosali ea lilemo li 36 oa Mohale’s Hoek. O na le bana ba babeli, ngoanana

ea lilemo li 12 le moshanyana ea lilemo li 6. O lula le mohlankana oa hae, Ntate Tšepo

thokoana ho toropo. Tšepo ke monna ea thotseng ea sa kopaneng le batho. Limpho ke

motho oa batho ea ratang menate.

Monna oa Limpho oa pele o hlokahetse ka 2008 kamor’a ho kula nako e telele a ena le

Lefuba. Limpho o kopane le Tšepo thapelong ea bosiu ‘me ba qalella ho ratana. Tšepo

o boleletse Limpho hore ha a na mosali. Kaha a ne a se na mosali Limpho o ile a etsa

qeto ea ho lula le eena, ‘me joale ba lula ‘moho e le monna le mosali. Limpho o rata ho

“chalaka” hobane a re “ke tsela eo batho re bopiloeng ka eona”.

Ha Limpho a ne a ntse a sebetsa lifemeng Maseru o ile a ba le mohlankana a le mong. Ha

a sa sebetsa teng, empa ha a ea Maseru o oa mo chakela. O boetse o na le mohlankana eo

a mo tsebileng nako e telele Ha Motsikoane; o lula motseng oa habo. Ka nako e ‘ngoe o

kopana le eena ha a ea habo.

O boetse o na le mohlankana motseng oo a lulang ho ona le mohlankana oa hae, Tšepo .

Lebitso la hae ke Tankiso. Limpho o re: “Ha ke nahane ho na le motho ea tsebang ka eena,

empa le ha ba ka tseba, Tšepo ha a tsebe”. Limpho o re o tšepahalla monna oa hae hobane

“ha a tsebe ka bahlankana ba ka ba bang, ba haufi le mona, ba Maseru le ba toropong”.

Limpho ha a sebelise likhohlopo le bahlankana ba hae kapa monna oa hae. “O nahana hore

mafura a likhohlopong a ka etsa hore a kule... Limpho o re, “Haeba AIDS e teng, e teng.

Empa haeba ha e eo, ha e eo”. Limpho o rata hore: “Ho bapala ke karolo ea botho, re

bapala hobane ho hlotsoe joalo. Monna le mosali ba bopetsoe thobalano”.

55
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Buisana ka lipotso tse latelang le sehlopha.

56

1.

2.

3.

4.

KHOKAHAnO EA liMPHO EA THOBAlAnO

MOHLANKANA

OA KHALE EA

HLOKAHATSE KA 2008

LIMPHO

TSHEPO

Ha re etseng setšoantšo sa khokahano ea thobalano eo Limpho a leng ho eona.

Ke likotsi life tseo Limpho a ipehileng ho tsona le bahlankana ba hae?

Tšoaetsanoang ea HIV; Mafu a likobo, bokhachane bo sa reroang

MOHLANKANA OA

MASERU

MOHLANKANA OA

MOHALE’S HOEK

MOHLANKANA OA HA

MOTSIKOANE

Haeba Limpho e ne e le motsoalle oa hao u no u ka mo eletsa ho etsa joang?

Ho fokotsa lenane la batho bao a robalang le bona. Ho sebelisa likhohlopo le baratuoa bohle ka

linako tsohle ha a etsa thobalano
THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

Ketsahalo ea 4:

Mantsoe a sebelisoang ho hlalosa

likamano tse fapaneng

Ketsahalo ena e sebelisa mokhoa oa boinahano ‘moho. Botsa litho tsa sehlopha mantsoe a

sebelisoang ho hlalosa mefuta ea likamano tse fapaneng. Ketsahalo ena e khutšoane , e monate.

Se ke ua qeta nako e ngata ho eona.

Botsa litho tsa sehlopha, (metseng ea rona):

Ke mantsoe a fe a sebelisoang ha banna ba na le baratuoa ba fetang bonngoe ka nako e le

‘ngoe?

Ke mantsoe afe a sebelisoang ha basali ba na le baratuoa ba fetang bonngoe ka nako e le

‘ngoe?

Ngola mantsoe ao sehlopha se buileng ka ona pampiring e kholo, u etse lethathamo le

lekhutšoane holim’a pampiri eona eo e kholo.

linTlHA TSA MOTATAiSi

Ana ke a mang a mantsoe a sebelisoang libakeng tse fapaneng Lesotho mona. Ho na

le a mang ao sehlopha se tsebang?

Ho boka Kamano ea kathoko ho lenyalo eo Basotho ba e

iphapanyetsang eona hobane e etsoa ka boitlhompho

Leshala Kamano e patuoeng

Mokokotelo Kamano e patuoeng – hangata bathong ba banyane lilemong

ba nang le likamano tse ling.

Mosali oa ka “Mosali oa ka”. Ekaba mosali oa molao kapa mosali ea

ratoang ‘me ea nkoang a le bohloka ke moratuoa oa hae.

ATM kapa Letona la

Lichelete kapa Sugar Daddy

or Sugar Mommy

Floor Engineer kapa

Khetwiwe kapa Sista Betina

Moratuoa e moholo lilemong ea fanang ka chelete sebakeng

sa thobalano. Hangata moratuoa e moholo o na le monna

kapa mosali, le ea lilemong tse tlase o na le kharebe kapa

mohlankana ka nako e le ‘ngoe.

Ngoanana ea lilemong tse tlase ea sebetsang lapeng ‘me a

sebelisoa ke mong’a ntlo oa monna sebakeng sa thobalano.

Monna o etsa thobalano le mosali oa hae le ngoanana ea

lilemong tse tlase ka nako e le ‘ngoe.

57
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Balimo kapa Mabluza kapa

Zebra (stretch marks) kapa

Biltong kapa Bo-granny

kapa Gaole

Bibo kapa Bonjo kapa

Nestum kapa Hlatsoane

kapa Le brat kapa Kideo

58

Mosali ea moholo lilemong, hangata ea nyetsoeng, ea

ratanang le monna ea monyane ho eena.

Monna ea monyane lilemong ea ratanang le mosali e moholo

ho eena eo hangata a nyetsoeng.

Spare Wheel kapa Plan B Ha monna kapa mosali a na la baratuoa ba fetang bonngoe ka

nako e le ‘ngoe.

Matona Hangata ke monna oa morui ea fanang ka limpho tse kang

fono, koloi, chelete joalo-joalo. Hangata o li fa mosali ea

lilemong tse tlase.

Mofumahali Kharebe (kapa mosali) ea mantlha bophelong ba monna – a ka

ba lilemong life kapa life.

Youth Academy Monna ea lilemong tse tlase ea ratanang le mosali ea moholo

ho eena.

Qetella ketsahalo, e re: Taba ea hore ebe re na le mantsoe a mangata a hlalosang likamano tse

fapaneng, e le bonyatsi kapa taba ea hoba le baratuoa ba bangata ka nako e le ngoe e supa ka

moo boitšoaro bona bo tloaelehileng kateng sechabeng sa habo rona ho tloha mehleng ea khale le

kajeno.
THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

KETSAHALO EA 5:

Hobaneng khokahano ea thobalano e

le kotsi? Boleng ba HIV

Ketsahalong ena, uena joaloka motataisi o tla fana ka thuto ka:

1.

2.

ka moo HIV e hlaselang ‘mele u sebelisa litšoantšo tse tsoang ka har’a lebokose la

Lithusa-thuto

Hobaneng khokahano ea thobalano e le kotsi, u sebelisa setšoantšo sa “Hobaneng HIV e

rata bonyatsi” se tsoang ka har’a lebokose la Lithusa-thuto.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Hlalosa ketsahalo: Ho utloisisa hore na hobaneng khokahano ea thobalano e le kotsi, re

hloka ho utloisisa boleng ba HIV. Re hloka ho utloisisa ka moo tšoaetso ea kokoana-hloko

ea HIV e amang ‘mele ka teng.

2. Hopotsa litho tsa sehlopha ka papali ea ‘sesole sa ‘mele’ eo re e entseng thutong ea boraro

(3 )e neng e bontša ntoa lipakeng tsa “HIV” le “Sesole sa ‘mele”. Fa litho tsa sehlopha,

litšoantšo tse ngotsoeng “TSELA EO HIV E ATANG KA EONA ” e tsoang ka har’a

lebokose la lithusa thuto.

3. Sebelisa lipale tsa litšoantšo (ka tlase) ho thathiseletsa papali ea sesole sa ‘mele le ho

hlalosa tsela eo HIV e atang ‘meleng ka teng.

Setšoantšo sa 1:

‘mele ea rona e na le masole a re sireletsang. CD4

ke mofuta oa sesole sa ‘mele e sireletsa ‘mele e bile e

loantša mafu a re hlaselang. CD4 ke motsoalle oa ‘mele

ea rona. Re na le masole a CD4 a mangata ‘meleng ea

rona a lulang li re sireletsa.

Mele

CD4

59
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Setšoantšo sa 2:

Ha mafu a kang sefuba a hlasela ‘mele ea rona, CD4

tsa rona lia a loantša ho sireletsa ‘mele ea rona.

Setšoantšo sa 3:

Ha mafu a kang letšollo a hlasela ‘mele ea rona le ona

CD4 tsa rona lia a loantša ho sireletsa ‘mele e leng

metsoalle ea ona.

Setšoantšo sa 4:

Joale HIV e hlasela sesole sa CD4. Ha HIV e hlasela

‘mele ea rona, ho ba le HIV e ngata ‘meleng ea rona e

hlaselang sesole sa CD4

Setšoantšo sa 5:

Sesole sa CD4 se hlokomela hore ha se na matla a ho

hlola HIV joale ka mafu a mang. HIV eona e ka hlola

sesole sa CD4. CD4 le eona ea itoanela ho fihlela HIV e

hlola e bolaea sesole sena sa CD4 ka bongata.

Setšoantšo sa 6:

Joale HIV e hlola CD4 ‘me e ipha matla, tšoaetso ea

HIV ea ata ‘meleng oa motho.

Setšoantšo sa 7:

60

Qetellong CD4 ea hloloa ‘mele o sala o se na sesole.

Sefuba

Letšollo

Tš’oaetso

ea hiv

Tš’oaetso

ea hiv

Tš’oaetso

ea hiv

CD4

CD4

CD4

CD4

CD4

CD4

Mele

Mele

Mele

Mele

Mele

Mele
Setšoantšo sa 8:

Joale ‘mele o sala o le mong o sena sesole. Mafu a

mangata a kang TB le serame sa matšoafo a nka

monyetla ebe a qala ho hlasela ‘mele.

Setšoantšo sa 9:

Qetellong ‘mele oa fokola ebe mafu a mangata a ka

hlasela ‘mele ho se sesole se sitisang. A mang a mafu

ana ke a bolaeang. Boemong bona motho o nkoa a ena

le AIDS.

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

4. Bolella litho tsa sehlopha hore ho utloisisa ka moo HIV e sebetsang ho tla re thusa ho

utloisisa hore na hobaneng ha motho a ka fetisetsa HIV ha bobebe ho batho ba bang

khokahanong ea thobalano.

5. Tsoelapele ho hlalosa “Setšoantšo sa hobaneng HIV e rata bonyatsi”. Fa morupeluoa

e mong le e mong setšoantšo sa ”HOBANENG HIV E RATA BONYATSI” se tsoang ka

har’a lebokose la lithusa-thuto, setšoantšo sena se tla u tataisa ho u fetisa molaetsa.

U tšoaelitsoe

Hona le kokoana-hloko ea HIV e ngata ha kae maling a hau?

HOBAnEng HiV E RATA BOnYATSi

KOTSI E HOLIMO-LIMO

Tšoaetso ea

hiv e ngata

maling a hau

KOTSI EA HO FETISA TšOAETSO EA HIV

KOTSI E FOKOLANG

Serame sa

matšoafo

Serame sa

matšoafo

Tšoaetso ea hiv e ea fokola maling a hau

Lefuba

Lefuba

KOTSI E HOLIMO

Tšoaetso ea hiv

e eketsehang

maling a hau

Libeke tse tharo Selemo ho isa ho tse leshome tharo

Mele

Mele

61
Hona le kokoana-hloko ea HIV e ngata ha kae maling a hau?

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Re ka tšoantšisa ho ata hoa HIV le ho luba bohobe …

Ha u luba bohobe, ‘me u tšela tomoso, bohobe bo kokomoha ka pele, ho supa hore ho na le

tomoso e ngata bohobeng. Hona ho tšoana le ha u qala ho tšoaetsoa HIV lekhetlo la pele. HIV

ekare tomoso. E ngatafala le ho eketseha ka bongata maling a rona. Ha u luba hlama hape, e tla

bothela, empa ha ho bolele hore tomoso ha e sa le eona, (hoba hlama ha ea kokomoha). Tomoso

eona e ntse e le teng. U ke ke ua e ntša hlameng. Hona ho tšoana le ha ‘mele oa hau o qala ho

loantša HIV, qalong HIV e tla kokobela, empa e ntse e le teng. U ke ke ua e ntša ‘meleng.

62

linTlHA TSA MOTATAiSi: HO HlAlOSA SETšOAnTšO

U tšoaelitsoe

Hona le kokoana-hloko ea HIV e ngata ha kae maling a hau?

Menyetla = enngwe hotswa ho

mashome a madebi le metswa eme

hlana

HIV e ngata, libekeng

tse 3 tsa pele, ha u qeta

ho tšoaetso.

NAKONG KOTSI ENA E HOLIMO KOTSI

E KHOLO HAHOLO ea

hore u ka fetisetsa Tšoaetso ea hiv HIV

ho motho eo e u eketsehang ka etsang

maling a hau

thobalano le eena.

Libeke tse tharo Selemo ho isa ho tse leshome tharo

Setšoantšo sa 1: Ha u qala ho fumana tšoaetsoa ea HIV ,kokoana-hloko ea HIV emaling a

hao e ngata haholo. Ho na le kotsi e kholo ea hore u ka fetisetsa kokoana-hloko mothong eo u

ka etsang thobalano le eena ha o sa sebelisa khohlopo.

Libeke tse tharo Selemo ho isa ho tse leshome tharo

Kamor’a libeke tse 3,

HIV e ‘meleng oa hao

e’a theoha.

KOTSI ea ho fetisetsa

HIV mothong eo u

robalang le eena E

MAHARENG.

Setšoantšo sa 2: Ka morao ho libeke tse tharo, HIV e ‘meleng oa hau ea theoha (kokobela).

Sena ke hobane sesole sa hao sa ‘mele se ntse se na le matla. Sesole se loantša HIV. Kotsi ea

ho fetisetsa HIV ho batho bao o etsang thobalano le bona e nyane (nakong ena, ha e bapisoa

le pele), empa, E NTSE E LE KOTSI.
Hona le kokoana-hloko ea HIV e ngata ha kae maling a hau?

HiV E RATA BOnYATSi

Libeke tse tharo Selemo ho isa ho tse leshome tharo

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

HIV e maling a hau

ha e ngata haholo,

sesole sa ‘mele se ea

ITOANELA.

KOTSI ea ho fetisetsa

HIV ho mothong eo

u etsang thobalano le

eena E MAHARENG.

Setšoantšo sa 3: Ha u phela hantle (o ja hantle, o ikoetlisa, o phekola mafu ka nako), sesole

sa hao sa ‘mele se ba matla, ‘me se khona ho loantša kokoana-hloko ea HIV. Ntoa ena e ka

tsoela pele ka nako e telele, ho tloha selemong se le seng ho isa ho tse leshome kapa ho feta.

Selemo ho isa ho tse leshome tharo

Kokoana hloko ea HIV e

maling a hau e ngata.

HO NA LE KOTSI E

HOLIMO ea hore u

ka fetisetsa HIV ho

motho eo u ka bang le

thobalano le eena.

Setšoantšo sa 4: Ha masole a ‘mele a se a sitoa ho loantša HIV, HIV e qala ho ba matla ‘me

kokoana-hloko ea ngatafala maling a hao. Ena ke nako e kotsi haholo hore o ka fetisetsa

HIV ho mang kapa mang eo u etsang thobalano le eena.

6. Ha u na le bonnete ba hore litho tsa sehlopha li utloisisa molaetsa ona oa litšoantšo,

li bolelle hore ha motho a le khokahanong ea thobalano kamehla u lula u le kotsing ea

hore e ka na eaba o ‘nakong ea libeke tse tharo’ tsa ha u qala ho tšoaetšoa joale ka ha re

bontša setšoantšong mona. Sena ke hobane ha re tsebe ha re qeta ho tšoaetsoa, kapa na

molekane oa hau kapa moratuoa oa hau na o qeta ho tšoaetsoa kapa che. Bontša litho

tsa sehlopha setšoantšo tsa KHOKAHANO EA THOBALANO, se tsoang kahar’a lebokose

la lisebelisoa.

63
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

64

Khokahano ea thobalano: Tsela e kgolo ya bonyatsi

U tšoaelitsoe

Hona le kokoana-hloko ea HIV e ngata ha kae maling a hau?

KOTSI E HOLIMO-LIMO

Tšoaetso ea

hiv e ngata

maling a hau

KOTSI E FOKOLANG

Tšoaetso ea hiv e ea fokola maling a hau

KOTSI E HOLIMO

Tšoaetso ea hiv

e eketsehang

maling a hau

Libeke tse tharo Selemo ho isa ho tse leshome tharo

7. Motho e mong le e mong ea khokahanong ea thobalano, ea bang le tšoaetso, a ka tšoaetsa

batho bohle ba khokahano ea thobalano libekeng tse tharo tsa pele. Likhokahano tsena

tsa thobalano hangata li bitsoa “litsela tse kholo tsa HIV” hobane HIV e feta ka potlako

moo ho nang le khokahano.
Motsotsoana oa ho inahana ….

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

8. Tloaelo ea hore batho ba bangata ba kena khokahanong ea thobalano, ebile ba sa sebelise

likhohlopo ke eona eo e leng lebaka le leholo le etsang hore ebe tikoloho ena ea rona e ka

Boroa ea Afrika e na le sekhahla se phahameng sa tšoaetso ea HIV lefatšeng.

9. Botsa litho tsa sehlopha hore, na ba nahana taba ea hore ‘ motho a be le baratuoa ba

bangata bao o etsang thobalano le bona ka nako e le ‘ngoe’ e tloaelehile ha kae Lesotho

moo? ‘Na ho ba khokahanong ea thobalano ke taba e tloaelehileng Lesotho moo? Ebe le

nahana hore taba ee e tloaelehile haholo banneng kapa basaling?

10. Bolella litho tsa sehlopha hore Lesotho mona,

Basali ba 20 ho ba lekholo (20%) ba na le likamano tsa thobalano le batho ba

fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe. Hona ho bolela hore basaling ba 5 bao u ba

bonang a le mong o etsa thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

Banna ba 40 ho ba lekholo ( 40% ) ba na le likamano tsa thobalano le batho ba

fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe. Hona ho bolela hore banneng ba 5 bao u ba

bonang ba babeli ba etsa thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

E le ho una molemo litabeng tseo re qetang ho bua ka tsona re lokela hore re nke

motsotsoana re inahane ka litaba tse ncha tseo re ithutileng tsona kajeno. E re litho

tsa sehlopha li behe lihlooho tsa bona tafoleng, ba paqame fatše, kapa ba lule ka tsela e

phuthulohileng.

Bua mantsoe ana, “Ak’u nahana, u iketsetsa setšoantšo, moo u leng karolo ea khokahano

ea thobalano; ekaba ka khetho ea hao kapa ka liketso tsa moratuoa oa hau kapa molekane

oa hau”.

Ka mor’a metsotso e mehlano (5), bua lentsoe la bohlokoa kapa polelo e khutšoane ‘me u

re ba nahane ka eona ka metsotso e ‘maloa. Pheta mantsoe kapa lipolelo tse khutšoane,

u ntan’o kopa sehlopha ho etsa lesakana hape. Litho tsa sehlopha ha lia tlameha ho

arolelana seo ba neng ba ntse ba nahana ka sona. A mang a mantsoe ao u ka a sebelisang

ke: [boikarabelo; thuso; likhohlopo; bana; lelapa; melemo; litla-morao; kotsi].

Hlokomela:

Se ke ua potlaka, lumella batho ho inahana.

Hona ho ka bonahala eka ke tšenyo ea nako,

empa ho nahana ka tse fetileng ke e ‘ngoe ea

mekhoa e matla e teng ea ho ithuta! E sebelise!

65
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

66

KETSAHALO EA 6:

Khokahano tsa thobalano tse teng

metseng ea rona

Ketsahalong ena, u tla sebelisa “Likarete tse bontšang batho ba tšoanang le bao re phelang le

bona metseng ea rona” tse tsoang ka lebokoseng la lithusa-thuto ho etsa mehlala ea mefuta ea

likhokahano tsa thobalano tse teng sechabeng sa rona.

Pele thuto e qala, sebelisa likarete tsa libapali ho tšoantšisa khokahano ea thobalano lipakeng

tsa libapali tseo u li khethileng. Sebelisa mohlala ona e le pontšo ho litho tsa sehlopha ea seo ba

tla se etsa ka lihlotšoana tse nyane.

1.

Fa sehlotšoana ka seng, sehlopha sa “Likarete tse bontšang batho ba tšoanang le bao re

phelang le bona metseng ea rona” tse tsoang ka har’a lebokose la lithusa-thuto.

E MOTONA E MOTšEHALI

1.

2.

3.

4.

5.

6.

7.

Moshanyana oa sekolo

Mookameli oa banka

Lesole

moruti

Moqhobi oa taxi

Mahlalela

molebeli

8. Mohlokomeli/ motho ea hlokomelang

bana bao e seng ba hae ka tsoalo

9. Sebini sa ‘mino oa litsoanya

10. Molebeli oa chankana

11. Monna oa mahaeng

12. Sehahi

13. Ngoanana oa sekolo

14. Letona la Khoebo le mesebetsi e

meholo le Limmaraka

15. Ngoanana ea sebetsang salooning

16. Mosebeletsi oa sechaba

17. Mosebeletsi oa bophelo bo botle

18. Mocha ea nang le ngoana

19. Mosali oa lifemeng

20. Mooki

21. Mosali oa mahaeng

22. Mosali ea hoebang ka ‘mele

23. Mosali ea rekisang seterateng

2. Kopa sehlopha ka seng ho sebelisa likarete tsena tse nang le litšoantšo tsa batho, ho

bontša mefuta ea khokahano ea thobalano e teng metseng ea rona.

3. Kopa lihlopha ho manamisa likarete tsena tse nang le litšoantšo tsa batho pampiring e

kholo kapa holima lebota. Ha lihlopha kaofela li qeta ho etsa khokahano ea thobalano,

bapisa litšoantšo tsena se manamisitsoeng holima pampiri e kholo hammoho ho bontša

kamoo likhokahano tsa thobalano li ka ‘kopanang hammoho’ ‘me tsa kopanya batho ba

bang ba bangata.
Qetella:

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

Koala ketsahalo ena ka ho akaretsa kamoo likhokahano tsa thobalano li ka eketsang sekhahla sa

tšoaetso ea HIV metseng ea rona.

Hopotsa litho tsa sehlopha hore ka ho ba khokahanong ea thobalano, ba kotsing e kholo ea ho

fumana tšoaetsoa HIV HAPE ba kotsing e kholo ea ho tšoaetsa bao ba ba ratang.

Haeba u ena le baratuoa ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe, e ka nna eaba u

khokahanong ea thobalano.

Leha u nahana hore u na le baratuoa ba babeli feela, e ka nna eaba baratuoa bao ba

babeli ba boetse ba na le baratuoa ba bang ba babeli bao le bona e kannang eaba ba na

le baratuoa ba bang ba babeli. Likhokahano tsa thobalano li thusa HIV ho feta ka potlako

le ho tšoaetsa batho ba bangata.

Leha ho le joalo, hona ha ho bolele hore ho ba le phomolo kapa nako ea beke tse ‘ne lipakeng tsa

nako ea ho etsa thobalano ho felisa kotsi. Ha feela u e na le likamano tsa thobalano tse fetang

bonngoe, u kotsing e kholo ea ho ba le HIV.

Lesakana le Koalang: Tseo ke li ratang ka motse oa haeso

Ketso ena ea ho ikhopotsa lintho tse

ntle, e molemo haholo ka mor’a ho etsa

mosebetsi o boima, kappa ho buisana

ka litaba tse ‘boima’, tse nahanisang

batho ka thata. Ho bohlokoa ho hopotsa

batho ka lintho tse ntle tseo ba li ratang

motseng oa bona. Kopa sehlopha ho lula

se entse lesakana. Kopa motho e mong

le e mong a re: “Ke rata motse oa heso

hobane……”. Qala ka uena. Motho e

mong a ka nna a re o rata batho, kapa

lifate, noka kapa ho hong. Ba hloka ho

bolela ntho e le ‘ngoe feela eo ba e ratang

ka motse oa bona.

HOPOLA:

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa foromo ea

boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi. Botsa

sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea kajeno, ka

hore ba arabe lipotso tse hlahang foromong ena,

’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo

ena. Bolella sehlopha hore bonyane le tla nka

metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena

67
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

68

THUTO EA 4: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA

EOnA

Khaola khokahano ea thobalano. Fokotsa lenane la baratuoa ba hao, kapa

batho bao u etsang thobalano le bona ka nako e le ‘ngoe.

U ka ba le likamano tse mofuthu tse u khotsofatsang, le molekane oa hao

feela (kapa moratuoa oa hao feela), ka ho mo rata, ho mo hlompha le ho mo

tšehetsa. Ha ho hlokahale hore u be le likamano tse ling tsa lerato ka thoko.

Sebelisa khohlopo haeba u etsa thobalano, ho fihlela u ikholisitse ka hohle-hole

hore le babeli feela (ha a na e mong ka thoko ho uena, LE uena ha o na e mong

ka thoko ho eena) ‘me bobeli le tseba boemo ba lona ba HIV.

Hopola kamehla: Haeba motho a ka etsa thobalano e sa sireletsehang le uena, ho

bonolo ho motho eno hore o kile a nna a etsa thobalano le motho e mong (ea robetse

le eena pele ho uena, kapa ka nako e le ‘ngoe le uena!) Taba ena e tšoanela ho o

hlokomelisa hore kotsi e teng, me o lokela hore o inahane haholo ka eona.

THUTO EA 4: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA THUTO

SECHABEng

1. Kopa sekolo se haufi hore na u ka etsa thupelo e khutšoane le litichere ho bua le

bona ka litaba tse ncha tseo u li fumaneng ka kotsi tse itseng tsa ho ba le baratuoa

ba bangata LE ho etsa thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

2. Mohlomong u ka arolelana thuto ena le bahlomphehi ba lekhotla la heno la puso ea

libaka.

3. Holima pampiri e kholo ngola melaetsa (ka lipolelo kapa litšoantšo) e bontšang

likotsi tsa khokahano tsa thobalano ‘me u kope setsi sa bophelo hore na u ka e

beha leboteng la setsi. Nka setšoantšo (ka mokhoa oa senepe) ‘me u romele senepe

sena C-Change u be monyetleng oa ho hapa mpho sebakeng sa sehlopha sa hao.

C-Change e ka sebelisa setšoantšo sa hao nakong e tlang ha e hlahisa libuka tse

ling.
THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

4. Etsa lipatlisiso kapa boithuto. Mohlala, khetha batho ba 5 ba nkoang e le

baetapela motseng oa heno. Hlophisa lipuisano le bona. Ba botse hore na ho

hlokahala ho etsoe eng ho fetola tloaelo ea ho ba le baratuoa ba bangata ka nako

e le ‘ngoe (u ka ba botsa lipotso tse ling feela tseo u batla ho ba le leseli ka tsona).

Ngola likarabo tsohle tseo u li fumanang e le tlaleho ea lipatlisiso. E romelle

C-Change ‘me u be monyetleng oa ho hapa mpho sebakeng sa sehlopha sa hao.

5. Buisana le moruti/ ‘moleli ka ho tšoara thupelo le lihlopha tsa kereke ea heno.

69
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

70

THUTo Ea 5

PUISANO KA LITABA TSA

LERATO LE THOBALANO

Ketsahalo ea 1: Khokahano ea thobalano ea Lebohang ......................................metsotso e 15

Ketsahalo ea 2: Hobaneng ha batho ba motseng oa rona ba eba le linyatsi? .......metsotso e 45

Ketsahalo ea 3: Melemo ea ho ba le moratuoa a le mong ea ratanang le uena

feela ke efe? .............................................................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 4: Papali ea Che Thabo, Che Mathabo ..............................................metsotso e 15

Ketsahalo ea 5: Baratuoa (kapa balekane )ba buisana ka litšoantšiso tsa bonyatsi ...metsotso e 45

Ketsahalo ea 6: Boleng le Tlhahlobo ea Kotsi ...................................................Metsotso e 20

Lesakana le Koalang: Mekhoa e mehlano ea ho bontša Lerato .............................metsotso e 10

p

Lihora tse 2

metsotso e 30
THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

Tse tla ithutoa Qetellong ea thuto litho tsa sehlopha li lokela ho:

Kakaretso ea

thuto

Lisebelisoa tse

Hlokahalang

1. Hlokomela hore melemo ea ho ba le moratuoa a le mong ea ratanang

le uena feela, e mengata ho feta menate eo u ka e fumanang

bonyatsing.

2. Fetola maikutlo a bona kapa litumelo tse fosahetseng tsa hore ke

banna feela ba kenang litabeng tsa bonyatsi kapa maikutlo a hore

basali ba kena litabeng tsa bonyatsi ka lebaka feela la ho fumana

mekhoa ea ho iphelisa.

3. Utloisisa mabaka ao batho kenang litabeng tsa bonyatsi ka ona kapa

ho ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ngoe LE HORE ho se

buisane ka litaba tsa thobalano le baratuoa ba rona le ho se fumane

thobalano e khotsofatsang ke mabaka a mantlha a susumetsang batho

ho ba le likamano tsa thobalano le batho ba bangata.

4.

Ba ithute ka ho etsa litšoantšiso hore na ba ka buisana le balekane ba

bona joang ka litaba tsa bonyatsi

Ketsahalo ea 1: Khokahano ea thobalano ea Lebohang: Re tla sebelisa

litšoantšiso ho fumana a mang a mabaka ao batho ba qetellang ba eba le

linyatsi ka ona.

Ketsahalo ea 2: Hobaneng batho motseng oa rona ba eba le likamano tsa

thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe? Litho li tla sebetsa ka

lihlotšoana ho etsa litšoantšo tse bontšang mabaka ao banna le basali ba

motseng oa rona ba bang le linyatsi kapa ba bang le likamano tsa thobalano

le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe. Re tla bapisa lethathamo le entsoeng

ke sehlopha le litšoantšo tse hlahang liphuputsong tse entsoeng Lesotho mona

ka selemo sa 2008, tse bontšang mabaka ao batho ba bang le linyatsi kapa ba

bang le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe ka ona.

Ketsahalo ea 3: Melemo ea ho ba le molekane a le mong ea ratanang le uena

feela. Litho tsa sehlopha li etsa lethathamo la melemo ea ho se be le baratuoa

ba fetang bo ngoe ka nako e le ngoe.

Ketsahalo ea 4: Re sebelisa papali ea ‘Che Thabo, Che Mathabo’ ho toboketsa

bohlokoa ba ho bua ho phutholla ‘mele ha o bua le molumo oa lentsoe hore li

bohlokoa lipuisanong tse lipakeng tsa batho ba babeli ba ratanang.

Ketsahalo ea 5: Sehlopha se tla etsa litšoantšiso, e le ho fumana malebela hore

na ba ka buisana le baratuoa ba bona kapa balekane ba bona joang ka litaba

tsa bonyatsi. Lesakana le Koalang: Mekhoa e mehlano ea ho bontša lerato

Ketsahalo ea 5: Litšoantšiso tsa

puisano lipakeng tsa balekane

kapa batho ba babeli ba

ratanang.

71
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

72

Selelekela

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha tse eso

fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima

liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena u le

motataisi u akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele maikutlo

a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea ho hlahloba

kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa ea thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno le

liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotsoeng lethathamo la tšebetso

e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li ngotsoe litabeng tse

hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola hore

ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e

tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase.
THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

KETSAHALO EA 1:

Khokahano ea thobalano ea Lebohang

Ketsahalong ena u tla bala pale e bontšang hore na hobaneng batho ba eba le baratuoa ba

bangata ka nako e le ‘ngoe. Sepheo sa ketsahalo ena ke hore litho tsa sehlopha li qale ho nahana

ka sesosa le mabaka ao batho ba motse oa bona be kenang likamanong tsa thobalano le baratuoa

ba bangata ka nako e le ‘ngoe le hore na ho ka etsoang motseng oa bona ho fokotsa tloaelo ea ho

ba le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Balla litho tsa sehlopha pale ena ea Lebohang. Lekhetlo la bobeli ha u bala, kopa litho tsa

sehlopha ho bontša ka setšoantšo khokahano ea thobalano eo Lebohang le Seipati ba leng

kahare ho eona. Kamorao buisanang ka lipotso tse hlahang qetellong ea pale ena.

Khokahano ea thobalano ea Lebohang

Lebohang o lilemo li 28. O lula le Seipati ea lilemo li 25. Lebohang le metsoalle ea hae ba

nahana hore Seipati o motle ‘me Lebohang o thabela ho bonoa le eena. Empa joale Seipati

o manganga hape o likhathatso. Lebohang o re Seipati o etsa a ikutloe eka ke ngoana ea

laeloang hore na a etse eng. Ha a mo hlomphe, haholo ha a sa sebetse. O etsa a ikutloe

a fokola. “Ha u se na chelete, ha u letho ‘me basali ha ba u hlomphe”, ho cho Lebohang.

Lebohang hape oa tletleba hore ha ba sa etsa thobalano ka mokhoa o khotsofatsang. Kaha

Lebohang o sebetsa bosiu, eena le Seipati ba kopana masiu a mane ka khoeli. “Monna

a ke ke a khotsofatsoa ke masiu a mane ka Khoeli”. Se Lebohang a se tsebeng ke hore

Seipati le eena o na le maikutlo a tšoanang ‘me o ntse a etsa thobalano le Thuli. Lelapa

la habo Lebohang le phela Leribe ‘me eena o ea hae mafelong a Khoeli e ‘ngoe le e ‘ngoe.

Lebohang ha a le Leribe, o tsoelapele ka lerato la bona le Palesa. Malapa a bona a le

mabeli a tsebane ka nako e telele ‘me a ne a tšepa hore ba tla nyalana. Ba na le ngoana a

le mong. Palesa joale o lula Petoria. Lebohang o re Palesa o hana ha a mo nyala hobane

o na le baratuoa ba bangata Petoria bao a ka khethang ho bona. Palesa le Lebohang ba

ntse ba kopana ha ba le hae Leribe “hobane ba se ba tloaetse le hobane Palesa o re ke

eena ea mo khotsofatsang likobong”. Likhoeling tse tharo tse fetileng Lebohang o fumane

mosebetsi oa ho kata Hoteleng e ngoe e ncha moo a kopaneng le Mpho. Mpho o lilemo li

26 ‘me o sebetsa bareng hona hoteleng moo. Ba etsa thobalano ha ba theohetse ka nako

e tšoanang. Mpho o bona Lebohang a le motle. “O rata bonna ba ka” ho cho Lebohang.

Lebohang le Mpho ha ba sebelise likhohlopo hobane Lebohang o batla ho ba le ngoana

le Mpho. Lebohang o re “ke eena ea ntoketseng. Kea mo rata ‘me ha re ka ba le ngoana

re tla tseba ho ba ‘moho.” Lebohang o re ho monate ho ba le Mpho e le kharebe ea hae

hobane kaha o sebetsa bareng ba ka fumana joala teng habobebe.

73
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

74

Sehlopha se tla buisana ka lipotso tsena

Etsa setšoantšo sa khokahano ea thobalano ea Lebohang

U nahana hore Lebohang o na le likharebe tse ngata hobaneng? O khannoa ke eng?

Kotsi ea boitšoaro boo ke efe?

Lebohang a ka thibela joang ho beha batho bao a ba ratang kotsing?

SEIPATI

LEBOHANG

THULI

PALESA

MPHO
THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

KETSAHALO EA 2:

Hobaneng batho ba metseng ea rona

ba eba le likamano tsa thobalano le

batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe?

Sepheo sa ketsahalo ena ke hore litho tsa sehlopha li utloisise hore ho na le mabaka a mangata

ao banna le basali ba bang le likamano tsa thobalano le batho ba bang bao e seng balekane ba

bona. Likharebe le bahlankana le bona ba ratana le batho ba bang ka thoko ho baratuoa ba bona

ba mantlha ka mabaka a fapaneng. Mabaka ana ekaba khetho ea motho ka mong kapa a tlisoa

ke maemo ao motho a leng ka hara ona. Hangata, batho ba ikhethela ho ba le baratuoa ba bang.

Ho fokotsa tloaelo ea ho ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe, re hloka ho utloisisa

hore na hobaneng batho ba khetha ho etsa sena. Ketsahalo ena e reretsoe ho hlaola a mang a

mafosisa a amahanngoang le bonyatsi. Mohlala, hangata re nahana hore ke banna feela ba bang

le linyatsi kapa hore basali ba kena litabeng tsa bonyatsi ka lebaka feela la ho fumana chelete ea

ho iphelisa.

Qala ketsahalo ka ho bua mantsoe ana:

Ho na le mabaka a mangata a fapaneng ao re tsoelang kantle ho manyalo a rona kapa likamano

tsa rona tsa lerato tsa nako e telele ka ona. Hobaneng re khetha ho ba le baratuoa ba fetang

bonngoe ka nako e le ‘ngoe? Joaloka ha re ithutile thutong e fetileng, ha re etsa thobalano le

batho ba fetang bo ngoe ka nako e le ‘ngoe, re ba karolo ea khokahanong ea thobalano, ‘me re

be kotsing e kholo ea ho tšoaetsoa HIV. Ha re shebeng a mang a mabaka ao batho ba metseng ea

rona ba bang le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe ka oona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1.

Arola litho tsa sehlopha lihlotšoana tse peli, banna feela le basali feela. Fa sehlopha ka seng

pampiri e kholo le lipene tse mebala.

2. Kopa sehlopha ka seng ho etsa setšoantšo sa sefate. Metso ea sefate ke mabaka ao batho ba

bang le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka oona. Mohlala, ba batla thobalano e

khotsofatsang, ba hloka chelete kapa baratuoa ba bona ba sebetsa hole le malapa a bona. Kutu

ea sefate e tla bontša batho le lintho tsa bohlokoa tse amehang bophelong ba motho ea bang le

baratuoa ba bangata. Mohlala: molekane, lelapa, chelete ea lelapa, bana ba ka ameha. Makhasi

a sefate ke litholoana tse bosula tsa ho ratana le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe. Mohlala:

tšoaetso ea HIV le mafu a likobo, litšebo sechabeng le masoabi ka har’a lelapa.

75
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

76

3.

“mathata a bakoang ke baratuoa ba bangata ba thobalano”

HIV

Tšoaetso

Ke bo mang ba

amehang hao ba

le likamano tsa

thobalano le batho

ba bangata ka nako

e le ngoe

Moratuoa o

sebetsa hole

le hae

Litšebo

Tšoaetso

Litlamorao tsa

thobalano le batho

ba bangata ka

nako e le ngoe

Mabaka a

susumetsang ho

ratana le batho ba

bangata ka nako e

le ngoe

HIV Afu a

likobo

Mohaats’a

Litšebo

Molekane

Bana

Chelete ea

lelapa

Thobalanong e

khotsofatsang

HIV

Chelete

Ha u nahana hore sehlopha sa hao se tla sokola ho etsa sefate sena, ba kope ho ngola mabaka

ao ba nahanang hore a susumetsa batho ho ba le likamano tsa thobalano le batho ba bangata

ka nako e le ‘ngoe. Hlalosa hore hang ha sehlopha se qeta setšoantšo sa sona, ba se manamise

leboteng hore lihlopha tsohle li se bone. Sehlopha ka seng se tla fuoa monyetla oa ho buisana ka

mabaka ao se buileng ka ona. Haeba sehlopha sa bobeli se ena le mabaka a tšoanang le a seng a

buooe, sehlopha se khothaletsoa ho nahana mabaka a mang a macha e le hore re se phete litaba

tse tšoanang le tse buuoeng ke sehlopha se seng.

4.

5.

6.

THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

Ka mor’a hore lihlopha tsohle li behe litšoantšo kapa lifate tsa bona leboteng, kopa litho tsa

sehlopha ho potoloha ‘me ba shebe litšoantšo tsena tse leboteng ka bonngoe, ba be ba nahane

hore na ke mabaka afe a tloaelehileng haholo motseng oa bona.

Bolella litho tsa sehlopha ho lula fatše ba ntse ba entse lesakana.

Kopa litho tsa sehlopha ho u thusa ho etsa lethathamo holim’a pampiri e kholo le hlalosang

mabaka a mantlha a etsang hore batho motseng oa rona ba be le baratuoa ba fetang bonngoe ka

nako e le ‘ngoe.

linTlHA TSA MOTATAiSi: HOBAnEng BATHO BA lESOTHO

BA RATA HO BA lE linYATSi

MAEMO

Bofuma kapa

tlhoko ea ho thusoa

ka chelete.

Botahoa

Basebetsi ba

sebetsang hole le

malapa a bona.

Ho se knotsofale ke

likamano tsa lerato

tse sa atlehang.

thobalano e sa

khotsofatseng

ho se khotsofalle

thobalano

Ho se khotsofalle

thobalano

likamanong tsa

mantlha tsa lerato.

Tlhekefetso ea ka

lapeng.

TSELA EA HO

NAHANA LE

BOLENG

Litloaelo tse kotsi

tsa moetlo.

Ho nahana ka tsela

e itseng ka tekano.

Basali ha ba na

matla a ho bua ka

thobalano.

Khatello ea lelapa

le metsoalle.

Lerato la molekane

ea monyenyane

kapa ea moholo.

Lerato la lintho tse

theko e phahameng.

Tumelo ea hore

balekane ba

bangata ba u fa

maemo.

Molemong oa

tšireletso, haeba

molekane e mong a

u hlala, u sala le e

mong.

TSEBO LITSEBO

Tsebo e nyane ea

likotsi tsa MCP.

Ho hloka kutloisiso

ka HIV le AIDS

Ho hloka litsebo

tsa ho kholisa

molekane ka

bohlokoa ba

tšebeliso ea

khohlopo.

Tlhokahalo ea

litsebo tsa puisano.

Litsebo tse fokolan

tsa ho fetola

boitšoaro

77
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

HOBANENG BATHO BA NA LE BARATUOA BA BANG KA THOKO?

1. Batho ba batla thobalano e monate, e ba khotsofatsang.

2. Batho ba batla khotsofalo ea maikutlo le lerato tseo ba sa li fumaneng likamanong tsa

bona tsa mantlha.

3. Basali ba ikutloa ba hloka matla a hore balekane ba bona ba tšepahale ba khaotse ho

ratana le batho ba bang ka thoko, kahoo ba amohela boemo bona.

4.

5.

6.

Basali ba tšaba ho khakhathoa (ke baratuoa ba bona) ha ba leka ho bua ka ho hloka

botšepehi , kahoo ha ba re letho.

Joala bo susumetsa batho hore ba qetelle ba entse thobalano le batho bao e seng baratuoa

ba bona.

Batho ba ratanang ha ba buisane ka lithloko tsa bona tsa mantlha, joale ka thobalano.

Sena se ka susumetsa motho hore a batle moratuoa e mong ka thoko.

7. Batho ba hloka kapa hona ho batla “chelete le lintho tse ntle”. Ba kena likamanong tsa

thobalano ka sepheo sa ho fumana lintho tsena.

8. Batho ba rata hoba le lintho tsa maemo joaloka lifono, liphahlo le chelete. Takatso ea ho

fumana lintho tsena, e khannela banna le basali ho ratana le batho ba ka ba fang lintho

tsena. Banna le basali ba bacha ba bua ka “Matona” a ba fang lifono, chelete le likoloi .

9.

Banna le basali ba bang ba susumetsoa ke metsoalle esita le batsoali ho ratana le banna

kapa basali ba baholo ho bona.

10. Litloaelo tsa moetlo tse reng ho nepahetse hore banna ba be le baratuoa ba fetang

bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

11. Litloaelo tsa rona litabeng tsa thobalano li susumetsoa ke meetlo. Mohlala, mosali oa

mokhachane kapa ea anyesang ha a lokele ho etsa thobalano.

12. Litloaelo tse ling tse reng ho nepahetse ha mosali a na le likamano tsa thobalano le motho

e mong hobane molekane oa hae a sebetsa hole le hae.

13. Lipatlisiso tse entsoeng Lesotho mona ka selemo sa 2008, moo ho neng ho buisanoa le

banna ba sekete le makholo a tšeletseng (1600), ba ka bang makholo a supileng a metso

e tšeletseng ba bona ba boletse lebaka la bona la hoba le likamano tsa thobalano le batho

bao e seng balekane ba bona (kapa moratuoa oa hae mantlha) e le ho itlosa boluto kapa

ho ithabisa.

14. Tlhekefetso likamanong e ka etsa hore motho a ba batle matšeliso ka ho ratana le motho

e mong ka thoko. Motho e mong eena o iphapanyetsa taba ea hore molekane oa hae o

ratana le bathong ba bang ka thoko, hobane a tšaba hore o tla mo hlekefetsa ha a ka

buisana le eena ka boitšoaro bona.

15. Batho ba sa nyaloang hangata ba re ba hloka ho ba le likamano tsa thobalano le batho

ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe e le ho itšireletsa hore ha moratuoa e mong a sa mo

nyale, mohlomong e mong o tla mo nyala.

78 16.

Ho hloka bana lenyalong.
Qetella ketsahalo ka hore,

LINTLHA TSA BOHLOKOA:

THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

Ho bohlokoa hore litho tsa sehlopha li se ke tsa bua ka hore na hobaneng bonyatsi bo

atile Lesotho, empa ba bue ka hore na hobaneng bo etsahala motseng oa bona.

Etsa bonnete ba hore lihlopha li sheba mabaka ao banna ba ebang le likamano tsa

thobalano le batho ba fetang bo ‘ngoe ka nako e le ngoe ka oona, hammoho le mabaka

ao basali ba ebang le likamano tsa thobalano le batho ba fetang bo ‘ngoe ka nako e

le ngoe ka oona. Hopola hore ho basali ba bahlano, a le mong oa bona o na le nyatsi.

Bonyatsi ha se ntho e etsoang ke banna feela.

Litho tsa sehlopha li kanna tsa re lebaka la mantlha ke hobane batho ba futsanehile.

Leka ho hlaola maikutlo ana. Ha se ‘nete hore ke batho ba futsanehileng feela ba bang

le baratuoa ba bangata ka nako e le ngoe. Ho na le mabaka a mang a mangata.

Ho na le mabaka a mangata ao batho ba nang le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe

ka ona.

Mabaka a mang ke khetho ea motho ka mong.

Mabaka a mang ke ka lebaka la meetlo le maikutlo a rona ka banna le basali.

Mabaka a mang ke hobane batho ha ba elelloe likotsi tsa ho ba le baratuoa ba bangata

ka nako e le ngoe hape ha ba tsebe ho ikemela hore ba iketsetse liqeto litabeng tsa

thobalano.

79
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

80

KETSAHALO EA 3:

Melemo ea ho ba le moratuoa a le

mong ea ratanang le uena feela.

Ketsahalong ena, u tla kopa litho tsa sehlopha ho etsa lethathamo la melemo ea ho ba le

moratuoa a le mong ea ratanang le uena feela.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1.

2.

3.

4.

Arola litho tsa sehlopha lihlotšoana tse peli tsa banna le basali.

Bolella lihlopha hore li tla ba le tlholisano ea sehlopha se tla bolela melemo e mengata ea ho ba le

moratuoa a le mong ea nang le uena feela. Lihlopha li ka etsa lethathamo kapa setšoantšo. Fana

ka mehlala e latelang ho thusa lihlopha ho qala:

Ho hloka linyatsi ho bolela hore motho a ke ke a hlola a tšoenyeha ka hore a ka

fumana tšoaetso ea HIV.

Ho ba le moratuoa a le mong ho etsa hore ke ikutloe ke le motlotlo.

Ho ba le moratuoa a le mong ho mpolokela chelete.

Kamor’a metsotso e 15, kopa lihlopha ho arolelana maikutlo ao ba a boletseng lihlopheng tsa

bona. Thoholetsa sehlopha se boletseng melemo e mengata.

Bapisa lethathamo le entsoeng ke litho tsa sehlopha le lena le latelang.

` Ho na le tšepano e fetang kamanong ea hao.

` Lenyalo kapa kamano ea hao (haeba u so nyale kapa ho nyaloa) le tsitsa ho feta

pele.

` Ho na le khotso le thabo lapeng la hao.

` U ba le nako e ngata le le ‘moho le moratuoa oa hao kaha a shebile uena feela.

` U ka fihlela toro ea hao ea ho ba le lelapa le phetseng hantle.

` Ho ba le moratuoa a le mong feela ho etsa u be mohlala o motle baneng ba hao le

metsoalleng ea hao.

` U ka robala ka sebete lapeng u tseba hore lelapa la hao le sireletsehile khahlanong

le HIV.

` Ha u tšoenyehe ka bokhachane bo sa reroang le mafu a likobo.

` Ho ratana le motho a le mong feela, le eena a ratana le uena feela (OneLove)- ho

matlafatsa lerato lipakeng tsa monna le mosali.

` U boloka chelete eo u ka beng u e sebelisitse ho thabisa barutuoa ba bang.

Ha ho bana ba hlahang kantle ho lenyalo.
THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

KETSAHALO EA 4:

Che Thabo, Mathabo!

Ena ke papali e khathollang e bontšang litho tsa sehlopha hore tsela eo re fetisang melaetsa

ka eona ha re buisana le batho ba bang, e ka ba ka molumo oa lentsoe, ho phutholoha ha ‘mele

kapa ka sefahleho se elileng li bohlokoa hoba li susumetsa tsela eo ba re utloisisang ka eona.

Qala ketsahalo ka hore,

Lebaka le leng le leholo le susumetsang hore batho ba be le likamano tsa thobalano le batho ba

bangata ka nako e le ‘ngoe, ke hobane batho ba babeli ba ratanang ba sa buisane ka litlhoko

tsa bona tsa thobalano. Karolong e hlahlamang re tla etsa litšoantšiso ka tsela e ntlafetseng eo

baratuoa ba ka buisanang ka eona ‘me ka ho etsa joalo ba fokotsa kotsi ea tšoaetso ea HIV.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Bolella litho tsa sehlopha hore re tšoanela ho ela hloko tsela eo re fetisang melaetsa

ka eona ha re buisana le batho ba bang. Mohlala, e ka ba ka molumo oa lentsoe, ho

phutholoha ha ‘mele kapa ka sefahleho se elileng.

2. Kopa litho tsa sehlopha ho ema ba entse lesakana. Etsa pontšo ea kamoo u ka buang

poleloana “Che Thabo!” kapa “Che Mathabo” ka maikutlo a fapaneng- ka khalefo, ka

thabo, ka tšabo, ho teneha joalo joalo.

3. O potoloha lesakana, kopa litho tsa sehlopha hore , “Che Thabo!” kapa “Che Mathabo”

ba sebelisa ‘mele ka tsela tse fapaneng, lentsoe, le sefahleho ho fetisa melaetsa e

fapaneng. Ke ketsahalo e hlokang sehlahlo. Inatefisetseng eona!

4.

Kamorao ho sena, buisanang ka maikutlo a fapaneng a bontšitsoeng ke litho tsa sehlopha

ebe le a ngola holim’a pampiri e kholo.

A mang a maikutlo a bontšitsoeng ekaba a latelang: ho hlora, khalefo, ho utloa bohloko, tšabo,

ho sithabela maikutlo, letsoalo, lerato, cheseho, pherekano, mona, thabo, mahlomola, tšoabo le

ho ikutloa u le molato .

Qetella ketsahalo, e re

Re tšoanela ho ela hloko tsela eo re fetisang melaetsa ka eona ha re buisana le batho ba bang. Mohlala,

e ka ba ka molumo oa lentsoe, ho phutholoha ha ‘mele kapa ka sefahleho se elileng. Re tla etsa sena

ketsahalong e hlahlamang.

81
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

82

KETSAHALO EA 5:

Balekane ba bua ka ‘bonyatsi’ le ho boka

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho bontša mefuta ea mathata ao re a tlisetsang balekane le malapa

a rona ka lebaka la ho ba le baratuoa ba bangata le kamoo balekane ba ka buang ka boemo

bona le ho nahana litsela tsa ho hlola bothata bona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Arola litho tsa sehlopha lihlotšoana sebakeng sa tšoantšiso. Kopa sehlotšoana ka seng ho

khetha e ‘ngoe ea (lipale) litšoantšiso tsa BALEKANE BA BUA KA litaba tsa bonyatsi tse

tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-Thuto. Sehlotšoana se lokela ho bala tšoantšiso ‘me

se buisane ka tsela eo balekane ba ka buisanang ka teng ho rarolla bothata. Kamor’a ho

mona, sehlotšoana se lokela ho etsa tšoantšiso e khutšoanyane [metsotso e 5 ] e holim’a

tsela eo balekane ba buisaneng ka eona ho rarolla bothata.

2. Bolella sehlopha ka seng ho etsa tšoantšiso ea bona ‘me ha se qeta ho phethela tšoantšiso

ea sona, kopa litho tsa sehlopha kaofela ho hlahisa maikutlo ka tharollo kapa tsela eo

balekane ba rarolotseng boemo ka eona. Botsa litho tsa sehlopha hore na ba ka hlahisa

maikutlo a mang. Tataisa puisano kamor’a tšoantšiso e ‘ngoe le e ‘ngoe ka lipotso tse

latelang:

Na “balekane” ba tsebile ho bua ba phuthulohile ka litaba tsa bona?

Na “balekane ” ba rarolotse bothata kapa ngongoreho ea mantlha?

Ke keletso efe eo u neng u ka e fa batho bao u ba tsebang ba boemong bo tšoanang

le boo?

Tšoantšiso ea 1: Ho sireletsa malapa

Monna ea monyane lilemong ea

sebetsang sepoleseng o fihla hae a

etsoa motebong oa sepolesa, o lumelisa

kharebe ea hae le bana. O bolella

kharebe ea hae hore o ithutile lintho tse

ngata ka HIV le AIDS mantsiboeeng ana

kopanong eo ba neng ba e tšoaretsoe ke

mooki ea sebetsang setsing sa bophelo.

“O re bolelletse hore banna ba lokela

ho sireletsa malapa a bona khahlanong

le HIV ka ho sebelisa likhohlopo le

likharebe tsa bona.” Kharebe ea hae e

sekile leseanyana la eona ‘me o re: “Ke
THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

mepoto ea eng eona eo? Ke likharebe tsa eng? Ke ‘na kharebe ea hau ke le mong, ke phetho

ke tu!.” Batho ba babeli ba ratanang ba ka buisana joang ka hore “Ho SE BE LE NYATSI” e

kenang lipakeng likamanong tsa bona tsa lerato?

Tšoantšiso ea 2: o moholo hape o nyetsoe!

Tšoantšiso ea 3: Ho khaoletsoa

Mosali ea seng a le moholo haholo

lilemong ea rekisang meroho ‘marakeng

o etetse tliliniking ho ea kopa likhohlopo.

Metsoalle ea hae e ea mo tšeha ba re,

“u isa likhohlopo kae u tsofetse tje hape

ebile u nyetsoe!?” O bolella metsoalle

ea hae hore monna oa hae o tšoana le

ntja, o chalaka hohle mona, ka hona

eena o hloka ho itšireletsa khahlanong

le tšoaetso ea HIV. O bolella metsoalle

ea hae hore o tšaba ho joetsa monna oa

hae hore ba sebelise likhohlopo. O utloa

a ts’aba hore o tla reng. Ho etsahalang

ha a hlahisa taba ea hore ba sebelise

likhohlopo le monna oa hae?

Mosali oa seroki ea sebetsang femeng e

ka har’a motseng oa bona, o theoha bese

e tsoang hole, o leba monyako oa ntlo

ea hae. O notlolla lemati o re, “Monna

oa ka eo ke mo ratang, ke fihlile hae

ka nako. Ke fumane ‘m’e oa ka o

hlaphohetsoe haholo.” Ha ho karabo,

o itjoetsa hore mohlomong monna o

robetse ka kamoreng, ‘me o eo sheba. O

kena ka kamoreng ‘me o bona monna

oa hae betheng , liphahlo tsa hae li

lobokane, a meta a bile a hakile morali

oa moahisane. Mahlo a bona a kopana

ka ho tšoha. Ba bua joang ka see?

83
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Tšoantšiso ea 4: Ho hloka chelete/ Ho chona

Tšoantšiso ea 5: Mathata a tlisoang ke liKharebe

Tšoantšiso ea 6: Ngoanana o Mathateng

84

Ka lebaka la mathata a mosebetsi, monna

oa tichere ea sebetsang sebakeng se seng se

hole le ha hae o sitoa ho romela chelete hae.

Mosali oa hae o kalima chelete empa ha e

ea lekana. O sitoa ho fepa bana. O etsa qeto

ea ho bona hore na o itšokola joang ‘me o

ea bareng le monna e mong eo a tseba hore

esale a ntse a batla ho robala le eena hore a

tle a mo fe chelete. Likamano tsena tsa hae

le monna enoa li tsoela-pele likhoelinyana

tse seng kae, ho fihlela qetello monna oa

hae a tseba. O leka ho hlalosetsa monna oa

hae mabaka a mo susumelitseng ho etsa

joalo.

Mosali eo monna oa hae a sebetsang

bankeng, o feta bankeng ka koloi ea baeti

ha a bona monna oa hae a lumelisa ka

mofuthu mosali e monyane ea khahlehang,

ea sebetsang bankeng moo, a bile a mo fa

chelete. Monna o fihla hae ‘me, o fumana

ho sa phehoa lijo tsa mantsiboea, ho le

bohlasoa ka tlung ‘me mosali a halefile. “U

mpolelletse ka libeke hore ha u so fumane

moputso oa hao, empa ke u bona u fa

ngoanana e monyenyane chelete,” mosali oa

hoelehetsa, “U se ke be ua tlisa mafu kahar’a

ntlo ena.” Monna oa hae o leka ho itšireletsa.

Ngoanana e monyenyane, ea lulang le

batsoali ba hae, o qala ho bontša matšoao

a bokhachane. O khumame fatše oa lla.

Batsoali ba hae ba mo kharumela ha a

ba bolella hore ha a tsebe hantle hore na

ntat’a ngoana ke mang. Ntata’e o mo emisa

ka maoto, o mo bolella hore a se ke be a

khutlela hae ho fihlela a fumane ntat’a

ngoana. ‘Mae o leka ho mo khothatsa, empa

ntata’e o phehella hore a tsoe lapeng hang.

Batsoali baa ba etse joang boemong boo?
THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

Tšoantšiso ea 7: Mathata ka mafu a likobo. Ke mo joetsa joang?

Qetella ketsahalo, e re,

Monna ea nyetseng o utloa ha a ntša metsi

ho chesa. O belaela hore o na le mafu a

likobo ao a nkileng linyatsing tsa hae, joale

ha a tsebe hore na o lokela ho etsa joang. O

tšoenyehile hore o tloha a tšoaetsa mosali

oa hae. Motsoalle oa hae o mo eletsa hore

a etele tliliniking ‘moho le mosali oa hae

hobane ho ka nna hoa etsahala hore ebe o se

a ntse a mo tšoaelitse. Monna eo o bolella

mosali oa hae joang?

Likamanong ho na le linako tse monate le tse bohloko.

Ka linako tse ling mathata a teng likamanong a etsa hore batho ba ratane le batho ba

bang ka thoko ho likamano tseo ba leng ho tsona.

Ha motho a ratana le batho ba fetang bonngoe ‘me a sa etse thobalano e sireletsehileng,

o eketsa menyetla ea ho ba le tšoaetso ea HIV. E seng ho bona feela, empa le ho balekane

ba bona.

Ka litšoantšiso tsa rona kajeno re lekile ho nahana ka litsela tseo batho ba ka buisanang

le balekane ba bona. Puisanong tse ling “balekane” ba tsebile ho lokisa litaba tsa bona.

Ba bang ba sitiloe ho rarolla bothata ba bona. Ba tla hloka thuso ho tsoa ho ba lelapa,

litsebi le ho ipha nako e lekaneng ho buisana ka bothata ba bona.

85
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

LESAKANA LE KOALANG: MEKHOA E MEHLANO EA

HO BONTŠA LERATO

Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela

oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele tsela eo a ka bontšang lerato ka eona ho moratuoa oa

hae. Kamor’a hore e mong le e mong a arolelane maikutlo a hae, arolelana le sehlopha ‘mekhoa

e mehlano ea ho bontša lerato’ e latelang:

86

MEKHOA E MEHLANO EA HO BONTŠA LERATO

1. HO TIISA: Hopola bohlokoa ba moratuoa oa hao bophelong ba hao. Mo

netefalletse hore u’a mo rata ebile o bohlokoa ho uena. U mo bolelle lintho tseo

u li ratang ka eena.

2. NAKO EA HO BA ‘MOHO: Etsa hore o be le nako ea ho ba ‘moho le moratuoa

hao le le babeli feela, bana ba le sieo!

3. HO TšOARANA: Banna le basali ba rata ho tšoaroa. Tšoaranang ka matsoho le

ho akana. Hona ho bontša hore u ntse u bona moratuoa oa hao a khahleha ebile

o ntse u mo rata.

4. LIMPHO: Bonts’a moratuoa oa hau hore oa mo rata ka ho mo fa Limpho tse

nyane. E kaba lintho tse nyane, tse sa rekoeng ka chelete. Mohlala, u ka mo

lemela palesa e ntle, u ka mo ngolla lengolo le mo bolellang kamoo u mo ratang;

u ka mo romella senepe sa hao ka poso.

5. Ho thusana: U ka thabisa moratuoa oa hau ka ho mo etsetsa ntho e ‘ngoe eo a

neng a sa e lebella. Mohlala, u ka mo

rola lieta, u ka hlokomela bana, u ka

pheha lijo tsa mantsiboea. U itloaetse

ho thusa moratuoa oa hao.

Kopa litho tsa sehlopha ho khetha mokhoa o

mong oa ho bontša lerato, o bolelang ho hong ho

bona, le ho qala ho etsa lintho tsena e le mokhooa

oa ho bontša lerato likamanong tsa bona.

HOPOLA:

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa

foromo ea boitlhatlhobo holima thuto

ea letsatsi. Botsa sehlopha maikutlo

a sona ka thuto ea kajeno, ka hore ba

arabe lipotso tse hlahang foromong

ena, ’me u ngole likarabo tsa bona

holima foromo ena. Bolella sehlopha

hore bonyane le tla nka metsotso e

mehlano ho tlatsa foromo ena.
THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

THUTO EA 5: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA

EOnA

Bontša moratuoa oa hao hore o

bohlokoa.

Fana ka khothatso ka tlatsetso eo ba e etsang ka

har’a lelapa.

Thoholetsa. Thoholetso moratuoa oa hao ha a o etselitse ntho

ea bohlokoa.

Mo khothatse. Fana ka tšehetso ha a etsa ntho tse ncha.

Phutholoha. Phutholohella moratuoa oa hao, le be le lipuisano

tse ahanang (tse tletseng litaba tsa ‘nete).

Thusanang Thusa moratuoa oa hao ka emeng ea mesebetsi

ea lapeng.

Eba le hlompho. Ahela lesaka maikutlo a moratuoa le ha le sa

utloane ka maikutlo.

Etsang thobalano khafetsa. Iphe nako ea ho etsa thobalano, ‘me le buisane

ka seo le ka se etsang ho ba le thobalano e

khotsofatsang

Mo tšehetse Tšehetsa moratuoa oa hao mathateng a hae, ‘me

o mo khothatse

Mamela. Mo mamele ka hloko, u botse lipotso.

“ MOFUTHU OA LERATO KE HO RATA LE HO RATOA.”

KETSAHAlO EA 5: MAiKUTlO A MAng SEBAKEng SA HO

AnETSA THUTO SECHABEng

1. U ka boela ua etsa pampiri e kholo ‘e nang le melaetsa’ e bontšang mekhoa e

mehlano ea ho bontša lerato ‘me ua e manamisa leboteng.

2. Ngola pina kapa thothokiso ka lerato nakong ena ea HIV le AIDS. E romelle ho

C-Change ‘me u be le monyetla oa ho hapela sehlopha sa hao.

3. Etsa lethathamo la litšoantšiso tse bontšang mabaka a etsang hore motho a

ratane le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe LE KOTSI ea ho ba le baratuoa ba

bangata ka nako e le ngoe. Bapalang sehlopha se seng se teng motseng oa lona

litšoantšiso tsena. Romella lifoto le tlaleho ho C-Change ‘me u be monyetleng oa

ho hapela mokhatlo oa hao mpho. Kopa lihlopha tsa likereke tsa motseng, baboleli

kapa marena a motse oa hao ho etsa litšoantšiso libakeng tsa bona.

87
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

4. Kopa motho ea ikarabellang Litabeng tsa HIV le AIDS lekhotleng la heno la puso

ea libaka, hore u arolelana thuto ena le bahlomphehi ba lekhotla la heno la puso ea

libaka.

5. Le ka sebelisa litšoantšo tseo sehlopha se li entseng thutong ena, ho fetisetsa

melaetsa ho batho ba bang ba seng karolong ea sehlopha e le mokhoa oa ho anetsa

thuto sechabeng. Litšoantšo li ka manamisoa ka tlung eo le tšoarelang likopano ho

eona.

6. Romella litšoantšo tsa lona ho C-Change. C-Change e ka li sebelisa ha e hlahisa

libuka tse ling hape.

88
THUTo Ea 6

RE KA FETOLA BOITŠOARO

BA RONA JOANG?

Ketsahalo ea 1: Lipotso ka HIV le AIDS Lesotho ............................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 2: Ho khaotsa litloaelo tsa rona tse mpe .....................................metsotso e 30

Ketsahalo ea 3: Ho hlola lintho tse sitisang phetoho ........................................metsotso e 30

Ketsahalo ea 4: Methati e tšeletseng ea phetolo ea boitšoaro ..........................metsotso e 30

Ketsahalo ea 5: Na ho bobebe hakaalo? ..........................................................metsotso e 30

Lesakana Le koalang: Motsotso oa ho nahana ....................................................metsotso e 10

p

Lihora tse 2½

89
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Tse tlang ho

ithutoa

Kakaretso ea

thuto

Lintho tse

hlokahalang

90

Qetellong ea ketsahalo litho tsa sehlopha li lokela ho:

1.

2.

3.

Utloisisa hore ho fetola boitšoaro ho nka nako le ho itloaetsa

boitšoaro bo bocha.

Hlokomela kotsi ea HIV e ba tobileng.

Utloa ba le motlotlo hore ba ka sebelisa methati e tšeletseng ea

ho fetola boitšoaro ho etsa morero oa bona oa phetoho.

Ketsahalo ea 1: Lipotso ka HIV le AIDS Lesotho: ho sebelisoa lipotso

tse 7 ho khethoa likarabo ho tsoa kahar’a lebokose la lithusa thuto.

Ketsahalo ea 2: Ho khaotsa litloaelo tse mpe tsa rona. Ho sebelisoa

likarete tse khubelu (boitšoaro boo re lokelang ho bo fetola) le tse

tala (boitšoaro boo re bo fetotseng hantle) ho hloaea lintho tse re

khothaletsang ho fetoha le ho tsitlallela phetolo ea boitšoaro.

Ketsahalo ea 3: ho hlola lintho tse sitisang phetoho. Re bala lipale tse

peli ho buisana ka lintho tse sitisang batho ho fetola boitšoaro.

Ketsahalo ea 4: Methati e tšeletseng ea phetolo ea boitšoaro. Ho

elelloisa litho tsa sehlopha ka methati e tšeletseng ea ho fetola

boitšoaro, re bala lipale tse fanoeng a.

Ketsahalo ea 5: na ho bobebe hakaalo? Motataisi o hlalosa methati ea

phetolo ea boitšoaro ka bokhutšoane. Lesakana le koalang: Motsotso

oa ho nahana

Ketsahalo ea 1: LIKARETE

TSA LIPOTSO KA HIV le AIDS

LESOTHO.

Ketsahalo ea 3: TSE SITISANG

PHETOHO LIKARETE TSE

NGOTSENG LIPALE.

Ketsahalo ea 2 Likarete tse

khubelu le tse tala.

Ketsahalo ea 4: Methati e

tšeletseng ea phetoho ea

boitšoaro.
Selelekela

THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha

tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea

kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima

liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena

u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele

maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea

ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno

le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo

la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li

ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola

hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka

foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

91
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

92

KETSAHALO EA 1:

Lipotso ka HIV le AIDS Lesotho

Sepheo sa ketsahalo ena ke hore litho tsa sehlopha li utloisise haholo ka ho ata ha seoa sa HIV

Lesotho. E atile ha kae? Ke mang ea nang le tšoaetso? Keng e bakang seoa see? Ka kakaretso

batho ba Lesotho ba tseba eng ka HIV le AIDS? Ketsahalo ena e etsoa e le tlholisano ea lipotso

lipakeng tsa lihlopha tse peli kapa tse tharo. Hlokomela hore ho se be le sehlopha se ikutloang

e ka se bothoto kapa sea hloloa , kapa se utloang se le bohlale ho feta se seng. Hopotsa lihlopha

hore molemo oa papali ena ke ho ruoa tsebo ho feta ho hlolisana

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1.

Arola batho ka lihlotšoana tse peli kapa tse tharo. Kopa sehlopha ka seng ho ithea lebitso.

Hlalosa hore le tlo etsa “tlholisano ea lipotso” kapa tlholisano ka HIV le AIDS Lesotho.

2. Bala potso e hlahang LIKARETENG TSA LIPOTSO TSA HIV tse tsoang kahar’a

lebokose la lithusa-thuto. Sehlopha se tla phahamisa letsoho pele se tla fumana monyetla

oa ho araba. Ha sehlopha se nepa karabo, se fe lintlha tse peli. BALA LIKARABO HO O

TATAISA, LI NGOTSOE KAMORAO HO KARETE, ‘me u fetele potsong e hlahlamang.

Ha sehlopha se fosa karabo, fa se seng monyetla. Sehlopha se fumanang lintlha tse ngata

se hlotse!

POTSO EA 1: Afrika Boroa batho ba 18 ho ba lekholo, ba na le tšoaetso ea HIV. Swatsing ke

batho ba 26 ho ba lekholo ba nang le tšoaetso, ‘me ke eona naha e nang le palo ea batho ba

holimo lefatšeng ba phelang le tšoaetso. U nahana ke batho ba ba kae ho ba lekholo Lesotho

ba nang le tšoaetso ea HIV ?

A: 11 ho ba lekholo

B: 50 ho ba lekholo

C: 23 ho ba lekholo

KARABO KE C – 23 ho ba lekholo.

Lesotho le boemong ba boraro lefatšeng ka tšoaetso e holimo ea HIV

Bongata ba 23 ho ba lekholo, bo bolela hore bonyane Mosotho a le mong, ho ba bane

o na le HIV. Ha u bona batho ba bane ba eme ‘moho, e kanna eba a le mong oa bona o

na le HIV.
THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

POTSO EA 2: o nahana hore ke Batho ba ba kae ba fumanang tšoaetso lekhetlo la pele

letsatsi ka leng Lesotho?

A: Ba 23

B: Ba 200

C: Ba 62

KARABO KE C – Ba 62

` ‘Muso oa Lesotho o tlaleha e le batho ba 62 ba fumanang tšoaetso ea HIV letsatsi le

letsatsi (Batho ba baholo le bana).

` Letsatsi le letsatsi, batho ba 50 Lesotho ba bolaoa ke mafu a nkang monyetla a

bakoang ke AIDS.

` Mohlala, Ha re bapisa, nako eo libapali tsa bolo ea maoto li e nkang ka lebaleng, ka

nako e tšoanang, batho ba 4 ba fumana tšoaetso ea HIV, ha ba 3 ba bolaoa ke AIDS.

POTSO EA 3: Ke sehlopha sefe sa batho seo o nahanang hore se kotsing ea tšoaetso ea HIV?

A: Banna ba lilemo li 18.

B: Banna le basali ba nyetseng ba lilemo li kaholimo ho 30.

C: Basali ba banyane ba lilemo tse lipakeng tsa 15 le 18.

KARABO KE B – Banna le basali ba nyetseng ba lilemong tse ka holimo ho 30.

Batho ba bangata ba nyetseng Lesotho ba na le tšoaetso ea HIV ho feta ba sa nyalang.

Har’a banna le basali ba lilemo li lipakeng tsa 30 le 39, ba mashome a mane ho ba

lekholo ba na le tšoaetso.

Sena se bakoa ke hobane batho ba lilemong tsena hangata ba tloaetse ho ratana le

batho ba fetang bongoe ka nako e le ngoe (kapa ba na le linyatsi).

POTSO EA 4: Ke banna ba bakae ba Basotho ba sebelisang khohlopo thobalanong le batho

bao e seng balekane ba bona kapa baratuoa ba bona ba mantlha?

A: Ho ba lekholo e ka ba banna ba mashome a mabeli (20)

B: Ho isa ho halofo ea banna

C: Ha ba eo.

KARABO KE B – Ho isa ho halofo ea banna

Ke banna ba 50 ho ba lekholo (50%) ba sebelisang khohlopo thobalanong le batho bao

e seng baratuoa ba bona ba mantlha. Banna ba emisa ho sebelisa khohlopo kamora

lekhetlo la borarao kapa la bone ha ba qala ho “tšepana”.

Ho se sebelise le ho emisa ho sebelisa likhohlopo ke lintho tse peli tsa tse ling tse

bakang ho ata ha tšoaetso ea HIV Lesotho.

93
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

94

Litsebi tsa bophelo li re ho emisa ho ata ha HIV, ho tšoanela hore ho batho ba lekholo

ba etsang thobalano, bonyane ba ka holima mashome a robeli (80) ba lokela ho

sebelisa likhohlopo nako eohle, makhetlo ohleha ba etsa thobalano .

POTA EA 5: Ke Basotho ba bakae ho ba lekholo bao o nahanang hore ba hlahlobetse tšoaetso

ea HIV?

A: Ke ba 12 ho ba lekholo ba etsang thobalano

B: Ho isa halofong ea batho ba etsang thobalano

C: ha hona lipalo –palo tse teng.

KARABO KE A -Ke ba 12 ho ba lekholo ba etsang thobalano.

POTSO EA 6: Na o nahana hore seoa sa tšoaetso ea HIV se ntse se theoha Lesotho?

A: E, se theoha butle.

B: Che, sea eketseha.

C: Se eme nq’a e le ‘ngoe.

KARABO KE C - Se eme nq’a e le ‘ngoe.

` Litsibi le re seoa sena se emisitse ho hola. Sekhahla sa tšoaetso se eme se tšoana

lilemong tse peli tse fetileng. Ho batho ba lekholo ba mashome a mabeli a metso e

meraro (23) ba na le tšoaetso.

` Sena se bolela hore boemo ba tšoaetso e ncha ha bo ee holimo kapa tlaase, bo eme bo

tšoana.

` Bonyane ha bo ee holimo. Feela bo ntse bo phahame

POTSO EA 7: Na o nahana hore batho ba bangata ba na le leseli ka litaba tsa HIV le AIDS

Lesotho?

A: Che, ke batho ba fokolang feela ba tsebang ka HIV le AIDS

B: E, ho ba lekholo, ba fetang mashome a robong (90) ba tseba ka HIV le AIDS.

C: Che, ho ba lekholo, ke ba ka tlase ho mashome a mahlano (50) ba tsebang ka HIV le

AIDS.

KARABO KE B - E, ho ba lekholo, ba fetang mashome a robong (90) ba tseba ka HIV le

AIDS.

Batho ba bangata ba na le leseli ka litaba HIV le AIDS Lesotho. Bonyane lekholong,

banna le basali ba fetang 94 ba tseba na ba ka thibela HIV joang, empa tsebo ena ha

e ea etsa hore ho be le phetoho ea boitšoaro.

Re hloka tšehetso ho fetola boitšoaro, ebile re tlameha ho itloaetsa boitšoaro bo bocha.
Qetella ketsahalo, e re,

Lipalo tsena li supa hore HIV le AIDS e teng Lesotho.

THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

` Li bontša hore Basotho ba ela hloko kotsi ea HIV le hore na ba ka fokotsa kotsi ena

joang.

` Bothata ke hore le hoja re le hlokolosi ka HIV le ho thibela tšoaetso, ha re sebelise tsebo

ena hore re fetole boitšoaro le litloaelo tsa rona.

` Ketsahalong e latelang re tla leka ho utloisisa hore na ke hobaneng ha re sa fetole

boitšoaro le ha re tseba hore bo kotsi ho rona le ho ba bang?

KETSAHALO EA 2:

Ho khaotsa litloaelo tse mpe tsa rona

KetsahaIong ena u tla sebelisa likarete tse tala le tse khubelu moo litho tsa sehlopha li tla

ngola kapa ho tšoaea tloaelo kapa boitšoaro boo ba e fetotseng ka katleho le eo ba hlotsoeng ho

e fetola. Sena se etella lipuisano tsa hore na ke eng e re khothaletsang ho fetoha le hore na re ka

thusa ba bang joang ho fetola lintho tseo ba batlang ho li fetola maphelong a bona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Fana ka karete e tala le e khubelu ho motho e mong le e mong. Kareteng e tala ba ngole

kapa ba etse setšoantšo sa boitšoaro kapa tloaelo eo ba e fetotseng ka katleho nakong ea

ho feta. Mohlala oa litloaelo kapa boitšoaro boo batho ba bo fetotseng ka katleho nakong

ea ho feta: Ho ea lipitsong ha ngata; ho hlahlobela HIV; ho tlohela ho noa joala; ho

sebelisa likhohlopo le batho bohle bao ba etsang thobalano le bona; ho theola boima ba

‘mele; ho qeta nako le bana ba bona; ho tlohela ho tsuba.

2. Holim’a karete e khubelu, litho tsa sehlopha li lokela ho ngola kapa ho etsa setšoantšo sa

boitšoaro kapa tloaelo eo li neng rata ho e fetola, empa tsa sitoa. Mohlala: ho sebelisa

likhohlopo nako eohle; ho qeta nako e ngata le bana ba bona; ho emisa ho noa.

3. Kopa litho tsa sehlopha ho manametsa likarete tse tala pampiring e kholo e beuoeng

lehlakoreng le leng la lebota. Likarete tse khubelu tsona li manametsoe pampiring e

kholo e beuoeng lehlakoreng le leng.

4. Kopa Litho tsa sehlopha ho atamela pela likarete tse tala. Beha pampiri e kholo e ncha

e nang le sehlooho sena, LINTHO TSE KHOTHATSANG. Khetha e ‘ngoe ea likarete

tse tala. Kopa motho ea ngotseng karete ena e khethuoeng hore a re bolelle hore na o

khothalitsoe le ho thusoa keng ho fetola boitšoaro bona? Ngola likarabo pampiring e

kholo e ngotsoeng LINTHO TSE KHOTHATSANG. Pheta methati ena ka likarete tse ling

tse tala tse tharo.

95
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

96

Mehlala ea lintho tse khothatsang e ka ba: Ho ba sehlahlo motseng kapa sehlopheng

sa kereke; ho fumana tsebo e ncha ka HIV le AIDS; kotsi e mpe kapa lefu ka lapeng;

ketsahalo e itseng (ho itima lijo, le ho ila, ho sieama) nako ea selemo e khethehileng e

kang Keresemese kapa selemo se secha; tlhaho ea ngoana.

5. Kopa Litho tsa sehlopha ho atamela pela likarete tse khubelu. Ngola sehlooho sena holima

pampiri e kholo, LIKELETSO TSA PHETOHO. Khetha e ng’oe ea likarete tse khubelu.

Kopa e mong feela (E SENG MOTHO EA BEILENG KARETE MOO) ; ha ene e le

metsoalle , ba ne ba tla eletsa motho ea nang le bothata boo ho etsang? Ngola likarabo

holima pampiri e kholo ea sehlooho sena LIKELETSO TSA PHETOHO. Khetha likarete

tse ling tse 2 kapa 3 tse khubelu, ‘me batho ba fane ka likeletso hore na motho ea nang le

bothata bo joalo a ka fetola boitšoaro joang.

Qetella ketsahalo,

Bohle re sokola ho fetola boitšoaro kapa litloaelo tsa rona tse hlahisang kotsi maphelong

a rona.

Ho fetola boitšoaro ha se ntho e bobebe, e etsahalang hang hang. Motho o tlameha ho

feta methati e ‘maloa pele a ka fetola boitšoaro.

Ka nako e ng’oe re ka thella ra ea morao. Ha rea lokela ho inehela. Re lokela ho leka

hape.

KETSAHALO EA 3:

Ho hlola lintho tse sitisang phetoho

Ena ke puisano ea sehlopha e bohlokoa haholo, ho leka ho utloisisa hore na hobaneng ha hole

thata ho fetola boitšoaro ba rona ka bo mong le hore motho o be sebete sa ho fetola boitšoaro le

ho tsitsa phetohong eo.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1.

2.

3.

Arola Litho tsa sehlopha ka lihlotšoana tse peli. Fa sehlopha sa pele, pale ea Abuti

Suping. Fa sehlopha sa bobeli ea Ausi Lenka.

Fa sehlopha ka seng metsotso e 20 ho buisana ka pale ena le ho araba lipotso.

Kopa lihlopha ho tlaleha likarabo tsa tsona.
THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

Pale ea pele: Bophelo bo maphathe-phathe ba Abuti Suping

Abuti Suping ke mosuoe sekolong se mahareng se hlomphehang haholo sa Maseru.

Boikarabelo ba hae ke ho hlophisa mokhatlo oa sekolo oa thuto ea methaka ka HIV.

Abuti Suping ke “motho ea ratang basali”, le mesuoetsana emeng e mo nka a rateha

haholo. Le bana ba sekolo ba mo nka a rateha haholo. Abuti Suping o na le bophelo bo

maphatha-phathe haholo litabeng tsa thobalano! O rata bana ba sekolo haholo hobane ha

ba tsitlallele ho sebelisa likhohlopo.

1. Ke hobaneng ha Abuti Suping a tsoelapele ho etsa thobalano e sa tšireletsehang le

batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe, le ha a ena le tsebo e batsi ka litaba tsa HIV

le hore na e tšoaetsoana joang?

2.

Hobaneng a sa emise boitšoaro bo? U nahana ke eng e mo sitisang?

3. Ha a ne a ka u fa monyetla, ke keletso e fe eo u neng u ka mo fa eona ho mo thusa

ho emisa boitšoaro boo bo kotsi? O lokela ho etsa eng?

97
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

98

Pale ae bobeli: Banna ba bangata ba rata Ausi lenka

Ausi Lenka o lilemo li 22, ke mosali a sa nyaloang ea nang le ‘mele o ratehang haholo.

Metsoalle ea hae e mo joetsa hore o na le “’mele o ahetsoeng thobalano”. Ausi Lenka o

motlotlo haholo ke likhau tse ngata tseo a li hapileng litlholisanong tsa bo ‘mabotle ho

tloha bonyenyaneng ba hae. O koetlisong ea ho ba lepolesa. Karolo ea koetliso ea hae e

kenyeletsa ho ithuta ka thibelo le phetiso ea HIV le AIDS. Boholo ba basebetsi ‘moho le

Ausi Lenka ke banna. Oa thaba ha ba na le thahasello holima hae. O na le likamano tsa

thobalano le basebetsi ‘moho le eena ba bararo. Ka nako e ‘ngoe o lebala ho sebelisa

khohlopo kapa o batla ho e etsa “nama nameng”.

1.

2.

3.

Ke hobaneng ha Ausi Lenka a tsoelapele ho etsa thobalano e sa tšireletsehang le

batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe ntle le tšebeliso ea likhohlopo?

Hobaneng a sa emise boitšoaro bo? U nahana ke eng e mo sitisang

Ha a ne a ka u fa monyetla , ke keletso e fe eo u neng u ka mo fa eona ho mo thusa

ho emisa boitšoaro boo bo kotsi? O lokela ho etsa joang?

Qetella ketsahalo

Batho ba na le mabaka a fapaneng a ho tsoela pele ka boitšoaro bo ka bang kotsi

maphelong a bona.

Re lokela ho nahana ka litholoana tse bosula tse tlisoang ke boitšoaro bona, re se shebe

melemo eo re e fumanang feela.
BOiKHATHOllO: THETSA nTHO E PUTSOA

THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

Papali ena e tla hlasimolla batho, e tla etsa hore batho ba tšehe ba thapolle ‘mele. Kopa

bohle ho ema. Hlalosa hore u tla hoelehetsa o re “tšoara ntho e putsoa”, ‘me e mong le e

mong o tlameha tšoara “ntho e putsoa” e pela hae. Tsena ekaba tuku e putsoa kapa mose

kapa seeta – ntho efe kapa efe. Hoelehetsa o re, “tšoara ntho e tala”, bohle ba mathe ho

tšoara ntho e tala. hape, “tšoara maqaqailana a hao” kapa “tšoara tsebe ea e mong” kapa

“tšoara sefate sane” kapa ntho e ‘ngoe feela. Kopa batho ba bang ho etsa ka litlhahiso.

KETSAHALO EA 4:

Methati e tšeletseng ea

phetolo ea boitšoaro

Ketsahalong ena, o tla buisana le sehlopha ka methati e tšeletseng e ka u thusang ho atleha ha u

fetola boitšoaro. U tla sebelisa mehlala ea boitšoaro bo litho tsa sehlopha li batlang ho e fetola,

ho bontša methati ena e tšeletseng.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Kopa setho sa sehlopha se seng ho hloaea boitšoaro bo kotsi boo ba ka batlang ho bo

laola, [mohlala, ho sebelisa likhohlopo ka mehla]. Sebelisa mohlala ona e le ho tataisa

le ho bontša sehlopha hore se ka latela methati ena joang. Sebelisa karete e ngotsoeng

METHATI E TŠELETSENG EA HO FETOLA BOITŠOARO etsoang kahar’a lebokoseng

la lithusa thuto.

Methati e 6 ea ho fetola boitšoaro: Mohlala ‘ke tla sebelisa khohlopo nako eohle ha ke etsa

thobalano’

Mothati oa 1. Ipehele sepheo

U batla ho etsang ho tloha joale?

Mothati oa 2. Tseba lintho tse u sitisang ho fetoha

Ke eng e u sitisang ho etsa seo u batlang ho se

etsa?

Ke batla ho sebelisa khohlopo ka linako

tsohle ha ke kena thobalanong.

Ha ke lule ke na le likhohlopo kamehla.

Ka nako tse ling ha ke sebelise

likhohlopo ha ke noele.

99
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Mothati oa 3. Katleho e nyane ho isa ho katleho e

kholo

Qala ka mehato e menyane e u thusang ho fihlela

sepheo sa hao se seholo.

Mothati oa 4: Meputso e menyane: kamehla ha u

nka mohato oa ho fihlela sepheo sa hao, Iputse.

Amohela ‘me u ikutloe o le motlotlo ka katleho ea

hao e fokolang.

Mothati oa 5: Itlhahlobe

Batla buka e nyane moo u tla ngola tsoelopele ea

hao; e le ntle (ho se noe nako ea beke) e le mpe

(ho noa ho feta tekano ha o ne o ile moketeng

(lenyalong la motsoalle)). Haeba u sa tsebe ho

bala, kopa motsoalle ho u thusa.

Mothati oa 6: Iphuthe

Baleha maemo kapa libaka tse u susumetsang

ho tsoelapele ka boitšoaro ba hao ba khale. Etsa

moralo oa ho qoba maemo ana kapa khatello ea

lithaka.

100

Ke tla batla maselinyana ka litaba

tsa HIV le likhohlopo, ‘me ke a bale.

Maselinyana ana a tla mpha malebela a

hore na nka bua le moratuoa oaka joang

ka likhohlopo.

Kamor’a hore ke ngolise setsing sa

bophelo, ‘me ke fumane likhohlopo, ke

ile moketeng oa ‘mino le metsoalle ea

ka ho ea keteka ha ke nkile boikarabelo

ka bophelo baka haholo litabeng tsa

thobalano.

Tse ntle: Khoeling e fetileng, ke

sebelisitse khohlopo boholo ba nako ha

ke etsa thobalano. Ke ile ka lebala habeli

feela.

Tse mpe: Khoeling e fetileng ha kea

sebelisa khohlopo makhetlo a mahlano.

Ho ba le Thabo bareng ho eketsa

menyetla ea ho fereha banana ba bang.

Ke tla memela Thabo ha ka re noelle

teng.

2. Fa litho tsa sehlopha pampiri ea methati e 6 ea phetolo ea boitšoaro e tsoang ka

lebokoseng la lithusa-thuto. Ho ngotsoe mehlala e ‘meli, (1) tšebeliso ea khohlopo ka

lehlakoreng le leng, (2) ho fokotsa baratuoa ka ho le leng.

3.

Etsa mohlala o mong, khetlong lena u sebelisa mohlala oa motho ea batlang ho fokotsa

lenane la batho bao a etsang thobalano le bona ka nako e le ‘ngoe.

4. Bolella sehlopha hore Mathabo ke moithuti sekolong se seholo sa sechaba (NUL), eo

morero oa hae e leng ho tlohela ho ba le baratuoa ba bararo ka nako e le ‘ngoe ho ba le

ba babeli ka nako a le ‘ngoe. O hloka ho boloka ba babeli e le hore ha e mong a tsamaea e

mong a be a le teng. Buisana le sehlopha ka methati e 6 ea phetolo ea boitšoaro u sebelisa

mohlala oa ‘Mathabo. Ba lokela ho bolela hore na ba nahana hore tšitiso tseo a nang le

tsona ke life, mehato e menyane eo a lokelang ho e nka ho fihlela sepheo sa hae, a ka

iputsa joang, a ka itlhahloba joang le hore na ba nahana hore ke maemo afe ao Mathabo

a lokelang ho a baleha le hore na a ka qoba lintho tse mo behang molekong oo joang.
THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

Methati e 6 ea ho fetola boitšoaro: Ke tla fokotsa lenane la baratuoa

Mothati oa 1. Ipehele sepheo Ke batla ho fokotsa lenane la batho bao ke etsang

thobalano le bona ka nako e le ‘ngoe.

Mothati oa 2. Tseba lintho tse u sitisang

ho fetoha

Mothati oa 3. Ho tloha katlehong e

nyane ho ea katlehong e kholo

Ke tšohile hore ke tla lieha ho nyaloa, ke tloha ke

tsofala haholo pele ke etsa bana, kahoo ke lokela

ho lula ke butse menyetla eaka.

Ke tlo ba setho sa sehlopha se buisanang ka ho

‘fokotsa bonyatsi’ se teng sekolong mona.

Mothati oa 4: Meputso e menyane Ke tla itokisa ke shebehale hantle, ke tsebe ho

ikutloa ke le motle

Mothati oa 5: Itlhahlobe Ha ke so ba letsetse libekeng tse tharo tse fetileng.

Mothati oa 6: Iphuthe Ha ke sa tla ea meketjaneng ea bana ba sekolo.

Nka mpa ka ea meketjaneng ea hae moo ke nang le

metsoalle le ba lelapa.

Qetella ketsahalo, e re

Ho sebelisa methati ena e 6 ho ka re thusa ho fetola boitšoaro le ho fokotsa kotsi ea ho ba

le tšoaetso ea HIV.

Re ka sebelisa methati ena e 6 ho re thusa ho etsa liphetoho likarolong tse ling tsa

bophelo ba rona tseo re batlang ho li fetola.

KETSAHALO EA 5:

Na ho bobebe hakaalo?

Ketsahalong ena, uena joaloka motataisi, u tla fana ka puo ka methati ea phetolo ea boitšoaro.

MOKHOA OA HO TSAMAISA KETSAHALO

1. Hlalosa hore ho fetola boitšoaro ba rona kapa ho fetola maemo a rona ho ke ke ha

etsahala ka nako e khutšoane. Batho ba bang ba khona ho emisa hang, empa ba bang, ba

lokela ho lula ba leka hape. Ka linako tse ling re tla khutlela morao empa ha rea lokela

ho nyahama, re lokela ho ipha matla re leke hape.

2. Bontša litho tsa sehlopha setšoantšo sa phetolo ea boitšoaro se katlase. Setšoantšo sena

se bontša methati e fapaneng ea phetolo ea boitšoaro. Litaba tse pel’a mothati ka mong li

hlalosa kamoo re ikutloang ka teng mothating o mong le o mong.

101
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

102

Ho se elelloe

Ho elelloa

Ho ngongoreha

Ho khothala

Ho phela ho latela boitšoaro

bo bocha

Ho phela ho latela boitšoaro

bo bocha ka mehla

Bothata bang? Ha ken a

bothata ‘na.

Be! kea hlokomela hore

ken a le bothata.

“Ke hloka ho etsa ho

hong ho qoba kotsi eo

ke leng ho eona.

Nka khona. Ke tlo leka

ke bone na nka etsang.

Ke bone hore ha ho

boima hakaalo.

E se e le karolo ea

bophelo ba ka!
Mehato ea phetolo ea boitšoaro

THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

Ho se elelloe “ Ke ne ke sa tsebe ka kotsi ea ho etsa thobalano le batho ba

bangata ka nako e le ngoe.

Ho elelloa “ Joale ke tseba kotsi ea ho etsa thobalano le batho ba bangata ka

nako e le ngoe..Kea elelloa hore ke kotsing ea tšoaetso ea HIV”

Ho ngongoreha “ Ke hloka ho etsa ho hong ho itšireletsa khahlanonong le tšoaetso

ea HIV”.

Ho khothala Ho tloha joale, ke tla sebelisa khohlopo ka linako tsohle ha ke kena

thobalanong. Ha kena ho etsa phoso

Ho itloaetsa boitšoaro

bo bocha

Ho tsitlallela

boitšoarong bo bocha

Qetella ketsahalo, e re,

Esale ke sebetsa hantle. Empa ka Moqebelo ke entse liphoso …

Leha ho le joalo, ho lokile. Kea tseba nka fihlela sena. Ha ke sa tla

pheta hape.

Ke thabetse hore ebe ke entse qeto ea ho sebelisa likhohlopo

ka nako tsohle. Ke ithutile matsapa a macha ‘me ke natefeloa

ke thobalano ho feta pele hobane kea tseba hore ke lutse ke

tšireletsehile. Bophelo ba ka bo ntlafetse haholo ka tsela ena!

Leha ho na le se re khothalitseng ho fetola boitšoaro, re ka nna ra khutlela mekhoeng ea

rona ea pele. Ho etsa liphetoho ho ka ba boima.

Empa ntho ea bohlokoa ke ho se lahle tšepo. Ho lula u itloaetsa ho etsa lintho tse ncha

tsena tseo o batlang ho li etsa le ho fetola boitšoaro ho tsona. Ho ithuta ka liphoso tsa

rona, ho matlafatsa boitlamo ba rona le ho leka hape.

Batla tšehetso. Kopa ,metsoalle, lelapa, kereke le litho tsa sehlopha sa tšehetso motseng

oa heno ho u thusa. Chakela setsing sa bophelo – ho na le batho ba ka u fang tšehetso.

Hoa amoheleha ho khutlela mekhoeng ea pele, batla thuso u qale hape.

Lesakana le koalang: Motsotso oa ho nahana ….

Ho fumana molemo litabeng tsena tse ncha tseo re ithutileng tsona, re hloka nako ea boinahano.

E re litho tsa sehlopha li behe lihlooho tsa bona tafoleng, ba paqame fatše kapa ba lule ka

tsela e phuthulohileng. Ba kope ho nahana ka seo ba qetang ho ithuta sona. Kamor’a metsotso

e mehlano, bitsa lentsoe kapa poleloana ea mantlha ‘me u ba lumelle ho nahana ka eona

metsotso e ‘maloa. Pheta lentsoe kapa a mabeli kapa lipoleloana, ‘me u bokelle sehlopha ho etsa

lesakana’me u re ba arolelane lintlha tseo ba lumelang e le tsa bohlokoa thutong, le kamoo ba

ka li sebelisang bophelong ba bona.

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa foromo ea boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi. Botsa

sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea kajeno, ka hore ba arabe lipotso tse hlahang foromong

ena, ’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo ena. Bolella sehlopha hore bonyane le tla nka

metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena.

103
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

1.

2.

3.

4.

5.

104

THUTO EA 6: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA

EOnA

Ke boitšoaro bofe boo u batlang ho bo fetola?

Ke boitšoaro bo fe bo bocha boo u ratang ho bo qala?

U sitisoa keng?

U tla nka mehato e feng ho fihlela sepheo sa hau?

Ke mang ea ka o tšehetsang?

“mamello e tsoala katleho”

U ke ke oa tšoara ‘mutla e ‘meli ka nako e le ‘ngoe.

Etsa ntho e le ‘ngoe ka nako

THUTO EA 6: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA THUTO

SECHABEng

1. Ha hona le batho ba bangata ba batlang ho fetola boitšoaro bo tšoanang, qalang

sehlopha sa tšehetso.

2. E tsang mohoo oa phetolo ea boitšoaro oa nako e itseng, ‘me o ipehele nako ea ho

fihlela morero ona. Mohlala, khoeling ena ke tla qoba litaba tsa bonyatsi, ke tla

etsa thobalano le motho a le mong feela.

3. Ngola mabitso a libaka tse fapaneng tseo batho ba ka fumanang likhohlopo ho

tsona ka hare ho motse oa rona. Beha pampiri e ngotseng libaka tsena ntlong ea

thitelo.

4.

Tšepisa sehlopha hore o tla nka khohlopo ka nako tsohle.
THUTo Ea 7

NA MOETLO O KA BA KOTSI?

Ketsahalo ea 1: Moetlo le bolumeli bo ka susumetsa boitšoaro ba rona

ka tsela efe? ...........................................................................metsotso e 30

Ketsahalo ea 2: Emisa, Boloka, Fetola ............................................................metsotso e 60

Ketsahalo ea 3: Ho fetola litumelo tse kotsi (Tšoantšiso) ..................................metsotso e 60

Ketsahalo ea 4: Ha re phureng leshoetla! Na re ka emisa bonyatsi? ..................metsotso e 30

Lesakana le Koalang: Lintho tse molemo, tse teng ho ‘na kajeno .........................metsotso e 10

p

Lihora tse 3

105
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Thuto ena e telele hobane e etsa hore batho ba buisane ka litaba tse ngata, haholo ketsahalo ea

bobeli e shebana le litaba tsa meetlo le litloaelo tseo re lokelang ho li emisa kapa ho li fetola.

Ketsahalo ea boraro eona e na le litšoantšiso tse ka nkang nako e telele ha litho tsa sehlopha li

utloa monate oa ho etsa litšoantšiso tse bontšang litloaelo le meetlo.

Le ka lumellana le le sehlopha hore na le etsa liketsahalo tsena ka nako e le ‘ngoe kapa la etsa

qeto ea ho li etsa ka matsatsi a fapaneng. Ho arola liketsahalo tsena hore li etsoe ka linako tse

arohaneng ho tla fana ka nako e ngata ea hore litho tsa sehlopha li qoqe ka litaba tsena tse li

amang.

Tse tlang ho

ithutoa

Kakaretso ea

thuto

106

Qetellong ea thuto barupeluoa ba lokela ho:

1.

2.

3.

Utloisisa hore na moetlo le litumelo tsa rona li ka re susumetsa

boitšoaro ba rona joang le ho re beha kotsing ea HIV.

Utloisisa hore na litloaelo le meetlo e meng li etsa hore basali

ba be kotsing ea tšoaetso ea HIV joang.

Ikutloa ba le sebete sa ho qholotsa litloaelo tsa moetlo tse re

behang kotsing ea tšoaetso ea HIV.

Ketsahalo ea 1: Moetlo le tumelo li ka susumetsa boitšoaro ba rona

joang? Re sheba potso ena ka ho mamela pale ea Ntate Thotanyane.

Ketsahalo ea 2: Emisa, Boloka, Fetola. Ketsahalong ena re ngola

lethathamo la litloaelo tsa moetlo, bolumeli, mekhoa le maele ka

thobalano le bophelo ba thobalano. Re tla etsa qeto ea hore na ke

litloaelo li feng tseo re ka li emisang, ra li boloka kapa ra li fetola.

Ketsahalo ea 3: Ho fetola litumelo tse kotsi. Re tla etsa tšoantšiso ea

‘Emisa-Qala’ ‘me litho tsa sehlopha li tla itloaetsa ho toba litloaelo,

litumelo le meetlo tse li behang kotsing e kholo ea tšoaetso ea HIV.

Ketsahalo ea 4: Ha re phureng leshoetla! Re ka emisa bonyatsi le

tloaelo ea ho ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe. Litho tsa

sehlopha li etsa tšoantšiso, joale ka ha eka re ka paramenteng moo

mahlakore a qhothisanng lehlokoa ka hore na tloaelo ea bonyatsi le

hoba le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe e ka fokotsoa joang

Lesotho.

Lesakana le koalang: Lipina le maele. Litho tsa sehlopha li nahane

ka lipina le maele ka hore na banna ba sebele le basali ba sebele ba

Basotho ba tsoanela ho nahana joang le ho itšoara joang. Litaba tsena

re tla bua ka tsona thutong e hlahlamang ena.
Lisebelisoa tse

hlokoang

Lisebelisuoa tse

hlokahalang

Boikhopotso

THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

Etsa bonnete ba hore ua itokisa ka ho etsa tšoantšiso ea ‘Emisa-Qala’

pele u qala thuto ea kajeno.

Ketsahalo ea 1: Pale ea NTATE

THOTANYANE le LIPOTSO TSA

SEHLOPHA

Ketsahalo ea 3: Likarete

tse ngotsoeng ‘HO FETOLA

LITLOAELO TSE KOTSI’ re etsa

tšoantšiso ea ‘Emisa – Qala’

Ketsahalo ea 2: Lipampiri tse

kholo tse tharo tse ngotsoeng

EMISA, BOLOKA, FETOLA.

Ha ho buisanoa ka litaba tsa teka-tekano le bochaba, ho bohlokoa ho etsa bonnete ba hore

litaba li buuoa ka mokhoa o senang ho supa ba bang ka menoana kapa ho ba nyenyefatsa.

Litaba tsena li ka qholotsa maikutlo a batho ba bang. Etsa bonnete ba hore litaba tse

hlahisitsoeng ke litho tsa sehlopha tse ka tiisang litumelo kapa litloaelo tse kotsi, mafosisa le

litšebo li tšohloa ke sehlopha se seholo. Kamehla fana ka monyetla oa hore lipuisano li nke

nakoana e le hore litho tsa sehlopha li nahane ka maikutlo, le litumelo le boleng ba tsona tseo

re li nkang e le meetlo. Khothalletsa litho tsa sehlopha hore li qholotse litaba tsena le hore na

ba ka fetola joang tse ba behang kotsing.

107
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

108

Selelekela

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha

tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea

kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima

liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena

u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele

maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea

ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno

le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo

la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li

ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola

hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka

foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

Joetsa litho tsa sehlopha ka bokhutšoanyane hore na re tlo buoa ka eng thutong ena:

1.

Thutong ena re tla bua ka litumelo, litloaelo le mekhoa ea Basotho e susumetsang

boitšoaro le liqeto tsa rona.

2. Moetlo le litloaelo tsa rona, bochaba le bolumeli ba rona bo susumetsa tsela eo

re phelang ka eona. Hangata litloaelo tsa moetlo, bolumeli le bochaba li ka ba le

tšusumetso e ntle, empa ka linako tse ling li ka ba le tšusumetso e kotsi maphelong a

rona.

3.

Re tla manolla hammoho hore na litloaelo tse ling tsa moetlo le tumelo li ka re beha

kotsing ea tšoaetso ea HIV joang, le hore na tse ling tsona li ka re tšireletsa joang.

4. Re tla shebisana hore na re ka tiisa meetlo, bolumeli le litloaelo tse re tšireletsang ho

tšoaetso ea HIV le ho fokotsa tse eketsang kotsi ea rona ea tšoaetso ea HIV.
THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

Ketsahalo ea 1:

Bochaba le bolumeli bo ka susumetsa

boitšoaro ba rona joang?

Bolella litho tsa sehlopha hore ketsahalong ena re tla mamela pale ea Ntate Thotanyane. Paleng

ena re tla utloa hore na bochaba le bolumeli bo susumelitse boitšoaro ba Ntate Thotanyane

joang, le hore na bochaba le bolumeli bo bile le tšusumetso ea mofuta ofe ho basali ba teng

bophelong ba hae.

Hopotsa sehlopha hore mabitso a sebelisitsoeng paleng ena ha se a ‘nete, empa pale eona ke

ea ‘nete. Litaba tsena ke tsa monna oa Mosotho ea lilemo li mashome a mahlano a metso e

‘meli (52) tseo a li buileng nakong eo ho neng ho etsoa liphuputso ka selemo sa 2007.

MOKHOA OA HO TSAMAISA KETSAHALO

1. Bolella sehlopha hore u tla se balla pale ea Ntate Thotanyane ‘me ba tle ba koale mahlo

a bona ho inahanela hore na Ntate Thotanyane o shebahala joang le hore na o etsa liketso

tsa mofuta ofe. U ka kopa e mong oa litho tsa sehlopha ho bala pale ena. Litho tsa

sehlopha li lokela ho inahanela hore na basali ba paleng ena ea Ntate Thotanyane ke ba

mofuta ofe.

Pale ea Ntate Thotanyane

Ntate Thotanyane o ikotla sefuba ka hore ke “monna oa Mosotho oa sebele”. O lilemo

li mashome a mahlano a metso e ‘meli (52), ‘me o lula Quthing, o tsebahala haholo e le

motho oa lipale tse monate motseng oa habo. Ntate Thotanyane o lumela hore motho a ka

ba kotsing ha feela a khetha ho phela ka thoko ho meetlo le litloaelo tsa bochaba ba heno.

Ntate Thotanyane o nyetse Mme Maria, ea hlokomelang lehae la bana ba likhutsana. Ntate

Thotanyane o re ba na le “likamano tse ntle haholo…” empa “tali ea hae ha e jooe”.

Thotanyane o na le nyatsi. Lebitso la hae ke Ramaketse ‘me o lilemo li mashome a mabeli

a metso e meraro (23). Esale ele nyatsi ea hae ho tloha ha moroetsana enoa a le lilemo

li leshome le metso e robeli (18). Remaketse o lula motseng o haufi le oa ha Thotanyane.

Ntate Thotanyane oa tšeha ebe o re, ‘mokoko o fatela sethole’..

Mme Maria oa tseba hore na Thotanyane ke motho oa mofuta ofe, empa ho ea ka tumelo

ea hae a ka se hlale monna oa hae, ebile a ke ke a mo botsa ka litaba tsena. O re ke

tsoanelo ea hae ho tšehetsa monna oa hae. Esita le sechaba sa motseng oa hae se lebelletse

hore a tšehetse monna oa hae.

109
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

110

Ntate Thotanyane o ile a re bollella hore Ramaketse ha se nyatsi ea pele. O qetella ka hore

‘re na le puo ereng: ‘monna o tšoanela ho itšoarella ka makala a mangata, ha le le leng le

senyeha a tle a salloe ke a mang a phelang hantle’.

Ho tloha lilemong tse mashome a mabeli (20) a fetileng, Ntate Thotanyane esale a ratana

le Mme Felleng . Ba na le bana ba banana ba bararo. Ntate Thotanyane o na le bana

bana feela, ha a na bana le mosali oa hae. Ka khoeli ea ho feta Ntate Thotanyane o ile

a khaohana le Mme Felleng hobane a re o ile a kenya monna e mong ka ha hae. Ntate

Thotanyane o ne a ntse a ratana le Ramaketse nakong eo a neng a ntse a ratana le Mme

Felleng. O bitsa Ramaketse “setšosa” sa hae. O re o rerile ho monyala ha a ka mo etsetsa

ngoana oa moshanyana.

Ntate Thotanyane ha a lumele ho sebelisa likhohlopo hobane o lumela hore mosebetsi oa

monna ke ho etsa bana. O re khale a etsa thobalano le banana bohle ba neng ba robala

thakaneng, empa ha a ka a fumana tšoaetso ea HIV. O re HIV ke lefu le fumanoang ke

bacha ka lebaka la lijo tseo ba li jang mehleng ona. O tsoela pele hore oa tseba hore basali

ba o etseng thobalano le bona, esita le bao a ba patetseng ho kena thobalanong le eena –

ha ba na tšoaetso ea HIV hobane o re o ‘khona ho bona haeba mosali a kula’. Ke eena ea

rutang banna ba lilemong tse tlase ba motseng moo hore na mosali ea “phetseng hantle” o

fapana le ‘ea fosahetseng ea sa pheleng hantle” joang.

SEx WORKERS

NTATHE THOTANYANE

MME RAMAKETSE

MME MARIA

MME FELLENG
THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

2. Kamor’a ho bala pale ena, botsa batho ba babeli hore na maikutlo a bona ke afe ka pale

ena. Ba botse, “Na pale ee e tšoana le bophelo boo ba bo tloaetseng? Na hona le batho ba

kang Ntate Thotanyane metseng ea habo rona?

3. Arola litho tsa sehlopha ka lihlotšoana tse tharo. Ba kope ka lihlotšoana tsa bona ho

araba lipotso tse hlahang paleng ena, ‘m’e ba ngole lipuisano tsa bona holima pampiri e

kholo.

lipotso ka pale ena

Sheba setšoantšo se bontšang khokahano ea thobalano ea Ntate Thotanyane, ebe le araba

lipotso tse latelang.

1. Tšusumetso ea “bochaba” holima Ntate Thotanyane le basali bao a ratanang le bona

ke efe?

2.

3.

U nahana hore ke hobaneng basali baa ba ile ‘ba mamella boitšoaro boo ba hae’? U

nahana Bochaba, bolumeli le litloaelo tsa moetlo li na le tšutšumetso efe?

Kotsi ea boitšoaro ba Ntate Thotanyane ke efe? Boitšoaro boo ba hae bo ka ama

mosali oa hae le linyatsi tsa hae joang, moho le banna bao a ba rutang?

4. Fana ka monyetla ho sehlopha ho tlaleha lipuisano tsa bona. Kopa sehlotšoana sa pele

ho bolela karabo ea sona ea potso ea pele. Kopa lihlopha tse ling ho tlatselletsa. Kopa

sehlopha sa bobeli ho bolela karabo ea sona ea potso ea bobeli, le sehlopha sa boraro ho

bolela karabo ea sona ea potso ea boraro. Ho fana ka likarabo ka tsela ena ho tla boloka

nako le ho etsa hore litho tsa sehlopha li kenye letsoho li sa khathale.

Qetella ketsahalo:

Kotsi ea rona ea ho tšoaetsoa HIV e susumetsoa ke boitšoaro ba rona le liqeto tseo re li

etsang. Boitšoaro ba rona bo susumetsoa ke liqeto tseo re li etsang, bolumeli, bochaba, le

litloaelo tsa rona.

Mohlala, kholiso le bochaba ba rona li etsa ho be thata hore basali ba itšireletse ka

likhohlopo. Haele bolumeli bo bong bona ha bo lumelle basali ho sebelisa likhohlopo, sena

se ba beha kotsing e kholo ea ho fumana tšoaetso ea HIV.

Mohlala o mong: Bochaba ba rona bo iphapanyetsa taba ea banna ba nang le likamano

tsa thobalano le basali ba bangata. Sena se ba beha kotsing e kholo ea tšoaetso ea HIV.

Ketsahalong e hlahlamang, re tla sheba litloaelo tsa bochaba le bolumeli tse re

tšireletsang ho tšoaetso ea HIV, le meetlo le tumelo e eketsang menyetla ea rona ea ho

fumana tšoaetso ea HIV.

Re tla boela re buisane ka litloaelo tse re sireletsang, le hore na re ka li akofisa joang LE

ho sheba hore na re ka fetola joang litloaelo le litumelo tse re behang kotsing.

111
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

112

Ketsahalo ea 2:

Tseo re ka li Emisang, tseo re ka li

Bolokang, le tseo re ka li Fetolang

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho hloaea likarolo tsa bochaba le meetlo tse amanang le thobalano le

bophelo ba thobalano tse bohlokoa hore sechaba se li boloke, le tsa ka fetoloang kapa ho emisa

ho li etsa ele molemong oa ho khothalletsa bophelo bo botle le thobalano e khotsofatsang. Re tla

qala ka lipuisano re le sehlopha se seholo ho etsa lethathamo la mekhoa, litloaelo tsa bochaba

le litumelo tsa Basotho mabapi le bophelo ba thobalano. Re tla tsoelapele ho sheba e ‘ngoe le e

‘ngoe lethathamong re hlahloba melemo ea ona le litla-morao tsa eona. Qetellong, re le sehlopha

re tla lumellana hore na nakong ena eo ho nang le lefu la HIV, na ke li feng litloaelo, litumelo le

mekhoa ea rona eo re lokelang ho emisa, ho e boloka kapa ho e fetola.
Mokhoa oa ho tsamaisa ketsahalo

1.

THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

litloaelo tsa moetlo le litumelo tse behang batho kotsing

Kopa litho tsa sehlopha ho bolela tse ling tsa litloaelo, litumelo le mekhoa ea bophelo ba

thobalano ba Basotho. Ngola litaba tsena holima pampiri e kholo.

Mohlala: ho se kene thobalanong pele ho lenyalo; ketekelo ea lebollo; Tumelo ea hore mosali

ke mosali ka bana; Ho khetha ho etsa thobalano le mosali empa setho sa hae sa botšehali se

se mongobo (kappa metsi ho lekana); mosali ha a lokela ho natefeloa ke thobalano; le hore

ke banna feela ba ka qalang thobalano; mekhabo puo e kang ‘monna ke mokopu oa nama,

mosali ke k’habeche oa ipopa’; ‘Molimo o bopile mosali hoba le le bana’;

2. Hopotsa litho tsa sehlopha ho tsepamisa maikutlo holim’a mekhoa le meetlo kapa litumelo

tseo Basotho ba ntseng ba li bolokile (e seng tseo ba seng ba sa lietse).

Basali ha ba lumelloe ho bua kapa ho qala thobalano. Basali ha ba lokela ho natefeloa

ke thobalano.

Ha ngata banna ha ba rate ho etsa thobalano le mosali eo setho sa hae sa botšehali se

leng mongobo kapa se le metsi haholo. Hona ho susumetsa basali ho kenya lintho tse

omisang setho sa bona sa botšehali. Ka lebaka la hore setho sa botšehali se omeletse,

mabota a sona a taboha le ho utloa bohloko nakong ea thobalano. Sena se eketsa

menyetla ea ho fumana tšoaetso ea HIV.

Litumellano tsa lenyalo le ho ntša bohali ho etsa basali eke ‘ke thepa’ e rekoang.

Mosali o fetoha thepa ea monna oa hae kapa ea lelapa la bo monna. Maemong

a tjena, mosali o sitoa ho buisana le monna oa hae hore ba etse thobalano e

sireletsehileng. Mosali a ka sitoa ho botsa monna oa hae ha a belaela hore o ratana le

basali ba bang.

Batsoali kapa sechaba se iphapanyetsa taba ea hore banana ba banyane lilemong ba

kena thobalanong ele ho fumana chelete, lijo kapa ho patalloa sekolo ka lebaka la

bohloki ba malapa a bona.

Tumelo ea hore monna o tla itematsa kapa ho tsoa kotsi le ho ntša balimo ba hae kotsi

ha a sa lahle ‘mane ka hare ho setho sa mosali e le hore a tsebe ho etsa lesea.

Litumelo tse hlahang ka maele le mekhabo-puo joale ka mehlala e latelang:

‘Monna ke mokopu oa nama. Mosali ke K’habeche oa ipopa’.

mokoko o fatela sethole’

113
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

114

‘lehae la monna le hohle’

‘Monna oa theteha’‘

‘Lebitla la monna le ka thoko ho tsela’

‘monna o tšoanela ho itšoarella ka makala a mangata, ha le le leng le senyeha a tle a

salloe ke a mang a phelang hantle’.

‘monna ke apole oa lomisanoa ‘

3. Arola litho tsa sehlopha lihlotšoana tsa batho ba babeli. Kopa sehlopha ka seng ho

buisana ka litumelo kapa litloaelo tse peli tse ngotsoeng pampiring e kholo.

4.

Lipotso tsa lihlopha

Melemo ea litumelo tsee efe ho motho ka mong, ho malapa le ho sechaba?

Litloaelo kapa litumelo tsee li na le litla-morao li fe ho motho ka mong, ho malapa

le ho sechaba?

‘Na litla-morao tsee li ama banna le basali ka litsela tse fapaneng?

Kopa litho tsa sehlopha ho etsa lesakana la nkope. Kopa sehlopha ka seng ho arolelana

lintlha tseo ba buisaneng ka tsona.

5. Ngola matšoao a mararo pampiring e kholo e be u e manametsa leboteng pela moo litho

tsa sehlopha li tla ema. Ngola pampiri e le ‘ngoe e kholo BOLOKA’, ngola ‘FETOLA’

ho e ‘ngoe e be u ngola ‘EMISA’ ho ea boraro. Ka ‘ho fetola’ re bolela hore mekhoa le

litloaelo le litumelo li ntle empa li hloka ho fetoloa mona le mane. Ka ‘ho EMISA’re

bolela hore litloaelo tsena li baka li kotsi, ka hona li lokela ho emisoa hang hang.

6. Sheba meetlo, litumelo le litloaelo tsohle tseo lihlopha li buisaneng ka tsona. Bala

ntlha ea pele lethathamong, ebe u kopa hore setho ka seng se eme pela pampiri eo se

lumellanang le eona e ngotsoeng “BOLOKA’, “FETOLA” kapa “EMISA”

7. Kopa batho ba emeng pela pampiri tse fapaneng ho fana ka mabaka a etsang hore ba

eme pela pampiri eo ba e khethileng. Ha batho ba se ba hlalositse mabaka, botsa hore na

hona le motho ea ratang ho tloha moo a emeng teng. Etsa sena ho fihlela le buisane ka

litumelo, mekhoa le meetlo eohle e neng e ngotsoe lethathamong le pampiring e kholo.

8. Phethela ketsahalo ena ka ho etsa lethathamo la litloaelo le meetlo tse re sireletsang

khahlanong le tšoaetso ea HIV le tse re behang kotsing ea tšoaetso ea HIV.
Phethela ketsahalo, ka hore

THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

Sepheo sa ketsahalo ena ha se hore bochaba ke ntho e mpe. Empa ke ho bontša hore litumelo tse

ling li hloka ho fetoloa, haholo nakong ena ea lefu la HIV. Re hloka ho boloka tse ntlafatsang le

ho sireletsa sechaba le ho fetola tse behang sechaba kotsing ea tšoaetso ea HIV.

Bochaba, litumelo le ‘boleng ba motho’ bo fetoha nako le nako. Mehleng ena ha re etse lintho

joale ka ha baholo ba rona ba ne ba etsa. Bophelo bo fetoha le nako. Re lokela ho fetola bophelo

ba rona le nako.

Ketsahalo e tlatsetsang: Maelana ka thobalano le bophelo ba

thobalano

Etsa ketsahalo ena ele haeba ona le nako.

Kopa litho tsa sehlopha ho phura leshoetla ka maelana a tšeletseng a buang ka thobalano

le boitšoaro ba thobalano. Mohlala, “Monna ke mokopu oa nama” ha “ Mosali ke

kh’abeche oa ipopa” kapa “Lehae la monna le hohle”.

2. Ngola maelana a tšeletseng holima pampiri e kholo kapa ho kopa litho tsa sehlopha

ho etsa setšoantšo se bontšang maelana ana.

3. Etella pele lipuisano tsena ‘me u ba botse hore “Na hoo ke ‘nete kapa ha se ‘nete”,

“ke litlamorao li fe tse ka tlisoang ke lipuo tsee? Re ka fetola lipuo tsee joang?

Phethela ketsahalo ena ka hore ‘Re buile ka litumelo tse ngata tse teng metseng ea rona –

tse ling li matla ho feta tse ling. Tse ling li ipapisitse le moetlo ha tse ling ele tse se nang

motheo. Litumelo tseo re buileng ka tsona li ka ba kotsi ho rona hobane li eketsa menyetla

ea ho fumana tšoaetso ea HIV. Leha ho le thata joalo, ho bohlokoa ho rona ho qholotsa

litloaelo le meetlo ena e re behang kotsing ea HIV.

115
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

116

Ketsahalo ea 3:

Ho fetola litumelo tse bakang kotsi

(Tšoantšiso)

Ketsahalong ena u tla sebelisa mokhoa oa Tšoantšiso ea ‘Qala-emisa’ ho itloaetsa ho qala

lipuisano ka litumelo le litloaelo tsa rona tse re behang kotsing ea HIV. Batho ba bangata ba na

le bothata ba ho qala lipuisano ka litumelo le litloaelo tsa rona le ho liphethela hantle. Ketsahalo

ena e tla re thusa hore re itloaetse ho ba le lipuisano tse ntle.

Tšoantšiso ena e tšoana le tšoantšiso e tloaelehileng, empa e tlama litho tsa lihlopha tse ling ho

nka karolo tšoantšisong ele hore li fetole tsela eo tšoantšiso e qetellang ka eona. Sepheo ke hore

ba shebelletseng ba thuse ba etsang tšoantšiso ho fihlela sephetho se amohelehang ho litho tsa

sehlopha kaofela.

Mokhoa oa ho etsa tšoantšiso: Batho ba babeli ba etsa tšoantšiso e le ‘ngoe ho tsena tse hlahang

thutong ena. Ba tla etsa tšoantšiso ena ho fihlela qetellong. Batho bana ba babeli ba etsa

tšoantšiso ena hape, empa lekhetlong lena ba shebelletseng ba ka emisa tšoantšiso hara nako ‘me

ba nka sebaka sa ba neng ba ntse ba etsa tšoantšiso. Motho ea mocha ea qetang ho nka karolo

tšoantšisong ena a ka fetola mokhoa oo tšoantšiso e qetellang ka ona. Mokhoa ona o lumella

litho tsa sehlopha ho fetola likarolo tse ling tsa tšoantšiso e le ho fihlela tharollo le hore e felelle

hantle, ka mokhoa o kholisang bohle hore tharollo e teng.

Mokhoa oa ho tsamaisa thuto

Pele thuto e qala, khetha e ‘ngoe ea litšoantšiso tse hlahang sehloohong sa “Ho fetola litumelo le

litloaelo tse behang maphelo a rona kotsing”. Khetha baithaopi ba babeli. Ba kope ho itlhophela

ho tla etsa tšoantšiso eo u e khethileng.

Mohlala – tšoantšiso ea 2. Mosali (eo e leng eena sebapali sa mantlha) o belaela hore monna oa

hae ha a tšepahale, ‘me o batla ho buisana le eena ka taba ea ho sebelisa likhohlopo le ho ea

tlhatlhobong ea HIV. Empa mokhoa o a qalang lipuisano tsena ka oona ha o motle, ba qabana

‘me qetellong eba ntoa e mahlo mafubelu.

Hlokomelisa baithaopi bana ba babeli hore e le ho itlhophela tšoantšiso ena, ba lokela ho bua ka

lintho tse utloisang bohloko le ho mpefatsa boemo. Tsoantsiso e se ke ea qetella ka mokhoa o

monate.

Hang ha o khotsofetse ke ka moo tšoantšiso e tsamaileng ka teng, bolella baithaopi bana hore ba

tla etsa tšoantšiso ena ka pele ho sehlopha kaofela.
THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

1. Pele tšoantšiso e qala. Hlalosetsa sehlopha hore baithaopi ba babeli ba tla etsa tšoantšiso

e bontšang ka moo puisano e nepahetseng e tšoanelang ho ba ka teng.

2. Tšoantšiso e etsoa lekhetlo la pele: Kopa baithaopi ba babeli ho etsa tšoantšiso eo ba

itokiselitseng eona pele thuto e qala. Khothaletsa litho tse ling ho opela baithaopi bana

mahofi ha tšoantšiso e feela. Botsa sehlopha hore na se bone mosali a le joang le hore na

maikutlo a bona ke afe ka moo tšoantšiso e qetelletseng ka teng.

3. Tšoantšiso e etsoa lekhetlo la bobeli. Bolella litho tsa sehlopha hore baithaopi ba tla pheta

tšoantšiso hape, feela khetlong lena litho tse ling li tla emisa tšoantšiso ha li nahana hore

mosali o bua kapa o etsa ntho e mpefatsang boemo. Motho a ka emisa tšoantšiso ka ho

phahamisa letsoho.

4. Tšoantšiso e tla emisa nakoana. Motho ea ileng a emisa tšoantšiso a nke sebaka sa mosali

‘me a leke ho matlafatsa mokhoa oo tšoantšiso e fellang ka ona.

5. Tšoantšiso e tsoele pele. Haeba sehlopha se nahana hore sebapali se secha se etsa hore

boemo bo mpefale, kapa ho bua lintho tse sa natefiseng tšoantšiso, se ka emisa tšoantšiso

eaba setho se seng se nka sebaka sa sebapali sena tšoantšisong ena.

6.

Tšoantšiso e ka emisoa ebe e fetoloe ho fihlela sehlopha se utloa eka e felella ka tsela e

nepahetseng, e kholisehang.

7. Arola litho tsa sehlopha ka lihlotšoana tsa batho ba bane sehlopha ka seng. Kopa

sehlopha ka seng ho khetha likarete tsa tšoantšiso tsa bochaba le bonyatsi e be ba

itokisetsa ho etsa tšoantšiso e buang ka litaba tse kareteng eo li e khethileng.

8.

Kamor’a metsotso e 15, sehlopha sa pele se tla etsa tšoantšiso ea sona ba sebelisa

mokhoa oa ‘Emisa-Qala’

9. Kamor’a hore lihlopha tsohle li etse litšoantšiso tsa tsona, sebetsa ‘moho le litho tsa

sehlopha ho etsa lethathamo la lintho “TSE MOLEMO” le “TSE SENG MOLEMO” tseo

motho a ka li etsang ho bua ka litaba tse hlokolosi.

Bochaba bo ama bonyatsi kapa ho etsa thobalano le batho ba

bangata ka nako e le ‘ngoe joang?

Tšoantšiso ea 1. Mosali ea sa nyaloang (ke eena sebapali sa mantlha) o batla ho buisana ka

litaba tsa thobalano le khokahano ea thobalano le mora oa hae ea lilemo li 22 ea kenang

sekolong se seholo sa sechaba (NUL). Empa o sitoa ho buisana le eena hobane o sebelisa

mokhoa o sa lokang oa ho qala puisano ena.

Tšoantšiso ea 2: Limakatso (ke eena sebapali sa mantlha) o nyetsoe ke monna ea mo fetang

ka lilemo tse leshome. O mo rata haholo empa o lla ka hore monna oa hae ha mo khotsofatse

ka thobalano. O ratana le monna e monyane ho eena ka lilemo ea mo khotsofatsang ka

117
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

thobalano. Limakatso ha rate hore ebe ha a tšepahalle monna oa hae ka hona o etsa qeto ea

ho bua le eena ka litlhoko tsa hae tsa thobalano. Ka bosiu bo bong o ile a leka ho buisana le

monna oa hae, ‘me monna o tlaloa ke khalefo a ba ‘mitsa letekatse, a ‘mo botsa le hore na o

tsoa ithuta lintho tsena tseo a li batllang hokae.

Tšoantšiso ea 3: Mosali e monyane lilemong (ke eena sebapali sa mantlha) o bua le ‘m’ae

matsale ka matšoenyeho a hae ka hore monna oa hae ona le linyatsi ‘me boitšoaro bona ba

hae bo sa lokang bo na le tšusumetso ho mafahla a bona a bashanyana a lilemo li 15. Mosali

enoa o ea ho ‘mae matsale ho kopa boeletsi hore na a ka etsang hore a khotsafatse monna oa

hae ka thobalano.Ma’e matsale a halefa ke puisano ena aba a supa ngoetsi ka monoana le

ho mo bona molato hore ebe monna o itšoere joalo. Ba qetella ka ho supana ka menoana ka

taba ena.

Tšoantšiso ea 4: Khabane (ke eena sebapali sa mantlha) o nyetse Lerato, mosali ea nang le

khoebo e atlehileng. Khabane o re mosali oa hae ha a mo hlomphe hobane a fumana chelete

e fetang ea hae. Ka letsatsi le leng bo-malom’a Lerato ba bolella Khabane hore Lerato o

ratana le bahlankana ba banyane lilemong, o noa joala le bona ‘me o kena thobalanong le

bona bahlankana bana. Ba re Khabane o hloka ho khalemela Lerato. Ha lelapa le ka tseba,

ntho ena e tla tlisa mahlabisa lihlong a tšabehang malapeng a bona ka bobeli. Litaba tsena

tsa bo-malom’a Lerato ha se linnete, joale nakong eo Khabane a li botsang Lerato, e qetella e

le ntoa e mahlo mafubelu.

Tšoantšiso ea 5: Monna-moholo e mong oa lelapa, o tsebisa mosali oa mohlolohali (ke eena

sebapali sa mantlha) le ‘m’ae hore kaha monna oa hae ese e le mofu, lelapa le tla lokela

ho hlokomela mosali enoa. Ka hona o tla lokeloa ke ho nyaloa ke moena oa mofu. ‘M’ae o

tšelisa morali oa hae ‘me o mo tšepisa hore lintho li tla loka. Le ha ho le joalo, mohlolohali

enoa o ngongoreile haholo ka moena oa mohats’ae hobane o utloile ho thoe o na le likharebe

tse ‘maloa. Ha a ba tle ho nyaloa ke eena. O tsebisa lelapa ‘me ba tlaloa ke khalefo e kholo.

Tšoantšiso ea 6: Ntate Mofokeng o tlasa khatello ea maikutlo, ‘me o lula a shebile bosiu.

Kharebe ea hae ‘Masentle e hana ho sebelisa likhohlopo, o batla ho ba le ngoana e le hore

e be mosali ea phethahetseng. O re ha Ntate Mofokeng a mo rata o tla mo tšepa, ‘me ha a

mo tšepa a ke ke a mo qobella ho sebelisa khohlopo. Mosali oa Ntate Mofokeng oa tseba

ka ‘Masentle ‘me o elellisitse ntate Mofokeng hore a se ke be a senya ngoanana enoa. Ntate

Mofokeng a ka etsa joang hore ‘Masentle a lumele ho sebelisa likhohlopo?

Qetella thuto, e re,

118

Ho qala puisano ka litaba tsa bophelo bo botle ba thobalano LE ho itšireletsa khahlanong

le HIV ho ka ba thata. Re lokela ho itokisa hore na re ka beha litaba tsa rona joang pele

rea lipuisanong.

U ka botsa metsoalle ea hau kapa batho ba sebetsang litsing tse sebeletsang sechaba hore

na u ka qala lipuisano tsena joang ka tsela e tla tlisa litholoana tse molemo.
THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

Ketsahalo ea 4:

Ha re phureng leshoatla ka taba ena:

Bonyatsi bo ka feela.

Khetlong lena re tla buisana joalo ka ha bahlomphehi ba buisana ka paramenteng. Ka

lehlakoreng le leng ke ‘muso o batla ho fetisa molao o reng ‘bonyatsi kapa ho etsa thobalano

le batho ba fetang bo-ngoe ka nako e le ngoe’ ke tlolo ea molao. Lehlakore la bohanyetsi lona

le lumela hore seo se ke ke sa etsahala. ‘Muso o hlophisa lipuisano lipakeng tsa mahlakore a

mabeli.

Mekhoa ea ho tsamaisa THUTO

1.

Arola litho tsa sehlopha lihlotšoana tse tharo. Sehlopha sa pele se emetse ‘muso, sehlopha

sa bobeli sona ke sa bohanyetsi, sehlopha sa boraro sona ke sa sechaba.

‘MUSO o tsitlallela hore: Re ka fetola tloaelo ea ho bonyatsi le ho etsa thobalano le

batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe. Bonyatsi bo ka feela!

BOHANYETSI bo tsitlallela hore: Re ke ke ra fetola tloaelo ea bonyatsi, ke moetlo oa

rona

Sehlopha sa boraro se tla ikhakanya ka hore ke litho tsa sechaba tse mametseng ka hloko

ha ho qothisanoa lehlokoa. Ba tsoa sehlopheng sa tšehetso ‘me ba lumela hore Basotho

ba ka fetola boitšoaro ba bona mabapi le ho bohlola kapa ho etsa thobalano le batho ba

bangata ka nako e le ‘ngoe. Ba bone batho ba fetoha, ‘me ba qala ho sebelisa likhohlopo,

joale ba tseba hore batho ba ka fetola mekhoa le litloaelo tsa bona.

2. Fa lihlopha metsotso e 15 ho itlhophela lipuisano tsena. Hopotsa lihlopha ho etsa

lethathamo la lintlha tsa tsona, ba boele ba nahane ka hore na “lehlakore le leng” le ka

hlahisa lintlha li feng, ‘me ba itukisetsa ho qothisana lehlokoa ka lintlha tsena.

3. Bolella litho tsa sechaba hore ba tla fumana monyetla oa ho botsa mahlakore ka bobeli

lipotso qetellong ea lipuisano. Ba lokela ho nahana lipotso tseo ba tla li botsa. Ha ba

lumelloa ho etsa puo, ba lumeletsoe feela ho botsa potso. Haeba ba etsa puo ba tla tebeloa

ka paramenteng.

4. Hlopha sebaka hantle moo ho tla tšoareloa lipuisanong tsena. Khetha moithaopi ea

tla boloka nako. Mosebetsi oa hae lipuisanong tsena ke ho etsa bonnete ba hore ho bua

motho a le mong ka nako le hore re be le lipuisano re se ke ra etsa khang. Lumella

BOHANYETSI ho bua pele. Bana le metsotso e meraro. Kamor’a mona fa lehlakore

la ‘muso sebaka sa ho bua. Le bona ba fuoa metsotso e meraro. Tsoelapele ho fana ka

metsotso e meraro ho sehlopha ka seng.

119
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

120

5. Kamor’a hore mahlakore ka bobeli a hlahise maikutlo lekhetlo la bobeli, litho tsa sechaba

li ka botsa bohanyetsi lipotso tse peli le ‘Muso lipotso tse peli. Sehlopha sa bohanyetsi le

sa ‘muso se tla fuoa metsotso e ’meli ho arabela potso ka ‘ngoe.

6. Hang ha mahlakore ka bobeli a arabile lipotso tse tsoang ho sechaba, emisa lipuisano.

Bolella lihlopha tsohle hore ‘muso o tla tšoara lipitso ho bua ka litaba tsena metseng ho

utloa maikutlo a sechaba sa Lesotho. Kopa litho tsa sehlopha ho etsa lesakana la nkope.

Bohle re tla ba ntho e le ‘ngoe, re be sechaba (ha ho sa na ba emetseng ‘muso kapa

bohanyetsi).

7. Botsa sechaba, hore na se ithutile eng lipuisanong tsena tsa paramente le hore na Lesotho

mona ba ka fetola tloaelo ea ho bonyatsi kapa ho etsa thobalano le batho ba bangata ka

nako e le ngoe joang?

8.

Botsa lipotso tse latelang ‘me o ngole likarabo holim’a pampiri e kholo:

Ke se feng seo motho ka mong a ka se etsang ho fokotsa sekhahla sa bonyatsi kapa

bohlola?

Ke se feng seo re ka se etsang metseng ea rona, re le sechaba ho fokotsa sekhahla sa

bonyatsi kapa bohlola?

Ke se feng seo ‘Muso le baeta-pele ba bang ba ka se etsang ho fokotsa sekhahla sa

bonyatsi kapa bohlola?

Qetela thuto ena ka litaba tse monate. Hopotsa sehlopha hore Lesotho mona

batho ba fetotse boitšoaro ka kakaretso. Mehlala:

Bonyane ke batho ba mashome a mahlano hoba lekholo (50%) ba sebelisang

likhohlopo. Sena se ne se sa etsahale lilemo tse leshome tse fetileng.

Re na le Molao oa Litlolo tsa Molao oa Thobalano. Molao ona o hlalosa hore

ke tlolo ea molao ho etsa thobalano le mosali oa hao kantle ho tumello ea hae.

Sena se ne se sa etsahale lilemo tse 15 tse fetileng.

Lefatšeng ka bophara, lintho li’a fetoha.

Bonyatsi bo ka feela ha bohle re kenya letsoho ho fetola litloaelo tsa rona.

Lesakana le Koalang:

Kopa bohle ho etsa lesakana la nkope. Kopa litho tsa sehlopha ho nka metsotso e ‘maloa ba

nahana ka lipina tse khutšoane tseo ba li tsebang kapa lipale kapa maelana a hlalosang mokhoa

oo monna kapa mosali oa sebele oa Mosotho a lokelang ho itšoara ka ona litabeng tsa thobalano.

Kopa litho tsa sehlopha ho ithaopela ho etsa tšoantšiso, ho bina pina kapa ho arolelana maelana

ka monna oa sebele le mosali oa sebele, qalong ea thuto e hlahlamang.
THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa foromo ea boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi. Botsa

sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea kajeno, ka hore ba arabe lipotso tse hlahang foromong

ena, ’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo ena. Bolella sehlopha hore bonyane le tla nka

metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena.

THUTO EA 7: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA

EOnA

Litloaelo tse ling tsa bochaba, bolumeli le boleng li re beha kotsing e kholo ea tšoaetso

ea HIV.

Litloaelo tsena tsa bochaba li ka fetoha. Phetoho e qala ka rona.

Re ka qholotsa litloaelo tsa bochaba tse re behang kotsing ea tšoaetso ea HIV.

Tseba boleng ba hao. Tsitlallela boleng ba hao.’

‘ha u se na boikemelo, u tla sebelisoa hampe’

THUTO EA 7: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA THUTO

SECHABEng

1. Mema metsoalle ea hao hore le be ‘moho bosiu le tlo etsa litšoantšiso le sebelisa

mokhoa oa papali ea ‘Qala-emisa-tsoela pele’ ‘me hona ho tla etsa hore le natefelloe

haholo.

2.

Hlophisa lipuisano tse ngangisanang lipakeng tsa lihlopha tse fapaneng tse teng

motseng oa heno (mohlala, lihlopha tsa kereke, le lihlopha tsa bacha).

3. Kopa motho e mong eo e leng ngaka ea moetlo ho bua le sehlopha sa hao ka kamoo

bochaba le litloaelo li fetohileng ka teng mehleng ena ha re bapisa le nakong ea ho

feta.

4. Hlophisa “Mokete oa Bochaba” moo le tla buisana kapa le etse litšoantšiso le

shebisana hore na ke litumelo le litloaelo life tse kotsi le tse seng kotsi.

121
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

122

THUTo Ea 8

BANNA BA SEBELE

LE BASALI BA SEBELE

Ketsahalo ea 1: Phapano ke e fe lipakeng tsa botona le botšehali LE

teka-teka-tekano? ...................................................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 2: “Banna ba sebele ba Basotho” le “Basali ba sebele ba

Basotho” ...............................................................................metsotso e 30

Ketsahalo ea 3: Papali ea Kea lumela/ Ha ke lumele ........................................metsotso e 60

Ketsahalo ea 4: Ke mang ea nang le matla? .....................................................Metsotso e 30

Lesakana le Koalang: U ka rata ho ba mang? .....................................................Metsotso e 10

p

Lihora tse 2 ½
THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA SEBELE

Tse tla ithutoa Qetellong ea ketsahalo litho tsa sehlopha li lokela ho:

Kakaretso ea

Thuto

Lisebelisuoa tse

hlokahalang

1.

2.

Utloisisa hore phapang e teng lipakeng tsa banna le basali e ke

keng ea fetoloa ke feela ea popo ea bona

Ho ba le tšepo e tiile ea hore litumelo tse kotsi tsa boitšoaro ba

banna le basali li ka fetoha.

3. Tseba hore ho itšireletsa khahlanong le tšoaetso ea HIV re

lokela ho fetola mekhoa eo re lebeletseng hore basali le banna

ba be ka eona.

4.

Ithuta malebela le mekhoa ea ho bua le moratuoa oa hae ka

hore na ba ka thibela HIV joang.

Ketsahalo ea 1: Phapang ke e fe lipakeng tsa botona le botšehali

LE tekano? Sehlopha se tla buisana ka phapang e teng lipakeng

tsa mantsoe ana, ‘me motataisi a phethele ka ho bontša sehlopha

lethathamo le ngotsoeng.

Ketsahalo ea 2: “banna ba sebele le basali ba sebele”. U etsa

lethathamo la makhabane ao monna oa sebele le mosali oa sebele ba

lokelang ho ba le oona ‘me le buisana ka moo litumelo tsena li behang

banna le basali kotsing e kholo ea ho ba le tšoaetso ea HIV.

Ketsahalo ea 3: Papali ea Kea lumela/ Ha ke lumele. Litho tsa

sehlopha li bue hore na ba lumellana kapa ha ba lumellane le polelo e

buang ka teka-tekano.

Ketsahalo ea 4: Ke mang ea nang le matla? U sebelisa likarete tse

bontšang ‘batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona’, ho

buisana ka hore na ho se lekane ka matla likamanong tsa rona ho ka

re beha kotsing ea tšoaetso ea HIV joang. Kamorao leka ho fumana

litsebo tseo ba senang matlang ba hlokang ho ba le tsona le mekhoa

eo ba ka e sebelisang ho ipuella le ho etsa liqeto holima litaba tse ba

amang tsa thobalano.

Ketsahalo ea 3: LIPOLELO

TSA KEA LUMELA, HA KE

LUMELE

Ketsahalo ea 4: Likarete tsa

batho ba tšoanang le ba phelang

metseng ea rona’

123
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

124

Selelekela

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha

tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea

kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima

liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena

u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele

maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea

ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno

le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo

la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li

ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola

hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka

foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

KETSAHALO EA 1: Phapano ke efe

lipakeng tsa botona, botšehali le tekatekano?

Ketsahalo ena e reretsoe ho thusa litho tsa sehlopha ho utloisisa phapano lipakeng tsa botona,

botšehali le teka-tekano.

1. Botsa litho tsa sehlopha seo ba se nahanang ha u re “Lintho tse supang hore motho o

motona”.

Ba lokela ho bolela litho tsa hae tsa ‘mele joale ka botona le marete.

2. Botsa litho tsa sehlopha seo ba se nahanang ha u re “Mesebetsi ea monna ke bo feng”.

Hlalosa hore “mesebetsi ea monna” e bolela boikarabello boo a lokelang ho bo phetha le

tsela ea boitšoaro, tsela eo a nahanang ka eona le lintho tseo a lebeletsoeng ho tseba ho li

etsa hobane feela e le monna.
THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA SEBELE

3. Fana ka mehlala ea boikarabello, le boitšoaro boo sechaba se lebeletseng hore motho

oa Monna a be le tsona le lintho tseo a lebeletsoeng ho tseba ho li etsa le ho li phetha.

Mehlala e kenyeletsa:

Ke boikarabello ba banna ho tlisa chelete ka lapeng.

Sechaba se halala (bonna ba) monna ha a nyala a so ka ba a eba le thobalano.

Monna o lumelloa le ho lebelloa ho ba le baratuoa ba bangata pele (le kamor’a)

hore a nyale.

Monna o lebeletsoe hore e be monna ea shahlileng ‘meleng. O lebeletsoe ho tseba ho

aha le ho lokisa lintho.

4. Kopa litho tsa sehlopha ho buisana ka mesebetsi eo basali ba lebeletsoeng ho e etsa, tsela

ea ho nahana le boitšoaro boo ba lebeletsoeng ho ba le bona hobane e le basali. Mehlala

e ka kenyeletsa: Basali ba holisa bana; basali ba ke ke ba kopa thobalano; basali ba

hlokomela batho ba kulang.

5.

Bontša litho tsa sehlopha litaba tse latelang e le hore bohle re hlakeloe ke phapano

lipakeng tsa boleng le teka-tekano.

Botona le botšehali Teka-tekano

Popeho ea tlhaho (likarolo tsa ‘mele tse

amanang le pelehi)

Lelapa le sechaba se lebeletse hore motho a etse

mesebetsi ena, (e ka susumetsoa ke moetlo).

Ke lintho tseo a hlahileng ka tsona Motho o ithuta tsona ka ho liqopitsa ho ba bang,

tse ling oa li rutoa

Ha e fetohe

Ho tloha khale khale, lilemo tse likete-kete

tse fetileng batho ba batona le ba batšehali

ba bopiloe ka tsela ena

Qetella ketsahalo, hlalosa hore:

E feto- fetoha le nako

Lintho tseo ka nako e itseng li neng li lebeletsoe

ho banna kapa basali lia fetoha ha litlhoko tsa

sechaba li ntse li fetoha.

` Litloaelo le litebello ka litaba tsa teka-tekano tse teng sechabeng sa rona hangata ke

tsona sesosa sa mathata. Mohlala, basali ba tsaba ho bua k bohlokoa ba likhohlopo

thobalanong hobane ba tšaba hore ho tla thoe “ha ba tšepahale” kapa hona ho otloa.

Maemo a kotsi ao banna ba ipehang ho ona hobane ba utloa ba hloka ho ba le baratuoa

ba bangata ho bontša matla a bona a bonna thobalano.

` Litloaelo tsena tsa teka-tekano li etsa hore ho be thata ho banna le basali ho itšireletsa

khahlanong le mafu a likobo le HIV le AIDS.

125
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

126

KETSAHALO EA 2:

“Monna oa Mosotho oa SEBELE” le

“Mosali oa Mosotho oa SEBELE”

Re tla sheba tse ling tsa litebello tseo sechaba se nang le tsona ka hore na u lokela ho itšoara

joang ha u le “monna oa Mosotho oa sebele” kapa “Mosali oa Mosotho oa sebele”.

Mokhoa oa ho tsamaisa thuto

1.

2.

Hlalosetsa litho tsa sehlopha hore ho na le maikutlo a atileng sechabeng mona, hore na

banna le basali ba lokela ho nahana, ho ikutloa, ho shebahala joang le ho itšoara joang.

Manamisa maqephe a mabeli a maholo hammoho leboteng. Leqepheng le leng, ngola

sehlooho “MONNA OA SEBELE” ho le leng, “MOSALI OA SEBELE”.

3. Kopa litho tsa sehlopha ho nahana ka makhabane kapa lintho tse leshome tse etsang hore

motho e be “Monna oa Mosotho oa Sebele” ho ea ka litebello sa sechaba sa motse oa

habo rona EBE ba nahana ka makhabane a leshome a etsang hore motho e be “Mosali oa

Mosotho oa Sebele” ho ea ka litebello sa sechaba sa motse oa habo rona.

4. Hopotsa litho tsa sehlopha ka litaba tseo ba ithutileng tsona ha ba koala thuto e fetileng,

‘me u ba botse hore na ba se ba nahanne lipina kapa maele a sebelisoang motseng oa

bona a buang ka “monna oa Mosotho oa sebele” kapa “mosali oa Mosotho oa sebele”.

5.

Kopa litho tsa sehlopha ho bina lipina tsena le ho arolelana maele kapa lipuo tse

tloaelehileng.

6. Ha sehlopha se ntse se bina le ho buisana ka maele le lipuo, ngola lipolelo tse hlalosang

“Monna oa Mosotho oa sebele” kapa “Mosali oa Mosotho oa sebele” holim’a pampiri e

kholo.

7.

Buisanang ka lipotso tse latelang le sehlopha.

` Na lipolelo tsee tse buang ka banna ba sebele le basali ba sebele ke ‘nete? Na ke

tsela eo banna le basali ba leng eona?

` Lipolelo tsee tsa “banna ba sebele” le “basali ba sebele” li beha basali kotsing e

kholo ea tšoaetso ea HIV joang?

` Lipolelo tsee tsa “banna ba sebele” le “basali ba sebele” li beha banna kotsing e

kholo ea tšoaetso ea HIV joang?

Re ka fetola maikutlo ae joang?
THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA SEBELE

KETSAHALO EA 3:

Papali ea kea Lumela, ha ke lumele

Ketsahalong ena litho tsa sehlopha li tla ema pel’a lipampiri tse fapaneng,t se ngotsoeng ebile

li na le matšoao a latelang: Ea pele e be le sehlooho sa “KEA LUMELA” (e be le sefahleho se

thabileng); ea bobeli e be le sehlooho sa “HA KE LUMELE” (e be le sefahleho se sa thabang)

ea boraro e be le sehlooho sa “HA KE TSEBE HANTLE” e be le letšoao la potso. Litho tsa

sehlopha li tla bontša maikutlo a tsona le litumelo tsa bona holima litaba tsa teka-tekano, botona

le botšehali ka ho ema pela pampiri ea ‘kea lumela’, ‘ha ke lumele’ kapa ‘ha ke tsebe hantle’.

Sepheo sa papali ena ke ho khothaletsa puisano le ho sheba tsela eo re utloisisang le ho nahana

ka eona, le litumelo tsa rona holima litaba tsa teka-tekano, botona le botšehali le litholoana tsa

tsona nakong ena ea HIV le AIDS.

Hopotsa litho tsa sehlopha hore e mong le e mong o na le tokelo ea ho ba le maikutlo a fapaneng

le a batho ba bang, le hore maikutlo a bohle a lokela ho hlomphuoa.

127
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

MOKHOA EA HO TSAMAISA PAPALI

128

1. Hopola hore ho fetola boitšoaro hangata ho kenyeletsa ho fetola tsela eo re nahanang ka

eona le litumelo tsa rona. Ka nako e ngoe re ka ba lesisitheho ho fetoha kaha re lumela

linthong tsena.

2.

3.

Amohela hore batho ba tla ba le maikutlo a fapaneng, ‘me u se fetele polelong e

hlahlamang kapele. Fa batho monyetla oa ho bua maikutlo a bona a fapaneng.

Hlokomela tsela eo u nahanang ka eona, ‘me maikutlo a hau a se ke a susumetsa

lipuisano.

4. Lokisa lipampiri tse kholo tse tharo. Ea pele e be le sehlooho, “KEA LUMELA” (e

be le sefahleho se thabileng); e ‘ngoe e be le sehlooho, “HA KE LUMELE” (e be le

sefahleho se sa thabang) ea boraro, “HA KE TSEBE HANTLE” e be le letšoao la

potso.

5. Bala polelo ea pele u hoelehelitse.

Sebelisa likarete tsa kea lumela, ha ke lumele, tse

tsoang ka lebokoseng la lithusa-thuto kapa u bale lipolelo tsena tse ngotsoeng bukeng

mona (tlasa sehlooho sa lipolelo tsa ‘kea lumela’ le ‘ha ke lumele’. Kopa litho tsa sehlopha

ho ema pel’a pampiri e nang le letšoao (‘Kea lumela’, ‘ha ke lumele’ kapa ‘ha ke tsebe

hantle’) le lumellana le maikutlo a bona ka polelo ena.

6. Kamor’a hore litho tsa sehlopha li eme pel’a letšoao, kopa a le mong kapa ba babeli

ba emeng pel’a letšoao ka leng ho hlalosa hore na ba khethile letšoao lena hobaneng.

Ba kope ho bolela hore na hobaneng ba ikutloa ka tsela ena ka polelo ena.

7. Kamor’a hore litho tsa sehlopha tse ‘maloa li bolele maikutlo a tsona malebana le polelo,

botsa hore na ho na le e mong ea batlang ho fetola maikutlo a ee letšoaong le leng.

Kamor’a mona bokella bohle hammoho har’a ntlo ‘me u bale polelo e hlahlamang.

8. Haeba litho tsa sehlopha kaofela li lumellana ka maikutlo holima polelo e le e ‘ngoe, a ku

fapane le bona ka maikutlo u ee lehlakoreng le leng la ntlo ‘me u botse, “Hobaneng motho

e mong a ka ema ka lehlakoreng lee la ntlo?” (Mohlala, ke boleng bofe boo motho a ka

bang le bona bo ka ba behang moo?)
liPOlElO TSA KEA lUMElA, HA KE lUMElE

1.

2.

3.

4.

5.

6.

7.

8.

9.

10.

11.

Ho bobebe ho ba monna ho feta ho ba mosali.

THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA SEBELE

Ha mosali e le mokhachane, ho thibela tšoaetso ea HIV ho fetela ho leseea

ke boikarabelo ba hae a le mong hobane ke eena ea jereng ngoana.

Ke ntho e mpe haholo ha mosali a ena le baratuoa ba bangata. Ha monna a etsa

sena ha se ntho e mpe haholo.

Monna o tlameha ho khalemela mosali oa hae.

Thobalano e bohlokoa haholo ho banna ho feta basali.

Monna o tšepahalla mosali oa hae ha a mo patella likamano tsa lerato tseo a nang

le tsona le batho ba bang.

Monna o tšepahalla mosali ha a ntse a mo tšehetsa ebile a hlokomela lelapa la

hae.

Mosali ea bolokang khohlopo ka mokotleng oa hae o itlhahisa a fokola ebile banna

ba ka mo ‘tella ha bobebe’.

Basali ba bohlale ho feta banna.

Basali ba aparang liphahlo tse hlahisang ‘mele ea bona ha ba itlhomphe.

Ho thata ho banna ho laola litakatso tsa bona tsa thobalano.

9. Kamor’a ho bala lipolelo, etella lipuisano pele ka ho botsa lipotso tse latelang:

Ho hloka kutloisiso e lekaneng ka litaba tsa teka-tekano ho ka beha banna le basali

kotsing ea tšoaetso ea HIV joang?

Teka-tekano e tlisa melemo e fe bophelong ba banna?

Qetella ketsahalo, e re,

Tsela eo re nahanang ka eona ka banna le basali e re beha kotsing ea tšoaetso ea HIV.

Re tlameha ho sebetsa hammoho ho qholotsa tsela eo re nahanang ka eona ka banna le

basali, haholo litaba tse behang banna le basali kotsing ea tšoaetso ea HIV.

Ha batho ba na le matla a sa lekaneng likamanong tsa bona, motho ea se nang matla o ba

kotsing e kholo ea tšoaetso ea HIV. Ketsahalong e latelang, re tla sheba mehlala e ‘maloa

e hlalosang litaba tsena.

129
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

130

KETSAHALO EA 4:

Ke mang ea nang le matla?

Ketsahalo ena re tla sebelisa likarete tsa ‘batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona’ tse

tsoang ka lebokoseng la Lithusa-thuto ho bontša likamano tsa lerato; re tla sheba hore na ke

mang ea nang le matla ka har’a kamano; le tsela eo motho enoa ea nang le matla a ka fokotsang

kotsi ea hae ea ho ba le tšoaetso ea HIV.

Ketsahalong ena, re tla sheba malebela le meralo e hlokahalang likamanong tsa lerato tse

fapakaneng le hore na re ka fumana malebela ana joang.

Monna oa toropong

ea sebetsang

MEKHOA EA HO TSAMAISA KETSAHALO

Mosali oa mahaeng

1. Bokella litho tsa sehlopha hammoho pel’a tafole e nyane. Ntša lihlopha tse peli tsa

likarete tsa batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona tse tsoang ka lebokoseng la

lithusa-thuto. Sehlopha ka seng se na le likarete tse 20.
1.

2.

3.

4.

5.

6.

7.

8.

9.

10.

11.

THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA SEBELE

E MOTONA E MOTšEHALI

Moshanyana oa sekolo

Mookameli oa banka

Lesole

‘Moleli

Moqhobi oa koloi ea baeti

Monna ea sa sebetseng

Mohlokomeli

Setho sa sehlopha sa ‘mino

Molebeli oa chankana

Monna oa Motseng

Sehahi

12.

13.

14.

15.

16.

17.

18.

19.

20.

21.

Ngoanana oa sekolo

Letona la Khoebo le Limmaraka

Mong’a khoebo ea moriri

Mosebeletsi oa motseng

Mosebeletsi oa bophelo

Mocha ea nang le ngoana

Mosebetsi oa lifeme

Mooki

Mosali oa motseng

Motho ea hoebang ka ‘mele

Morekisi oa tseleng

2. Nka sehlopha ka seng sa likarete ‘me u se hlophe/hlokole. Beha lihlopha tse peli u li

shebisitse fatše li bapile. Kupulla likarete tse peli tse ka holimo ‘me u bontše litho tsa

sehlopha litšoantšo tse peli tse hlahang holima likarete.

3. Kopa litho tsa sehlopha ho nahana ka boemo ba thobalano ba batho bana ba babeli. Ba

botse hore na ho batho ba babeli baa, ba hlahang litšoantšong tsee, ke motho ofe ea ka

bang le matla a mangata kamanong ena? Hobaneng?

4. Kopa litho tsa sehlopha ho bolela malebela le meralo eo motho ea se nang matla ka li

hlokang ho ipuella, ho sireletsa bophelo ba hae le ho etsa liqeto tse nepahetseng holima

litaba tsa thobalano.

5. Kopa litho tsa sehlopha ho bolela malebela le meralo eo motho ea nang le matla a ka li

hlokang ho ipuella, ho sireletsa bophelo ba hae le ho etsa liqeto tse nepahetseng holima

litaba tsa thobalano.

6. Beha likarete tse sebelitseng ka tlaase- tlase. Bula likarete tse ncha tse peli, ‘me u phete

ketsahalo ena (e bontšang likamano lipakeng tsa batho ba babeli ba litšoantšong). Etsa

sena ka likarete tse ngata ho latela nako eo u nang le eona.

22.

131
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

132

7. Buisana le litho tsa sehlopha lipotso tse latelang ‘me u ngole likarabo tsa bona holim’a

pampiri e kholo.

Ketsahalo ee e amana joang le tloaelo ea bonyatsi?

Ke malebela le meralo e feng eo e leng ea bohlokoa sebakeng sa batho ba se nang

matla?

Re ka etsa joang ho ntlafatsa malebela le meralo ee?

NTLHA EA BOHLOKOA:

Haeba ho le thata ho nahana hore batho bana ba babeli ba bontšoang likareteng ba ka

ba le likamano tsa thobalano beha e ‘ngoe ea likarete ka tlase ho tse ling, kupolla e ncha

sebakeng sa eona. Etsa bonnete ba hore le buisana ka hore na hobaneng batho bana ba

ke ke ba ratana ho hang.

Ketsahalo ena ke monyetla o motle oa ho buisana ka likamano tsa lerato tseo batho ba ba

iphapanyetsang tsona kapa ba sa lumeleng hore lia etsahala joaloka thobalano lipakeng

tsa batho ba baholo le bana, kapa lipakeng tsa batho ba boleng bo le bong. Haeba litho

tsa sehlopha li sa lumele hore likamano tse joalo li ka ba teng, khothaletsa litho tsa

sehlopha ho sheba maemo a teng bophelong ba ha joale le ho amohela hore likamano tse

kang tsena lia etsahala, ho fapana le ho ahlola batho ba maemong ana.

Ho qetella ketsahalo,

Phapang ea matla e ama mokhoa oo

motho a kenang lipuisanong tsa thobalano

likamanong tsa hae tsa lerato. Motho ea

se nang matla o hloka tšehetso ea lelapa,

metsoalle le sechaba ka kakaretso e le ho

mo thusa ho ba le malebela le ho tseba

mekhoa eo a ka e sebelisang ho tšireletsa

bophelo ha hae. Ho lula ka hara likamano

tseo o hlokang matla ho ka ama bophelo

ba hao ka tsela e seng monate.

Hopotsa litho tsa sehlopha hore hangata

batho ba ba le likamano tsa thobalano

le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe

hobane ba hloka matla a ho ipuella kapa

matla a ho buisana le baratuoa ba bona.

Motho ea senang matla o ba kotsing e

kholo ea tšoaetso ea HIV. Mohlala, monna

NA U NE U TSEBA?

Liphuputsong tse entsoeng Lesotho mona, li

supa hore ka nako ea selemo, batho ba qalang

ho fumana tšoaetso ea HIV, ho batho ba lekholo

ba mashome a mabeli a metso e meraro (23)

e tla ba banna le basali ba nang le likamano

tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le

‘ngoe ‘me ba tšoaetse balekane ba bona (ho

ba ka har’a lenyalo) kapa baratuoa ba bona

ba mantlha (ho ba sa nyalang). (Litaba tsena li

qotsitsoeng liphuputsong tse entsoeng ke NAC/

UNAIDS Modes of Transmission Study, 2008).
THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA SEBELE

e moholo lilemong ea nang le likamano tsa thobalano le mosali e monyane lilemong. Mosali ea

futsanehileng ea ratanang le monna ea nyetseng ebile a na le chelete. Mosali eo monna oa hae a

sebetsang hole le hae.

Lesakana le Koalang: U ka rata ho ba mang?

Kopa litho tsa sehlopha ho lula fatse ba etse lesakana. Botsa: “Ha u no u ka ba motho eo u

mo ratang selemong se tlang, u no u tla khetha ho ba mang? Hobaneng? U ne u tla khetha ho

ba uena, haeba ho le joalo, hobaneng?” Fa motho e mong le e mong monyetla oa ho hlahisa

maikutlo a hae.

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa foromo ea boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi. Botsa

sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea kajeno, ka hore ba arabe lipotso tse hlahang foromong

ena, ’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo ena. Bolella sehlopha hore bonyane le tla nka

metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena.

THUTO EA 8: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA

EOnA

Ho se lekane ka matla likamanong tsa rona ho re beha kotsing ea tšoaetso ea

HIV.

Kaofela re na le boikarabelo ba ho kenya letsoho litabeng tsa teka-teka-tekano.

Ho aha sechaba seo ho sona banna le basali ba hlomphanang ho ka thusa ho

felisa ho ata ha HIV.

Ho ba le likamano tsa thobalano le motho ea u sieang ka lilemo tse leshome

kapa ho feta leshome ho ka ba kotsi ho uena. Lebaka ke hobane motho ea

moholo o na le matla holim’a ea monyenyane.

Ho ba likamanong tsa thobalano moo u fuoang “limpho” kapa lintho tse itseng

ho kotsi hobane hangata ea fanang ka limpho o ba le matla a mangata. Bophelo

ba hao bo bohlokoa ho feta lintho tse rekoang.

Nka mehato e menyane ho fetola boemo boo u senang matla a ho ipuelella

litabeng tsa thobalano.

“E ba mohlala, etsa lintho tse ntle tseo u ratang ha ba bang ba li etsa”.

“ho khata tema e nyane ha ho tšoane le ho se etse letho”.

133
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

134

1.

KETSAHAlO EA 8: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA

THUTO SECHABEng

Kopa sehlopha sa kereke kapa sa sekolo ho hlophisa pina ka teka-teka-tekano ea

banna le basali, ‘me ba bine pina ena moo ba tla bina teng haufinyane.

2. Etsa tšoantšiso e khutšoanyane ho bontša ka moo litebello le maikutlo a sechaba ka

banna le tsela eo ba lokelang ho ikutloa ka eona, ho nahana le ho itšoara ka eona, e

ba behang kotsing ea tšoaetsong ea HIV. Kopa mooki oa setsi sa bophelo hore na u ka

etsetsa bakuli tšoantšiso ena.

3. Leka ho ba le phutheho le baeta-pele litabeng tsa meetlo le lebollo. Ba kope hore na

u ka bua le bona ka litaba tse ncha tseo u li fumaneng ka likotsi tse itseng tsa hoba le

baratuoa ba bangata kapa bonyatsi.

4. Ngola pale ka mosali e mocha lilemong, ea sebete ea qholotsang maikutlo a teng

sechabeng sa rona ka litaba tsa teka-teka-tekano lipakeng tsa banna le basali. Boemo

ba hae ke bofe? O etsa eng? Ho etsahala eng ka eena? O fihlela tlholo joang? Romella

pale ena ho C-Change. Re ka nna ra phatlalatsa pale ena libukeng tse hlahlamang tse

tla hlahisoa ke C-Change.

5. Re ngolle maikutlo a hao. Re ngolle u re bolelle ka morero o bileng le katleho o e

ntsoeng ke sehlopha sa hau e le ho anaetsa thuto sechabeng. U ka hapela sehlopha sa

hao mpho.

6. Mema motho ea sebetsang Lefapheng la sepolesa la Tšireletso ea Basali le Bana ho tla

bua le sehlopha sa lona ka Molao oa Litlolo tsa Molao tsa Thobalano.
THUTo Ea 9

BARATUOA BA BUA KA

THOBALANO

Ketsahalo ea 1: Ho etsahalang ha baratuoa ba sena puisano? ...........................metsotso e 30

Ketsahalo ea 2: Tšoantšiso: baratuoa ba buisana ka thobalano .........................metsotso e 40

Ketsahalo ea 3: Ke eng seo banna le basali ba se batlang thobalanong? ............metsotso e 40

Ketsahalo ea 4: Ho ka etsahalang ha re ka etsa qeto ea ho buisana ka thobalano? . metsotso e 30

Lesakana le Koalang: Papali: Haeba ke ne ke le phoofolo ....................................metsotso e 10

p

Lihora tse 2 ½

135
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Tse tlang ho

ithutoa

Kakaretso ea

Liketsahalo

Lisebelisoa tse

Hlokahalang

HOPOLA

136

Qetellong ea thuto litho tsa sehlopha li lokela ho:

1.

2.

Ikutloa ba na le boitšepo ha ba bua ka thobalano le baratuoa ba

bona.

Ba le maqheka kapa malebela ao li ka a sebelisang ha ba bua le

baratuoa ba bona ka thobalano.

3. Kutloisiso ea kamano lipakeng tsa lipuisano, thobalano e sa

tširelletsehang le batho ba fetang bongoe, le ho itširelletsa

khahlanong le HIV.

Ketsahalo ea 1: Ho etsahalang ha Baratuoa ba sena puisano?

Ketsahalong ena litho tsa sehlopha li tla etsa setšoantšo kapa

tšoantšiso ho bontša boemo bo ka hlahang ha baratuoa ba sa bue ka

thobalano e tšireletsehileng le litlhoko tsa bona tsa thobalano.

Ketsahalo ea 2: Baratuoa ba bua ka thobalano. Litho tsa sehlopha

li etsa litšoantšiso tse bontšang puisano e ntle moo baratuoa ba

buisanang ka thobalano.

Ketsahalo ea 3: Ke eng seo banna le basali ba se batlang thobalanong?

Puisanong ena litho tsa sehlopha li buoa li phutholohile ka hore na

ke eng eo banna le basali ba batlang thobalanong. Banna ba tla etsa

lesakana ka hare, ebe basali ba etsa lesakana le potileng la banna,

empa ba furalletse.

Ketsahalo ea 4: Ho ka etsahalang ha re etsa qeto ea ho bua ka

thobalano? Ketsahalong ena rea ananela hore ho ka ba thata ho bua

ka thobalano e sireletsehileng le moratuoa oa hao. Taba ena e ka ba

le litholoana tse seng monate. Re tla phethela ka ho etsa setšoantšo

(ka melaetsa le ka litšoantšo) se bontšang melemo ea ho buisana ka

thobalano re phutholohile.

Lesakana le Koalang: “Haeba ke ne ke le phoofolo”, papali e koalang e

thusang ho aha boitšepo.

Ketsahalo ea 3: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO: Likarete tse

ngotseng lipale.

Etsa bonnete kamehla hore lintlha tse hlahisitsoeng ke litho tsa sehlopha tse ka

thathiseletsang litumelo tse sa nepahalang, mafosisa, menyenyetsi kapa kutloisiso e fokolang

li buisanoa ke litho tsa sehlopha kaofela.
Selelekela

THUTO EA 9: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha

tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea

kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima

liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena

u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele

maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea

ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno

le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo

la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li

ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola

hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka

foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

Ketsahalo ea 1:

Ho etsahalang ha Baratuoa

ba sena puisano?

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho hopotsa litho tsa sehlopha ka kamano lipakeng tsa ho etsa

thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe le ho se buisane ka litaba tsa thobalano.

Thutong ea bohlano (5), re ithutile hore le leng la mabaka a mantlha le etsang hore batho ba

be le likamano le batho ba bang empa ba ena le balekane ba bona kapa ba barutoa ba bona ba

mantlha, ke ho se buisane ka thobalano le ho se buisane ka litaba ka kakaretso.

Baratuoa ba lokela ho ithuta mekhoa ea ho bua ka thobalano. Ho bua ka litlhoko tsa rona tsa

thobalano le monate oa thobalano ho ka boloka likamano tsa rona tsa lerato ‘me ra qoba ho

ratana le batho ba bang ka thoko ho balekane ba rona kapa baratuoa ba rona ba mantlha.

137
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

138

1. Arola sehlopha lihlotšoana tse tharo. Fa sehlopha ka seng pampiri ea e kholo. Kopa

sehlopha ka seng ho etsa setšoantšo, kapa ho etsa tšoantšiso e khutšoane ka se ka

etsahalang ha baratuoa ba sa buisane ka thobalano, thobalano e tšireletsehileng le

litlhoko tsa bona tsa thobalano. Fa sehlopha lipene tse mebala tse tsoang ka lebokoseng la

lithusa-thuto.

2. Kamor’a metsotso e 15, bolella sehlotšoana ka seng ho etsa tšoantšiso kapa ho bontša

lihlopha tse ling litšoantšo tsa sona ka se ka etsahalang ha baratuoa ba sa buisane ka

thobalano.

3. Hopotsa litho tsa sehlopha ka tseo re ithutileng tsona thutong ea bohlano (5): le leng

la mabaka a mantlha ao banna le basali ba e bang le likamano tsa thobalano le batho

ba bangata ka nako e le ‘ngoe, ke hobane ba sa fumane thobalano e khotsofatsang

likamanong tsa bona tsa mantlha. Baratuoa ba ke ke ba khotsofatsana thobalanong ha

ba sa bue ba phuthullohile ka thobalano.

Qetella ketsahalo, e re

Kaofela re thatafalloa ke ho bua ka litebello, litlhoko tsa rona le tseo re li tšabang ka

thobalano le baratuoa ba rona. Esita le metsoalleng ea rona eo re ntšanang se inong le

bona, ho thata ho bua ka thobalano le bona!

Ho tloha bonyaneng ba rona re rutoa hore ha ho’a nepahala ho bua ka thobalano. Ha

re ntse re hola, re fumana hore ho litlhong ho bua ka thobalano. Basali ke bona ba

thatafalloang haholo ho bua ka litlhoko tsa bona tsa thobalano.

Litloaelo le boleng ba moetlo oa rona oa Basotho li re ruta hore ho fosahetse ho bua ka

thobalano ka bolokolohi. Litloaelo tsena li atile le lichabeng tse phelang linaheng tse ling.

Le ha ho le thata hakaalo, ke ntho eo re lokelang ho ithuta ho e etsa. Ho ka ba bobebe ho

bua ka thobalano ha re itloaetsa ho bua ka eona. ‘Me re ka una melemo e mengata ha re

buisana ka thobalano.
THUTO EA 9: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO

KETSAHALO EA 2:

Baratuoa ba bua ka thobalano

Re ka ba le lipuisano tse ntle, tse ntlafetseng ha re itloaetsa ho buisana; ho ka ba bobebe ho

bua ka thobalano ha re itloaetsa ho buisana ka eona. Ha re shebisaneng e meng ea mekhoa eo

re ka itloaetsang ho buisana ka monate oa thobalano, thobalano e tšireletsehileng le ho etsa

liqeto holima litaba tsa thobalano. Re tla etsa litšoantšiso. Hlokomela hore lipuisano tsena li

hloka hore re phuthullohe re bue maikutlo a rona re sa a soabele thobalano. Ba bang ba litho tsa

sehlopha ba ka nna ba utloa ba hlajoa ke litlhong kapa hona ele ho ba hobosa. Ba hopotse hore

thutong ena re tla shebisana mekhoa eo re ka thusanang ka eona hore re lule re itširelelitseng

khahlanong le tšoaetso ea HIV likamanong tsa rona tsa lerato.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Bolella litho tsa sehlopha ho ikarola ka bobeli, re etse litšoantšiso moo baratuoa ba ka

buang ka taba ea ho etsa liqeto ka thobalano le litholoana tse ntle tseo ba li kotutseng ka

ho buisana ka sena. Litšoantšiso li bua ka puisano e atlehileng. Litšoantšiso li lokela ho

bontša kamoo baratuoa ba atlehileng ho buisana ka bothata ba bona le ho bo rarolla.

2.

Fa litho tsa sehlopha lipampiri tsa litšoantšiso tse tsoang ka lebokoseng la lithusa-thuto.

liTšOAnTšiSO: BARATUOA BA BUiSAnA KA THOBAlAnO lE

HO ETSA liQETO KA THOBAlAnO

Tšoantšiso ea 1. Limakatso o

nyetsoe ke monna ea moholo

ho eena. O mo siea ka lilemo

tse 10. O mo rata haholo

empa monna’hae ha a mo

khotsofatse thobalanong. Ka

ntle ho molekane oa hae, o etsa

thobalano le mohlankana a

monyane eo a ratanang le eena.

Ha a batle ho hloka botšepehi

ho monna oa hae, kahoo o rera

ho bua le eena ka litlhoko tsa

hae tsa thobalano..

139
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

140

Tšoantšiso ea 2. Ntsoaki ke

ngoanana ea lilemo li 18 oa

Sekolo se Phahameng sa Matsepe.

Mokhatlo oa sekolo oa thuto ea

methaka ka HIV o fetisitse thuto e

ngata ‘me o entse hore Ntsoaki a

nahane haholo ka AIDS. Ntsoaki

oa tseba hore boitšoaro ba hae ba

khale bo mo beha kotsing ea ho ba

le HIV. O etsa qeto ea ho hlahlobela

HIV. O kopa mohlankana oa hae

hore ba hlahlobe ‘moho

Tšoantšiso ea 3: Ausi Puleng ke

mosali ea lilemo li 24 ea qetang ho

nyalana le mohlankana oa hae oa

lilemo tse peli, Abuti Tumelo. Ba ne

ba so etse thobalano bophelong ba

bona bohle ha ba nyalana. ‘Me ba

labalabela hore ausi Puleng a ime

ka pele. Metsoalle ea Abuti Tumelo

e mo soasisa ka hore bophelo ba

lenyalo bo tlameha bo le monate,

haholo nakong ea thobalano. “E

kare ho ka be ho le joalo” ho bua

Tumelo ka pelo. O nahana tjena

hobane Puleng o nanaha hore batho

ha ba tšoanela ho natefeloa ke thobalano. Puleng o nahana hore batho ba lokela ho etsa

thobalano ha ba batla ho etsa bana feela. Tumelo a ka buoa le Puleng joang?

Tšoantšiso ea 4: Ntate Teboho

o batla ho sebelisa likhohlopo

le mosali oa hae. O na le nyatsi

ea nako e telele. Hape o na le

ho etsa thobalano le basali bao

a kopanang le bona bareng. O

sebelisa likhohlopo le basali bana

ba bang, feela hae sebelise ha etsa

thobalano le mosali oa hae. O batla

ho mo tšireletsa khahlanong le HIV

kahoo o bua ka taba ea ho sebelisa

likhohlopo.
3.

THUTO EA 9: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO

Fa lihlopha monyetla oa ho bapala litšoantšiso tsa bona. Se ke ua lumella hore

litšoantšiso li fete metsotso e mehlano. Kopa e mong oa litho tsa sehlopha ho boloka nako.

Qetella ketsahalo ka ho etsa lethathamo la malebela a ho qala puisano ea thobalano le ho etsa

liqeto malebana le thobalano.

KETSAHALO EA 3:

BANNA LE BASALI BA BATLANG

THOBALANONG ?

Ketsahalong ena, banna le basali ba tla bua ka litlhoko tsa bona tsa thobalano le mathata a

bona a thobalano. Ketsahalo ena e tla bontša hore litlhoko tsa thobalano tsa banna le basali li’a

tšoana ‘me haeba baratuoa ba ne ba bua ka thobalano ba ne ba ka natefisa bophelo ba bona ba

thobalano le likamano tsa bona.

Ketsahalong ena u tla sebelisa mokhoa oa

ho lula ” o bontšitsoeng setšoantšong mona

. Basali ba etsa lesakana le kahare moo u

tla etella-pele puisano ea “tseo basali ba

li batlang thobalanong”. Banna ba lutse

lesakaneng le kantle ba mametse moqoqo

ona. Kamor’a nakoana banna ba kena

lesakaneng le kahare, basali ba ba ho le

kantle. Basali ba mamela puisano ea banna

ka tseo ba li batlang thobalanong.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Arola litho tsa sehlopha lihlopha tse peli – sa banna le sa basali. Haeba le le sehlopha

sa basali kapa sa banna feela, kopa karolo e ‘ngoe ho ikuka e le mofuta o sieo ka hara

sehlopha.

2.

HLOKOMELA:

Ho ena le hore banna ba etse lesaka le kantle

ba shebile ka basaling, kopa banna ho furalla

lesaka la basali ba [ba fe sekotlo]. Batho ba

lesakaneng le hare ba ikutloa ba phuthulohile

ha ba sa shejoa, empa ba lesakaneng le

kantle ba ntse ba khona ho utloa puisano.

Mema sehlopha sa basali ho etsa lesakana bohareng ba ntlo . Hlalosa hore u tla tataisa

lipuisano tsa bona holim’a tseo basali ba li batlang likamanong tsa bona tsa lerato.

3. Bolella banna ho etsa lesakana le pota-potang lesakana la basali, ‘me ba mamele puisano

e lipakeng tsa basali. Ha b’a lumelloa ho araba kapa ho botsa lipotso tlasa boemo bo feng

kapa bo feng. Seabo sa bona ke ho mamela le hore mohlomong ba nke malebela a ‘maloa!

141
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

142

4. Eba karolo ea lesakana la basali. Etella pele puisano ea seo basali ba se batlang

likamanong tsa bona; seo ba se batlang bophelong ba bona ba thobalano. Se etsang hore

ba natefeloe, le se ba tenang? Khothaletsa basali ho lebala ka hore banna ba mametse, ba

phuthollohe. Mosebetsi oa hao, u le motataisi ke ho bona hore ba bua. Tsoelapele metsotso

e leshome.

5.

6.

Kamor’a ho etella pele lipuisano le sehlopha sa basali, bolella banna ho kenella

lesakaneng le ka hare, basali ba ee ho le kantle ho mamela.

Ha basali ba le lesakaneng le kahare puisano e tšoanela ho tsamaisoa ke mosali. Ha

banna ba le lesakaneng le kahare puisano e tšoanela ho tsamaisoa ke monna.

Kopanya sehlopha hammoho. Botsa hore na ho na le lintho tse tšoanang tseo banna le

basali ba li batlang thobalanong?

Qetella ketsahalo, e re,

Kaofela re na le litlhoko tsa thobalano.

Ho fapana le ho khotsofatsa litlhoko tsa rona tsa thobalano kantle, ha re khotsofaleng

likamanong tsa rona tsa mantlha

Ho bua ka thobalano ho tla tlisa monate o fetisisang thobalanong le khotso ka lapeng la

hao.

Ho bua ka thobalano ho ka u tšireletsa khahlanong le HIV.
THUTO EA 9: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO

KETSAHALO EA 4:

Ho ka etsahala’ng ha re ka etsa qeto

ea ho bua ka thobalano?

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho amohela hore ho ka ba le litholoana tse molemo le tse bosula tsa

ho bua ka thobalano le baratuoa ba rona. Ba bang ba litho tsa sehlopha ba tla ba le letsoalo

la ho bua ka thobalano le baratuoa ba bona. Haholo-holo basali, ba ka nnang ba tšaba hore

ba ka otloa kapa ba botsoa ka thata ha ba ka leka ho bua ka litlhoko tsa bona tsa thobalano le

baratuoa ba bona. Re lokeloa ho buisana ka litaba tsena ele ho tlosa tšabo e teng ho ba bang ba

rona. Tsena ke tseo batho ba kopanang le tsona bophelong.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Arola sehlopha ka ho lekana. Bolella karolo e ‘ngoe ea litho tsa sehlopha ho ngola kapa

ho etsa setšoantšo se bontšang litholoana tse bosula tsa ho qala ho bua ka thobalano le

moratuoa oa hao.

2. Kopa karolo e ‘ngoe ho ngola kapa ho etsa setšoantšo se bontšang litholoana tse molemo.

3.

Kopa ba buileng ka litholoana tse bosula ho kopana le e mong oa ba buileng ka litholoana

tse molemo. Ba kope ho buisana ka tsela ea ho phema litholoana tse bosula.

4. Qetella ketsahalo ka ho manamisa hammoho maikutlo kapa setšoantšo sa litholoana tse

molemo tsa ho bua ka thobalano ka bolokolohi le moratuoa oa hao leboteng. Li lokela ho

kenyeletsa:

` Monate o eketsehileng oa thobalano le litsela tse ngata tsa ho e etsa.

` Ho tšepana le ho hlomphana le ho feta pele.

` Likamano tse mofutho litabeng tsohle esita le tsa thobalano.

` Ha re sa hloka ho tsoela kantle ho ea fumana thobalano e khotsofatsang

` Bophelo ‘moho bo ba le thabo ‘me likhohlano li’a fokotseha.

Qetella ketsahalo, e re,

Ha re na le palo e fokolang ea baratuoa bao re kenang thobalanong le bona, re fokotsa kotsi ea

HIV. Ha re batla ho fokotsa sekhahla sa tšoaetso ea HIV, ‘me re batla le ho ntlafatsa puisano

likamanong tsa rona, re hloka ho itloaetsa ho bua ka thobalano, monate oa eona, bophelo bo

botle ba thobalano le ho etsa liqeto ka litaba tsa thobalano.

143
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

LESAKANA LE KOALANG: Haeba ke ne ke le phoofolo

Kopa motho e mong le e mong ea lesakaneng hore a bolele, “ntho e le’ngoe eo ke ithutileng

eona thutong ea kajeno ke ….”

“haeba ke ne ke le phoofolo, ke ne ke tla ba ……….. hobane ………”.

Qala ka uena. E lokela ho ba papali e potlakileng. Khothaletsa litho tsa sehlopha ho se nke

nako e ngata ba nahana ka phoofolo. E le ho fana ka molaetsa oo re o nkang mofao kajeno,

kopa litho tsa sehlopha ho nahana hape ka phoofolo eo ba e khethileng, ‘me ba nahane hore

na ba batla ho fetola phoofolo ea bona kapa ba khethe e ‘ngoe hape le hore na hobaneng

ba batla ho etsa sena. Ketsahalo ena e aha boitšepo le makhabane a mang a matle ao u ka

ratang ho ba le ona.

144

THUTO EA 9: MElAETSA EO liTHO TSA SEHlOPHA BA

TSAMAEAng KA EOnA

Re hloka ho itloaetsa ho buisana, e le hore re be le puisano e ntle (lipakeng tsa

rona le baratuoa ba rona).

Baratuoa ba ka ithuta malebela a ba thusang ho bua ka tsela e ntlafetseng.

U ka itloaetsa ho buisana le moratuoa oa hao ka hore o iphe nako ea ho

buisana le eena.

Sebelisa e ngoe ea melaetsa, lipale, tseo u li utloileng se-ea-le-moeeng, kapa

u li balileng maselinyaneng, hore e u tataise hau qala puisano ka litaba tse

thlokolosi.

Leka hape. U tla atleha leha u kile oa hloloa hanngoe.

“Leboella ha le ngalloe”.
1.

THUTO EA 9: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO

THUTO EA 9: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA THUTO

SECHABEng

Bopa sehlopha sa basali ba baholo le sa ba banyane lilemong . Ka lihlopha, kopanang

khafetsa ho bua ka ho ntlafatsa thobalano hore e le natefele uena le moratuoa oa hao.

2. Ka tšebelisano le sehlopha sa metsoalle, etsa bukana ka mekhoa e fapaneng ea

thobalano le lintho tse etsang hore basali ba natefeloe ke thobalano. Bukana ena e tla

bitsoa‘Tataiso ea banna ka tsa thobalano’. Romella buka ena ho C-Change ho kenela

tlholisano ea kanetso ea thuto sechabeng ‘me u hapele sehlopha sa hao mpho.

3. Ka tšebelisano le sehlopha sa metsoalle, etsa bukana ka mekhoa e fapaneng ea

thobalano le lintho tse etsang hore banna ba natefeloa ke thobalano. Bukana ena e

tla bitsoa ‘Tataiso ea basali ka tsa thobalano’. Romella buka ea hao ho C-Change ho

kenela tlholisano ea kanetso ea thuto sechabeng ‘me u hapele sehlopha sa heno mpho

145
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

146

THUTo Ea 10

NKA KHONA HO FETOLA

BOITŠOARO BA KA

Ketsahalo ea 1: Ho tsamaea moleng o otlolohileng ...........................................metsotso e 15

Ketsahalo ea 2: Ho tsamaea borokhong ba phetoho ..........................................metsotso e 25

Ketsahalo ea 3: Ho khetha seketsoana sa hao moroallong oa metsi ...................metsotso e 40

Ketsahalo ea 4: Ho etsa Liqeto tsa ho fetoha ...................................................metsotso e 30

Lesakana le Koalang: U na le matla a ho etsa phetoho ........................................metsotso e 10

p

Lihora tse 2
THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

Tse tla ithutoa Qetellong ea thuto litho sa sehlopha li lokela ho:

Kakaretso ea

thuto

Lisebelisoa tse

Hlokahalang

Boitokisetso

pele ho thupelo

1.

2.

3.

4.

Utloisisa hore ho na le litsela tse fapaneng tsa ho fokotsa kotsi ea

ho fumana tšoaetso ea HIV.

Tseba hore ho fetola boitšoaro ba hau ho hloka tšehetso le boitelo,

‘me ho nka nako ho fetoha.

Ho itloaetsa ho etsa liqeto tse boima re latela methati ea ho etsa

liqeto.

ikutloa ba na le boitšepo ba hore ba ka etsa phetoho maphelong a

bona.

Ketsahalo ea 1: Ho tsamaea moleng o otlolohileng. Papali e monate e

bontšang bohlokoa ba ho tšepahallana le ho tšehetsana.

Ketsahalo ea 2: Ho tsamaea borokhong ba phetoho. Papali eo litho tsa

sehlopha li tsamaeang holim’a lithupa tse tšoantšisang borokho holim’a

noka e kotsi ea HIV le AIDS. E ruta litho tsa sehlopha hore batho ba ka

etsa liqeto tse fapaneng ho ba thusa ho itšerelletsa ho HIV.

Ketsahalo ea 3: Ho khetha seketsoana sa hao ho baleha moroallo oa

metsing. Hona ke ntšetsopele ea ketsahalo ea bobeli ‘me kaofela re

tlameha ho khetha seketsoana sa ho itširelletsa khahlanong le moroallo

kapa u lule moo u leng tlokotsing ea HIV le AIDS.

Ketsahalo ea 4: Ho nka qeto ea ho fetoha. Ketsahalo ena e bontša litho tsa

sehlopha mehato e mehlano ea ho etsa liqeto ho sebelisoa mehlala e tsoang

maphelong a rona ka boitšoaro boo litho tsa sehlopha li lakatsang ho bo

fetola.

Lesakana le Koalang: U na le matla a ho etsa phetoho

Ketsahalo ea 1: Ho koahela

sefahleho (sebelisa tuku, lebanta

kapa lesela)

Ketsahalo ea 3: LIKETSOANA

TSA THIBELO le likarete tsa

batho ba tšoanang le ba phelang

metseng ea rona

Ketsahalo ea 2: Lithupa tse peli tse

tšoantšisang borokho ba phetoho.

Ketsahalo ea 4: LITŠOANTŠISO

TSA HO NKA LIQETO

Itokisetse ho etsa Ketsahalo ea 2 le Ketsahalo ea 3 pele u qala thuto. Ha

u itokisitse u tla khona ho tsamaisa thuto hantle, ‘me litho tsa sehlopha li

utloisisa thuto ha bobebe.

147
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

148

Selelekela

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha

tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea

kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima

liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena

u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele

maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea

ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno

le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo

la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li

ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola

hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka

foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

KETSAHALO EA 1:

Ho tsamaea moleng o otlolohileng

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho thusa litho tsa sehlopha ho utloa bohlokoa ba ho fumana tšehetso

ho tsoa bathong ba bang. Litho tsa sehlopha li leke ho tsamaea ka tsela e otlolohileng ba

ikoahetse lifahleho, ba tloha lehlakoreng le leng ba ea ho le leng. Lekhetlo la pele ho thola tuu

‘me ha ba fumane tataiso. Lekhetlong la bobeli, ba fumana khothatso le tataiso ho tsoa ho litho

tse ling tsa sehlopha.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1.

Fana ka se tla sebelisoa ho ikoahela mahlo ( u ka sebelisa tuku, lebanta kapa lesela).

Kopa baithaopi ho tla tsamaea ka tsela e otlolohileng.

2. Lumellanang ka sebaka se itseng seo moithaopi a lokelang ho fihla ho sona. Mo koahele

sefahleho, mo reteletse makhetlo a ‘maloa pele a itokisetsa ho ea sebakeng seo ho

lumellanoeng ka sona.
3.

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

Bolella litho tse ling tsa sehlopha ho thola tuu, ba se fane ka boeletsi kapa khothatso. Ha

ba lokela le ho mo thetsa.

4. Ha moithaopi ea koahetsoeng sefahleho a fihla ka lehlakoreng la moo a lokelang ho fihla

teng, mo kope ho ikupulla sefahleho. Sheba hore na o haufi hakae le moo a neng a batla

ho fihla teng. Mo botse hore na o ikutloile joang ha sehlopha se sa mo khothatse kapa ho

mo tataisa.

5. Mo kope ho ikoahela sefahleho hape ‘me a qala leoto hape, lekhetlong lena sehlopha se ka

mo tataisa na a tsamaee joang. Hang ha a fihla sebakeng se lumellanoeng, mo botse hore

na u ikutloile joang ha sehlopha se mo tataisa.

6.

Qetella:

Kopa litho tsa sehlopha tse peli kapa tse tharo ho pheta ketsahalo ena.

Hlalosetsa sehlopha hore baithaopi ba ikutloile ba bolokehile nakong eo ba ne ba fumana

tšehetso ea sehlopha se ba pota-potileng. Ketsahalo ena e thathiseletsa bohlokoa ba ho tšepana le

ho tšehetsana bophelong.

KETSAHALO EA 2:

Ho tsamaea borokhong ba phetoho

Ena ke papali e reretsoeng ho bontša hore re ka etsa liqeto tse fapaneng ho itšerelletsa

khahlanong le HIV le mafu a likobo. Haeba u sa be le moratuoa a le mong ea nang le uena

feela, mohlomong hobane u ke ke ua laola boitšoaro ba moratuoa oa hao, ho na le mekhoa e

meng ea ho thibela HIV eo u ka e sebelisang.

Papaling ena, litho tsa sehlopha li leka ho tsamaea holim’a borokho bo bosesane ba lithupa (bo

tšoantšisang ho fokotsa baratuoa) holim’a noka e nang le likutu tsa lifate le majoe, (tsena li

tšoantšisa mafu a likobo, HIV, le litla-morao tse ling tsa ho ba le baratuoa ba bangata ka nako

e le ngoe) ho fihla sehlekehlekeng (bokamoso boo ba bo batlang, e leng moo motho a nang le

moratuoa a le mong feela).

Ha motho a oela borokhong bo entsoeng ka thupa e le ngoe (ho fokotsa baratuoa), re tla eketsa

borokho, re sebelise lithupa tse peli (borokho ba bobeli bo bontša tšebeliso ea khohlopo) ho mo

thusa ho tšela a bolokehile.

Sehlekehleke se qetellong ea thupa se bontša sepheo seo u batlang ho se fihlela. (e leng

moo motho a nang le moratuoa a le mong feela)

149
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

150

` Borokho kapa thupa e bontša mokhoa oa ho fokotsa kotsi ea ho ba le baratuoa ba

bangata ka nako e le ngoe, oo u ka o sebelisang ho tšela noka.(ho fokotsa baratuoa;

tšebeliso ea khohlopo, ho ila thobalano)

` Majoe, masalla le lifate tse ka nokeng li bontša likotsi kapa litholoana tse bosula tsa ho

ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ngoe. (HIV, mafu a likobo, liqabang tsa lelapa,

tlhalo, le tse ling).

MEKHOA EA HO TSAMAISA THUTO

1. Batla lithupa kapa mapolanka a mabeli

a tla bontša borokho. Sebelisa leqhephe

kapa pampiri e kholo ho bontša sehlekehleke

e leng bokamoso.Ngola molaetsa

ona holima pampiri ena “ke na le

moratuoa a le mong feela”

2. Kopa litho tsa sehlopha ho etsa

lesakana. Beha sehlekehleke sa

bokamoso fatše. Hlalosa hore se bontša

sepheo seo o batlang ho se fihlela.

Mohlala “motho e mong le e mong o

na le moratuoa a le mong feela”. Beha

thupa fatše. Hlalosa hore u beha thupa

kahar’a noka ea ‘bonyatsi’.

3. Botsa litho tsa sehlopha, “Ke life likotsi

le litholoana tsa ho etsa thobalano le

batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe?”

Ngola likarabo tsena, e ‘ngoe le e ‘ngoe

holima pampiri e fapaneng, ‘me u li

tšele “ka nokeng” pel’a borokho ba

lithupa.

4. Bolella litho tsa sehlopha hore thupa

kapa borokho bo ka holima noka bo

bontša ho fokotsa baratuoa ba hao.

5. Leka ho tsamaea holim’a thupa ho ea

sehlekehlekeng ‘me u itihele ka boomo.

Fa litho tse ling tsa sehlopha monyetla

oa ho leka ho tšela borokho.
6. Thoholetsa ba tšetseng ba bolokehile.

Khothatsa ba oeleng, o ba hlalosetse

hore ho na le borokho bo bong bo tla ba

thusa ho tšela ba bolokehile.

7. Beha thupa ea bobeli fatše e bape le ea

pele, li arohane sebaka sa mohato o le

mong oa leoto. Bolella litho tsa sehlopha

hore thupa ena e emetse tšebeliso ea

khohlopo. Leka ho tsamaea holim’a

borokho hape, ‘me u sebelise thupa ea

bobeli ho fihlela u fihla sehlekehlekeng.

8. Lumella litho sa sehlopha tse oeleng

lekhetlo la pele ka thupa e le ‘ngoe ho

leka hape ka lithupa tse peli. Lekhetlong

lena ho lokela ho ba bobebe.

Qetella ketsahalo. E re:

1.

2.

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

Ho’a thusa ho tsepamisa ohle a hau sehlekehlekeng moo u batlang ho fihla teng. Ha u

beha maikutlo a hau mathateng a bophelo, (likotsi tse ka metsing), u ka oela ha bobebe.

Ha u tšela marokho, u hloka thuso, khothatso le tšehetso ea ba bang.

3. Ho rola lieta le ho siea mekotla morao ho etsa ho be bobebe ho tšela o bolokehile.

Bophelong, ho ka nna ha ba le lintho tseo re hlokang ho li tlosa le ho li felisa e le hore re

tle re lule re bolokehile. Mohlala, litloaelo tse ling tsa moetlo le litebello tsa rona ka tekatekano

ea banna le basali, lia re hatellang, li re susumelletsa thobalanong e re behang

kotsing.

4. Ho ila tai – ha motho a tahoa kapa a sebelisa lithethefatsi, a ka nna a oela ka metsing.

5. Thupa ea bobeli e bontša tšebeliso e nepahetseng ea khohlopo, lekhetlo le leng le le leng

ha motho a etsa thobalano. Ho nka qeto ena ho thusa hore batho ba bangata ba tšele ba

bolokehile. Ha re nka qeto ea ho itširelletsa re lokela ho nka qeto e lumellanang le maemo

a rona a bophelo. Re tla shebana le sepheo sena ketsahalong e hlahlamang.

151
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 3:

Ho khetha seketsoana sa hao ho qoba

moroallo oa metsi

Papaling ena re etsa eka hona le moroallo oa metsi______________________ (Kenya lebitso la

motse oa haeno mona). Moroallo o bontša ho ata ha HIV le AIDS. Ho itšireletsa khahlanong le

moroallo oa metsi, sechaba se lokela ho kena ka liketsoaneng. Papaling ena, hona le liketsoana

tse ‘ne tse bontšang mekhoa e mene ea ho thibela HIV.

152

1. Seketsoana sa 1: Ho ila thobalano.

2. Seketsoana sa 2: U na le moratuoa a le mong ea nang le uena feela (Ho

tšepahallana).

3. Seketsoana sa 3: Tšebeliso ea khohlopo

4. Seketsoana sa 4: Ho fokotsa baratuoa (ho fokotsa lenane la baratuoa bao u nang le

bona ka nako e le ‘ngoe).

E le hore re bolokehe moroallong, sechaba se lokela ho khetha “seketsoana sa pholoho” se

lumellanang le litumelo le maemo a bona a bophelo. Ho ena le ho kopa litho tsa sehlopha ho

hlalosa hore na ba ne ba tla kena seketsoaneng sefe sa pholoho, re sebelisa, “likarete tsa batho

ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona”. Hangata ho bobebe ho batho ho bua ka batho ba

bang, ho fapana le ho bua ka maphelo ba bona. “Likarete tsa batho ba tšoanang le ba phelang

metseng ea rona” li kahar’a lebokose la lithusa-thuto. Likarete tsena li bontša batho ba kang:

monna oa mohoebi, mosali ea sebetsang, monna “oa moetlo” ea holileng, mosebeletsi oa tsa

bophelo motseng, ngaka ea moetlo joalo joalo.

Motho e mong le e mong o tla fumana karete e nang le setšoantšo sa motho. Motho ka mong

o lokela ho bolela pale ea bophelo ba sebapali sa hae le hore na se ratana le libapali life le

likamano tsa thobalano tseo a nang le tsona le libapali tse hlahang likareteng tse ling , ‘me ba

behe likarete ka ho se seng sa liketsoana, kapa ka metsing haeba ba sa itšireletse ka mokhoa

o feng kapa o feng. Fa litho tsa lihlopha monyetla oa ho bua ka motho ea kareteng tsa bona.

Khothaletsa litho tsa sehlopha ho hokahanya libapali tsa bona le libapali tse seng li le teng

papaling. Khothaletsa litho tsa sehlopha ho qapa likamano lipakeng tsa libapali tse fapaneng

likareteng. Mohlala, haeba sebapali se seng se hlalositsoe e le mosali ea nyetsoeng, botsa hore

na ho na le ea nang le sebapali seo e tla ba monna oa hae.

Sepheo sa papali ke ho amohela hore maemo a bophelo ao batho ba leng ho oona ka linako tse

ling a a fokotsa mekhoa ea bona ea ho itšireletsa khahlanong le HIV. Ha ho bobebe hakaalo

hore ho motho, sebelisa khohlopo. Papali ena e boetse e bontša hore boemong bo bong le bo

bong, motho o na le mekhoa e fapaneng eo a ka e sebelisang ho fokotsa kotsi ea hae ea ho

fumana HIV. Ha seketsoana se seng sa pholoho se sa u thuse, u ka ea ho se seng. Ntho ea

bohlokoa ke hore u se ke ua lula ka metsing.
MOKHOA EA HO

TSAMAISA PAPALI

1. Beha likotoana tse peli tsa pampiri

e kholo fatše hammoho. Nka

liketsoana tse nne tsa thibelo ho tsoa

kahara lebokose le lithusa-thuto, u li

behe holi’ma lipampiri. Kopa bohle

ho lula ba entse lesakana kathoko ba

pota-potile le liketsoana tsena.

2. Qala tšoantšiso. Bala o hoelehelitse:

‘Ena ke pale ea moroallo oa metsi

o kotsi e bontšang kamoo batho ba

motse oa rona ba ileng ba ipaballa

kateng. Metsi a moroallo ona a ile a

phahama lilemo tse ‘malo, a koahela

matlo, metse le litoropo.’

“Batho ba bangata ha ba elelloe

ha moroallo o tla hape, ha ba tsebe

hore na o bakiloe keng. Batho

ba bang ba hloella ka holim’a

matlo a bona le libakeng tse ling

tse phahameng e le ho itšireletsa.

Moroallo o ntse o phahama.

Ho na le liketsoana tse nne tse

fapaneng tseo batho ba ka li

sebelisang ho baleha moroallo tse

bitsoang – Ho ila thobalano, Ho

tšepahallana (ho ba le moratuoa a

le mong ea nang le uena feela), ho

sebelisa likhohlopo le ho fokotsa

baratuoa. “Motho e mong le e mong

motseng a ka khetha seketsoana seo

a kenang ho sona ho latela maemo a

hae, tumelo, sebopeho le lilemo tsa

hae, le tsela eo a phelang ka eona.

Motho ea sa kenang kahar’a sekepe

o sesa hara moroallo oa metsi, ‘me

o ipeha kotsing ea ho ba le mafu a

likobo kapa HIV.

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

153
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

154

“Batho ba bang ha ba bone moroallo ho fihlela ho se ho se seo ba ka se etsang. Ba bang

ba bona moroallo ha o tla empa ba sitoa ho tlohela tsela ea bona ea ho phela ‘me ba ee le

likhohola. Ba bang ba leka ka thata ho hloella ka liketsoaneng hape”.

3. Bontša litho tsa sehlopha likarete tsa batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona,

‘me u hlalose hore ketsahalong ena litho tsa sehlopha li qoqe lipale ka libapali tsa bona le

likamano tseo li nang le tsona. Fana ka likarete tsa libapali ho litho sa sehlopha.

4.

Kopa motho e mong le e mong ho qoqa ka sebapali sa hae:

A se rehe lebitso. A qape pale ka hore na ke mang, ke motho ea joang, likamano tseo

a nang le tsona, le seo ba se etsang kajeno. Kenya sebapali sa hau ka seketsoaneng ho

latela hore na ha joale o ila thobalano, oa tšepahala, o sebelisa likhohlopo kapa o fokotsa

lenane la batho bao o kenang thobalanong le bona ka nako e le ‘ngoe. Ha a se ka ho se

seng sa liketsoana, a se behe ka metsing. Beha sebapali sa hau moo u nahanang hore o

hona teng ha joale, e seng moo se lokelang ho ba teng.

5. Hlakisa hore hangata batho ba ka fetoha ‘me ba sebelisa liketsoana tse fapaneng. Bontša

sena ka karete ea sebapali se shebahalang joaloka monna oa mohoebi; monna enoa oa

mohoebi o tšepahalla mosali oa hae boholo ba nako. O tloha lapeng ka mosebetsi. O kena

seketsoaneng sa ho ila, empa kamorao ho beke a tlohile hae, o kopana le mosali e motle.

O etsa qeto ea ho etsa thobalano le eena, ‘me o lokela ho kena seketsoaneng sa ho sebelisa

khohlopo; ho seng joalo o tla oela ka metsing. Hamorao ha a khutlela ho mosali oa hae,

a ka nna a mo hulela ka metsing le eena, leha eena a ile a tšepahala. Hangata batho ba

fetoha ‘me ba sebelise liketsoana tse fapaneng ha ba ntse ba tsamaea bophelong.

6. Lumella litho tsa sehlopha ho ithaopa ho etsa pale ea sebapali se kareteng‘me ba se behe

seketsoaneng sa pholoho. Sehlopha se ka sebelisa likarete tsa libapali tse ngata ha nako e

le teng.
THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

KETSAHALO EA 4:

Ho etsa Liqeto tsa ho fetoha

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho bontša litho tsa sehlopha methati e mehlano eo ba e latelang ha

ba etsa liqeto tse boima ho fetola boitšoaro ba bona. Re ka sebelisa methati ena e mehlano ho

rarolla mathata a mang joale ka ho fokotsa lenane la batho bao o kenang thobalanong le bona

ka nako e le ‘ngoe. Re tla sebelisa methati ena e mehlano thusa batho ba latelang:

Seipati, Ntate Mofokeng, Teboho le Ntate Karabo ho rarolla mathata a bona le ho nka liqeto tse

tla fetola maphelo a bona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

1. Hlalosetsa litho tsa sehlopha hore o tla shebisana le bona methati e mehlano ea ho nka

liqeto. Methati e na e mehlano e qapiloe ke basebeletsi ba sechaba. Ha re latela methati

ena e mehlano re ka khona ho nka qeto ea hore re se ke ra ba karolo ea khokahanong ea

thobalano le ho fokotsa lenane la baratuoa bao re bang le bona ka nako e le ‘ngoe.

Botsa litho tsa sehlopha hore na ke lintho li feng tseo batho ba li shebang ha ba nka

liqeto tsa bohlokoa ka bophelo ba bona. Litlhahiso li ka kenyeletsa,

Nahana na u ka khetha ho etsang.

Nahana ka litholoana tse molemo le tse bosula tsa qeto e ‘ngoe le e ‘ngoe eo u e

nkang.

Batla boeletsi ho ba bang.

Pele u ka tsoela pele, iphe nako ea ho inahana

Nahana ka boleng ba bona

Rapela

HLALOSA METHATI E MEHLANO

2. EA HO FIHLELA QETO u sebelisa likarete tse

tsoang ka har’a lebokose la lithusa-thuto. Ho na le likarete tse hlano: 1. BOTHATA; 2:

TSEO U LI KHETHANG; 3: LITHOLOANA; 4: BOELETSI; 5: BOITLAMO. Tsena ke

methati e mehlano eo u ka e latelang ha u leka ho etsa qeto e boima, ‘me u tsitlalle ho

eona.

155
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

156

1. BOTHATA: Hlalosa bothata boo u tjametseng kapa qeto eo u tlamehang ho e etsa.

2. TSEO U LI KHETHANG: Ke nka qeto ea ho etsa eng? Etsa lethathamo la lintho tse

tharo tseo u ka li etsang ho rarolla bothata.

3. LITHOLOANA: Ebe qeto ee e ka ntlisetsa litholoana li feng? Sheba mahlakore a

mabeli, litholoana tse molemo le tse bosula.

4. BOELETSI: Ke mang ea ka nkeletsang? Batla boeletsi ho batho ba u ba tšepang.

Nahana ka qeto eo u nahang hore ke ea mantlha kamor’a litlhahiso tsa bona.

5. BOITLAMO: Ke eng e ka nthusang ho tsitlallela qeto ea ka? Tsoela pele ho ka qeto

ena ho rarolla bothata ba hao.

E qotsitsoe bukeng ea CRS,2008

3. Kamor’a ho hlalosa methati ena e mehlano, manamisa likarete tsena leboteng moo litho

tsa sehlopha li ka li bonang.

4. Arola litho tsa sehlopha lihlotšoana tse ‘ne. Fa sehlopha ka seng pale e tsoang kahar’a

lebokose la lithusa-thuto.

5. Kopa sehlopha ka seng ho araba lipotso tse hlahang tšoantšisong ea sona. Etsa bonnete

ba hore sehlotšoaneng ka seng ho na le motho a le mong ea tsebang ho bala. Fa lihlopha

metsotso e 20 ho rarolla bothata bo tšoantšisong ea sona. Hopotsa lihlopha ho latela

methati e mehlano ea ho nka liqeto e ngotsoeng likareteng tse manamisitsoeng leboteng.

6. Lihlotšoana ha li tlamehe ho arolelana likarabo tsa bona le litho tsa sehlopha kaofela.

Empa ha nako e le teng, ho ka ba hantle ha lihlopha li arolelana lipuisano tsa bona

hammoho.

7. Qetella ketsahalo ena ka ho kopa litho tsa sehlopha ho u thusa ho etsa lethathamo la

libaka tseo re ka eang ho tsona ho fumana litšebeletso, thuso le tšehetso ‘moho le batho

ba ka re thusang. Hopola ho kenyeletsa ‘muso, sechaba, le tšehetso ea motho ka mong.
Pale ea 1:

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

Seipati ke moroetsana ea lilemo li 20, ea lulang ntlong e nyane ka mor’a bara. O thusa mong’a

bara ho e hloekisa ‘me mong’a bara eena o mo lumella ho lula moo. Hangata o sheba basali ba

tlileng bareng le mokhoa oo ba fumanang chelete le lino ho banna ba tlileng bareng moo. Seipati

o hlokomela bana babo ba babeli ‘me ha a na chelete ea ho reka eng kapa eng. ‘M’e oa hae o

ile a hlokahala likhoeling tse 4 tse fetileng athe ntate oa hae eena o kulela lefu. Ngoan’abo oa

ngoanana ea mo hlahlamang o lula hae ho hlokomela ntate oa bona. Leloko le re le ke ke la

ba thusa hobane le re, “’m’a lona ke eena ea tlisitseng tšoaetso ena ea HIV ka har’a lelapa”.

Seipati o ikutloa a le litlhong ho kopa thuso ho motho o fe kapa o fe. Mong’a bara o ntse a mo

fa lijo le liaparo ‘me o mo kopile hore ba intšetse hoteleng ea TY. Ha u ne u le Seipati u ne u tla

etsa joang?

1.

2.

3.

4.

5.

6.

7.

Bothata ba Seipati ke bofe mabapi le bonyatsi?

Ke lintho life tse tharo tseo Seipati a ka li etsang boemong boo?( A ka khetha ho etsang?)

Melemo le mathata tsa lintho tsee tse tharo ke afe?

A ka batla thuso hokae? ( ‘Muso le litšebeletso tsa tšehetso ea sechaba)

Seipati o lokela ho batla boeletsi ho mang?(moeletsi ea tšepahalang)

Bophelong, Seipati a ka etsa qeto efe ?

Ke eng e ka mo thusang ho tsitlallela qetong ea hae?

157
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Tšoantšiso ea 2

Ntate Mofokeng o lilemo li 39. O lula Maputsoe. Ke monna e “moholo” toropong ea habo. O

na le koloi e majaba jaba, o apara hantle, o lula a na le chelete. Kamehla ke eena ea tlohang

qetellong bareng a e na le ngoanana e motle. Ha ele mafelong a beke, Ntate Mofokeng o ba le

likharebe tsa hae tse peli tse nyane lilemong (bao e leng metsoalle). O rata ho ba bitsa mafahla.

Bobeli ba selemong sa ho qetela sekolong. Ntate Mofokeng o lula toropong e nyane ‘me litaba

tsa hae lia tsebahala kahoo le mofuhali oa hae o se a tseba metsamao ea hae.

Mosali oa hae o tšaba hore o tla ba le tšoaetso ea HIV ka lebaka la boitšoaro ba monna oa hae.

Metsoalle ea Ntate Mofokeng’ le banna ba leloko bao a neng a e na le bona lebollong ba re ba

lakatsa ho tšoana le eena. Ntate Mofokeng o thabela ha banna ba bang ba mo rorisa. Metsoalle

ea hae e re ke motho ea fana. Empa joale mosali oa hae o itse o tlo mo siea, a eo lula le bana ba

hae. Ba na le barali ba babeli, bobeli ba bona ba se ba le lilemong tse ka holimo ho 20. Mosali

oa hae o re o eo hlahlobela HIV. Ha u ne u le Ntate Mofokeng, u ne u ka etsang?

1.

2.

3.

4.

5.

6.

158

Bothata ba Ntate Mofokeng ke bofe mabapi le bonyatsi?

Ke lintho life tse tharo tseo Ntate Mofokeng a ka li etsang?

Melemo le mathata a lintho tsee tse tharo ke afe?

Ntate Mofokeng o lokela ho batla boeletsi kae? (moeletsi ea tšepahalang). A ka batla

thuso hokae?

Bophelong, Ntate Mofokeng a ka etsa qeto efe?

Ke eng e ka mo thusang ho lula qetong ea hae?
Pale ea 3

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

Teboho o sebetsa hole le hae. O lilemo 25. Lelapa la hae le Mohale’s Hoek, empa o sebetsa

femeng ea liphahlo Ha Thetsane. O ea hae hang ka khoeli ho ea bona kharebe ea hae. Ka nako

tse ling o sitoa ho ea hae hobane o lula toropong o’a noa, o ea meketjaneng le metsoalle ea hae

le kharebe ea hae e ‘ikhethang’ Maleshoane. Kharebe ea Teboho e hae o se a na le mohlankana

e mong. O lula pel’a ha hae ‘me o mo fa chelete ea mabaka a lelapa. Ke moqhobi oa teraka.

Teboho o tseba ka eena, empa ha a tsotelle hobane joale o na le chelete ea hae. Ka letsatsi le

leng, Teboho o utloa ka metsoalle ea hae hore mohlankana oa pele oa Maleshoane o bolailoe ke

AIDS. Ha u no u le Teboho, u no u tla etsang?

1.

2.

3.

4.

5.

6.

Bothata ba Teboho ke bofe mabapi le bonyatsi?

Ke lintho life tse tharo tseo Teboho a ka li etsang?

Melemo le mathata a lintho tsee tse tharo ke afe?

Teboho o lokela ho batla boeletsi kae? (moeletsi ea tšepahalang). A ka batla thuso hokae?

Bophelong, Teboho a ka etsa qeto efe?

Ke eng e ka mo thusang ho lula qetong ea hae?

159
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Pale ea 4:

Ntate Karabo ke tichere ea lithuto tsa mahlale ea lulang ntlong ea sekolo sa kereke motseng

o monyane kathoko ho Quthing. Likhoeling tse tšeleseng tse fetileng o ile a falla ntlong ea hae

Maputsoe ha a ea sekolong se secha. Mosali oa hae, Mme Nthabi o setse lapeng Maputsoe le

ngoana oa bona e monyane. Ntate Karabo o chakela hae kamor’a likhoeli tse peli. Ka lebaka la

mabaka a tsamaiso, ho fetile likhoeli tse ‘maloa tseo Ntate Karabo a sitiloeng ho romella chelete

lapeng la hae. Mme Nthabi o kalima chelete, empa ha e lekane litlhoko tsa lelapa. O ema ka

maoto o ea bareng ea motseng le Ntate Mohapi, morui ea nang le lebenkele eo e leng lilemo a

bonya le eena . ba qala ho ratana. Kamano ena e tsoelapele likhoeli tse ‘maloa. Ntate Mohapi o

tlatseletsa chelete eo Mme Nthabi a e fuoang ke monna oa hae. Mme Nthabi o qeta ho elelloa

hore ke mokhachane. O oa tseba hore ke ngoana oa Mohapi. Bekeng e fetileng abuti oa Ntate

Karabo o bone Mme Nthabi le Ntate Mohapi, a ba tšosa hore o tlo bolella monna oa hae.

1.

2.

3.

4.

5.

6.

160

Bothata ba Ntate Karabo ke bofe mabapi le bonyatsi?

Ke lintho life tse tharo tseo Ntate Karabo ka li etsang?

Melemo le mathata a lintho tsee tse tharo ke afe?

Ntate Karabo o lokela ho batla boeletsi kae? (moeletsi ea tšepahalang). A ka batla thuso

hokae?

Bophelong, Ntate Karabo a ka etsa qeto efe?

Ke eng e ka mo thusang ho lula qetong ea hae?
Qetella ketsahalo, e re

1.

2.

3.

4.

5.

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

Bophelo ba rona bo boima ‘me ha ho bobebe kamehla ho etsa liqeto tse ka re tšireletsang

khahlanong le HIV.

Ha re latela methati mehato e mehlano ea ho etsa liqeto ho ka re thusa hore ho be

bobebe ho etsa liqeto tse boima.

Tšehetso ea lelapa, metsoalle, sechaba, le litšebeletso tse fumanehang mekhatlo e

ikemetseng le mafapheng a ‘muso li ka u thusa ho phethisa liqeto tseo linkileng.

Kamehla re na le le khetho tse fapaneng , leha ho ka ba thata joang kapa joang.

Re teng kaofela ho fana ka tšehetso, ho tataisana le ho thusana.

Lesakana le Koalang: U na le matla a ho etsa phetoho

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho bontša batho hore tsela eo re shebang litaba ka eona, malebela

ao re nang le ona le litsebo tsa rona li ka re thusa ho fetola maphelo a rona. Re na le matla le

bokhoni ba ho fetola lintho tse behang maphelo a rona tsietsing.

Mokhoa oa ho tsamaisa thuto:

Kopa litho tsa sehlopha ho lula fatše li entse lesakana. Kopa litho tsa sehlopha ka bonngoe ho

potoloha ba re “ke bohlokoa hobane ….”. Motho ka mong o lokela hore a bolele lintho tse tharo

tse etsang hore a ikhethe. Kamora’o kopa litho tsa sehlopha hore li re, “ Nka fetoha hobane

….”. Motho ka mong o lokela ho bua ntho e le ‘ngoe eo a lumelang hore a ka e fetola. Qala

ka uena ‘me u potolohe lesakana.Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa foromo ea boitlhatlhobo

holima thuto ea letsatsi. Botsa sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea kajeno, ka hore ba arabe

lipotso tse hlahang foromong ena, ’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo ena. Bolella

sehlopha hore bonyane le tla nka metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena.

MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA EOnA

Lefu la HIV le AIDS le re susumetsa ho etsa liphetoho tse ngata maphelong a rona;

re hloka ho etsa liphetoho boitšarong ba rona ‘me re thuse bana ba rona ho re etsisa.

Ho etsa liphetoho bophelong ba rona le ho tsepama ho tsona ha ho bobebe kamehla,

empa re lokela ho lula re leka.

“Mamello e tsoala katleho”.

Bophelo bo tla ‘ne bo tsoele-pele le ha mathata a ka ba teng.

161
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

162

THUTo Ea 11

HO TŠELA MOLA

OA HO QETELA

Ketsahalo ea 1: Ke bohlokoa hobane ................................................................metsotso e 15

Ketsahalo ea 2: Ho ithuta ka liphoso le bofokoli ba rona ..................................metsotso e 45

Ketsahalo ea 3: Ke na le tšehetso ho tsoa ho ....................................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 4: Tlhahlobo ea lenane ................................................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 5: Foromo ea Boleng le tlhahlobo ea kotsi ...................................metsotso e 20

p

Lihora tse 2
Selelekela

THUTO EA 11: HO TšELA MOLA OA HO QETELA

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha

tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea

kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima

liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena

u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele

maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea

ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno

le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo

la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li

ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola

hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka

foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

KETSAHALO EA 1:

Ke na le bohlokoa hobane……

Kopa litho tsa sehlopha ho nahana ‘me ba qetele polelo ena:

Ke bohlokoa hobane ______________________. Kopa e mong le e mong ho bolela polelo ea hae.

U kope ba bang ho opa liatla ha e mong a buile polelo ea hae.

Hopotsa litho tsa sehlopha hore re lokela ho hopola lintho tsohle tse ntle tseo batho ba li buileng

ka rona, hobane li etsa hore re ithabele le hore re ikhotsofalle le ho phahamisa boitšepo ba rona

le ho tseba ho fihlela litaba-tabelo tsa rona.

163
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

164

KETSAHALO EA 2:

Ho ithuta ka liphoso le bofokoli ba

rona

Ketsahalong ena re tla ithuta ka litšoantšiso tsa ho ‘rarolla mathata a batho ba tlang ho rona

ka mathata a bona’. Re ka ikuka re le batho ba bohlokoa sechabeng, ba tšepeloang ho fana

ka boeletsi ho ba bang, joale ka baruti, batsoali, metsoalle. Re tla sheba mangolo a batho ba

bararo, ba batlang boeletsi ho rona, ba batlang ho fetola boitšoaro ba bona le ho tsitlallela

boitšoarong bo bocha. Sepheo sa ketsahalo ena ke hore batho ba ithute mehato e mehlano ea ho

ithuta ka liphoso le bofokoli ba rona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO

Qala ketsahalo, e re,

1. Kaofela re etsa liphoso. Re iketsetsa merero, re sitoe ho e fihlela. Le ka maikemisetso a

matle, ho tla ba le linako tseo re tla imeloa ke khatello ea lithaka kapa ke boemo boo re

leng ho bona. Ka linako tse ling re tla etsa qeto e fosahetseng .

2. Empa, re lokela ho ithuta ka liphoso tsa rona le ho se atlehe, re boele re leke hape. Re ee

re be le maikutlo a fapaneng kamor’a ho etsa qeto e mpe; mohlala, ho se lumele, ho beha

molato mothong e mong, ho ikhalefela, ho ikutloa u le molato le ho lahleheloa ke tšepo;

Le ha ho le joalo tsena ha li re thuse ka letho.

3. Hangata ha re le boemong bona, re ikutloa re sa phutholoha, empa re sa tsebe hore na re

ka etsa joang ka boemo bona. Hangata ho bobebe ho beha molato mothong e mong, kapa

hore lintho li ne li se taolong ea rona, ho feta ho nka boikarabelo ka seo re se entseng.

4. Ho nka boikarabelo ka liphoso tsa rona le ho hloloa ho fihlela lintho tse itseng, ke

mohato oa pele ho kena tseleng ea phetoho. Ketsahalong e hlahlamang, re tla sheba

“methati e mehlano ea ho ithuta ka liphoso tsa rona”. Methati ena e tla re thusa ho ba le

thahasello ea ho tiisetsa le ho ikitlaetsa ho fihela litaba-tabelo tsa rona hape.

5. Arola litho tsa sehlopha lihlotšoana tse tharo. Fa sehlopha ka seng karete ea “methati

e mehlano ea HO ITHUTA KA LIPHOSO TSA Rona” le mangolo a batho ba bararo a

tsoang kahar’a lebokose la lithusa-thuto.

6. E re sehlopha se arabe lengolo lena ba ipapisitse le “methati e mehlano ea ho ithuta ka

liphoso tsa rona”, ele ho tataisa mokopi ho rarolla bothata ba hae. Re hopole ho araba

litaba tsena, le ho fana ka boeletsi joale ka ha re le batho ba bohlokoa, ba tšepeloang ho

fana ka boeletsi ho ba bang (mohlala: baruti, batsoali, metsoalle).
HO iTHUTA KA liPHOSO TSA ROnA

1. LUMELA hore u hlotsoe.

2. NKA boikarabelo holima liphosa tsa hao.

3. HLAHLOBA hore na ho ile ha fosahala kae.

4. FETOLA liketso le maikutlo a hao.

5. IKITLAETSE ho FIHLELA sepheo ea hao.

THUTO EA 11: HO TšELA MOLA OA HO QETELA

Methati ena e mehlano ke tsela ea ho ithuta ha re e ntse phoso kapa re

hlotsoe. Re eme,

re leke hape ho fihlela re fihlela sepheo sa rona.

MAngOlO A KOPAng BOElETSi : HO iTHUTA KA HO ETSA

liPHOSO

Lengolo la pele: Ke lekhoba la thobalano, ke kopa thuso!

Ke kopa thuso. Ke nahana hore ke lekhoba la thobalano. Ke moithuti ea lilemo li 22. Ke

ile ka iketsetsa tšepiso ea ho se etse thobalano le mohlankana oa ka oa khale ha re le

meketjaneng ‘moho. Ke arohane le mohlankana oa ka likhoeling tse fetileng. Joale ke na

le mohlankana ea sebetsang Afrika Boroa. Empa Moqebelo o fetileng ke ile moketjaneng.

Mohlankana oa ka oa khale o ne a le teng. Re ile ra qala ka ho bua ka linako tse monate

tse fetileng, ‘me qetellong ra etsa thobalano. Sena se etsahala kamehla ha re kopane. Ke

lula ke etsa tšepiso moo ke leng mong hore ha ke na ho etsa sena empa ke lula ke se etsa.

Bothata ba ka ke bofe? Ke kopa thuso.

Eletsa Lineo u sebelisa “methati e mehlano ea ho ithuta ka liphoso tsa rona” ho mo thusa

ho amohela boikarabelo ba liketso tsa hae le ho ithuta ka ho hloloa.

165
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

166

Lengolo la bobeli: A ke ke a u lumella hore CHE!

Ke lilemo tse 11 re nyalane le mosali oa ka. Selemong se fetileng, ke ile ka ratana le

mosali e mong mosebetsing oa ka. Mosali oa ka o ile a tseba ka taba ena, ‘me a re o tla

ntšiea ha ke sa hlale mosali eo oa mosebetsing. Ke ile ka mo tšepisa ho etsa joalo. Empa

ke sitoa ho ithiba. Mosali oa mosebetsing o matha kamor’a ka , o re ke ee ha hae. Ha a

lumele ha ke mo hlala. Ke rata mosali oa ka haholo, ‘me ke batla ho emisa ntho ena. Ke

kopa u nthuse ho boloka tšepiso ea ka ho mosali oa ka.

Eletsa Tau u latela “methati e mehlano ea ho ithuta ka liphoso tsa rona” hore a amohela

boikarabelo ba liketso tsa hae le ho ithuta ka liphoso.

Lengolo la boraro: Ke tlohela nama, nameng joang?

Ke ne ke tšoenyehile; ke ne ke nahana hore ke na le tšoaetso ea HIV. Ke hlokile

boikarabelo nakong ea ho feta, ke ne ke na le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe.

Ke ile ka hlahloba ‘me ka fumana ke sena tšoaetso ea HIV, ke ile ka etsa tšepiso ea hore

ho tloha joale ke tla sebelisa likhohlopo. Empa ka nako tsohle, ha ke lokela ho sebelisa

khohlopo, ke etsa qeto ea ho se e sebelise. Nka tlohela ho etsa see joang ‘me ke lule

tšepisong ea ka? Khotso, Basetsana

Eletsa Basetsana u latela “methati e mehlano ea ho ithuta ka liphoso tsa rona” hore a amohela

boikarabelo ba liketso tsa hae le ho ithuta ka liphoso.

Qetella ketsahalo, bua u re

Ho na le phapang lipakeng tsa ho se atlehe morerong oa hao le ho ho ikutloa e ka ha o letho (ho

hloloa u le motho).

Re ithuta ka liphoso tsa rona le ho hloloa. Ntho ea bohlokoa ke ho ithuta ho se nyahame.

U ka reng ho motsoalle ea batlang ho nyahama hobane a sitiloe ho fihlela sepheo sa hae?

U tšoanela ho ikhothatsa ka tsela e ntle, ka mokhoa o tšoanang le eo o neng o tla eletsa

motsoalle oa hao.
THUTO EA 11: HO TšELA MOLA OA HO QETELA

KETSAHALO EA 3:

Ke na le tšehetso…

Fa motho e mong le e mong pampiri e kholo. Kopa litho tsa sehlopha ho etsa lesaka bohareng ba

pampiri, ebe ba etsa masakana a mang a mararo a maholoanyane kathoko ho lona. Hlalosetsa

litho tsa sehlopha:

` Lesakana le bohareng ke uena. Ba kope ho etsa setšoantšo sa bona.

` Lesakana le pela leo ke metsoalle ea hao eo o ntšanang

se inong le bona. Ba kopa ho etsa

litšoantšo tsa metsoalle ea bona eo ba ntšanang se inong le bona.

` Lesakana la bobeli ke metsoalle ea hao e meng le batho ba bang ba u ka kopang thuso ho

bona. Batho bana e ka ba litho tsa sehlopha, ‘m’e matsale oa hao, ausi oa hao, mooki eo

u mo tsebang; tichere ea hao ea khale. Mang kapa mang ea ka tsebang ho u thusa, ho u

eletsa le ho u tšehetsa.

` Lesakana la boraro le bontša libaka tseo u ka eang ho tsona ho fumana tšehetso.

Mohlala, setsi sa bophelo, sepoleseng, moreneng, sehlopheng sa tšehetso sa HIV,

kerekeng.

167
Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Qetella ketsahalo, e re

168

Ipolokele setšoantšo sena. Tseba hore ho na le batho ba teng ho u thusa le ho u fa

tšehetso.

Nahana ka seo u se utloang ha motho a u tšepa ‘me a u bolella makunutu a hae a bile a

kopa thuso. Taba ena e etsa hore u ikutloe u thabile ho tšehetsa motho e mong.

Fa motho e mong monyetla oa ho ikutloa joalo ka ho mo lumella ho u tšehetsa le ho u

thusa!

KETSAHALO EA 4:

Tlhahlobo ea boithuto ka kakaretso

Ena ke ketsahalo e thusang litho tsa sehlopha ho fana ka maikutlo a bona, ho hlahloba katleho

ea libeke tse 11 tseo re bileng ‘moho.

1. Bolella litho tsa sehlopha hore re fihlile qetellong ea lipuisano tsa rona moo re buisanang

ka litaba tsa mofuthu oa lerato le senang kotsi, tsa libeke tse 11. C-Change e na le

thahasello ea ho utloa maikutlo a bona ka morero ona. Hopotsa litho tsa sehlopha hore

morero ona ke oa pele oa mofuta ona mona Lesotho, ‘me re batla ho utloa maikutlo a

bona e le hore re tsebe ho fetola tse hlokoang ho fetoloa le ho boloka lintho tse sebetsang

hantle.

2. Kopa litho tsa sehlopha ho lula fatše hammoho ba entse lesakana. Beha thupa bohareng

ba lesakana. Bolella litho tsa sehlopha hore ba bue ha ba utloa ba batla ho etsa joalo,

empa ho se be le ea buang lekhetlo la bobeli ka tatellano ha batho ba bang ba eso bue.

Ha u batla ho bua nka thupa, e behe fatše ha u qetile. Joaloka motataisi, u lokela ho etsa

bonnete ba hore e mong le e mong o fumana sebaka sa ho bua.

Botsa lipotso tse latelang:

` Potso ea 1: Ke thuto efe e u natefetseng haholo, kapa e u thusitseng haholo, kapa e

u butseng mahlo haholo? Ke thuto efe e lutseng kelellong ea hao? Etsa bonnete ba

hore bohle ba fumana monyetla oa ho bua. Haeba ba bang ba batla ho bua hape, ba fe

monyetla. Kamorao fetela potsong e hlahlamang.

` Potso ea 2: Na ho na le liphetoho tse teng maphelong a rona tse bontšang katleho ea

morero oo? Na morero oo, o fetotse tsela ea hao ea ho nahana, tsela eo u shebang lintho

ka eona, le boitšoaro ba hao? Ke molaetsa ofe oo le ka ratang ha re ka o fang mofani ea

tšehelitseng morero oo ka lichelete?

` Potso ea 3: Ha u no u ka ba le monyetla oa ho fetola lenane lee, u no u ka fetola eng?
THUTO EA 11: HO TšELA MOLA OA HO QETELA

Ketsahalo ea 5:

Foromo e bontšang le

ho hlahloba kotsi ea ka.

Kopa litho tsa sehlopha ho tlatsa foromo ea Boleng le tlhatlhobo ea kotsi.

THUTO EA 11: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng

KA EOnA

HO ITHUTA ka Liphoso tsa Rona

LUMELA hore u hlotsoe.

NKA boikarabelo holima liphoso tsa ha hao.

HLAHLOBA hore na ho ile oa fosa kae.

FETOLA liketso le maikutlo a hao.

IKITLAETSE ho FIHLELA merero ea hao.

Ho latela Methati ena e mehlano ke tsela eo re ka ithutang ha re e entse

phoso, ka ho hloloa. Re lokela re eme, re leke hape ho fihlela re atlehile.

169
C - Change

CARE Lesotho

P O Box 682

Maseru 100

+ 266 22 318 625