07.02.2013 Views

SeSotho - IPID

SeSotho - IPID

SeSotho - IPID

SHOW MORE
SHOW LESS

You also want an ePaper? Increase the reach of your titles

YUMPU automatically turns print PDFs into web optimized ePapers that Google loves.

BUKAKGAKOLLO YA HO FUMANA DITSEBISO YA LEKALA LE IKEMETSENG

LA DITLETLEBO HO LATELA KAROLO YA 14(1) YA MOLAO WA

NTSHETSOPELE YA HO FUMANA DITSEBISO, 2000 (MOLAO NO. 2 WA 2000)

1. SELELEKELA

Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa 1996 (molao 108 wa 1996) o

hlakisa hore motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fumana tsebiso efe kapa

efe e polokelong ya Mmuso le tsebiso efe kapa efe e hlokwang ho sireletsa ditokelo

dife kapa dife hape le hore molao wa naha o tlamehile ho kenngwa tshebetsong ho

phethahatsa tokelo ena.

Molao wa Ntshetsopele ya Phumantsho ya Tsebiso, 2000 (Molao No. 2 wa

2000) (“Molao”), o kene tshebetsong ka 09 Hlakubele 2001. Molao ona o

phethahatsa Karolo 32 ya Molao wa Motheo. Molao o dumella motho ka

mong ho fumana tsebiso ho kenyeletswa dikhopi tsa direkoto tse

tshwerweng ke Makala a Setjhaba le a Poraevete. Ho dumella setjhaba ho

etsa dikgetho tse nepahetseng, tse tlamehileng ho thusa hore ho be le

tsamaiso ya Mmuso e nang le boikarabelo ebile e phethahetseng, tsebiso e

polokelong ya Mmuso e bohlokwa haholo. Lekala le ikemetseng la

Ditletlebo, jwaloka institushine ya setjhaba e ikamahanyang le Karolo 14(1)

ya Molao wa Ntshetsopele ya Phumantsho ya Tsebiso, 2000 (Molao No. 2

wa 2000) (“Molao”) le hlophisitse bukakgakollo ena ho thusa ditho tsa

setjhaba phumantshong ya ditsebiso tse molemo tse tshwerweng ke

Botsamaisi ba Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo, ho sa natse hore e

fumaneha ka nako le motsotso kapa tjhe, ha fela setho se amehang sa

setjhaba se e hloka.

2. SEPHEO SA BUKAKGAKOLLO ENA

Bukakgakollo ena e hlahisitswe ka sepheo sa ho phethahatsa dipehelo tsa

Karolo 14(1) ya Molao le ho kgothaletsa setso sa tshebetso e pepeneneng le

boikarabelo mme ka tsela e jwalo e neha motho e mong le e mong tokelo ya

ho fumana tsebiso.

Bukakgakollo ena e leka ka matla ho ntshetsapele setso seo ka sona batho

ba hlokang tsebiso ho tswa Lekaleng le Ikemetseng la Ditletlebo, ba ka

etsang kopo ya ho fumana tsebiso eo ebile ba na le tokelo ya ho e fumana

ho latela dipehelo tsa molao wa motheo. E leka ho thusa batho ba batlang

ho fumana tsebiso le direkoto tse bolokilweng ke Lekala le Ikemetseng la

Ditletlebo ka ho latela ditsamaiso tse totobetseng. Bukakgakollo ena e

hlakisa hantle ditsamaiso tseo; hape e fa motho ya etsang kopo tataiso ya

ho sebedisa ditokelo tsa hae ho latela Molao.

3. MOSEBETSI LE SEBOPEHO SA LEKALA LE IKEMETSENG LA

DITLETLEBO

3.1 SEPHEO

Ho ntshetsa pele le ho ntlafatsa boitshwaro bo nepahetseng ba sepolesa

3.2 Ponelopele

Ho hlabolla Tshebeletso ya Sepolesa le ho ikamahanya le moya le sepheo

sa Molao wa motheo.

DIRECTOR: LEGAL

SERVICES

MANAGER:

INVESTIGATIONS

E/C

CHIEF: DIRECTOR

INVESTIGATIONS

W/C

N/C

3.3 LETONA

Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo le eteletswe pele ke Letona la Tshireletso

le Polokeho le kgethilweng ke Moporesidente ho latela Karolo 91(2) ya

Molao wa motheo wa, 1996 (Molao wa motheo) jwaloka ha o hlakisitswe.

Sena ke sebopeho se amohetsweng semolao sa Lekala le Ikemetseng la

Ditletlebo:

A

INTERNAL AUDIT

ETHICS & RISK MNGT

CHIEF DIRECTOR:

INFORMATION

MANAGEMENT

DIRECTOR: IMS

RESEARCH

COMMUNICATION

DATABASE

MANAGEMENT

FS

KZN

NW

EXECUTIVE DIRECTOR

CHIEF DIRECTOR:

CORPORATE

SERVICES

DIRECTOR: HRM

HRM

LR

EW & SP

SECURITY MNT

SERVICE DELIVERY

GP

MPUMALANGA

LIMPOPO

CHIEF FINANCIAL

OFFICER

FINANCE

SCM & ASSET

MANAGEMENT

3.4 TSAMAISO

Bohatong ba tshebetso, Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo le tsamaiswa ke

Molaodiphethisi ya kgethilweng ke Letona la Tshireletso le Polokeho ho

latela karolo 51 ya Molao wa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Aforikaborwa,

1995 (Molao No. 68 wa 1995) jwaloka ha o hlakisitswe. Molaodiphethisi o

kgethwa ho latela molao o laolang ditshebeletso tsa setjhaba.

Molaodiphethisi o thuswa ke Mohlanka ya ka Sehlohong wa tsa Ditjhelete

mmoho le Batsamaisi ba Mananeo ba bararo ba okametseng Diphuputso;

Ditshebeletso tsa Kgwebisano le Tsamaiso ya Ditsebiso le Dipatlisiso.

Molaodiphetisi ke Mohlanka wa Ditsebiso ya kgethuweng semolao. Dintlha

tse feletseng tsa Mohlanka wa Ditsebiso le Motlatsi wa Mohlanka wa

Ditsebiso di tekilwe hantle Karolong e ka fatshe.

3.5 BAHLANKA BA DITSEBISO

1. Molaodiphethisi ke Mohlanka wa Ditsebiso ya kgethuweng semolao, jwaloka

ha Molao o hlalositse le ho totobatsa hore mohlanka wa ditsebiso ke mang.

3.5.1. Dintlha ka botlalo tsa Mohlanka wa Ditsebiso ke tse latelang:

ATERESE YA LEBOKOSO LA POSO

Molaodiphethisi (Mohlanka wa Ditsebiso)

Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo

Lebokoso la poso la Poraevete X 941

PRETORIA

0001

ATERESE YA SETERATA

Molaodiphethisi

ICD House

388 Andries Street

PRETORIA

0001

NOMORO YA MOHALA: 012 392 0400

NOMORO YA FEKESE: 012 320 3116

WEBOSAETE : www.icd.gov.za

Balaodi ba Mananeo mmoho le Dihloho/Baokamedi tsa/ba Diporovense

ke bona Bahlanka ba kgethuweng semolao e le Batlatsi ba Bahlanka ba

Ditsebiso jwaloka ha ho hlakisitswe le ho totobatswa karolong ya 17(1)

ya Molao. Dintlha ka botlalo tsa Batlatsi ba Bahlanka ba Ditsebiso ke

tse latelang:

3.5.2 BATLATSI BA BAHLANKA BA DITSEBISO

Motsamaisikakaretso: Diphuputso

ICD House

388 Andries Street

PRETORIA

0001

Nomoro ya mohala: 012 392 0428

Nomoro ya fekese: 012 392 0474

3.5.3 Motsamaisikakaretso: Tsamaiso ya Ditsebiso le Dipatlisiso

ICD House

388 Andries Street

PRETORIA

0001

Nomoro ya Mohala: 012 392 0407

Nomoro ya Fekese: 012 320 1861

3.5.4 Motsamaisikakaretso: Ditshebeletso tsa Kgwebo

Old Mercedes Benz Building

47 Schoeman Street

PRETORIA

0001

Nomoro ya Mohala: 012 423 1402

Nomoro ya Fekese: 012 423 1449

3.5.5 Mohlanka ya ka Sehlohong wa Ditjhelete

Old Mercedes Benz Building

47 Schoeman Street

PRETORIA

0001

Nomoro ya Mohala: 012 423 1401

Nomoro ya Fekese: 012 423 1456

3.5.6 DIOFISI TSA DIPOROVENSE

ATERESE

Gauteng Provincial Head

20 th Floor Marble Towers Building

No. 208-212 Jeppe Street

Johannesburg

ATERESE YA POSO

Lebokoso la Poraevete X 25

Johannesburg

2000

Nomoro ya Mohala: 011 220 1500

Nomoro ya Fekese: 011 333 2705

ATERESE

KwaZulu-Natal Provincial Head

7 th Floor Kingsfield Place

No. 30 Field Street

Durban

ATERESE YA POSO

Lebokoso la poraevete X 54303

Durban

4000

Nomoro ya Mohala: 031 310 1300

Nomoro ya Fekese: 031 305 8214

ATERESE

Western Cape Provincial Head

Fin trust Building

1 st floor

Corner of Petrusa and Mazzur Streets

Bellville

7530

ATERESE YA POSO

Lebokoso la Poraevete X 9173

Cape Town

8000

Nomoro ya Mohala: 021 941 4800

Nomoro ya Fekese: 021 949 3196

ATERESE

Limpopo Provincial Head

2 nd floor Femnic Building

66 A Market Street

Polokwane

ATERESE YA POSO

Lebokoso la Poraevete X 9525

Polokwane

0700

Nomoro ya Mohala: 015 291 9800

Nomoro ya Fekese: 015 295 3409

ATERESE

Mpumalanga Provincial Head

2 nd floor Nedbank Centre

48 Brown Street

Nelspruit

1201

ATERESE

Lebokoso la Poraevete X 11325

Nelspruit

1200

Nomoro ya Mohala: 013 754 1000

Nomoro ya Fekese: 013 752 2602

ATERESE

Eastern Cape Provincial Head

40 Eales Street

King Williams Town

ATERESE

Lebokoso la Poraevete X 7491

King Williams Town

5600

Nomoro ya Mohala: 043 604 3500

Nomoro ya Fekese: 043 604 3535

ATERESE

North West Provincial Head

11 Tillard Street

Mafikeng

ATERESE

Lebokoso la Poraevete X 2017

Mafikeng

2745

Nomoro ya Mohala: 018 397 2500

Nomoro ya Fekese: 018 381 1495

ATERESE

Free State Provincial Head

15 Cnr Andrew & Westburger Streets

Ground Floor

Standard Bank Building

Bloemfontein

ATERESE YA POSO

Lebokoso la Poraevete X 20708

Bloemfontein

9300

Nomoro ya Mohala: 051 406 6800

Nomoro ya Fekese: 051 430 8852

ATERESE

Northern Cape Provincial Head

Public Works Building

9 th Floor (Court Building)

Cnr Stead & Knights Streets

Kimberly

ATERESE YA POSO

Lebokoso la Poraevete X 20708

Bloemfontein

9300

Nomoro ya Mohala: 053 807 5100

Nomoro ya Fekese: 053 832 5615

4. MOSEBETSI WA LEKALA LE IKEMETSENG LA DITLETLEBO

Lekala le ikemetseng la ditletlebo le nka boikarabelo ba ho:

Etsa diphuputso ka mafu ohle a etsahetseng ditjhankaneng/setlamong sa

Mapolesa,

Etsa diphuputso ka diketsahalo tsohle tsa diketso tse kgohlahetseng,

botlokotsebe mmoho le boitshwaro bo hlephileng ba ditho tsa Ditshebeletso

tsa Sepolesa sa Aforikaborwa (SAPS) hape le Ditshebeletso tsa Sepolesa

sa Masepala; (MPS); le ho etsa diphuputso ka ho hloleha ho thusa kapa ho

sireletsa mahlatsipa a merusu ya malapeng jwaloka ha ho hlokeha ho latela

Molao wa Merusu ya Malapeng (DVA); mme sepheo sa Lekala le

Ikemetseng la Ditletlebo ke ho ntshetsapele le ho kgothaletsa boitshwaro bo

botle ba sepolesa.

5. MATLA A SEMOLAO A FUWENG LEKALA LE IKEMETSENG LA

DITLETLEBO:

5.1 Karolo 53 ya Molao wa 1995 wa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa

Aforikaborwa (Molao No. 68 wa 1995) jwaloka ha o hlakisitswe le ho totobatswa

ho latela dipehelo tsa Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo;

5.1.1. Ho fuputsa mafu a batho ba hlokahaletseng ditjhankaneng/ditlamong tsa

sepolesa kapa ka lebaka la diketso tsa sepolesa (tse jwaloka ho thunya, ho

lematsa);

5.1.2 Lekala le ka fuputsa ho itshunya ha ditho tsa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa

Aforikaborwa le Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Masepala diketsahalong tsa

bonokwane tse jwaloka ho lematsa, ho utswa, bobodu, botlokotsebe le

ditlolo tse ding tsa molao;

5.1.3 Lekala, ka memo kapa ha le fumane tletlebo, le ka fuputsa boitshwaro bofe

kapa bofe bo hlephileng kapa monyenyetsi wa tlolo ya molao e entsweng ke

setho mme lekala le ka etsa ditshisinyo moo ho hlokehang ho

Mokomishinara ya amehang.

6. HO FUMANA TSEBO E TSHWERWENG KE LEKALA LE IKEMETSENG

LA DITLETLEBO

6.1 Motho ofe kapa ofe ya lakatsang ho fumana tsebiso e matsohong a Lekala

le Ikemetseng la Ditletlebo a ka ikopanya le Mohlanka wa Ditsebiso kapa

Batlatsi ba Bahlanka ba Ditsebiso.

6.2 Tsebo e polokelong ya Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo e ka fumanwa ka

ho etsa kopo le ho tlatsa foromo e hlwauweng, e fumaneha diofising tsohle

tsa Diporovense tsa Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo mme kopo eo e

lebiswe ho Mohlanka wa Ditsebiso kapa ho Batlatsi ba Bahlanka ba

Ditsebiso diatereseng tse boletsweng seratswaneng sa 2 ka hodimo.

6.3.1 Motho ya entseng kopo ya ho fumana tsebiso o tlamehile ho tlatsa dintlha ka

botlalo tse foromong ho thusa Mohlanka wa Ditsebiso/Motlatsi wa Mohlanka

wa Ditsebiso hore a fumane tsebiso eo e kopuweng. Motho ya entseng kopo

o tlamehile ho hlakisa hantle dintlha tsena:

6.3.1.1 rekoto kapa direkoto tse kopuwang;

6.3.1.2 a hlakise hore na tsebiso eo a e kopang e amana le yena kapa jwang;

6.3.1.3 dilemo tsa motho ya etsang kopo;

6.3.1.4 haebe motho ya etsang kopo o thuswa ho fumana tsebiso ho be le

bopaki bo hlalosang maemo ao a thuswang tlasa ona; hape

6.3.1.5 haebe direkoto tseo di amana le bophelo ba motho ya etsang kopo; hape

le

6.3.1.6 hore na motho ya etsang kopo o thusitswe kapa ho entswe kopo

boemong ba hae.

6.4 Motho ya etsang kopo ya ho fumana rekoto e jereng tsebiso ka yena ha a

lokelwa ho ntsha tefo ya ho etsa kopo. Batho ba bang ba etsang kopo ba lokela

ho ntsha tefo ya ho etsa kopo.

6.5 Ditefello le ditjeo tse hlakisitsweng karolong ya 2 ya tsebiso ya No. 187

Koranteng ya mmuso ya 15 Hlakola 2002 di tlamehile ho lefuwa. Ditefello di

lefuwa jwaloka ha ho hlakisitswe Koranteng ya Mmuso.

6.6 Mohlanka wa Ditsebiso o tshwanetse hore, ka nako e amohelehileng ebile e

kgonahalang empa nakong ya matsatsi a mashome a marao ka mora ho

fumana kopo e le ho etse qeto ho latela dipehelo tsa Molao ya hore na a

dumelle kopo eo kapa tjhe mme o lokela ho tsebisa motho ya entseng kopo ka

qeto eo. Ha diketsahalo tseo di kgonne ho tswela pele ka nako e

amohelehileng, Mohlanka wa Tsebo o tla etsa mawa ohle ho tsebisa motho ya

entseng kopo ka qeto ka mokgwa oo motho eo a kopileng ho tsebiswa ka wona.

6.7 Tsebiso e polokelong ya Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo e ka fumanwa ka

ho etsa kopo le ho tlatsa foromo e hlwauweng, e fumaneha diofising tsohle

tsa diporovense tsa Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo mme kopo eo e

lebiswe ho Mohlanka wa Ditsebiso kapa Batlatsi ba Bahlanka ba Ditsebiso

atereseng e boletsweng seratswaneng sa 3 ka hodimo.

6.8. Motho ya entseng kopo ya ho fumana tsebiso o tlamehile ho tlatsa dintlha ka

botlalo tse foromong ho thusa Mohlanka wa Ditsebiso/Motlatsi wa Mohlanka wa

Ditsebiso hore a fumane tsebiso eo e kopuweng.Motho ya entseng kopo o

tlamehile ho hlakisa hantle dintlha tsena:

6.8.1 rekoto kapa direkoto tse kopuwang;

6.8.2 a hlakise hore na tsebiso eo a e kopang e amana le yena ka jwang;

6.8.3 dilemo tsa motho ya etsang kopo;

6.8.4 haebe motho ya etsang kopo o thuswa ho fumana tsebiso; ho be le bopaki

bo hlalosang maemo ao a thuswang tlasa ona; hape

6.8.5 ebe na direkoto tseo di amana le bophelo ba motho ya etsang kopo le hore,

hape le hore na motho ya etsang kopo e thusitswe kapa ho entswe kopo

boemong ba hae.

6.8.6 Maemong ao motho ya entseng kopo a sa tsebeng ho ngola kapa ho bala

kapa a sa kgone ho etsa kopo ka ho itlatsetsa foromo, kopo e ka etswa ka

molomo.

7. MOFUTA WA TSEBO O POLOKELONG YA LEKALA LE IKEMETSENG

LA DITLETLEBO

7.1 TSEBISO E POLOKELONG YA MOTSAMAISIKAKARETSO:

DITSHEBELETSO TSA KGWEBISANO

Tsebo e feletseng ya basebeletsi bohle mme sena se kenyeletsa:

Dintlha ka botlalo tsa motho;

Nalane ya hae ya mosebetsi le direkoto tseo basebeletsi ba Lekala le

Ikemetseng la Ditletlebo ba faneng ka tsona.

7.2 TSEBISO E POLOKELONG YA MOTSAMAISIKAKARETSO:

DIPHUPHUTSO

Dinyewe tse tlasa taolo ya Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo.

7.3 TSEBISO E POLOKELONG YA MOTSAMAISIKAKARETSO:

DITSHEBELETSO TSA TSAMAISO YA DITSEBISO

Dipalopalo

Dipuisano le Boraditaba/Dikoranta

Dipehelo tsa Dipatlisiso

Mawa le Maano

Dipehelo tsa Lefapha tsa Selemo le Selemo;

Dipehelo tsa Merusu ya Malapa le

Masedinyane, dikoranta le dibukana tse phatlaladitsweng ke Lefapha.

7.4 TSEBISO E POLOKELONG YA MOHLANKA YA KA SEHLOHONG

WA TSA DITJHELETE

Direkoto tsa ditekanyetso, tshebediso ya ditjhelete le ho akgela mahlo

pele mererong ya Lefapha.

7.5 TSEBISO E POLOKELONG YA BATSAMAISI BA TEKOLO TSA

TSHEBEDISO YA DITJHELETE TSA LEHAE LE YUNITI YA SERITI

Direkoto tsa maano a dikotsi;

Dipehelo tsa dihlahlobo tsa dikotsi;

Maano a ditekolo tsa tshebediso ya ditjhelete tsa selemo le selemo;

Dikopano tsa komiti ya ditekolo tsa tshebediso ya ditjhelete;

Direkoto tsa maano a thibelo; le

Diphumano tsa ditekolo tsa tshebediso ya ditjhelete le dipehelo.

7.6 TSEBO KA KAKARETSO

Maano le ditsamaiso tse amanang le:

Matlotlo, ditshebeletso le dithekiso

Diphuputso; le

Ditsebiso tsohle tse webosaeteng ya Lefapha.

Batho ba etsang dikopo ba tlamehile ho ela hloko hore Molao o

fane ka tumello, hape le maemong a mang a itseng a qobellang

Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo ho hanana le dikopo tse ding

tse itseng tse hlokang ho fumana tsebiso direkotong tse itseng.

8. DITSHEBELETSO TSE FUMANEHANG HO LEKALA LE

IKEMETSENG LA DITLETLEBO

Ho amohela, ho rekota le tsamaiso ya ditletlebo tse kgahlano le ditho

tsa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Aforikaborwa le Tshebeletso ya

Sepolesa sa Masepala.

Ditshebeletso tsena di fumaneha diofising tsa Lefapha Diporovenseng

tsohle tse robong (9).

9. DIPHEHISO NAKONG EO HO BOPUWANG LEANO

Setho sefe kapa sefe sa setjhaba se dumelletswe ho phehisa le ho ba le

tshusumetso nakong eo ho bopuwang leano mme ka kakaretso se hlahise maikutlo

a sona hore Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo le fuwe matla afe le tshebetso ya

lona ka ho:

(a) buisana ka ho otloloha le Letona ka ho ngolla atereseng eo ho

fanweng ka yona;

(b) itlhahisa ka pela Komiti ya Potefolio ya Palamente e

ikarabellang ho tsa Tshireletso; hape ka ho

(c) ntsha maikutlo ka molao o sisintsweng.

10. DIPHEKO TSE KA SEBEDISWANG SEMOLAO KAPA HA

LEFAPHA LE HLOLEHA HO NKA BOHATO

Ha ho ka etsahala hore motho ya entseng kopo ya tsebiso a ikutlwe a

sa kgotsofatswa ke tshebetso ya Lefapha mme le hlolehile ho mo fa

tsebo eo a e kopileng; motho ya entseng kopo a ka:

(i) Ipelaetsa ka ho ngola ho latela karolo 74 le 75 (1) ya Molao

mabapi le qeto ya Mohlanka wa Ditsebiso nakong ya

matsatsi a mashome a tsheletseng (60) kamora letsatsi la

ho hanyetsa kopo eo.

(ii) Boipelaetso bo tlamehile ho:

Romelwa ho Mohlanka wa Ditsebiso;

Ho hIwauwe le ho toboketsa sehloho sa boipeletso mme ho

bolelwe mabaka a susumetsang boipelaetso boo le mabaka afe kapa

afe a tsamaisanang le tsebiso;

Tsena tsohle di hokelwe le tefello e behilweng ya boipiletso

boo mme ho kengwe le dintlha tsohle tsa boitsebiso tsa motho ya

entseng kopo eo.

(iii) etsa kopo Lekgotleng la dinyewe ho latela karolo 82 ya

Molao;

(iv) fetisetsa tletlebo ho Komishine ya Ditokelo tsa Botho, kapa

a ka

(v) fetisetsa tletlebo ho Mosireletsi wa Setjhaba.

11. TATAISO E FUMANWANG HO TSWA HO KOMISHINE YA

DITOKELO TSA BOTHO YA AFRIKABORWA (SAHRC)

Komishine ya Ditokelo tsa Botho ya Aforikaborwa e lokela ho hlahisa

buka e tataisang e ngotsweng ka dipuo tsohle tsa semmuso tsa

Aforikaborwa ho thusa batho bohle ba lakatsang ho sebedisa tokelo

ya ho fumana tsebiso, eo batho bao ba ka e hlokang nakong eo ba

sebedisang ditokelo tsa bona. Tataiso ena e fumaneha ho Mohlanka

wa Ditsebiso wa Komishine ya Ditokelo tsa Botho diatereseng tse

latelang:

Mohlanka wa Ditsebiso

Aterese ya Poso:

Komishine ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa

Lebokoso la Poraevete X 2700

HOUGHTON 2041

ATERESE:

29 Princess of Wales

PARKTOWN

2196

NOMORO YA MOHALA: (011) 484 8300

NOMORO YA FEKESE :( 011) 484 1360

12. KAKARETSO

Motho ofe kapa ofe ya se nang bonnete ba ntho efe kapa efe e ngotsweng

mona a ka nna a ikopanya le Mohlanka wa Ditsebiso kapa Batlatsi ba hae

kapa Diofisi dife kapa dife tsa Lefapha ho fumana thuso.

NTLAFATSO YA BUKAKGAKOLLO

Lekala le Ikemetseng la Ditletlebo le ka fumana ho hlokeha hore le

ntlafatse le ho phatlalatsa bukakgakollo ya lona eo ho buuwang ka

yona karolong 14(1) ya Molao nako e kgolo le e nyane empa e sa

feteng selemo.

Hooray! Your file is uploaded and ready to be published.

Saved successfully!

Ooh no, something went wrong!