22.06.2013 Views

Sesotho - Unesco

Sesotho - Unesco

Sesotho - Unesco

SHOW MORE
SHOW LESS

Create successful ePaper yourself

Turn your PDF publications into a flip-book with our unique Google optimized e-Paper software.

Sesotho

Kgoeletso ya Mefuta e Fapaneng ya Botjhaba ya Lefatshe Lohle ya UNESCO

Seboka sa Kakaretso,

Boitelo ba ho phethahatsa ka botlalo ditokelo tsa botho le ditokoloho tsa motheo tse

tsebisitsweng Kgoeletsong ya Ditokelo tsa Botho tsa Lefatshe Lohle le disebediswa tse

ding tsa molao tse amohetsweng lefatsheng lohle, tse jwaloka Diboka tsa Matjhaba tse

pedi tsa selemo sa 1966 di tsamaelana ka ho latellana ho ditokelo tsa setjhaba le tsa

dipolotiki le ditokelo tsa moruo, phedisano le botjhaba,

Ho hopolwa hore Selelekela sa Molao wa Motheo wa UNESCO o tiisa “hore ho

tswakana ho batsi ha botjhaba bo fapaneng, le ho ruteha ha batho ka toka le tokoloho le

kgotso e le tse hlokehang hore motho a be le seriti mme ke mosebetsi wa bohlokwa oo

ditjhaba tsohle di tlamehang ho o phetha ka moya wa ho thusana le wa kutlwelano

bohloko”,

Ho tswela pele ka ho hopola Temana ya 1 ya Molao wa Motheo, e dumellang UNESCO

dipheo tse ding tse kgothaletsang “ditumellano tsa matjhaba jwaloka ka ha di hlokeha ho

ntshetsa pele ho tsamaiswa kantle ho thibelo mehopolo ka lentswe le ditshwantsho”,

Ho lebisa dipehelong tse tsamaelanang le phapano ya meetlo le ho phetha ditekolo tsa

botjhaba disebedisweng tsa matjhaba ka UNESCO,(1)

Ho tiiselletsa hape hore botjhaba bo amohelwe dintlha tsa sehlopha se qatsohileng sa

moya, leruo, bohlale le maikutlo a setjhaba kapa sehlopha sa phedisano, le hore bo

akaretsa, ha ho eketswa ka bokgabo le dingolwa, mokgwa wa ho phela, mekgwa ya ho

phela mmoho, ditsamaiso tsa tse molemo, meetlo le ditumelo, (2)

Ho ela hloko hore botjhaba bo setsing sa dipuisano tsa mehleng ena ka boitsebiso,

phedisano ya batho, le ntshetsopele ya moruo o itshetlehileng tsebong,

1

Ho tiiselletsa hore tlhompho ya mefuta e fapaneng ya botjhaba, mamello, puisano le

tshebedisano, moo e leng hore ho a tshepanwa teng le ho utlwisisana e leng tiisetso ya

bohlokwa ya kgotso ya matjhaba le tshireletso,

Ho labalabela tshebedisano e matla ho ya ka ho amohela ho fapana ha botjhaba, ho ela

hloko kopano ya batho le ntshetsopele ya phapanyetsano ya botjhaba ka bobona,

Ho ela hloko hore tshebetso ya ho kopanya lefatshe lohle, e thuswang ke ho tswela pele

ho potlakileng ha tsebiso e ntjha le dithekenoloji tsa dikgokahanyo, le ha di baka hore ho

be le mathata mabapi le ho fapana ha botjhaba, ho ba le puisano e ntjha botjhabeng le

tswelopeleng ka ho fapana,

Ho tseba ka thomo e itseng e tshepetsweng UNESCO, tsamaisong ya Kopano ya

Matjhaba, ho hlokomela hore ho bolokwa le ho phahamiswa ha ho fapana ha botjhaba bo

nang le ditholwana tse molemo,

Se tsebisa metheo e latelang mme se amohela Kgoeletso ena:

BOITSEBISO, MEFUTA E FAPANENG LE BONGATA

Temana ya 1 – Mefuta e Fapaneng ya Botjhaba: lefa le tlwaelehileng la setjhaba

Botjhaba bo na le mahlakore a fapaneng ho ya ka dilemo ka ho fapana ha tsona le dibaka.

Ho fapana hona ho fuperwe ke boikemelo le bongata ba boitsebiso bo fapaneng ba

dihlopha le batho ka ho fapana ba tswalang botho. Jwaloka mohlodi wa tshebedisano,

ntjhafatso le boqapi, ho fapana ha botjhaba ke taba ya bohlokwa bathong e le karolo ya

bophelo ba tlhaho. Ka tsela ena, ke lefa le tlwaelehileng la batho mme le amohelwe le

tiiseletswe molemong wa meloko ya mehleng ena le mehleng e tlang.

Temana ya 2 – Ho tloha mefuteng e fapaneng ya botjhaba ho ya bongateng ba

botjhaba

Ditjhabeng tsa rona tse fapaneng tse atang, ho molemo ho hlokomela tshebedisano

bathong le dihlopheng ka bongata, mefuta e fapaneng le boitsebiso ba botjhaba bo

fetohang hammoho le ho rata ho phela mmoho. Maano a kenyeletso le ho kenya letsoho

ha baahi bohle ke tiiso ya kopano ya setjhaba, matla a tshebetso a setjhaba le kgotso.

Jwale e hlaloswa jwalo, bongata ba botjhaba bo hlahisa leano mefuteng e fepaneng ya

botjhaba ya nnete. Ho ntse ho sa iphaphanngwe le mokgwa wa tshebetso wa demokerasi,

ho fapana ha botjhaba ke ntho e ntle bakeng sa phaphanyetsano ya botjhaba le ho

kgothaletsa bokgoni ba kgolo le boiqapelo e leng se etsang hore bophelo ba setjhaba bo

tsitse.

Temana ya 3 – Ho fapana ha botjhaba e le taba ya bohlokwa ntshetsopeleng

Ho fapana ha botjhaba ho thusa motho e mong le e mong ho ba le boikgethelo bo batsi;

ke e nngwe ya metheo ya ntshetsopele, e utlwisiswang e seng fela ho ya ka dipehelo tsa

2

ho hola ha moruo, empa le hore ke mokgwa wa ho fihlella ho ba teng ha monahano o

tebileng, maikutlo, boitshwaro le moya o eketsehileng o kgotsofatsang.

HO FAPANA HA BOTJHABA LE DITOKELO TSA BOTHO

Temana ya 4 – Ditokelo tsa botho e le tiiso ya ho fapana ha botjhaba

Ho sireletswa ho fapana ha botjhaba ke taba ya bohlokwa ya boitshwaro, e ke keng ya

behelwa ka thoko ha ho hlontjhwa seriti sa batho. E hlalosa boitelo ba ditokelo tsa botho

le tokoloho ya motheo, haholoholo ditokelo tsa batho ba mmalwa le batala. Ho se be le

motho ya kgothaletsang ho fapana ha botjhaba hore bo itshunyatshunye ditokelong tsa

botho tse tiisitsweng ke molao wa matjhaba, kapa ho kgina boholo ba tsona.

Temana ya 5 – Ditokelo tsa botjhaba e le bo dumellang maemo a ho fapana ha

botjhaba

Ditokelo tsa botjhaba ke karolo ya bohlokwa ya ditokelo tsa botho, tseo e leng tsa

lefatshe lohle, tse ke keng tsa arolwa mme di sebedisana. Ho atleha ho fapanang ha

boqapi ba botjhaba bo hloka ho phethahala ho feletseng ha ditokelo tsa botjhaba jwaloka

ha di hlalositswe Temaneng ya 27 ya Kgoeletso ya Mefuta e Fapaneng ya Botjhaba ya

Lefatshe Lohle ya Temana ya 13 le 15 ya Ditokelo tsa Botjhaba le Phedisano, Seboka sa

Matjhaba ka Moruo. Batho bohle ba na le tokelo ya ho bua le ho nahana le ho phatlalatsa

mosebetsi wa bona ka puo eo ba ikgethetseng yona, haholoholo ka puo ya bona ya

lapeng; batho bohle ba tshwanelwa ke thuto le thupelo ya maemo a hodimo e hlomphang

boitsebiso ba bona ba botjhaba; mme batho bohle ba na le tokelo ya ho kenya letsoho

bophelong ba botjhaba boo ba ikgethelang bona le ho phetha botjhaba ba bona, ho ya ka

tlhompho ya ditokelo tsa botho le motheo wa tokoloho.

Temana ya 6 – Mokgweng wa ho fihlella mefuta e fapaneng ya botjhaba

Ha ho sa ntse ho dumellwa ho tsamaiswa ha ditaba ka bolokolohi ka ho bua le

ditshwantsho ho hlokomelwe hore mefuta yohle ya botjhaba e ka itlhalosa le ho itsebisa.

Bolokolohi ba ho bua, bongata ba diphatlalatso ba ditaba, bongata ba dipuo, ho fihlella

bokgabo ka ho lekana le tsebo ya saense le thekenoloji, ho kenyeletswa mokgwa wa

dijitale, le hore ho ka etsahala hore mefuta ya botjhaba yohle e ka fihlella mokgwa wa ho

itlhalosa le ho phatlalatsa ditaba ke tiiso ya ho fapana ha mefuta e fapaneng ya botjhaba.

MEFUTA E FAPANENG YA BOTJHABA LE BOQAPI

Temana ya 7 – Lefa la botjhaba hammoho le sediba sa boqapi

Boqapi bo tswalwa motheong wa moetlong wa botjhaba, empa bo hola ha bo sebedisana

le mefuta e meng ya botjhaba. Ka lebaka lena, lefa ka mefuta ya lona e fapaneng le

bolokwe, le phahamiswe mme le fetisetswe letlobong la kamoso e le rekoto ya bophelo

ba batho le ditabatabelo tsa bona, e le ho kgothaletsa boqapi ka mefuta ya bona e

fapaneng le ho kgothaletsa ho buisana ha nnete mefuteng ya botjhaba.

3

Temana ya 8 – Thepa le ditshebeletso tsa botjhaba: dintho tsa mofuta o ikgethileng

Nakong ya phetoho ya mehleng ena ya moruo le thekenoloji, ha ho etswa menyetla e

meholo ya ho qapa le ho ntjhafatsa, ho hlokomelwe ka bohlwahlwa mofuta o fapaneng o

thusang ka mosebetsi wa boqapi, ho lemohiseng ka ditokelo tsa moqapi le dibapadi tsa

bokgabo le ho tsepameng thepeng le ditshebeletsong tsa botjhaba tseo, e leng tse supang

boitsebiso, melemo le moelelo, di tlameha hore di se ke tsa sebetswa e le dinthwana fela

kapa thepa ya basebedisi.

Temana ya 9 – Maano a botjhaba e le dipotlakisi tsa boqapi

Ha o ntse o hlokometse ho tsamaiswa ha ditaba le mesebetsi ka bolokolohi, maano a

botjhaba a tlameha ho lokisetsa maemo a thusang tlhahisong le phatlalatsong ya thepa le

ditshebeletso tse fapaneng ka indaseteri tsa botjhaba tse nang le mekgwa ya ho

itsebahatsa lehaeng le lefatsheng lohle. Ke Puso, mabapi le ditshwanelo tsa matjhaba, di

hlalose leano la tsona la botjhaba le ho e phethahatsa ka mokgwa oo e bonwang e e lokela

ka teng, e ka ba ka tshehetso ya mosebetsi kapa melawana e loketseng.

MEFUTA E FAPANENG YA BOTJHABA LE KOPANO YA MATJHABA

Temana ya 10 – Bokgoni bo matlafatsang boqapi le phatlalatso lefatsheng lohle

Ka lebaka la ho se lekane ho teng ho tsamaisweng le ho fapanyetsaneng ha thepa ya

botjhaba lefatsheng, ke taba ya bohlokwa ho matlafatsa tshebedisano ya matjhaba le

kopano e reretsweng ho thusa dinaha tsohle, haholoholo dinaha tse sa ntseng di hola le

dinaha tse sa ntseng di fetoha, ho kgothaletsa diindaseteri tsa botjhaba tse tlisang moruo

le tse phehisanang le tse ding naheng le matjhabeng.

Temana ya 11 – Kaho ya ditshebedisano mahareng a mmuso, kgwebo le setjhaba

Ditshebeletso tsa maraka ka botsona di ke ke tsa tiisa ho bolokwa le ho phahamiswa ha

phapano ya botjhaba, eo e leng taba ya bohlokwa ntshetsopeleng ya botho bo tswelang

pele. Ho ya ka tjhadimo ena, bohlokwa ba pele ba leano la setjhaba, bo sebedisana le

kgwebo le setjhaba, bo tlameha ho amohelwa hape.

Temana ya 12 – Mosebetsi wa UNESCO

UNESCO, ho ya ka thomo le mosebetsi wa yona, e na le boikarabelo ho:

(a) phahamiseng ho kenngweng ha metheo e behilweng Kgoeletsong ena meralong ya

ntshetsopele e tswetsweng ke mekgatlo e fapaneng ya tshebedisano ya mebuso;

4

(b) sebeletsa sebaka se tla sutjwa le boemo moo Mebuso, mekgatlo ya matjhaba ya

mmuso le eo e seng ya mmuso, setjhaba le kgwebo di ka ba mmoho ho kenyeletsweng ha

menahano, maikemisetso le maano ho thuseng ho fapana ha botjhaba;

(c) tswela pele ka mesebetsi ho theheng maemo, ho hlokomedisa le ho ntlafatsa dibakeng

tse tsamaelanang le Kgoeletso ya mehleng ena dibakeng tsa yona tsa bokgoni;

(d) thusa ka ho phethahatswa ha Moralo wa Mosebetsi, ditshebeletso tsa bohlokwa tse

hoketsweng Kgoeletsong ya mehleng ena.

(1) Ho kenyeletswa, haholoholo, Tumellano ya Florence ya selemo sa 1950 le

Porotokholo ya yona ya Nairobi ya selemo sa 1976, Seboka sa Tokelo ya Kgatiso sa

Lefatshe Lohle sa selemo sa 1952, Kgoeletso ya Metheo ya Tshebedisano ya Botjhaba ya

Matjhaba ya selemo sa 1966, Seboka ka Mekgwa ya ho Thibela Kamohelo, Thomelo le

Phetiso ya Ho ba Monga Thepa ya Botjhaba ya selemo sa 1970, Seboka sa Thibelo ya

Lefa la Botjhaba le Tlhaho ya Lefatshe ya selemo sa 1972, Kgoeletso ka Bomorabe le

Monahano o yang ka Leeme wa selemo sa 1978, Kgothaletso e mabapi le Maemo a

Mokgabi wa selemo sa 1980, le Kgothaletso ka Boipoloko ba Botjhaba ba Setho le

neanotaba ka selemo sa 1989.

(2) Tlhaloso ena e tsamaelana le diqeto tsa Seboka sa Lefatshe ka Maano a Botjhaba

(MONDIACULT, Mexico City, a selemo sa 1982), a Khomishene ya Lefatshe ka

Botjhaba le Ntshetsopele ya Phapano ya Boqapi ba Rona, selemong sa 1995), le Seboka

sa Dikamano tsa mebuso ka Maano a Botjhaba a Ntshetsopele(Stockholm, selemong sa

1998)

Sekgomathisi sa II Dintlha tsa bohlokwa tsa moralo wa tshebetso wa phethahatso ya

Kgoeletso ya UNESCO ya Lefatshe ka Mefuta e fapaneng ya Botjhaba

Mebuso eo e leng ditho e itlama ho sebetsa hantle ho phatlalatsa hohle “Kgoeletso ya

UNESCO ya Lefatshe ka Mefuta e fapaneng ya Botjhaba” le ho kgothaletsa phethahatso

ya yona e phethahetseng, haholoholo ka ho sebedisana le ho fihlella dipheo tse latelang:

1. Ho matlafatsa puisano ya matjhaba ka dipotso tse lebaneng le mefuta e fapaneng ya

botjhaba, haholoholo ho ya ka dikamahano tsa yona le ntshetsopele le matla ha ho ralwa

leano, boemong ba setjhaba le ba matjhaba hammoho; ho ntshetswa pele ka ho hlokomela

ho eletswa ke tshebetso ya molao ya matjhaba ka mefuta e fapaneng ya botjhaba.

2. Ho tswellisetsa pele ka metheo ya tlhaloso, maemo le diphethahatso, boemong ba

setjhaba le matjhaba, hammoho le ho hlokomedisa ka mekgwa ya ho phetha le dipaterone

tsa tshebedisano tse hlokehang ha ho sireletswa le ho phahamisa mefuta e fapaneng ya

botjhaba.

5

3. Ho kgothaletsa ho buisana le diphethahatso tse molemo ho ya ka ho phatlalla ha

botjhaba ka sepheo sa ho thusa, bathong ba fapaneng, ho kenyeletswa le kenya letsoho ha

batho le dihlopha tse tswang mefuteng e fapaneng ya botjhaba.

4. Ho tswela pele haholwanyane ho utlwisiseng le ho hlaloseng dikahare tsa ditokelo tsa

botjhaba e le karolo ya ditokelo tsa botjhaba.

5. Ho sireletsa lefa la puo ya batho le ho tshehetsa ho hlahisa, ho qapa le ho phatlalatsa ka

dipuo tse ngata kamoo ho ka kgonehang ka teng.

6. Ho kgothaletsa mefuta e fapaneng ya puo – ha ho ntse ho hlontjhwa puo ya lapeng –

maemong ohle a thuto, moo ho ka phethahalang teng, le ho kgothaletsa thuto ya dipuo tse

ngata motho a sa le monyenyane.

7. Ho phahamisa ka thuto tlhokomediso ya molemo o motle wa mefuta e fapaneng ya

botjhaba le ho ntlafatsa mabapi le hona ka lenanethuto le thuto ya titjhere ha mmoho.

8. Ho kenyeletsa, moo ho kgonehang teng, dithuto tsa meetlo thutong ka sepheo sa ho

boloka le ho sebedisa ka botlalo mekgwa e nepahetseng ya botjhaba ya kgokahanyo le

phatlalatso ya tsebo.

9. Ho kgothaletsa “ho bala le ho ngola ka dijitale” mme ho hlokomelwa bokgoni bo

tebileng ba tsebo e ntjha le dithekenoloji tsa kgokahanyo, tse tlamehang ho bonwa

hammoho e le mafapha a thuto le disebediswa tsa mekgwa ya thuto di kgona ho

phahamisa ho phethahala ha ditshebeletso tsa thuto.

10. Ho ntshetsa pele ho fapana ha dipuo khomphuteng le ho kgothaletsa ho fihlellwa ke

bohle lefatsheng ka marangrang a lefatshe lohle tsebong yohle hohle.

11. Ho thibela karohano ya dijitale, kgwebong e kopanetsweng mekgatlong ya tsamaiso

ya Matjhaba a Kopaneng e nepahetseng, ka ho kgothaletsa ho fihlellwa ha dinaha tse

holang dithekenolojing tse ntjha, ka ho di thusa ho utlwisisa dithekenoloji tsa tsebo hantle

le ho thusa phatlalatso ya dijitale ya dihlahiswa tsa botjhaba tsa lehae le ho fihlellwa ke

dinaha tseo mehloding ya dijitale ya thuto, botjhaba le saense e teng lefatsheng lohle.

12. Ho kgothaletsa tlhahiso, tshireletso le phatlalatso ya dikahare tse fapaneng

diphatlalatsong le marangrang a tsebiso le, ho ya ka maikemisetso ao, ho phahamisa

ditshebeletso tsa seyalemoya le thelevishine ya setjhaba ntshetsong pele ya ditlhahiso tsa

tse bonwang le tse utluwang tsa maemo a hodimo, haholoholo ka ho kgothaletsa ho

thehwa ha mekgwa ya tshebedisano ho thusa ka phatlalatso ya tsona.

13. Ho rala maano le mekgwa ya ho sebetsa ho bolokeng le ho phahamiseng lefa la

botjhaba le tlhaho, hantlentle lefa la puomolomo le botjhaba ba tse sa tshwareheng mme

ho thibelwa tsamaiso eo e seng ya molao ya thepa le ditshebeletso tsa botjhaba.

6

14. Ho hlompha le ho sireletsa tsebo ya moetlo, haholoholo ya batala; ho amohelwa

phehiso ya tsebo ya moetlo, haholoholo ho ya ka tshireletso ya tikoloho le taolo ya

mehlodi ya tlhaho, le ho kgothaletsa tshebedisano mahareng a saense ya sejwalejwale le

tsebo ya lehae.

15. Ho kgothaletsa ho tsamaya ha baqapi, baetsi, bafuputsi, borasaense le bahlalefi le

ntshetsopele ya mananeo a phuputso a matjhaba le ditshebedisano, ha ho ntse ho lekwa

ho boloka le ho phahamisa matla a ho qapa a ho ntshetsa dinaha pele le dinaha tse sa

ntseng di fetoha.

16. Ho ba le bonnete ba ho sireletsa tokelo ya kgatiso le ditokelo tse tsamaelanang le

yona bakeng sa ntshetsopele ya boqapi ba mehleng ena le ho lefella mosebetsi wa boqapi

tjhelete e bonahalang, ha ka yona nako eo ho phahamiswang tokelo ya setjhaba ho

fihlella botjhaba, ho ya ka Temana ya 27 ya Ditokelo tsa Botho tsa Kgoeletso ya

Matjhaba.

17. Ho thuseng ka ho hlaha ka tshohanyetso kapa tiiso ya diindaseteri tsa botjhaba

dinaheng tse holang le dinaheng tse sa ntseng di hola, lebakeng lena, ho sebedisana ka

ntshetsopeleng metheo e hlokehang le bokgoni, ho kgothaletsa ho ba teng ha dimaraka tsa

lehae tse atlehang mme ho thuswa ka ho fihlella ditlhahiso tsa botjhaba tsa dinaha tseo

marakeng wa lefatshe lohle le marangrang a phatlalatso ya matjhaba.

18. Ho ntshetsa pele maano a botjhaba, ho kenyeletswa merero ya tshehetso ya mosebetsi

le/kapa meralo ya molao e loketseng, e reretsweng ho phahamisa metheo e ngotsweng

Kgoeletsong ena, ho ya ka ditlamo tsa matjhaba Pusong e nngwe le e nngwe.

19. Ho kenya dikarolo tse fapaneng tsa setjhaba mmoho ho raleng maano a setjhaba ho

sireletseng le ho phahamiseng phapano ya botjhaba.

20. Ho hlokomela le ho kgothaletsa phehiso eo kgwebo e ka e etsang ho phahamiseng

phano ya botjhaba ka teng le ho thusa, lebakeng leo, ho thehwa ha diboka tsa dipuisano

tsa kgwebo le mmuso.

Mebuso eo e leng Ditho e kgothaletsa hore Mookamedikakaretso a sebedise dipheo tse

balletsweng Moralong wa Ketso mananeong a UNESCO mme a tsebise diinstitushene tsa

tsamaiso tsa Matjhaba a Kopaneng le mekgatlong ya mmuso e sebedisanang le eo e seng

ya mmuso e sebetsang ka ho phahamisa tshebedisano ya diketsahalo tse loketseng

phapano ya botjhaba.

7

Hooray! Your file is uploaded and ready to be published.

Saved successfully!

Ooh no, something went wrong!