12.07.2015 Views

KAROLO 2 - Amos Africa

KAROLO 2 - Amos Africa

KAROLO 2 - Amos Africa

SHOW MORE
SHOW LESS
• No tags were found...

You also want an ePaper? Increase the reach of your titles

YUMPU automatically turns print PDFs into web optimized ePapers that Google loves.

MongodiSehlopha sa Amos tlasa boetapele ba Hennie ViljoenDitshwantshoLandi RouxPhetoleloMichael ManchuFrans SekhotoMohlophisiFrans SekhotoMohlophisi wa leqepheSunette FrylinckBotaki ba leqepheUtilisoft (cc)ISBN 1-919924-03-5 (stel)ISBN 1-919924-82-5 (vol.4)(Kgatiso 4 - Mmesa 2008)1

THUPELO YA AMOSMOTHEO WA LENTSWE LA MODIMOBUKA 1:BUKA 2:BUKA 3:BUKA 4:BUKA 5:BUKA 6:BUKA 7:BUKA 8:BUKA 9:Modimo ke Morena, mme o o ratile le ha o le moetsadibe.Ke Jesu feela ya ka o pholosang.Ithute ho tseba Jesu haholwanyane.O ka ba le bonnete ba hore o lopollotswe.Botho le mosebetsi wa Moya o Halalelang.Bala o utlwisise Bibele.Thapelo le ho ipolela dibe tsa hao.Paka mme o hole le bana ba bang ba Modimo.Ho tla ha Jesu Kreste le mosebetsi wa Hae o moholo.Hammoho le dibuka tsena tse robong tsa thupello o fumana ba hape BUKANA ESE NANG MANTSWE le TATAISO KA THUTA BODUMEDI POLASING(Utlwisisa, Amohela mme o Phele).Sepheo sa dithuto tsena ke hore batho ba rutwe motheo wa tshepiso ya Lentswehodima bonngwe le boitlhakiso ka mokgwa wa ho ithuta ka kutlwisiso eamohelehang le ho fihlela tlotla ya Modimo.Thapelo ya ka ke hore ka Moya wa Modimo e se eka ho ka thehwa nnete yaLentswe le tla sebediswa le dumellana le 2 Thimothea 3:15-17: "... Mangolo aHalalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela hoJesu Kreste. Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo,mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng yaho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, akwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng."Ntshetsopele ya moleka ka Amos tlasa boetapele ba Hennie Viljoen.Kgatiso © Hlakola 1999 - AMOS AGRIMIN3

BUKA 4O KA BA LE BONNETE BA HORE O LOPOLLOTSWEPULO:Lentswe, thapelo le ditakalletso tsa hoba mmoho. (30 metsotso)KAROLO 1: Pheto le teko. (50 metsotso)KAROLO 2:Modimo o batla ho o etsa ngwana wa Hae(60 metsotso)KAROLO 3: Mosebetsi wa hlooho: Johane 1:12 (30 metsotso)KAROLO 4:KAROLO 5:KAROLO 6:Leha o phela hantle, o dula o le molato hao sa dumele ho JesuDiketso tsa hao di bontshe hore o a dumela.Ho sheba taba ka nngwe ka leihlole ntjhotjho.(45 metsotso)(45 metsotso)(3 dihora)6.1 Bibele e bua ka Tswalobotjha ke eng?6.2 Ha o pholoswe hanyane-hanyane.6.3 Hobaneng bana ba Modimo ba sa kgaotseho etsa sebe?6.4 Hobaneng o tshwanela ho etsa mesebetsie metle ha o le ngwana wa Modimo?6.5 Ho bolelang hantlentle ho fihlela tshokoloho?6.6 O ka fihlella tshokoloho hakae?6.7 Na o se o ena le bonnete hore o pholositsweleha o sa etsa dibe?KAROLO 7: Teko (30 metsotso)KAROLO 8: Mosebetsi o tla etswa hae. (10 metsotso)4

KAROLO 1 (50 metsotso)PHETO LE TEKOE se e le kgwedi hape re se re ile ra sebetsana le Buka 3. A re ke re shebe hanghape tsohle tseo o di hopolang le tsohle o di etsang sehlopheng sa ho qetela.Mosebetsi wa boikgopotso 1:Ke bomang ho lona ba ileng ba ruta bana ba bona mosebetsi wa hlooho(Luka 19:1O). Na ho ne ho thabisa? Bana ba ne ba ikutlwa jwang?Mosebetsi wa boikgopotso 2:Ke mang ho lona ya ileng a bolella ba bang hore Mabitso a Jesu a bolelang? Baile ba ikutlwa jwang?Mosebetsi wa boikgopotso 3:Teko e ngolwang.MOSEBETSI WA MORUPELLI: Dipotso o di filwe le mona bukathutong e le horebaithuti ba ka boela ba di sebetsa ba le hae. Jwale hamorao ba tlatse dikarabodipotsong tsa leqephe le sa hokellwang e le hore wena jwaleka morupelli o tle o anke mme o a hlahlobe \ tshwaye.Ena ke teko e sa hlophiswang eo baithuti ba lokelang ho e ngola. E eba enehwang e le ya mantlha sebopehong sa tlatselletso ka dipotso tsa ho kgethakarabo. Kaha ho na le baithuti ba sa tsebeng ho bala le ho ngola, o tla tshwanelaho botsa dipotso ka molomo. Baithuti ba tshwaya feela karabo e le nngwe kapatse pedi tse nepahetseng ka ho etsa sedikadikwe ho a, b, c, kapa d.Bokella dipampiri tsa teko mme o bapise dikarabo tsa tsona tharollong ya tsonaleqepheng le kamorao bukeng ena. Ngola matshwao a moithuti e mong le emong bukeng ya mabitso (register). Nakong ya dithuto tse latelang o ka fabaithuti dipampiri tsa dikarabo tsa bona ka ho di kgutlisetsa ho bona.Fana ka letshwao bakeng sa karabo e nngwe le e nngwe e nepahetseng. Teko ena le matshwao a 18. Haeba ho ka ba le moithuti ya siyo dithutong tsa letsatsileo, o lahlehelwa ke ntlha ena. A ke ke a dumellwa ho ngollwa teko eo hamorao.O tla ngola feela bukeng ya mabitso hore o ne a le siyo.5

POTSO 1: Ho na le Modimo a le mong feela mme o ...(1 letshwao)a) rata feela batho ba itseng.b) o ratile.c) hloile batho hobane ba etsa dibe.POTSO 2: Modimo o matla ohle. Ho bolela ...(2 matshwao)a) hore Yena a ka etsa ntho efe, hape le sebe.b) hore Yena a ka etsa tsohle tseo a di batlang.c) hore Yena a ka o thusa leha bothata ba hao.POTSO 3: Ha o batla ho tseba hore sebe ke eng ...(1 letshwao)a) o tshwanetse ho iketsetsa qeto hore ke sefe se lokilengkapa se fosahetseng.b) o ka mpa wa sheba feela seo batho ba se etsang ka bongatakapa ba sa se etseng.c) o tshwanetse ho mamela seo Modimo o se bolelang Bibeleng.POTSO 4: Hobane batho bohle ba ile ba etsa sebe,(1 letshwao)a) Jwale Modimo o hloile batho mme o tlo ba otla bohle.b) Modimo o rometse Mora wa hae hore a tlo jara kotlo enaka Boyenac) Modimo o hole haholo hoo o ka buang le Yena ka badimokapa dinohe.POTSO 5: Ke Jesu feela ya ka o pholosang, hobane(2 matshwao)a) Ha a esoka a etsa sebe.b) Ebile ke Modimo mme e bile ke motho.c) Lebitso Jesu le bolela: “Ya inotshi".POTSO 6: Letsatsi la Sontaha le bohlokwa haholo(1 letshwao)a) hobane ke Sabatha eo Testamente ya Kgale e bolelang kayona.b) hobane Jesu o ile a tsoha bafung ka letsatsi la Sontaha.c) hobane jwale o ka etsa tsohle ka lona tseo o sa di etsangnakong ya beke.6

POTSO 7 : Hobaneng ho se ho sa hlokahale hore o tlise mahlabelobakeng sa dibe tsa hao?(1 letshwao)a) hobane dikgomo, dinku le dipodi di se di ejatjhelete e ngata.b) hobane Jesu ka Boyena a iphetotse sehlabelo.c) hobane moetapele wa semoya (moruti, moprista,jwalojwalo) wa hao a re ha o sa lokela ho di etsa.POTSO 8: Temana ena e fumanwa ho kae? "Hobane Mora motho o tlile hobatla le ho pholosa ba lahlehileng."(1 letshwao)a) Amose 9:10b) Luka 19:10c) Johanne 3:16POTSO 9: Hobaneng Jesu a sa ka a theoha sefapanong ha ba ne ba mothakgisa?(2 matshwao)a) O ne a batla ho utlwa Ntatae.b) Modimo o ne o Mo lahlile.c) Hobane a o ratile mme a batla ho o pholosa.d) Hobane a ne a tshaba masole a Baroma.POTSO 10: Ke dife tsa dipolelwana tsena e leng nnete le tseo e leng phoso?Etsa sedikadikwe karabong eo o nahanang hore e nepahetse.a) Moaho wa kereke o bohlokwahadi, hobane ke tempeleya Modimo. N Pb) Ke lokela ho inwella, kamoo ke ratang kateng, hobanenakong tsa Jesu batla ba ne ba enwa veine. N Pc) Nakong tsa Jesu ho ne ho sebediswa dipuo tse nne N Pd) Bafarisi e ne e le baetapele ba semoya mme re tshwanelaho latela mehlala ya bona. N Pe) Pilato o ile a re Jesu ha ana molato, empa a nehelanaka Yena hore a thakgiswe. N Pf) Matsatsi a kalendere ao re a sebedisang (mohlala 1997)a hlalosa hore e ka ba dilemo tse kaalo tse fetileng Jesua ile a tswalwa. N PMATSHWAO.......................7

SEHLOHO:KAROLO 2Modimo o batla ho o etsa ngwana wa hae.NNETE E BOHARENG:O tshwanetse ho dumela ho Jesu.SEPHEO:Mona ke boipiletso ho motho ya sa pholoswang hore a dumele ho JesuKreste. Ba utlwang memo ena, ba tshwanela hore nakong ena ba etellwepeleho Kreste tumelong, ho ba isa ka thapelo.Motho ya pholositsweng o ithuta hore Modimo o buisana mmoho le yena kabolokolohi ba dibe tsohle tsa hae le hore ka ho phethahala o ba le bonnete bahore o pholositswe. Thuto ena e mo fa phethahalo ya ho ba le bonnete bahore o pholositswe. Thuto ena e mo fa phethahalo kahoo hore bana ba haele batho ba bang a ka ba etellapele ho ya ho Kreste.DITABA TSE TLA RUTWA:1. Modimo o re o dumele ho Jesu.2. O tshwanela ho tlohela dibe mme o phelele Modimo.3. Hase ka nako tsohle ho leng bobebe.4. Bolella Jesu ka thapelo hore o dumela ho Yena.5. O ka ba le bonnete.6. Modimo o ke ke wa hlola o o otla.TSEBISO:Ho bonahala hore wena jwaleka moithuti o tla ya etsa hape KAROLO 2nakong ya thuto ya tsa bodumedi lapeng le bana ba hao, ditshwantsho tsesebedisitsweng karolong ena, o re bana ba di rale. Wena jwaleka motho emoholo o tla lokela ho utlwisisa ditshwantsho tsa bana hle, kaha ngwana a keke a utlwisisa ditshwantsho tse radilweng ke lona batho ba baholo ka nakotsohle.8

KAROLO 2 (60 metsotso)MODIMO O BATLA HO O ETSA NGWANA WA HAE.TSEBISO HO MORUPELLI: Fumana mpho e nyenyane e sa le pele bakeng sabaithuti. E mpe e be ntho e nyenyane haholo - e ka ba pompong, apole kapalamunu, karetjana kapa ntho efe kapa efe feela. Ha sehlopha se le seholohaholo, o ka fumana dimpho tse mmalwa feela, o ka fa feela ba dutseng ka pelekapa ka moraorao ba baithuti.Selelekela:Ke bomang ho lona ba seng ba kile ba fuwa dimpho? O e fumane neng? Na orata ho amohela dimpho? Ke hantle, kajeno ke le tletse le dimphonyana. Ketsena ke tsa lona.TSEBISO HO MORUPELLI : Ema hanyenyane o lebelle hore baithuti ba tlaetsang. Haeba ho hlokahala, pheta hape o re o tletse e mong le e mong mphomme o bontshe moo e leng teng. Haeba ba eso amehe maikutllo, ba etelletsepele hore ba tle ba ithole ka hore motho o lokela ho amohela mpho/a e nke/ a efupare/ a e etse ya hae haeba e le mpho ya hae. Fana ka sebaka sa horemoithuti e mong le e mong a tle ho nka mpho ya hae ka boyena.Bukeng e fetileng o ile wa ithuta hore Modimo o ile wa etsa leqheka le makatsangla hore ha o sa tshwanela ho fumantshwa kotlo ya dibe tsa hao. Ka nqenngwe reka re - Modimo o o file mpho. Ke eng kapa ke mang mpho ena? E, ke JesuKreste.O sa tswa ithutang morao tje? O tshwanela ho etsang ka mpho eo o e fuwang?Ee, o lokela ho e amohela. O tshwanela ho e nka mme o e etse ya hao.Ke hantle seo Modimo o batlang hore o se etse ka mpho eo a ileng a o fa yona.O tshwanetse ho amohela Jesu, ka yena feela jwalo o fetoha ngwana wa Modimo.Empa hoo o ho etsa jwang?9

2.1 Modimo o re o dumele ho Jesu:Modimo o re o tshwanetse ho dumela. O TSHWANETSE HO DUMELA HOJESU. Hobane Modimo o o ratile hakaalo, o tshwanela ho dumela hore Yena o oetseditse leqheka le molemo ka ho fetisisa. Ee, o tshwanela ho amohela leqhekaleo la hae hobane Modimo o tseba hore ke seo o se hlokang. Haeba ka tsela eoo sa amohele leqheka leo la hae, ho ke ke ha o thusa ka letho mme o se o tlaotlelwa dibe tsa hao.Bibeleng, ho Diketso 16:31 ho ngodilwe: "Dumela ho Morena Jesu mme wena leba lapa la hao le tla pholoswa." Ka baka leo ha ho a lekana hore o tsebe feelahore Jesu o shwetse dibe tsa hao le hore feela a ka o pholosa. Tjhe, o tshwanelaho etsa jwaleka ngwana eo ya setshwantshong. Mpho eo Modimo o ileng wa mofa yona, o a enka - o e etsa ya hae. Kahoo o dumela ho Jesu le ho amohela ha are:- Ke tlosa dibe tsohle tsa hao mme- Ke o etse ngwana wa ka.Hape o tshwanela ho nka, seo Modimo a o nehang sona. O tshwanela ho se etsasa hao. Hape o tshwanela ho dumela hore Jesu o tlosa dibe tsa hao mme a oetse ngwana wa hae! Amohela mpho ena e makatsang kajeno eo Modimo a efang wena. O tshwanela hore: "Ke a leboha Jesu, ke ya ka - ke a e dumela!" Keseo Modimo a batlang hore o se etse.Bala: * Johanne 6:29* 1 Johanne 3:23* 2 Bakorinthe 5:20-21O ntse o hopola hore re ithutile bukeng 2 hore Moya o Halalelang o rometswe hoo thusa. Na o a tseba, ke Moya o Halalelang o o thusang ho dumela Jesu. Naha ho babatsehe!10

Ha o fuwa mpho ke e mong, o tshwanela ho e nka ho yena le hodumela hore o o file yona le hore e se e le ya hao. Kreste ke mphoya Modimo ho wena. Ho bolelang o tshwanela ho amohela Jesuhape hore o shwele ka baka la hao mme hape hore o ile a tlosadibe tsa hao. Modimo o re o tshwanela ho dumela ho Jesu Kreste.Diketso 16:31Haeba seo Jesu a o etseditseng, o a se dumela le ho se amohela, o tshwanetseho fetola bophelo ba hao hle. O tshwanetse hore ho dibe "Tjhe."11

2.2 O tshwanetse ho tlohela dibe mme o phelele Modimo:A ko tadime ngwana eo ditshwantshong tse pedi tseo tse ka thoko. Ho sa pele oshebile dibeng, hobane ke ntho eo batho ba sa pholoswang ba dulang ba lemaphathaphathe teng letsatsi lohle. Setshwantshong sa bobedi moshanyana ofuralletse. O furalladitse mokokotlo wa hae dibeng mme o shebile ho Modimo.Haeba o batla ho dumela ho Jesu, o tshwanela ho tlohela dibe mme o pheleleModimo! Ha o sa ikutlwa hape hore o boele o etse sebe. Ke feela batho baobaesoka ba dumela ho Jesu, ba ntseng ba tshwarelletse ho etsa sebe. Ha se seowena o lokelang ho se etsa. Modimo o re Bibeleng o tshwanela ho sokoloha. Otshwanetse ho tlohela dibe mme o furallatse mokokotlo hole le tsona. Ee, otshwanetse ho furalla - o suthele hole le dibe - o ye ho Modimo. Ka tsela eo otshwanela ho inyatsetsa dintho tsohle tse fosahetseng tseo o di nahanang, o dibolelang le ho di etsa, le tsohle tse molemo le tse lokileng tseo o sa di etseng. Otshwanela ho hopola hore ke ka tsona dintho tsena tse entseng hore Jesu atshwanela ho shwa sefapanong.Ha o a tshwanela ho inyatsetsa feela tse fosahetseng tseo o di entseng, o tshwanelahape ho hloya sebe. O seke wa ikutlwa ho boela o etsa sebe hape, hobane o tsebahore Modimo o o ratile haholo mme dibe tsa hao di utlwisa Modimo bohloko. Haebahape o rata Modimo, o tla lakatsa/tjhesehella ho etsa feela seo Modimo a reng o seetse. Modimo o batla hore O TSHWANELA HO DUMELA HO JESU mme o pheleleYena feela!O seke wa etsa maqheka a hore o ka iphumanela ntho ya motho e mong jwang. Oseke wa etsa letho hore seo e leng sa e mong, o inkele sona, leha ekaba morui.Bibele e re ruta hore o seke wa utswa. O tshwanela ho furalla dibe tsena "o re tjhe."O ka phelela Modimo jwang? O tshwanela ho kgotsofalla tseo o nang le tsona mmeo dumele hore Morena ka Boyena o tla o hlokomela. Morena hape o re tshwanelaho sebetsa ka thata (Baefese 4:28) le hore o seke wa sebedisa tjhelete ha bosafa.Ka mokgwa ona o ka ithekela seo o se hlokang hamorao. Hape o seke wa robakapa ho pshatla dintho tsa batho ba bang. O seke wa kganna terekere ha bohlaswakapa hampe. O seke wa thunya ka sethunya sa direkere, matshwao a tsela a emengka thoko ho tsela. O seke wa a otla hape ka majwe. O tshwanetse ho furalla dinthotse jwalo mme o seke wa boela o di etsa hape. Na o ka phelela Modimo jwang? Otshwanetse ho etsa batho seo o batlang hore ba o etse sona. Haeba o sa batle horee mong a sebedise motokara wa hao, baesekele ya hao kapa disebediswa tsa haoha bohlaswa, o seke wa sebedisa tsa ba bang ha bohlaswa.Hape wena ya seng a le ngwana wa Modimo, o tshwanela hore ho sebe letsatsi leleng le le leng "tjhe." O tshwanetse ho furallatsa mokokotlo wa hao sebeng mme ose tlohele. Letsatsi le leng le le leng o eketse ho phela jwaleka Jesu!Bala: * Bakolose 3:5-1012

Ho dumela, ho fihlela tshokolohong, ho hlalosa hore o etse seomoshanyana enwa a ileng a se etsa . O a furalla - o tlohela hole lesebe, o ya ho Modimo. O batla ho phelela Modimo feela. Otshwanetse hape ho tlohela dibe mme a utlwe Modimo.Bakolose 3:8-10Na o nahana hore ho phelela Modimo jwalo ho bobebe kamehla?13

2.3 Hase ka nako tsohle ho leng bobebe:Batho ba bangata ha ba phelele Modimo. Ha ba tshepahale mme ba leshanoebile ba leqhooko, ba ditlhapa mme ba kgopo, ba qhekanyetsa ba bang mme babile ba qhekenyetsana bo bona. Ba etsa thobalano le motho mang kapa mang.Ba botswa ho sebetsa mme ba senya tjhelete ka dikaretjana tsa Lotto ka kgopoloya hoba barui ka bosiu bo le bong ntle le ho sebetsa. Ba etsa feela kamoo baratang le ho tlola melao ya naha. Ba ithata bo bona mme ba soma batho babang. (2 Thimothea 3:1-9)Ha o phelela Modimo kahara batho ba jwalo, ha ho bobebe, hobane ho ka bolelahore o eme o le mong. Mohlomong e mong ho ba leloko la hao, kapa polasing,kahara metswalle yohle ya hao e ka ratang Morena le ho batla ho Mo phelela.Bala: Luka 6:22-23 le Johanne 15:18-25O TSHWANELA HO DUMELA HO JESU, empa jwaleka motho o iphoqa ka ho sefuralle dibe tsa hao le ho phelela Jesu ka botlalo. Kahoo o tshwanela ho nahanahantle pele kapa o ikemisetse ho etsa hoo. O ke ke wa re o dumela ho Jesu mmeo sa tiise polelo ya hao. O se ke wa swaswa ka Modimo. Hape ho tla thusang hao bolela hore feela o amohela Jesu e le ho kgahlisa ramosebetsi wa hao, morutikapa moprista wa hao. A nke ke o botse ka boikano: Na o ikemiseditse ho re"tjhe" ho dibe le ho phelela Modimo? Na o ikemiseditse ho sebelletsa Modimo,leha o ka iphumana o eme o le mong?Mosebetsi: * Qoqa ka dintho tse mpe tseo batho ba seng ba o entse tsonakamora hoba o be mokreste.* Qoqa ka tseo tse ka etsahalang ho wena kajeno ha o ka etsaqeto ya ho dumela ho Jesu, o tlohela dibe le ho phelelaModimo kahoo.* O tla etsang ha batho ba o soma kapa ba o qholotsa ha olatola ho etsa sebe hammoho le bona?Ha o dumela ho Jesu, ke tiiso ya hore ho ke ke ha eba bobebe ka nako tsohle.Ho Johanne 16:23(b) teng ho ngodilwe ho re ho tla ba boima hoba ngwana waModimo lefatsheng, empa hape Jesu o itse o matla ho feta satane. Kahoo o tla oneha matla le ho o thusa hore o Mo phelele ka botlalo!14

Moshanyana enwa ke yena feela ka phaposing ya bona ya thakaneng yaphelelang Jesu. A ko bone ba bang kamoo ba mo somang kateng.Ha ho bobebe ho furalla dibe mme o phelele Modimo feela. Oitokisetse ditshomo tsa batho mme leha e le dintho tse mpe tseoba tlang ho o etsa tsona hobane o dumela ho Jesu.2 Thimothea 3:12Mattheu 10:28Leha ho se bobebe, O TSHWANELA ho le jwalo O DUMELE HO JESU , hobaneho tla etsahala ntho e makatsang ho bohle ba dumelang ho Jesu. Mamela,Bibeleng ho ngodilwe teng hore ba na le tokelo ya hoba bana ba Modimo. Kahooo tshwanela ho bolella Jesu hore o dumela ho Yena.15

2.4 Bolella Jesu ka thapelo hore o dumela ho Yena:O TSHWANELA HO DUMELA HO JESU. Ke seo Modimo o se bolelang. Ha oetsa qeto ya ho se hlole o itaola, empa o batla ho amohela Jesu, bolella Jesu hehore o dumela ho Yena - hore ho seo a ileng a o etsetsa sona, o a se amohela.Na o sa hopola setshwantsho seo se sebediswang Bukaneng e SenangMantswe? Moo ho tshwantshwang ka hore: "O tshwanela ho dumela hore Jesu oo etseditse tsohle! O di etse tsa hao. Ho jwaleka sejana sa dijo. Ha se na ho okgorisa ka ho tseba feela hore se na dijo. Ha ho a lekana ho nka dijo feela kaletsoho la hao mme o di behe ka pela hao tafoleng. O tshwanela ho di ja pele oka ikutlwa o kgotse le ho bolela ho hong ho wena. Ka tsela eo o tshwanela hodumela le ho amohela hore Jesu o shwele bakeng sa hao."Na o a tseba hore batho ba nka jwang seo Jesu a ba etseditseng sona? Oamohela ka thapelo, hobane ha o rapela, o bua le Modimo mme Yena o utlwa seoo se bolelang. Keng seo o tshwanelang ho se rapella ha o batla ho amohelaJesu?Mosebetsi:E re baithuti ba bolele pele sohle seo ba se nahanang seo batshwanelang motho a se bolele ha a amohela Jesu.A nke ke bolele tse mmalwa:"Ke a o leboha ha o nthatile mme wa ba wa ntjhwela sefapanong.""Ke ikutlwela bohloko ka dibe tsohle tseo ke di entseng.""Ke kopa o ntshwarele dibe tsa ka mme o nthuse ho tlohela dibe tseo."(Ke hantle ha o ka ipolela dibe tse ikgethang tseo o di tsebang, o mpe o dibolele ka mabitso, e le hore o tsebe hore Modimo o o leballetse tsona mme otle o di furalle mme o di tlohele.)"Jesu, ke dumela ho Wena mme ke amohela seo o nketseditseng sona.""Ke a leboha hore ke be ngwana wa Hao.""Ke batla jwale ho mamela Wena feela le ho o phelela."TSEBISO HO MORUPELLI: Mona o tshwanela ho etsa memo ya baithuti hoamohela Morena Jesu. Hlophisa hore bohle ba dumelang ho Jesu le ho mmolellakajeno, ba sale ka phaposing (tlelaseng) ha ho tsuwa. Jwale e ka ba wena lebaithuti ba seng ba dumetse ka nnete, ho ba thusa. Hopola ho ngola mabitso abona e le hore hape le tle le ba etele mahae le ho ba thusa.16

Ha ho thuse letho ho tseba sohle seo Jesu a o etseditseng sona.O tshwanela ho dumela le ho amohela. O ka amohela Jesu ka hobolella Modimo ka thapelo hore o a dumela hape le hore Jesu oshwetse dibe tsa hao.Baroma 10:9-10Jwale o a makala hore mohlomong motho, ha a dumetse ho Jesu, o na le bonnetebofe kapa o se o le ngwana wa Modimo. O nahana jwang?17

2.5 O ka ba le bonnete:Na o se o kile wa belaetswa ke ntho? Mohlomong o se o kile wa tsamayasebakeng seo o sa se tsebeng. Hobane o sa tsebe tsela eo hantle, nakong eoyohle o ne o ngongoreha ekaba o ntse o le tseleng e nepahetseng na. Ha homonate, ha ho jwalo. Na o a tseba, ho Modimo ha ho jwalo. O ka ba le bonneteba hore o ngwana wa hae. O o ratile haholo mme kahoo ha a rate hore o pheleka ngongoreho bophelo bohle ba hao hore o pholositswe kapa tjhe. Ha a rate hao tshwanela ho belaela o sena bonnete hore na o tla ba lehodimong le letjha ka leleng kapa na o tla ba lefatsheng le letjha mmoho le Yena (Tshenolo 21:1-3).Hobane Jesu a o etseditse ka ho lekaneng. Ee, a entse tsohle tse hlokahalanghore a o etse ngwana wa Modimo, Modimo o re Bibeleng, ho 1 Johanne 5:12-13 obe le bonnete!Mosebetsi:A ko re baithuti bohle ba batle 1 Johanne 5: 12-13 diBibeleng tsabona. E baleng hammoho mme a ko re ba e tshwaye diBibelengtsa bona.Na ha ho makatse! Kahoo O TSHWANETSE HAPE HO DUMELA HO JESU,hobane o ka ba le bonnete ba hore o ngwana wa hae.O ntse o tseba hore se ngodilweng Bibeleng ke nnete. O sa hopola a ke re horere ile ra ithuta hore Modimo ha a etse dibe. Ka tsela eo hape ha a swaswe(bapisa hape le Numere 23:19). Hobane Modimo a rialo ka Boyena ka tsela eo oka ba le bonnete hore o ngwana wa Modimo, ha o dumela ho Jesu. Moya oHalalelang hape o tla o thusa hoba le bonnete ba hore o ngwana wa Modimo.Bala: * Johanne 1:12* Baroma 8:16Ka matsatsi a mang satane o tla re o ke ke wa kena lehodimong lekgale. O tla reho wena Modimo ha a o amohele o le ngwana wa Hae. O tshwanela ho etsang?Ha o a tshwanela ho dumella satane - o a o swaswisa. Satane o batla hore obelaele. Eya bala hape jwale ho 1 Johanne 5:13 le Johanne 1:12.Hore ho ngodilweng. Ke ka hona ha satane a ntse a o tsunyatsunya le ho o qosahore o nne o etse dibe. O tla o bolella hore o ditshila o moetsadibe, ho ka bangwana wa Modimo. Jwale seke wa mo kgolwa empa o ipolele sebe seokapelepele mme o se tlohele. O tshwanela ho se furalla. Hoo ho tla bontshahantle hore o fela o dumela ho Jesu hantle mme ha o bue feela (1 Johanne 1:6 hofihlela ho 2:2)18

Ha o dumela ho Jesu, o ka ba le bonnete ba hore o pholositswe. Oka ba le bonnete, eseng hobane o ikutlwa jwalo, empa hobaneModimo ho 1 Johanne 5:13 a rialo, mme Modimo ha a o thetse.Ho bolelang jwale hore ha o se o le ngwana wa Modimo, o ke ke,ho hang o boela o tlelwa dibe tsa hao, kapa ho otlwa hape?19

2.6 Modimo o ke ke wa hlola o o otla:Tjhe, Modimo ha a tlo o otlela dibe tsa hao hape. Haeba kajeno o le jwalekamoshanyana ya tletseng dibe, rapela mme o kope hore Jesu o tshwanetse hotlosa dibe tsa hao, ebe o amohela Jesu, hobane a ile a shwa bakeng sa haosefapanong, o tlositse dibe tsohle tsa hao. O entse bophelo ba hao horebohlweke - jwale o shebahala jwalo - jwaleka moshanyana ya setshwantshongseka tlasetlase! Modimo ha o tlo o otla hape, hobane Jesu o tlositse dibe tsohletsa hao.Ka tsela eo Modimo ha o o sheba jwale, ha a sa bontshisa dibe tsa hao. O bonafeela hore o dumela ho Jesu le hore Jesu o tlositse dibe tsohle tsa hao. JwaleModimo o re ho wena: O lopollotswe! A ke ke a o isa diheleng hobane o ile waetsa dibe, hobane Jesu a se a jarile dibe tsa hao.Bala: * Baroma 8:33* 2 Bakorinthe 5:21Bakeng sa hore a o otle, Modimo o o neha jwale bophelo bosafeleng. O ke kewa kena diheleng, empa ka nako tsohle o be lehodimong le letjha le lefatshe leletjha ho Modimo. O tla ba lehlohonolo haholo.Bala: * Tshenolo 21:1-4Modimo o bolela hape ntho e makatsang Bibeleng. O re ha a o tshwarela dibe tsahao, a ke ke a sa di hopola. Modimo o batla hore dibe tseo o ileng wa di etsakgale, o se dule o di nahana.Bala: * Baheberu 10:17-18Na ebe ke nnete e phethahetseng? E, efela ho jwalo! Haeba o ile wa kopaModimo ho o tshwarela dibe, mohlala: Haeba o ile wa shapa mosadi wa haokapa haeba o buile leshano hore o tswe tsietsing eo o neng o le ho yona, jwale oalokela mme o tshwanela ho lebala hoo. O lopollotswe dibeng mme bophelo bahao bo hlwekile! (Ho tla ba molemo le ha o ka ya ho batho bao o entseng sebe kabona, o ba bolelle hore o a inyatsa.)Na hape o batla hore Modimo a o ntshe ditlamong? Jwale hopola:O TSHWANETSE HO DUMELA HO JESU.20

Moshanyana enwa o sa tletse dibe. Ka thapelo o ipolela dibe tsa haemme o bolella Jesu hore o a dumela hore Jesu o fumane kotlo ya ho jaradibe tsohle tsa hae.Modimo ha o sa bontshisa dibe tsa moshanyana hantle, hobane Jesu ose a tlositse dibe tsa hae. Kahoo Modimo o ke ke wa hlola o mo otla.Ha o dumela ho Jesu, o ka ba le bonnete hore Modimo o o ntshitseditlamong mme ha a sa tla o otla bakeng sa dibe tsa hao. HaModimo a tshwarela dibe tsa hao, ha a hlole a di hopola.2 Bakorinthe 5:21Baheberu 10:17-1821

Qetello:O utlwile jwale seo o tshwanelang ho se etsa ho ka ba ngwana wa Modimo. O ilewa utlwa - O TSHWANELA HO DUMELA HO JESU. O tla etsang jwale? Hopola,hase ka bowena hoba ngwana wa Modimo, hobane feela o etsa dithuto tsena.Tjhe, o tshwanela ho amohela Jesu. O tshwanela ho rapela mme o bolelle Jesuhore o dumela ho Yena. O tshwanela ho fana ka bophelo ba hao ho Jesu. Na otla etsa jwalo?Haeba o eso be ngwana wa Modimo, o tshwanela ho Mo utlwa kajeno. O ke osale mona, hore ke tle ke o thuse.TSEBISO HO MORUPELLI: Pheta memo ya hao ho baithuti ntle le hore o bahatelle e le hore ba tle ba dule mantsweng a bona. Ha o se o buile le bonanakwana, o ka etsa feela ka potlako KAROLO 2. O tsitlallele ntlheng ya 3 ("Haseka nako tsohle ho leng bobebe"), hoba baithuti ba elellwe bohlokwa le ntle le horeba nahane, a bolela hore ha a batle ho amohela Jesu.Haeba o se o le ngwana wa Modimo, empa o ena le pelaelo le ho hloka bonnete,o tla tshwanela ho tla ithuta Johanne 1:12 le 1 Johanne 5:12-13. Rapela hapemme o kope Moya o Halalelang ka bo Wona o o nehe tiisetso ya hore o ngwanawa Modimo (Baroma 8:16).Haeba e se e le kgale o na le bonnete haholo ba hore o ngwana wa Modimo, otshwanela ho bolella batho ba bang bao ba esoka ba eba le bonnete, ba bolellehore Modimo o batla hore ba dumele ho Jesu. Hape o ba thuse hore ba amoheleJesu mme ba be le bonnete ba hore o a pholosa. Na ha ho emong lelokong lahao kapa polasing ya heno ba batlang Morena, o ke keng wa ya ho bona?Mosebetsi: Moithuti e mong le e mong tabeng ya pele o tshwanela ho ya ho baleloko la hae le bana ba hae mme a rute thuto ena. Le etse honatshebelletsong ya bodumedi ya lelapa. Etsa feela ntlha e le nngwe kalekgetlo mme o hopole hape ho bontsha ditshwantsho ho bana bahao.Hopola hape ho etsa boikwetliso le mehlala e teng mona bukeng leho e lekanyetsa bana. Mohlala: Moshanyana ho ke se thwe o otlamosadi wa hae, empa o lwana le motswalle wa hae. Ngwana a ke sethwe o roba terekere, empa o roba koloi ya terata ya kgaitsedi.Jwalojwalo.22

KAROLO 3 (20 metsotso)MOSEBETSI WA HLOOHO: JOHANNE 1:12MOSEBETSI WA MORUPELLI: Hopola ho reka sephuthelwana sa dipompong esa le pele mme o tle le sona tlelaseng. Etlo le sejana se seholo seo o tla tsheladipompong ho sona. Baithuti ba mmalwa ba nka dipompong ka nako e le nngwe.Ketapele:Morupelli o ema bohareng mme o dumella baithuti ho etsa sedikadikwe ho mopotoloha. Mofani o tshwara sejana sa dipompong. Nakong eo ha baithuti batsamaya ho potoloha, morupelli a re: "Ke neha bohle ba apereng mmala omofubedu (kapa mmala o mong feela) tokelo ya ho tla nka dimpompong." Baithutibao (ba apereng bofubedu) ba nka e mong le e mong pompong ka sejaneng.TSEBISO HO MORUPELLI: Qetellong ya thuto, ha baithuti ba se ba eya hae, oka fa hape moithuti e mong le e mong pompong.Morupelli o botsa jwale potso e latelang ho baithuti: "A ke le boleleng hore jwalehaeba e mong ya sa aparang bofubedu, a ka nka pompong. Na e tla be e lephoso?" (E, e ne e tla ba phoso, hobane eo ha a a fuwa tokelo ya ho nkapompong, ntle le baithuti ba apereng bofubedu.)Na o ne o tseba, mona Bibeleng re bala hore Modimo o file batho ba itseng tokeloe ikgethileng. Tokelo eo a nehanang ka yona, e ngata feela, e makatsa ho feta hao nka pompong kahara sejana. Mamela, mohlomong o ka utlwa hore ke tokeloefe eo Modimo o e nehileng batho ba itseng.Bala temana:Mona ho Johanne 1:12 ho ngodilwe:"Empa ...." (Bala temana ho tswa Bibeleng.)Ke tokelo efe eo Modimo o nehanang yona? ...... ho bohle ba dumelang ho Yena,o ba neha tokelo ya ho ba bana ba Hae. Kgele, ho a makatsa! O ka ba ngwanawa Modimo!TSEBISO HO MORUPELLI: Ha temana e ntse e ithutwa le ho phetwa, o kasebedisa thusa-thuto ya ditshwantsho (visuele hulpmiddles) leqepheng la 25-26.Ho bohlokwa hore o ipalle temana pele ka bowena Bibeleng, e le hore baithuti lebana ba tle ba bone hore e ngotswe feela jwalo Bibeleng.23

TSEBISO HO MORUPELLI: Ha o a lokela ho sebedisa mehato ena e meraro katatellano. Ho ka ba bobebe ho di lohakanya mmoho. Hlalosa ho itseng ho tswatemaneng, dumella baithuti ho e pheta lekgetlo le le leng mme ebe o etsaboikwetliso. Jwalo ba ka boela ba e pheta hang hape pela ba ka etsangboikwetliso hang hape. Hlalosa ho feta-feta moo mme o kope baithuti ho etsa kabo bona boikwetliso. Jwale pheta hape temana. Jwalojwalo.Hlalosa temana:Empa bohle ba le amohetseng (Lentswe) : Mona Modimo o re o bua feela lebatho ba itseng, ka ho qolleha bao ba amohetseng Jesu.le ba (Modimo) nehile tokelo: Modimo o fana katumellano - Modimo o re o kakgona ho etsa ntho kapa o hlo o e etse.ya ho bitswa bana ba Modimo: Bohle ba dumelang ho Jesu, ba ka ba lebonnete ba ho tseba hore ke bana ba Modimo.e leng ba dumelang (Jesu): Ho amohela Jesu ho a tshwana. Ke ho nka seoJesu a o nehang sona. (o ithutile KAROLONG 2.)Tebisetso - Temana ena e bolelang ho wena?Ke nnete hore Modimo o entse batho bohle, empa ha ho bolele hore batho bohleke bana ba Modimo. Modimo o neha batho ba itseng tokelo ya ho ba bana baHae. Batho ba dumelang ho Jesu feela , bao ba mo amohelang bao a ileng a baetsetsa Yena - ke bona feela bao e leng bana ba Modimo.Na o se o dumela ho Jesu? Na o ile wa amohela sohle seo a ileng a o etsetsasona? Haeba ha o eso etse jwalo, o tshwanela ho tseba hore ha o na tokelo yaho ipitsa ngwana wa Modimo. Jwale o tshwanela ho tseba hore ha ho kaetsahala o shwe kajeno, o tla be o ntse o lahlehile jwalo mme jwale Modimo o tlao otlela dibe tsohle tsa hao.Ha e mong ya seng a dumetse ho Jesu, a re ho wena o a ikgohomosa ha o bolelahore o ngwana wa Modimo, o tshwanela hore ho yena ha se wena ya rialo, keModimo ka boWona. O tshwanela o mmontshe Bibeleng moo Modimo o tjhongjwalo.24

Pheta temana:* Morupelli a bitsetse baithuti ba babedi kapele. Bonyane e mong e be ya senga dumetse. Haeba ho se moithuti ya dumetseng, morupelli o tla tshwanela honka sebaka sa moithuti ya jwalo.* Moithuti wa pele (ya dumelang) kapa morupelli a re: "Ke ngwana waModimo!"Moithuti wa bobedi a botse: "Ke mang ya o fang toka ya ho tjho jwalo?"Moithuti wa pele kapa morupelli a arabe: "Ke Modimo ka Bo yena hobaneke dumela ho Jesu!"Moithuti wa bobedi: "Ke hokae moo Modimo a tjhong jwalo?"Baithuti mmoho ba bolela mosebetsi wa hlooho: "Johanne 1:12. Empabohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ya ho bitswa bana ba Modimo, eleng ba dumelang. Johanne 1:12."TSEBISO HO MORUPELLI: Hlokomela hore baithuti ha ba qala le ha ba qetellatemana ba bolele hore mantswe a temana a ngodilwe hokae. Ka tsela eo ha baithuti feela mokotaba wa temana, empa le sebaka moo e fumanwang tengBibeleng.* Makgetlong ohle hoba temana e phetwe o boele o qale ka baithuti ba babedi(kapa morupelli le moithuti), moo temana e sa tswa phetwa, ke bohle.* Ha baithuti ba se ba tseba temana ka hlooho kahohlehohle, jwale o tshwanelaho kwala kapa ho tlosa dithusa-thuto. (se ke wa hlola o di sheba ho fetamona). E re a le mong kapa ba babedi ba baithuti qetellong ba ke ba phetetemana ka bo nngwe.Mosebetsi:Batla hape temana ena, Johanne 1:12 Bibeleng mme o etshwaye.25

Johanne 1 temana 1226

Johanne 1 temana 1227

KAROLO 4 (45 metsotso)LEHA O PHELA HANTLE, O DULA O LE MOLATOHA O SA DUMELE HO JESU.Ho na le batho ba bangata ba nahanang hore ha ba a lokela ho dumela ho Jesukapa ho lokela ho Mo amohela. Ba ikutlwa maphelo a bona a le matle mme alokile ho lekaneng ho ka ya lehodimong. Ba itekanya haholo le batho ba bangmme ba re ha e le bona e le bona ba betere ebile ba batle hofeta bophelo baBaKreste. Mohlomong o se o ile wa ngongoreha hore o ekaba o ka pholoswafeela hamonate haholo.Phetla jwale tataiso ka thutabodumedi ya polasi thutong ya nomoro 13 leqephe la38-39. Re tla e sebetsa mmoho.MOSEBETSI WA MORUPELLI: Etsang thuto ena mmoho le baithuti. Etsabonnete ba hore o itlhophisitse hantle. Maneha karete ya thuto le ya nnete ebohareng hantle. O ka etsa ketapele e be hantle le ho feta le ho hlaka ka horebohle ba nang le mangolo a ho kganna, ba tshwanela ho a ntsha mme kamoramoo o a shebe.Haeba sehlopha se le seholo haholo, dipotso tsa molomo di ka etswa ka dihlotshwana. Wena jwaleka morupelli o etse hore feela qetellong o be le bonneteba hore bohle kannete ba fihletse dikarabo tse lokileng.28

KAROLO 5 (45 metsotso)DIKETSO TSA HAO DI BONTSHE HORE O A DUMELA.Ho teng batho ba bangata ba reng ba a dumela, empa ha o sheba maphelo abona ebe jwale o a makala hore na ebe efela ba dumela kannete? O ka ba lebonnete bofe hore o a dumela mme ha o ithetse?Phetla jwale nomoro ya 15 ya thuto ya tataiso ka thutabodumedi ya polasi. Eleqepheng la 42-43. Teng moo o tla fumana karabo ya potso ena.TSEBISO HO MORUPELLI: Ketapele ya thuto ena e ka ba bobebe ha etshwantshiswa (e tsamaiswa) ke baithuti. Ka tsela eo o ka fumana baithuti bammalwa mme e be kapelepele o bolella e mong le e mong seo a tshwanelang hose etsa le ho se bua. Ho tla etsahala ha bobebe ha o se o ile ya re e sa le pele,kapa ka nako ya tee/kofi wa hlophisa le bona.Hopola, baithuti ba tlo nehelana ka thuto ena ba tlo latela mehlala ya hao ya horuta. Ka tsela eo e etse e phelang le ka tjheseho. Baithuti ba e thabele hobaneba tla ithuta ho hong le ho hopola. Motho e mong ka letsatsi le leng o kile a re:Ha thero ya hao phuthehong e tepelletsa, ke tlolo ya molao kgahlanong leModimo le phutheho, hobane ke ho se sebedise monyetla wa neo ya Modimo kakutlo. Ka tsela eo o rute ka bokgoni bohle ba hao.29

KAROLO 6 (3 dihora)HO SHEBA TABA KA NNGWE KA LEIHLO LE NTJHOTJHO6.1 Bibele e bua ka tswalobotjha - ke eng?A ke re o ntse o hopola hore leqephe le ditshila re ile ra ithuta hore motho ha aetse dibe feela, empa le hore ke moetsadibe, ka tsela eo hase feela boitshwaro(dintho tseo o ka di etsang) ho ka fetoha. Motho ka boyena o tshwanela ho kafetoha. Mme hopola, ke Modimo feela ya ka fetolang motho.Ha o bala Bibele, o tla bona hore ho na le ntho e tshwanelang ho etsahala pele adumela ho Jesu. Re ke ke ra iketsa ka borona feela tjena ho dumela. Jwale ebeke sefe sa pele se tshwanelang ho etsahala? Nna le WENA RE TSHWANELAHO TSWALWA BOTJHA. A nke ke o hlalosetse ka ho phethahala ka phoofolo etsebahalang seboko.A ko tadime hantle setshwantshong leqepheng le latelang. Seboko se tswalwa hase qhotswa kahara lehenyana. Ebe jwale se a hola se eba seholo. Hamoraoseboko se tla shwa. Ebe moo se eba mokone. Ho tswa mokoneng ho tswalwammoto hape. Ha seboko se tswalwa lekgetlo la bobedi, e se e le mmoto. Jwalese na le boitsebiso bo botjha. Mmoto o fapane hape o phela ka mokgwa o mongho seboko. Jwale mmoto hoba o tswetswe hape, o ka etsa dintho tseo seboko seke keng sa di etsa. Mmoto o ka fofa, seboko sona se ke ke - leha se ka rata.Kahoo ho teng dintho hape tseo moetsadibe a ke keng a iketsetsa ka boyena. Ake ke a iketsa hore a dumele ka boyena. A ke ke a iketsa hore a dumele hoJesu. Moya o Halalelang o tshwanetse pele o fane ka tswalobotjha ho yena, pelemotho eo a tla dumela ho Jesu. Hape O TSHWANELA HO TSWALWABOTJHA, ntle le moo o ke ke wa dumela ho Jesu Kreste.Mosebetsi: Bala jwale Johanne 3:1-8. Sheba hore ho ngotsweng temaneng ya7.Ha o le ngwana wa Modimo, o tshwanela ho tseba hore ha o dumele ho Jesuhobane o le molemo ho feta batho ba bang. O dumela hobane Moya o Halalelango o etsang hore o dumele ho Jesu. Ka hobane o o etseditse jwalo ntle le hore oo hloke, o tla tshwanela ho tlotla le ho rorisa le ho leboha Modimo ha a opholositse.30

Ho teng dintho tse mmalwa tseo o tshwanelang ho di tseba ka tswalobotjha.a) Tswalobotjha hase boitshwaro, eseng ntho eo o lokelang ho e etsa. Ke MoyaSeo o tshwanelang ho se etsa, ke ho dumela o lebohe Modimo ka botjha.b) Ha re tsebe hantle hore tswalobotjha e etsahala neng. Ho Johanne 3:7-8 ho ngoteng; e mong le e mong ya tswetsweng ke Moya o jwalo."c) Ho etsahala jwang? Moya o Halalelang ka Bowona, ntle le ho sebedisantho kapa motho e mong, tswalobotjha e a etsahala kapa o ka sebedisaLentswe la Modimo ho etsa jwalo.Ha ho mang ya ka bolellang Moya o Halalelang hore o tshwanela ho etsamosebetsi wa Wona jwang. O etsa kamoo o ratang le ka nako eoo o eratang. Kahoo Moya o Halalelang o ka neha batho tswalobotjha bao baesoka ba bala Bibele le ka mohla. O ka neha batho bao ba esoka ba utlwaka Jesu. Hape o ka fa le bana ba banyenyane.Sebedisa Moya o Halalelang hle haholoholo Lentswe la Modimo ho ka sebetsatswalobotjha bathong (1Petrose 1:23). Ha batho ba bala Bibele kapa ba mamelamotho e mong ha a phatlalatsa molaetsa wa Bibele, Moya o Halalelang o sebetsaka ho bona. Kahoo ke tshwanelo ya hao, haeba o eso pholoswe, o tshwarelle hotsamaya ditlelase le ho mamela Lentswe la Modimo. Kahoo o tshwanetse wenaya seng a pholositswe, ho se phetse ho bolella ba bang seo Modimo o sebolelang Bibeleng. O ba pakele ka Lerato la Modimo ho bona, hobane Moya oHalalelang o batla ho sebedisa bopaki ba hao.Mosebetsi:O ka ya bala ditemana tsa dikgaolo tse latelang hae. Ho dikarolotsohle o tla utlwisisa Modimo o entseng pele hore batho ba kadumela, ntle le moo batho ba ka be ba sa dumele. Ho totobatsannete ena ya bohlokwa ke hore Modimo o entse seo hore alopolle nna le wena e le hore re sa kgone ho iketsetsa.* Esekiele 36:26-27 * Johanne 6:37,44,63,65.* 2 Bakorinthe 5:17-18 * Baefese 1:3-6 le 2:8-1032

6.2 Ha o pholoswe hanyane-hanyane.Bibeleng Modimo o bolela ka Boyena hore batho ba dumelang ho Jesu Kreste, baka ba le bonnete bo boholo ba hore ba pholositswe. Empa bala hape dikarolwanatsa ditemana tseo o seng o ile wa ithuta tsona.* Johanne 1:12* Baroma 8:16* 1 Johanne 5:13Leha ho le jwalo ho teng batho ba ngangellang le ho bolela hore ha ho motho yanang le bonnete ba hore yena o pholositswe. Le leng la mabaka a bohlokwa kaho fetisisa ke hobaneng ba sa kgolwe feela ho hang ka pholoso ya hao, kehobane ba utlwisisa pholoso ka ho fosahala. Ba nahana hore motho o pholoswahanyane-hanyane. Hantlentle ba nahana hore motho o tswanela ho ipholosa kabo yena ka ho tlohela dibe hanyane le ho etsa hore letsatsi le leng le le leng aphele bophelo bo hantlenyana. Hobane o sena bonnete ho hang hore o pholohilekapa tjhe. Ka tsela eo, seo ba se bolelang hantlentle, ke sena:O moetsadibeO qala ho iketsa ya motle le ya phelang ha betere.Ha o phela bophelo bo botle ho lekaneng, o tla pholoswa.Ho phela hantle le bophelo bo betere, o ka ba le bonnete bofe hore o tlapholoswa, empa ha ho motho ya ka phelang hantle ho lekaneng ho ba le bonnetebo phethahetseng.Hase molaetsa wa Bibele! Ka tsela ena seo batho hantlentle ba se etsang, kehona : Ba nka leqephe le letala la Bukana e Senang Mantswe ba le behe kapelale lefubedu le le hlwekileng. Ka tsela eo ba re o tshwanetse ho phela bophelo bobotle pele mme jwale o ka pholoswa. Ha se nnete. Jesu o tlile ho pholosabaetsadibe, e le hore kamora moo ba phele bophelo bo botle.HA O PHOLOSWE HANYANE-HANYANE, hobane ha o ipholose ka ho phelabophelo bo betere. Molaetsa wa Bibele o totobetse. Ho teng tatellano e ke kengya fetolwa. Sheba seralwa se leqepheng le latelang.34

SEBE12PHOLOHOTEBOHO3O moetsadibe, mmekahoo hape o sa etsadibe.O ke ke wa ipholosaka bowena.Leha bophelo ba hao bole ditshila mme bo tletsedibe, nakong eo o nengo re o dumela ho Jesu,wa ba ngwana waModimo. Hanghang oka ba le bonnete hore ose o le ngwana waModimo, hobaneModimo kaBoyena o rialo.Ka tsela eo o amohelamphoya Modimo hape pele oka qala ho ba motle holatela thato ya hophelela Modimo.Hobane Modimo o se ao entse ngwana wa Haemme a o tiisetsa hore haa sa tla o otla ka baka ladibe tsa hao, otshwanela ho bontsha kabophelo bohle ba hao,ho qala nakong eo hotlohela dibe. O bontshekamoo o thabileng le holeboha pholoho eoModimo a o nehilengyona, hobane ha o a kawa e batla.Baroma 3:23Baroma 8:5-8Johanne 3:3Baefese 2:8-102 Bakorinthe 5:171 Johanne 3:1-21 Johanne 5:12-13Baroma 6:13Baroma 12:12 Petrose 1:10Baheberu 12:28Haeba o nahana hore o ka ipholosa ka ho phela bophelo bo botle, o thibelamolaetsa wa Bibele mme o theha thibelo ya boraro ho ya bobedi - leqephe leletala le kapele ho le lefubedu le le hlwekileng. Ke seo Bajode ba bangata (bathoba Iseraele) le bona ba ileng ba se etsa nakong tsa Jesu. Kahoo Modimo o ilewa ba otla mme ba ne ba lahlehile. Ha o theha sethibedi sa bo-3 kapela sa bo-2,le wena hape o nyatsa Modimo ka morero la hae la ho pholosa, jwale feela kaBajode bao Paulose ho Baroma 9:32 le 10:3 a ngotseng. Teng ho ngodilwe:"Hobaneng? Hobane ba ne ba shebile diketso, eseng tumelo .... Ka ho se tsebekamoo Modimo a lokafatsang batho kateng, mme ka ho batla ho thea ho loka hooe leng ha bona, ha ba a ka ba ikokobetsa tlasa ho loka ho tswang ho Modimo."35

Wena jwaleka ngwana wa Modimo o tshwanela ho hopola: HA O PHOLOSWEHANYANE-HANYANE, empa hobane Modimo a se a o pholositse ntle le hore ohloke ho etswa jwalo o tshwanela hore letsatsi le letsatsi o bontshe ka moo olebohang kateng. Hoo ho tla o etsa hore letsatsi le letsatsi o furalle dibe tsa haomme o phele ka ho fetisisa jwaleka Jesu. Ka tsela eo o ithuta ho ka phelajwaleka ngwana wa Modimo, empa HA O BE NGWANA WA MODIMOHANYANE-HANYANE.Ho bohlokwa hakakang hore o utlwisise hantle, ke tla etsa hore ke hlalose hanghape.Ke dife tsohle tseo motho a ka iketsetsang tsona? Motho a ka tsamaya ka maotoa mabedi, a ka bua le ho bina, a ka raha bolo le ho etsa dintho ka matsoho a hae.Na re a dumela? Boholo ba batho bo ka iketsetsa tseo tsohle. Ha ngwana walesea a sa tswa tswalwa, a ka etsa kapa ha a esoka a kgona ho etsa dintho tseobatho ba di etsang. Jwale potso ke ena: Na lesea e se e le motho kapa hasemotho?Efela, lesea ke motho! Ke lebaka hape hobaneng ngwana a le jwalo kapa jwalekamotswadi wa hae, ha a ntse a tswelapele ho etsa dintho tseo motho a ka dietsang. Motho hase motho ka tsela ya ho qala fatshe ka ho etsa dintho tse ngatatseo a ka di etsang. Motho ke motho nakong eo a tswalwang e le motho.Hamorao o ithuta hantle le ho feta kamoo a ka phelang le boitshwaro ba botho.Ho jwalo hape ho bana ba Modimo, o ba ngwana wa Modimo nakong eo otswalang botjha mme o dumela ho Jesu Kreste. Ho tloha nakong eo ya pele o kabale bonnete bo phethahetseng hore o pholositswe, leha o tla ithuta pele hamoraokamoo o ka phelang ka ho fetisisa jwaleka ngwana wa Modimo.A ko phetle hape lengolo la Paulose leo a le ngolletseng Baefese. Sheba hantlehore o le ngolletse bo mang: "Ho bohle Efese bao e leng ba Modimo le hodumela ho Jesu Kreste!" (Baefese 1:1). Ka tsela ena Paulose o ngolla batho baseng ba pholositswe, batho bao e leng bana ba Modimo. Na re a dumellana?Bala: * Baefese 1:7* Baefese 1:13-14* Baefese 2:8-9Empa Bana bana ba Modimo ha ba a ka ba phela jwaleka bana ba Modimoletsatsi le letsatsi. Kahoo Paulose o a ba ngolla mme o re ho bona, hobane e see le bana ba Modimo, jwale ba tshwanela ho ithuta ho feta mona ho phela jwalekabana ba Modimo. Hobane ba se ba pholositswe ka mohau ka tumelo ho Kreste,mme: hobane Modimo a se a ba entse batho ba batjha, ba tshwanela hape hophela jwale ho feta mona jwaleka batho ba batjha. (Baefese 4:20-24. Bala hapeho tloha temaneng ya 25 ho isa qetellong ya lengolo.)36

Jwaleka lesea le sa beng motho pele ebe kamora moo ke hona le ka etsangmosebetsi o tlwaelehileng o etswang ke batho, jwalo feela le wena ha o bengwana wa Modimo pele o ka etsa tsohle ke ba ho Modimo.Hobane Modimo o a o pholosa wena ha o ipholose, HA O BE NGWANA WAMODIMO HANYANE-HANYANE. Modimo o o pholosa nakong eo ha o dumelaho Jesu. O ithuta hantle ha o se o pholositswe, hanyane-hanyane o ithuta ho fetaka ho phela jwaleka ngwana wa Modimo.TSEBISO HO MORUPELLI: Mosebetsinyana ona o monyenyane o ka etswa peleka dipuisano pele dihlotshwaneng. Kamora moo o ka di kgutsufatsa hore moithutika mong a fumane karabo e nepahetseng ho ka e ngola mona. Baithuti ba tlahloka ho ka sebedisa karabo eo hamorao.Mosebetsi:Motswalle wa hao o tla ho wena mme o re: "Ke dumela ho Jesu,empa letsatsi le letsatsi ha ke ikutlwe jwaleka ngwana waModimo. Kahoo ke a tiisa hore ha ho motho ya ka tiisang hore opholositswe kahohlehohle." Karabo ya hao e tla ba efe?Ngola karabo ya hao mona.37

Lesea lena ha le be motho hanyane-hanyane. Ho qala tswalong ya lona ese e le motho, leha a esoka a etsa tsohle tseo batswadi ba lona ba dietsang. Hona ke nnete ya bana ba Modimo. O ba ngwana wa Modimonakong eo hang ha o phethahetse hore o pholositswe, leha o tla ithutahamorao kamoo o ka phelang ka teng ka ho fetisisa jwaleka ngwana waModimo. Ka tsela eo ha o be ngwana wa Modimo hanyane - hanyane.38

Mosebetsi:Ka ona motsotso oo o botsa motho e mong potso: "Na opholositswe hape o na le bonnete ba hore ha o eshwa kajeno otla ya Lehodimong?" Motho eo a arabe ka hore: "Ha ke esopholoswe ka botlalo. Ke ntse ke leka, empa ho se ho le haufi."Na motho ya jwalo o ka mothusa jwang?Ngola karabo ya hao mona.39

6.3 Hobaneng bana ba Modimo ba sa kgaotse ho etsa dibe?Hobaneng o sa kgaotse wena ya reng o dumela ho Jesu, o sa mpe wa kgaotsa hoetsa dibe? O se o qetile ho pholoswa hle mme Modimo ha a sa tlo o otlela dibetsa hao hle.Ho Baroma 6:1 Paulose o botsa potso e tshwanang le yona ena: "Na re tlatswelapele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate!" Ka tsela ena Paulose o batla hotseba hore na ebe mokreste ha a ka ke a kgaotsa ho etsa sebe, ka hobaneModimo a tshwaretse dibe tsa bana ba hae. Paulose ka boyena o fana ka karaboe utlwahalang. O re: "Le kgale!" Ha o bala o theosa kgaolong Paulose o ahlalosa hore hobaneng bana ba Modimo ba ke keng ba kgaotsa ho etsa dibe.Mosebetsi:Sheba leqephe le latelang. Ntja e neng e le bohale, empa jwalee shwele.* Ha o feta ntja eo e shweleng, na e sa na le mokgwane wa hokgentsha kapa le ho o loma?* Na ntja e shweleng eo e sa na le takatso ya ho rutla diaparo, tseotse anehilweng terateng pela yona?* Na ntja e shweleng eo e sa na le takatso ya ho phunyelletsaterata ho ya ntjeng e tshehadi ya moahelwane wa hao?Tjhe, ntja eo e ke ke ya hlola e etsa le e nngwe ya ditakatso tsa yona, hobane ntjaeo e shwele ditakatso tseo ha di sa na sepha ntjeng eo e shweleng.Ha o dumela ho Jesu, Modimo o re hape ke hore o thakgisitswe le Yena. Ka tselaeo hape o shwele sebeng. Jwale o ka etsa jwang hore o kgaotse ho etsa sebe?BANA BOHLE BA MODIMO BA SHWELE SEBENG. Kahoo na BaKreste ba kese kgaotse ho etsa sebe na.Bala: * Baroma 6:1-1140

Ntja e shweleng e ke ke ya boela ya kgopisa. Jwalo feela, wenajwaleka ngwana wa Modimo na o ke ke wa kgaotsa ho etsa sebe,hobane o shwele sebeng. O tshwanela ho phelela Modimo.Baroma 6:1141

Karabo ya Paulose potsong ena ho Baroma 6 e kgutsufaditswe tjena: Jesu ha ashwa sebakeng sa ka le wena feela, empa nna le wena jwaleka bana ba Modimohape re ile ra shwa hammoho le Jesu mme ra ba ra tsoha le Yena. Jwalekangwana wa Modimo, ebe na o utlwile hantle?* Jesu o shwele bakeng sa hao mme a ba a tsohela wena.* O ile wa shwa le Jesu wa ba wa tsoha le Yena.Kahoo BANA BA MODIMO BA SHWELE SEBENG. Matla le tshusumetso yasebe ho bana ba Modimo di robilwe. Jwale ba na le boikgethelo, ba ka ikgethelahore ba se etse sebe.Ka tsela ena, ha motswalle wa hao a etla ho wena jwaleka ngwana wa Modimomme a o mema ho ya nwa le yena, o tshwanetse ho mmolella: "Nkeke ka hlolake enwa le wena, hobane ke shwele sebeng. Ke shwele mmoho le Kreste le hotsoha le Yena. Ke phelela Modimo jwale."Ha mosadi e mong a o bolella kamoo o ratehang mme a o mema ho robala leyena, o hane mme o mmolelle: "Nkeke, ke thakgisitswe hammoho le Jesu mmemotho wa moetsadibe eo ke neng ke le yena, ke shwele. Jwale nka phelelaModimo feela, hobane nna le Kreste a re entse hore re Mo phelele mme re utlweYena feela."Ha satane a o leka mme a o bolella hore o ka mpa wa babotswa mme o kgopise,o tshwanela ho ipolella haholo: "Nkeke ka ba botswa, ke batla ho sebetsa kamatla, hobane ke shwele dibeng mme ke phelela Modimo. Ke batla ho etsa feelaseo Modimo a se lebelletseng ho nna." (2 Bathesalonika 3:6-12)Ka tsela eo BaKreste ba ke ke ba kgotsofala ho nna ba se phetse ho etsa dinthotse fosahetseng le tse mpe, hobane BANA BA MODIMO BA SHWELE SEBENG.Ba ka re ho sebe "tjhe". Le wena o ka re "tjhe" ho sebe".Batho ba reng ba a dumela, empa ba ntse ba sa kgaotse ho etsa dibe tsa mofutao le mong ha ba ne ba eme ba sokolloha, ba tshwanela ho utlwa seo Modimo aba bolellang sona:Bala: * 1 Bakorinthe 6:9-10* Baefese 5:5-6* 1 Johanne 3:14Ka tsela eo ha o a tshwanela ho bapala ka sebe, ho kotsi haholo. Ha o le ngwanawa Modimo, o tshwanela ho hopola hore o shwele sebeng hobane o thakgisitswemmoho le Kreste. O tshwanela hape o phelele Modimo hobane o ile a o tsosammoho le Kreste o phele botjha.42

6.4 Hobaneng ha o tshwanela ho etsa mesebetsi e metle ha o sa le ngwanawa Modimo.TLHALOSO: Mesebetsi e metle ke dintho tseo Mokreste a di etsang hobane adumela ho Jesu e le ka nnete. Ke dintho tseo a di etsang hobane a mamelaModimo. Ke dintho tseo ka ntsweleng Lentswe le molao wa Modimo ka hohlompha le ho tlotlisa ka tsona. Mesebetsi e metle hase feela ntho efe kapa efeeo batho ba baetsadibe ba e nahanelang botle.Ha o le ngwana wa Modimo, o ke ke wa fetoha. Ha jwalo o a lakatsa le ho tlaetsa dintho tse ntle le tse molemo. E, NGWANA WA MODIMO O A LAKATSALE HO ETSA MESEBETSI E MOLEMO. Lebaka le bohlokwahadi leo e lenghobaneng ho le jwalo, ke hobane Jesu ha a a o pholosa feela mme jwale a otlohella feela hore o iphelele jwaleka ha o rata. Hape o o fetola ka Moya oHalalelang ho phela jwaleka Yena ka ho fetisisa hakaakang. Jesu o a o lopollamme o o etsa hore o halalele. Ha ho ne ho se jwalo, ka mabaka a mang o ne osa tlo etsa mesebetsi e lokileng.Bala: * 1 Bakorinthe 1:30* 2 Bakorinthe 3:18Hobaneng o tshwanela ho etsa mesebetsi e metle ha o sa le ngwana waModimo? ha ho seo o ka se unang ka hoo hle. Morena o re fa sehlopha samabaka ao Bibeleng. A re ke re shebe a mmalwa:a) O tshwanela ho etsa mesebetsi e metle kahoo ho bolela teboho ya haoho Modimo.A ko nahane hape ka seo hore o ne o lokelwa ke dihele - hore ha ho letho leo oka le etsang ho ka ipholosa. Nahana ka tsohle tseo Jesu a ileng a o etsetsatsona. Hobane a o ratile, o ile a leketla sefapanong sebakeng sa hao. O ne aikemiseditse ho hlapaolwa ke Modimo, kahoo hore wena o be ngwana waModimo (Bagalata 3:13). O ne o sa lokelwe ke letho, ntle le lefu le sa feleng.Empa ke sefe seo Modimo a o fileng sona? - tokelo ya ho ba ngwana wa Haemme ka le leng o be le Yena ka ho safeleng lefatsheng le letjha le lehodimong leletjha.Hobane tsohle di le jwalo, na o ke ke wa kgaotsa ho etsa dibe na. Kahoo otshwanela ho etsa mesebetsi e lokileng ho bontsha hore o leboha e le kannetetopollong ya hao. Hopola, NGWANA WA MODIMO O A LAKATSA LE HO TLAETSA MESEBETSI E MOLEMO.Ka tsela eo lebaka la pele le supa hodimo - ho Modimo. O re ho Yena o a leboha.Bala: * Baheberu 12:28* Tite 3:4-844

Jwaleka ho lakatsa ha hao hoba ngwana wa Modimo o tla etsamesebetsi e metle, hobane o batla hore ho Modimo; ke a leboha.Baheberu 12:28Ho teng mabaka a mang hobaneng o tshwanela ho etsa mesebetsi e metle.45

) O tshwanela ho etsa mesebetsi e metle hoba le bonnete ba hore o fela odumela."Sefate ka seng se monate se beha ditholwana tse monate, empa sefate se sebe sebeha ditholwana tse mpe" (Mattheu 7:17-18). Sefate se tsejwa ka ditholwana tsasona, kahoo O TLA LAKATSA LE HO TLA BA NGWANA WA MODIMO KAMESEBETSI E LOKILENG.Ha o etsa dintho tse mpe le tse fosahetseng ka nako tsohle, ha kgafetsa o tsamaya orohakana le ho hlekefetsa, ha o rate batho ba bang le ho se lakatse ho ba thusa, hao rata tjhelete kapa o senya dintho tsa batho ba bang kapa o di roba, o utswa, kahooo beha ditholwana tse mpe. Kahoo hle o ke ke wa re o pholositswe.Ha o ena le setswalle, o le mosa, o tletse lerato le molemo, kahoo o ka tseba hore obeha ditholwana tse monate tseo tse behwang ke sefate se monate. Ha o sadumelle meleko, empa o ipolela hore o shwele dibeng, o tla dumela hakaakang hofeta hore efela o dumela.Lebaka la bobedi le supa kahare ho wena. Le o thusa ho ba le botiyo.Bala: * Luka 6:43-45 * Diketso 26:20* 2 Petrose 1:9-10c) O tshwanela hore o etse mosebetsi e metle kahoo hape mme o hapelabatho ba bang ho Kreste.Na o se o kile wa utlwa motho a re?: "Ke ka moo athe Mokreste a lokelang ho phelakateng, kahoo ha ke rate ho ba Mokreste." Ka bomadimabe ho teng batho babangata ba tjhong jwalo, hobane Mokreste ha a behe mohlala o motle ka nakotsohle. Maphelo a bona ha a hulele batho ba bang ka nako tsohle ho Kreste, empa aba balehisetsa hole.Ha o a lokela ho phela jwalo hore batho ba be le mabaka a ho bua Bakreste kapaKreste ka dintho tse mpe (Baroma 2:24/ 2 Petrose 2:2/ Tite 2:7-8). O tshwanela hophela feela hantle ka ho babatseha hore batho ba bang ba tle ba hapelwe ho Kresteka mehlala ya hao. Ha monna wa hao, re tea mohlala, a sa dumele ho Jesu, ha otshwanela jwaleka mosadi ya dumetseng ho mo nyatsa nako ya letsatsi lohle. Otshwanela hore ka nqenngwe o be sesebediswa sa hae. Ha a o tshwara hampe, hao a tshwanela ho iphetetsa ho yena. O phele ka mokgwa oo wa hore hamorao aiphumane a lokela ho dumela ho Jesu.Lebaka la boraro ka tsela eo le supa ka ntle, ho batho ba bang. Ka diketso tsa haotse ntle o ba hapele ho Kreste.Bala: * 1 Petrose 3:1-2* Mattheu 5:1646

Jwaleka ngwana wa Modimo o rata mme o tla etsa mesebetsi emetle, hobane o rata ho lebaha Modimo, o batla hoba le botiyo bahore o fela o dumela le hore o hohelle batho babang ho Kreste.Ya dumelang ho Jesu kannete, ke ngwana wa Modimo mme NGWANA WAMODIMO O LAKATSA LE HO TLA ETSA MESEBETSI E MOLEMO. KahooModimo o re hore hape o kgaotse ho etsa dibe, ke ho se be le tumelo hantle.Tumelo ya hae e shwele. A ke re o sa hopola hore ho ngodilweng ho Jakobo2:14-26. (A ko shebe hape thuto ya nomoro15 ya tataiso ka thutabodumedi yapolasi.) Ya ntseng a sa kgaotse ho etsa dibe le ho hloya dibe, o bontsha kahoohore hase ngwana wa Modimo (1 Johanne 3:6).47

6.5 Ho bolelang hantlentle ho fihlela tshokoloho?Tshokolloho ya nnete e dikarolo tse pedi. E itshwarelletse mabapi le ntlha ya horemmoho le Kreste o shwele le ho tsoha. Jwale o shwele dibeng mme Jesu o otsositse hoba bophelong bo botjha. Kahoo o tshwanela hape o bolaye, ditlwaelotsohle tse mpe tseo o nang le tsona. O tshwanela hore kahohle letsatsi le letsatsio phehelle ho phela jwaleka motho e motjha. O tshwanela ho phela ka mekgwa emetjha.a) Tshokolloho ya nnete e bolela ho bolaya/timetsa botho ba kgale basebe.Botho ba kgale ba sebe ke ho dulela tsohle tse fosahetseng: bokgopo, ditshila,boikaketsi, tshebelletso tsa badimo, boloi, bora, lehloyo, mona, morusu, meharo,phapano, karohanyo, mohono, botswa, kgumamelo tse fosahetseng, ditlhapa, puotse mpe, bohale (Bagalata 5:19-21 le Bakolose 3:5-9) le tse ding tse ngata.A ke re o a tseba hore Modimo ha a na sebe mme ha a a jara dibe. Di moutlwisa bohloko mme o di hloile. (Jeremia 13:17 le Maele/Diprovebia 6:16-19)Sebe se etsa Modimo hore a hloname mme a halefe. (Baheberu 12:29). KahooModimo o otla sebe. Kahoo ho ngodilwe ho Bakolose 3:5-10 hore nna le wena rebolaye kapa re timetse dintho tsena maphelong a rona, re tshwanela ho di tlohela.Nna le wena re tswe bothong bona ba kgale ba sebe le ditlwaelo tsa bona.Tshokolloho e bolela hore o inyatsa kannete dibeng tsohle bophelong ba hao.Ho tshwanela ho o utlwisa bohloko ha o nahana hore o ntse o sa bua leshano.O tshwanela feela ho itshola ho mantswe ohle a ditlhapa le dithohako tsohle tseoo di entseng ho e mong.Tshokolloho ya nnete e bolela hore o hloye dibe tsohle tse bophelong ba hao. Hao a lokela ho amohela le ho jara sebe hohang bophelong ba hao. Ka tsela eo oke ke wa kgotsofalla ho nna o dulela ho tuba kapa ho dulela ho nna o qhala dijoempa ho ena le batho ba hlokang. O tshwanela ho kgaotsa ditlwaelong tseo tsempe tsa ho utswa tjhelete ya monna wa hao kapa ho inkela ntho tsa ramosebetsiwa hao ha a le siyo mme o le mong katlung ya hae. O tshwanela ho lata ntwaletailane bakeng sa dintho tsohle tse fosahetseng: ho beta, ho kgopisa, botswa,ho seba le ho hloka lerato.48

Tshokolloho ya nnete e bolela hore o furalle dibe tsohle tsa hao. Furallamananeho a TV a sa lokang le ho ba kgopo, ba etsang bobe botle (bapisa Esaia5:20). Balehela meketjana yohle eo o e tsebang hore o hulelwa nthong yabootswa, ho lwana le ho kopa kopana le basadi ba sa tlwaelehang. Baleha pelametswalle e o hulelang hore le ye ho tjhwatla matlo le ho qhekanyetsa banka lebona.Nna le wena re kgona ho bona dibe tsa batho bang ka nepo, re sa bone tsa rona.Re hloya dintho tse fosahetseng tseo batho ba bang ba di etsang ha bobebe,empa re ipehela kgotso le ho amohela dintho tse mpe maphelong a rona. Ha hoa tshwanela ho ba jwalo.Mosebetsi: * Mantswe a ngotsweng ka botenya moo hodimo na asenola tlwaelo le kgathallo kgahlanong le dibe tsohle, kapa aetsa hore o be le kahisano le dibe tse ding tse itseng?* Ke dibe dife tseo mokreste a tsitlallelang ho ka etsa kahiso letsona hore a ka lwana ya kgumamela le tsona?* Moithuti e mong le e mong o tshwanela hore a ngole lenanela dibe tseo Moya o Halalelang jwale a o pakelang tsonamme a batlang ho di bolaya bophelong ba hae.50

TSEBISO HO MORUPELLI: Fana ka nako e lekaneng ho baithuti ho ka ngoladibe ka bo nngwe mona. Susumetsa baithuti hore ba etse mosebetsi oo kadihlotshwana tse nyenyane tsa bona. Dumella baithuti ho ka ya dihlopheng tseoba di ratang ka bo bona, hobane ka hoo o tla ba le tokoloho ya ho ka buisana lebao a ba tlwaetseng ka hona. Ho ka ba molemo haholo ha dihlotshwana di ka batsa batho ba babedi sehlopha ka seng. Haeba moithuti a ikgethela ho se buisanele ba bang, ha a a lokela ho etsa jwalo.Mosebetsi: * Bolellanang ka dintho tseo le lakatsang hore le ka di fedisa.Ke sebe sefe seo o batlang ho shwa ho sona? (O seke wabolela dintho feela tse ka tshwanang di utlwisa kamohlomong e mong bohloko.)* Bana ba Modimo ba tshwanela kahoo ho tshwenyeha kadibe hore ba shwe sebeng mme kahoo a be le bokgonikahoo ho ka hlola sebe hantle. Rapellang hore Modimo akopjwe ho ka thusa e mong le e mong ho ka hlola hore atswe sebeng, hore a shwe ho sona.* Batla jwale Bagalata 5:24-25 Bibeleng ya hao mme otshwaye temana hore o tle o e fumane ha bobebe hamoraoha o e batla.HOPOLA: Haeba nakong ena o ntse o tsamaya o seba mme o bolella batho babang kamoo o leng motshepuwa kateng karolong ya hao,o etsa sebe. JwaleMokreste o tshwanela ho shwa melekong ya boipolediso eo o ka e etsang.Hopola ho 1 Petrose 4:8 ho ngotsweng: "Haholoholo, le ratane ka phehello,hobane lerato le apesa dibe tse ngata." (bapisa hape ka 1 Bakorinthe 13:7)51

) Tshokoloho ya nnete e bolela ka ho fetisisa o phele jwaleka motho emotjha.Ho bonahala hore Modimo o tsositse ngwana e mong le e mong wa Hae mmohole Kreste bophelong bo botjha, jwale BaKreste ba tshwanela ho phela jwalekabatho ba batjha. Ha o le ngwana wa Modimo, kahoo o motho e motjha hape.Bala: * 2 Bakorinthe 5:17* Baefese 4:22-24* Bakolose 3:1 le 10Tshokolloho ya nnete e bolela hore ho wena e tla ba monyaka ho etsa seoModimo a batlang hore o se etse. O tla thaba haholo ha o iphumana o etseditsee mong molemo. Ho tla ba monate ho wena ho fumana lerato la batho ba bangmme o ba thusa.Feela jwaleka letahwa ha le rata seno sa lona mme a dula a senyoretswe ka nakotsohle, feela jwalo o tshwanela kahoo o be lerato la ho ka etsa tsohle tse lokilengle tse nepahetseng. O lokelwa ho nyorelwa, o tshwanela ho tjhesehella ho kautlwa Modimo. Ao ke matshwao a tshokoloho ya nnete. O tshwanela hoshebisisa menyetla ya ho thusa batho ba bang ka ho ba sebelletsa le ho babolella ka lerato le makatsang la Jesu. Ho tshwana jwalekaha o kwetlisadipapadi/ditlwaelo tsa hao. E eba thabo ho wena hore hamorao o ikutlwe o se olakatsa ho di etsa. Kahoo batla monyetla o mong le o mong, iphe nako e nngwele e nngwe ho ka ba maphathaphathe ka seo.Tshokolloho ya nnete e bolela hore o ikemiseditse ho ka tshwanela ho ithuta seoModimo a se lebelletseng ho wena, empa hore o ikemiseditse hape le ho kaikwetlisetsa dintho tseo tse ntle ho ka di etsa. Eseng ha o ile wa ka tshwarela emong hanngwe kapa habedi ka makgetlo, o se o mo lahlella marapo. Otshwanela ho tshwara jwalo ho fihlela o ba o fumana mokgwa hantle.Ho ka phela jwaleka motho e motjha, o tshwanela ho bala Bibele kgafetsa ho kabona hore thato ya Modimo ke eng. O tshwanela ho rapela mme o kope Jesu hoo thusa ho phela jwaleka Yena.52

6.6 Motho aka fihlella tshokolloho makgetlo a makae?O se o ithutile kang ho fihlela hakaale, ke a kgolwa o se o latetse hore motho hasokollohe ka lekgetlo le le leng feela, empa o etsa jwalo letsatsi le leng le le leng.Letsatsi le leng le le leng o tshwanela hore o furalle dibe tsa hao kgafetsakgafetsa,mme o phelele Modimo. Empa hle hase ntho e ka etsahalang letsatsi leletsatsi. Kae-kae ho ka etsahala lekgetlong la pele feela. Ho tshwanela hoba letshokolloho ya pele le tshokolloho e ntseng e tswelapele (ya letsatsi le letsatsikgafetsa kgafetsa) bophelong ba hao.Ho ka etsahala hore o se hopole hore o ne o sokollohe neng kgetlo la pele.Mohlomong ho tloha bonyaneng ba hao o se o ithuta Morena ho mo tseba le hoMo rata. Ho ile a etsahala ho tloha bonyenyaneng ba hao o dumela hore Jesu ose a phethile ho lefella dibe tsohle tsa hao. Ho Thimothea e bile lona lebaka(bapisa 2 Thimothea 1:5 le 3:14-15). Ha o a lokela ho ngongoreha ka letsatsi lemohla o neng o re ho Jesu o dumela ho Yena le hore o a mo amohela. Letsatsi lemohla ha di bohlokwa hakaalo. Seo e hlileng se leng bohlokwa, ke hore na ebetswelopele ya tshokolloho bophelong ba hao e tla ba teng. Ha e le siyo, ho bolelahore ha o eso fihlelle tshokolloho ya nnete. Ha eba o lakatsa ho fumana letsatsile mohla, ipolele jwalo feela dibe tsa hao botjha hape mme o bolelle Jesu hapehore o dumele ho Yena. Tshwaya jwale letsatsi leo e le mohla wa letsatsi la hao.Paulose ile a sokolloha ka letsatsi le ikgethang mane tseleng e yang Damaseka(Diketso 9). Empa se leng bohlokwa ke hore, tshokolloho ya Paulose ha e a fellafeela moo. Ka bophelo bohle ba hae, o ile a fela a furalla dibe, mme a itlama hophela jwale ka motho e motjha. O e ngola hape mangolong a hae ho diphuthehotse ngata.Ho teng batho ba bangata ba pakang hore le bona ke dilemo tse ngata tsefetileng, ka matsatsi a ikgethang ba ileng ba dumela mme ba ba ba fihlellatshokoloho. Jwale ba theha botiyo ba bona ka diketsahalo tsa letsatsi leo, ntle leho re o shwe moo e le hore letsatsi le letsatsi o kene selekaneng se setjha sa hophela mmoho le Jesu. Bophelong ba hao ha ho a tshwanela hoba jwalo.Tshokoloho ya hao ya dilemo tse fetileng e tshwanela ho tswelapele letsatsi leletsatsi, ntle ho hore ho se be jwalo e tla ba ha o eso fihlelle tshokoloho.Ke ha kaakang o ka ba le bonnete ba hore o pholositswe nakong eo o reng hoJesu o a dumela mme o fihlella tshokolloho, tshokolloho ya nnete/phethahetsenge ke ke ya etsollwa. E ke ke ya fediswa. Feela jwaleka wena o ke keng waphetsa ho dumela ho Jesu, feela jwaloha o a lokela ho kgaotsa hohang ho fihlellatshokolloho. Tshokolloho ya hao e lokela ho tswelapele. Letsatsi le leng le leleng o shwe bothong ba kgale mme o tsohe bothong ba bophelo bo bothaha bakutlo ho Modimo. Ha o a lokela ho belaela ho ka fihlella tshokoloho hobane o kare ebe Modimo lekgetlong la pele o ile a o pholosa kahoo o ka ba le bonnete.54

TshokolohoLabone15 Meyi 1997hora ya 7 mantsiboyaKgatelopele ya tshokolohoPHUPJANE 1998SONTAHA MANTAHA LABOBEDI LABORARO LABONE LABOHLANO MOQEBELO1 2 37 8 9 1014 15 16 1721 22 23 2428 29 3012Hora enngwe le enngwe,963letsatsi le leng le le leng,kgwedi e nngwe le e nngwe le selemo se.seng le se seng55

6.7 Na o se o ena le bonnete ba hore o pholohile, leha o ntse o etsa dibe?Mokreste o na le mosebetsi o totobetseng wa hore a se hlole a etsa sebe.(1Johanne 2:1) Ho se ho ile ha bolelwa kgafetsa kgafetsa ka hoo. Leha hoetsahala hore bana ba Modimo nako le nako ba ntse ba etsa dibe, leha ba sa rateho di etsa. Bibeleng re bala hore leha e le batho ba Modimo ka mabaka amangata le ka mekgwa e mengata eo ba neng ba e sebedisa mme ba neng baMo rata haholoholo, ba ile ba etsa sebe.Moshe o ile a halefala setjhaba haholo hoo a bileng a se ke a mamela Modimo.Ha a ka a bua le lefika, empa a le otla ka lere/molamu. (Numere/Dipalo 20:7-12)Davida, morena wa Iseraele monna wa pelo ya Modimo, a fumana monyetla waho bolaya Uria bakeng sa mosadi wa eo, Bathesheba ho ka inyalla yena. (2Samuele 11 le 12) Davida hoba a utlwe sebe sa hae o ile a inyatsa a tiile bakengsa sebe seo. (Pesalema 51)Petrose, e mong wa barutuwa ba Jesu, o ile a Mo latola. Esitana le ho rohakanale ho ikana hore ha a tsebe Jesu. Hape Petrose o ile a lla ha bohloko ka baka lasebe seo. (Mattheu 26:69-75)Leha e le Paulose le Barnabase ba ile ba fihlelwa ke monyetla oo wa hore ba bele diphapang hore e mong le e mong a ikele ka tsela ya hae. (Diketso 15:36-41)Ha ka tsela eo wena ka Lentswe le Moya o ipolela dibe, ha o a tshwanela hobelaela ebe o sa le ngwana wa Modimo kapa tjhe. Ho 1 Johanne 2:1-2 Morena oo bolella seo o lokelang ho se etsa. O tshwanela ho hopola hore Jesu Kreste, kemontlafatsi, jwaleka mmuelli ho Ntate. Ke nyehelo ka baka la dibe tsa rona.Jesu o re ruta ho rapela kamehla jwaleka ha re le bana ba Ntate bakeng satshwarelo ya dibe tsa rona. Bala hape kamoo Jesu a ile a ruta barutuwa ba haeho rapela Thapelong ya Ntata-rona. (Mattheu 6:9-15)Ha o dumela ho Jesu Kreste mme o le ngwana wa Modimo, kahoo o ka ba lebonnete kamehla hore o pholositswe.Bala: * Johanne 10:28-29* Baroma 8:29-30* Bafilipi 1:6* 1 Petrose 1:3-556

Ha o batle ho etsa sebe, empa o ntse o se etsa, ha o a tshwanelaho dikadika hore kapa o sa le ngwana wa Modimo. Modimo kabowona o hlokomela hore o dule o le ngwana wa hae. Ha ho mangya ka o ntshang le tsohong la hae. O tshwanela hamorao o ipoleledibe tsa hao mme o di tlohele. O tshwanela ho di furalla mme o sehlole o di etsa hape.Johanne 10:28-291 Johanne 1:7 ho fihlela 2:257

KAROLO 7 (30 metsotso)TEKOQoqang dipotso tsena ka dihlotshwana. Kgethang sehlopheng ka sengmoetapele mme o thusa baithuti ho fihlela karabo e nepahetseng.Potso 1:O nahana hore motho a ka ba lebonnete ba hore ke ngwana wa Modimo?Fana ka mabaka a karabo ya hao.Potso 2:Ha o fela o ena le bonnete, empa o etsa phoso nthong tse ding (leha o ile waleka ka matla hore o se e etse), na o ka nna wa ba le bonnete?Potso 3:Haeba o re motho a ka ba le bonnete, hobaneng ho le teng batho ba bangataba reng motho ka ke ke a ba le bonnete?58

Potso 4:O ka hlalosetsa motho e mong jwang hore a tle a be le bonnete ha a batlajwalo?Potso 5:Haeba o ena lebonnete, empa satane a ntse a o etsa hore ka le leng obelaele, o tshwanela hore jwale o etseng?Potso 6:O ka kopa Modimo makgetlo a makae hore a o tshwarele sebe se itseng (ase tlose)?Potso 7:Na ke tshwanelo hore o dule bophelo bohle ba hao ka pelo e bohloko ka dibetseo o ileng wa di etsa kgale ka nako e fetileng, leha o se o ile wa kopaJesu hore a tle a se tlose?59

KAROLO 8 (10 metsotso)MOSEBETSI O TLA ETSWA HAEMosebetsi 1Ho jwang, na le bona monyetla wa ho ka shebisana filimi-ka Jesu le ba bang babatho? Sheba hape mosebetsi 1 leqepheng 77 la Tataiso 3.Mosebetsi 2Eya tshwara hape KAROLO 2 ya thutabodumedi ya lelapa hammoho le lelapa lahao. Fana ka karolo tseo ka makgetlo a ka bang tshelela. Ruta lekgetlo leleng lele leng ntla ya sehlooho feela. Bontsha bana ditshwantshonyana. Sheba hapemosebetsi wa leqephe 21.Mosebetsi 3Ithute mosebetsi wa hlooho (Johanne 1:12) Bakeng sa bana. Etsa mehlala emengata ho ka etsa hore bana ba e utlwisise hantle mme ba e amohele. Hopolahore ka mora matsatsi a mmalwa o boele o ikgopotse temana.Mosebetsi 4Bua le bana ba hao ka tumelo e tiileng. Na ba se ba amohetse Morena Jesu? Nabadumela ho Yena? Ke ntlha ya pele jwaleka ka motswadi hore wena o be leboikarabelo ba hore o qoqe le bana ba hao ka Jesu Kreste. Hopola hore hongotsweng ho Mattheu 18:14:"Ka mokgwa o jwalo, Ntata lona ya mahodimong ha a rate hore hotimele le a mong wa ba banyenyane bana."Mosebetsi 5Hlophisa thuto ya nomoro 11 hofihlela 15 ya tataiso ka thutabodumedi ya polasi esa le pele haholo. A ko leke ho nka monyetla wa ho re o ke o rute nomoro ya 13le 15 ho batho ba bang ba polasi ya heno. O ka e etsa hape le ho morupelli wahao, moruti kapa bishopo wa hao hore a ke se o fe monyetla wa hore o e rutephutheho ya heno kapa mabatoweng a hae. Haeba ka mohlomong o sa tsebe hobala hantle kapa o ena le letswalonyana la ho ruta o le mong, le ka etsahammoho le le sehlotshwana. Itokisetse pele ebe le rutana e sa le bo lona pele.60

Mosebetsi 6Ha le a tshwanela ho tswa ka tlelaseng ebe le a lebalana hofihlela hape le boelale kopana mmoho tlelaseng e latelang. Itlhophiseng ka dihlotshwana mme le etsebonnete ba hore le se le ile la kopana bonyane hanngwe pele ditlelase di katshwarwa hape. Baithuti ba tsebang ho bala hantle. Hape le rapellane mme lethusane hore letsatsi le kgaohane le ditlwaelo tsa dibe tsa kgale le shwe ho tsonamme ka ho fetisisa le phele jwaleka batho ba batjha. Thusanang mme lekgothatsane!Mosebetsi 7Eya bala pale ya boiphihlelo Paulose (ya neng a bitswa pele hore ke Saule)tshokolohong ya hae ho Diketso 9:1-25. Haeba o kgona ho bala habobebe, o kanna wa bala dikarolo tsohle ho Diketso 22:1-21 le Diketso 26:12-18.Mosebetsi 8Eya bala Baroma 8:31-39. Bona kamoo kgodiseho ya Paulose ya bonnete bomokreste ka mong a lokelang ho ba le bona.61

DIKARABO TSA TEKO YA KAROLO YA BUKA 4 (leqephe 7-8).Dikarabo tse latelang tse nepahetseng di etsetswe didikadikwe.POTSO 1 : bPOTSO 3 : cPOTSO 5 : a + bPOTSO 7 : bPOTSO 2 : b + cPOTSO 4 : bPOTSO 6 : bPOTSO 8 : bPOTSO 9 : a + c POTSO 10 : a = phosob = phosoc = nneted = phosoe = nnetef = nnete62

BOHLOKWAHaeba le se le ile la adima Filimi ka Jesu ho Amos, le ile la hopola ho ekgutlisa? Etsang bonnete ba hore le fela le entse jwalo.63

Hooray! Your file is uploaded and ready to be published.

Saved successfully!

Ooh no, something went wrong!