12.07.2015 Views

KAROLO 3 - Amos Africa

KAROLO 3 - Amos Africa

KAROLO 3 - Amos Africa

SHOW MORE
SHOW LESS

Create successful ePaper yourself

Turn your PDF publications into a flip-book with our unique Google optimized e-Paper software.

MongodiSehlopha sa <strong>Amos</strong> tlasa boetapele ba Hennie ViljoenDitshwantshoLandi RouxPhetoleloMichael ManchuFrans SekhotoMohlophisiFrans SekhotoMohlophisi wa leqepheSunette FrylinckBotaki ba leqepheUtilisoft CCISBN 1-919924-76-0 (stel)ISBN 1-919924-79-5 (vol.1)(Kgatiso 4 - Mmesa 2008)1


THUPELO YA AMOSMOTHEO WA LENTSWE LA MODIMOBUKA 1:BUKA 2:BUKA 3:BUKA 4:BUKA 5:BUKA 6:BUKA 7:BUKA 8:BUKA 9:Modimo ke Morena, mme o o ratile le ha o le moetsadibe.Ke Jesu feela ya ka o pholosang.Ithute ho tseba Jesu haholwanyane.O ka ba le bonnete ba hore o lopollotswe.Botho le mosebetsi wa Moya o Halalelang.Bala o utlwisise Bibele.Thapelo le ho ipolela dibe tsa hao.Paka mme o hole le bana ba bang ba Modimo.Ho tla ha Jesu Kreste le mosebetsi wa Hae o moholo.Hammoho le dibuka tsena tse robong tsa thupelo o fumana hape BUKANA E SENANG MANTSWE le TATAISO KA THUTA BODUMEDI POLASING (Utlwisisa,Amohela mme o Phele).Sepheo sa dithuto tsena ke hore batho ba rutwe motheo wa tshepiso ya Lentswehodima bonngwe le boitlhakiso ka mokgwa wa ho ithuta ka kutlwisiso eamohelehang le ho fihlela tlotla ya Modimo.Thapelo ya ka ke hore ka Moya wa Modimo e se eka ho ka thehwa nnete yaLentswe le tla sebediswa le dumellana le 2 Thimothea 3:15-17: "... Mangolo aHalalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela hoJesu Kreste. Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo,mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng yaho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, akwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng."Ntshetsopele ya moleka ka <strong>Amos</strong> tlasa boetapele ba Hennie Viljoen.Kgatiso © Hlakola 1999 - AMOS AGRIMIN3


<strong>KAROLO</strong> 1 (20 metsotso)TLHAHISO LESEDING YA BOHLOKWAMABAPI LE THUPELLO ENAO se o entse qeto ya ho ingodisa ho <strong>Amos</strong> hore o tle o ithute Bibele ka kutlwisiso,ka hore o tle o ithute Modimo ka nnete. O entse qeto e fetang tsohle tseo okileng wa di etsa. Re o lakaletsa mahlohonolo - rona bohle ba <strong>Amos</strong> re lebohaMorena ka qeto ena ya hao!Empa mohlomong o sa na le letswalo mme ha o eso kgolwe. Ena ke thupello yamantlha eo o ingodiseditseng yona mme o bile o ipotsa hore na ebe o tla fela outlwisise molaetsa wa Bibele hantle. Bibele ke buka e tenya feela tjena. E, ke nale molaetsa o molemo bakeng sa hao! MODIMO O O RATILE mme ka hoo o tlao thusa hore o utlwisise Bibele le ho ithuta Yena kannete.DIBUKA:O tla amohela dithusa-thuto tse latelang:* Ditlhophiso tse pedi tsa Bukana e se nang mantswe;* Tataiso tsa Thuta Bodumedi Polasing ka dipapetlwana (dikarete) tse 48;* Bukathuto tse robong tse nang le ditshwantsho - eo e le nngwe eetseditsweng kgwedi.Sepheo sa disebediswa tse mekga e meraro:* O lokela ho e sebedisa tlelaseng. Nakong eo morupelli a fanang ka thuto, otla tadima bukaneng ya hao le hore o tle o utlwisise hantle. Etsa hammoho lebaithuti ba bang dihlakiso tse fumanwang tekong (e le teko) bukaneng yahao.* O tla sebedisa hape bukana ya hao ho tsamaisa molaetsa ho bana ba haole ho batho ba bang. Ho na le teko tseo o tla di etsa hae ka taelo. Hopola,ha o fana ka molaetsa ho ba bang, o tla lokela ho hopola e le wena mme o tlafumana tlhohonolofatso. O tla fumana ditlhophiso tse hlano tsa Bukana esenang Mantswe hore o tle o be le hona ho ka fa ba bang ka mora hoba learolelane molaetsa mmoho.* Thupello ena e tshwere motheo wa Lentswe le tshepiso e ntjhotjho. Kahoo olokela ho hlokomele dibuka tsa hao mme o di bale nako le nako - ha o saphela. Ka mora dilemo tse pedi kapa tse tharo ha o a tshwanela hore ebe hao sa hopola letho. Tjhe, o tla lokela hore hantlentle o boele o tsebe ho fetamoo ka ho boela o bala hape. Ha eba o sa kgone ho bala hantle, kopa emong hore a boele a o balle dibuka hantle hape.5


ETSA O SE KE WA TSEBA FEELA:Ho bohlokwa ke hore jwale o tla tseba Bibele, mme o tla tseba hore thato yaModimo ke efe. Empa ho na le ntho tsa bohlokwa ho feta tsebo eo. O lokela horesohle seo o ithutileng sona o se etse. O lokela ho ikokobelletsa Modimo. Ha oa tshwanela ho tseba thato ya Modimo feela, o lokela ho e phetha (Mattheu 7:21-23). Kahoo ha o a tshwanela ho tshoha diteko tsa boitlhakiso le hlahlobo. Ha keleke tsebo ya hao feela, empa le boikokobetso ba hao.HLAHLOBO LE LENGOLO LA BOPAKI (Sertifikaat):Mafelong a thupelo ena, o tla fumantshwa lengolo la bopaki la <strong>Amos</strong>. Hodimalengolo ho tla bontshwa matshwao ka dipersente tseo o di fumaneng thupelongena. Ke tseba hantle hore ba bang ha ba tsebe ho bala hantle le ho ngola hantle.Kahoo nkeke ka etsa hore le ngole dikarabo tse telele. E re nke ke o bontshehore matshwao a makgaola kganng a tla sebetswa jwang:Ho tsamaya ditlelase; 100Diteko tsa dihlakiso ditlelaseng 180Dihlahlobo tse 2 tsa nakgaola kgang 100Buka e senang mantswe 100Bopaki 100Matshwao a khonferense 100680Morupelli o tla le tsebisa pele ho nako letsatsi leo le tla ngola hlahlobo ka lona.Oke ke wa tsebiswa e sa le pele hore ngodiso ya teko tlelaseng e neng. Kahoolokela ho etsa mosebetsi wa hao hantle kamehla le ho botsa haeba ho ena le seoo sa se utlwisiseng dithutong tsa hao. Teko ya tlelase, e ke ke ya eba boimalekgale. O tla tshwanela ho etsa e le nngwe ya dintho tsena tse tharo:* Kgetha karabo e le nngwe ho tse 3 kapa 4 tseo o di filweng.* Bolela hore ke nnete kapa phoso dipolelwaneng tseo o di filweng.* Tlatsa dikgeo ka mantswe a siilweng.O tla hlahlojwa ka buka e senang mantswe ha o na le bokgoni ba ho e sebedisa.O tla tshwanela hape ho fana ka bopaki qetellong ya dithuto. Le moo hape o tlafumana matshwao.6


BOLELELE BA NAKO:Thupello e nka nako ya dikgwedi tse leshome. Ka kgwedi tsena tse leshome,Morupelli o tla be a ntse a thusana le wena hodima dithuto tsa dibuka tsohle.(Nako le nako kgweding tseo tse leshome le ntse le ngola le diteko). O tla nkanako ya dihora tse robedi o ntse o sebetsana le ho ithuta buka ka nngwetlelaseng. Buka kang e na le mosebetsi o tla etswa ke barutwana ha ba fihla hae.Le hlophise nako ya kgefutso le ya dijo. Ha ho se ditlhophiso tseo le dietseditsweng tsa dijo, o tla itlela le dijo tsa hao.IPHE MATLA:Ke a tseba jwale hore o tla sebetsa ka thata, o tla sebetsa hantle. Hopola, ha ojala koro e nyenyane serapeng ka tshimong, o tla fumana hanyenyane. Empa hao jala haholo, ke ha kaakang o tla kotula. Le ka thupelo ena ho tla ba jwalo.Ha o eba tlelaseng kamehla mme o nka karolo dipuisanong ke hakaakang o tlafumantshwa ditaello ho diphetha le ho sebetsa ka thata, tlhohonolofatso ekaakang eo o tla e fumana. Hopola, o ithute ka boikokobetso e seng feela hoipokella tsebo.Morena a o hlohonolofatse, ka thupello ena ho fetohe bophelo bohle ba hao ho yakamoo A ratang kateng.Re a o rapella! Eba motlotlo thupellong ena!7


<strong>KAROLO</strong> 2 (40 metsotso)O KA UTLWISISA MOLAETSA WOHLE WA BIBELETadima setshwantsho sa Bibele e butsweng, ka hodimo leqepheng le latelang.Molaetsa o setshwantshong ke ona: "Ho teng Modimo a le mong feela mme oao rata haholo!" Jwale, ha nka seha setshwantsho seo dikotwana mme kaditswakahanya, di tla shebahala jwaleka ha ho bontshitswe setshwantshong se katlase hona leqepheng moo. Ha eba o ne o ile wa sheba setshwantsho seopejana,ho ne ho tla ba boima ho ka fumana tlhaloso ya sona kapa molaetsa wasona. O lokelwa ke hore o bone molaetsa wa setshwantsho sohle pele, mme hotla ba bobebe ho kopanya dikotwana ho etsa molaetsa o utlwisisehang ka tsona.Jwale ena ke qaka eo nna le wena, makgetlo wohle ha re bala Bibeleng, re shebakarolwana feela ya Bibele. Re bala ntho mona le mane. Eba jwale ha re utlwisiseha re ntse re etsa jwalo hore ho bolelwang, hobane ha re tsebe hore dikarolo tseodi ka kopanngwa jwang mme kae.Ha feela o sa utlwisise molaetsa wohle wa Bibele, o tla sokola ho ka fumana horedikarolwana tsohle tseo tsa Bibele hore di bolelang. Jwale o kgathatsehile horemolaetsa wohle wa Bibele o ka o utlwisisa jwang?Kajeno ke o tshwaretse ditaba tse monate! Ha o a kena sekolo nako e telele kapaha o tsebe ho bala hantle, hoo ha se taba. Le wena hape, O KA UTLWISISAMOLAETSA WOHLE WA BIBELE, hobane ke tseba ka bana ba bangata ba esoka ba kena sekolo, empa ba se ba utlwisisa molaetsa wa Bibele, hohang. Ketseba hape batsofe ba sa tsebeng ho bala le hanyenyane, empa ba se bautlwisisa molaetsa wa Bibele ka ho ithuta oona. O ka ba ka tsela ya botsofadikapa ya botjha, hoo ha ho etse letho. O KA UTLWISISA MOLAETSA WOHLEWA BIBELE. Ho bobebe ha kaakang. Tloo, ke o rute kajeno. Ha ho etse letho leha o se o tseba ka molaetsa o Bibeleng, tloo ke o rute hore o ka o fetisetsa jwangho ba bang.O KA UTLWISISA MOLAETSA WOHLE WA BIBELE, hobane ho ya ka Bibele,ho dintho tse tsheletseng, tse ka etsang hore o utlwisise molaetsa wa Bibelehantle. Re tla di etsa ka bonngwe bukaneng ena eo re e nkang hammoho.(Bontsha Bukana ya hao e senang Mantswe sehlopheng). Re e bitsa, Bukana esenang Mantswe. Ke bukana e sa ngolwang letho, eo e nngwe le e nngwe yamabaka a tsheletseng e tsamaelanang le Bibeleng e entsweng ka mebala. Katsela eo o ka hopola molaetsa ka ho tadima mebala feela kapa wa nahana kayona. A nke ke o rute ka molaetsa wa leqephe ka leng:8


LEQEPHE LA GAUTA: Lena leqephe le tlilo o hopotsa hore Bibeleng o ithutilehore Modimo ke mang le hore o etsang. O tla utlwisisa hore Modimo oo e lengwa nnete o o rata hakaakang. O batla ho o etsa ngwana wa wona.LEQEPHE LE DITSHILA: Lena leqephe le hlalosa hore batho bohle ba tletsedibe. Dibe di etsa hore maphelo a batho a be ditshila le hoba mabe. Hase bathobohle bao e leng ba Modimo, ke hore bana ba Modimo. Dibe tsa ka le tsa hao dire sitisa ho ka fihla ho Modimo. Eka motho ka mong o sebelletsa ho fumantshwakotlo ya dihele.LEQEPHE LE LEFUBEDU: Leqephe lena le re bolella ka matsapa a makatsangao Modimo o a entseng ho re leballa dibe tsa rona. O rometse Mora waWona,Jesu Kreste ho tla shwa bakeng sa rona sefapanong e le ho jara dibe tsarona; tsa ka le tsa hao. Ka madi a hae, dibe tsa ka le tsa hao di hlatswitswe.LEQEPHE LE HLWEKILENG: Molaetsa o makatsang wa leqephe lena ke hore:Ha o dumela ho Jesu, mme o dumela hore o hlokofaditswe ka baka la dibe tsahao mme a di jara, ebile o nteballa tsona tsohle. O hlatswa bophelo ba hao mmea o etse ngwana wa Modimo.LEQEPHE LE LETALA: Leqephe lena le re ruta hore e mong le e mong eo e lengngwana wa Modimo, a hole moyeng. Ho bolela hore bana ba Modimo ba tsebaJesu haholwanyane le ka ho ithuta. Ba lokela ho phela jwaloka Jesu.LEQEPHE LE BOLOU: Leqephe lena le re hopotsa ka hore Jesu o tla boela aetla ka maru. Ka ho tla botjha o tla nka bohle ba moamohetseng, bana bohle baHae hore ba tle ba be le Yena nako tsohle. Hobane ke thato ya Modimo horebohle ba pholoswe, o tshwanetse le wena hore o bolelle ba bang ka Jesu, e lehore le bona ba tle ba pholoswe. Hape ba dule ba itokiseditse ho tla ha Haekgetlo la bobedi.Na o bona hore ha ho boima. O KA UTLWISISA MOLAETSA WOHLE WABIBELE. Ha o utlwisisa molaetsa pele, ho tla ba bobebe ho wena ho utlwisisa leha o bala karolwana feela Bibeleng.Jwale ka karete e behilweng qalong, o tla utlwisisa hore molaetsa wa karolwanaeo o e balang, e kgomarela hantle molaetseng o moholo wa Bibele.Thupellong ena yohle o tla ithuta ho hong ho feta ka maqephe a fapafapaneng aBukana e senang Mantswe. Lekgetlo le lekgetlo o tla ithuta ka ho fetisisa , empale boikgopotso ba seo o ithutileng sona.10


MOSEBETSI: 1. Ba arole dihlotshwana. E mong le e mong a tshwareBukana e senang Mantswe, e le ya hae. A ko lebelle horena e mong le emong a ka hopola molaetsa wa mmala kamong. Thusanang dihlopheng ho fumana molaetsa wammala ka mong. Pheta pheta molaetsa makgetlo.2. Kopanang hape hammoho ka sehlopha se seholo. E mongya utlwisisang ho feta ba bang a ke a bolelle ba bang horemolaetsa o bukaneng o bolelang ho tswa Bibeleng.Bukaneng ena yohle re tla tadima hore Bibele e re bolella molaetsa ofe ho bapisale maqephe ana, la pele le la bobedi la Bukana e senang Mantswe hore re kaithutang. A re shebeng ka potlako hore Bibele e re rutang ka Modimo.Modimo ke mang?11


<strong>KAROLO</strong> 3SEHLOOHO:Modimo ke mang?MOKOTABA:Ha ho ya tshwanang le Modimo.SEPHEO:O pholositswe kapa ha o eso pholoswe, Thuto ena e tla o thusa ho ka ithuta hotseba Modimo hantle. O tla tseba hore ha ho se ka tshwantshwang le Modimo,le ho tsohle tseo a di entseng, esitana le batho. Ho a makatsa ho tseba horeModimo ona o makatsang o a o rata le ho o bitsetsa leratong le tletsengkamano mmoho bophelong le Yena.DIMELO TSE TLANG HO RUTWA:* Modimo ha o bonwe.* Modimo o ka ho safeleng.* Modimo o matla ohle.* Modimo ke mohlodi/mmopi.* Modimo o hohle.* Modimo ke setsibi/o tseba tsohle.* Modimo o a halalela.* Modimo o Lerato.12


<strong>KAROLO</strong> 3 (90 metsotso)MODIMO KE MANG? SEMELO SA MODIMO KAMATSHWAO A ROBEDISelelekelaKe batla ho bona kajeno hore o bohlale ho le hokae. O mamedisise seo ke sebotsang mme o lokela ho mpha karabo. Na o se o ikemiseditse?Ho etsahala jwang hore lebese le be lesweu empa kgomo e jele jwang bo botala?Ke bona hore ha ho le a mong wa lona ya fihlellang karabo. Ke hantle, le nna hake e tsebe. Ebile ha ke utlwisise. Eka ke ntho e sitwang ho etsahala.Na o ne o tseba hore o ka sitwa jwalo ho tseba hore Modimo ke mang hantlentlehobane ha ho ya tshwanang le Wona. Ho Jobo 11:7-9 ho ngodilwe: "Na o katseba phiri sa Modimo ka ho fuputsa? Kapa wa fihlela bohlale ba ya matla ohle?O ka etsang? Bo phahametse le mahodimo! O ka tsebang? Bo tebile ho fetalebitla! Bolelele ba bona bo feta le ba lefatshe, bophara ba bona bo feta le balewatle!" Ho Jobo 36:26 ho ngodilwe hape: "Modimo o moholo ho feta kutlwisisoya rona, palo ya lemo tsa hae ha re ka ke ra e fihlela."Hobaneng? Hobane MODIMO HA HO YA TSHWANANG LE WONA, ha atshwane le nna le wena. Ho na le Modimo a le mong. Ha ho ya tswanang leWona. Dimakatso tse fetisisang ka Modimo ke hore o rata ha o ka ithuta Wonamme o o tsebe. O batla hore o tsebe hore ke mang.Ho o thusa hore bonyane o utlwisise hore Modimo ona ke mang, o moholohadihakaana; Modimo o o file Bibele. Bibeleng Modimo o a bolela ebile o re ruta kaBoyena hore ke mang le hore o etsang. A nke ke o rute ka Modimo ona o satshwantshweng le letho.13


3.1. Modimo ha o bonwe.Mohlomong o ka mpotsa hanghang: Modimo o jwang? Na nka motshwara? Nanka mo bona?Hopola, ho na le ntho tse itseng (tse teng) tseo o ka di bonang le tse itseng tseoo ke keng wa di bona. Ke dife tsohle tseo o ka di bonang? Di bolele.......Mosebetsi:A ko nke pampitshane e telele mme o e tshware ntlheng e nngwe oe tiise. E butswele haholo. Ho etsahalang ka ntlha eo o sa etshwarang? Ke eng ho etsang hore pampitshana e sisinyehe?(E, ke moya o etsang hore e sisinyehe.)Na moya o ka o bona?(Tjhe, ha o o bone, empa nnete ke hore o teng! Moya o entsehore pampitshana e sisinyehe. Moya o ka o utlwa empa o ke kewa o bona.)A ko mpolelle he jwale - ke dife tsohle tseo o ke keng wa di bona, empa nnete e lehore di teng? Bolela tse mmalwa ....Na o a tseba hore o ke ke wa bona Modimo. Ha HO YA TSHWANANG LEMODIMO jwaleka nna le wena. MODIMO HA O BONWE - ho bolela hore o ke kewa mo bona. Bibeleng bukeng ya 1Timothea 6:16 ho ngodilwe: "Yena a inotshiya ahileng leseding, ya ahileng leseding le ke keng la atamelwa, eo o seng mothoya kileng a mmona, kapa ya ka mmonang. Hlompho le matla a sa feleng e ke ebetsa Hae. A ho be jwalo!"Empa le ha o ke ke wa mmona, kannete Modimo o teng, ebile o a phela.14


O a tseba hore moya o teng, le ha o ke ke wa o bona. O sitwa hobona Modimo. Ha O bonwe! Empa o ka ba le bonnete hore Oteng.1 Thimothea 6:16Empa Modimo o tswa kae? O qadile kae?15


3.2. Modimo o ka hosafeleng.O qadile ho kae? E, o qadile nakong eo mmao e leng moimana mme wabelehwa. Na o teng ho lona ya sa kang a belehwa? Na ebe o tseba motho yaitseng ya sa kang a belehwa/tswalwa? Tjhe, ha ho le a mong. Batho bohle batswetswe. Ke mang ho lona ya ke keng a tsofala mme a shwe? Tjhe, ha ho le among kaofela ha lona le tlo shwa. Ba bang ba tlo shwa ba le banyenyane/batjha,ba bang ba se ba tsofetse.Na o a tseba hore HA HO YA TSHWANANG LE MODIMO. Ha o jwaleka nna lewena kapa mang le mang leha e ka ba eng kapa eng. MODIMO O KA HOSAFELENG. Ho bolela hore Modimo ha a na qalo le qetello.Modimo ha o a tswalwa. Ha o na ntate kapa mme, hobane ha e sa le nakongtsohle o le teng. Modimo ha a na qaleho. Pele dintho di eba teng, Modimo o neo se o ntse o le teng. Re tseba feela hore ho tloha tshimolohong haesale Modimoo le teng, e se e ntse e le Modimo.HA HO YA TSHWANANG LE MODIMO hobane a ke ke a tsofala le ho shwa E,Modimo ha o na qetello. Ha ho se ho sena mehla, Modimo o tla hlola o le teng.Modimo o ke ke wa fela, hore o se hlole o eba teng - O tla ba ka nako tsohle le kaho safeleng e ntse e le Modimo. Ho a makatsa; ha ho jwalo?Bala: * Pesalema 90:2* Pesalema 102:28* Esaya 41:4* Esaya 43:10-11* Esaya 44:6E,kannete HA HO YA TSHWANANG LE MODIMO, jwaleka nna le wena. A ke kea tshwantshwa le badimo kapa medimo. MODIMO O KA HO SAFELENG.Na ha ho makatse ho tseba hore ka nako tsohle Modimo o tla hlola o le teng.Jwaleka ngwana wa hae o tla bua le Yena? Ha o ena le bothata kapa pelo e lebohloko, Modimo o teng ho o thusa le ho o tshirelletsa le ho o tshedisa. Hape leha o eshwa, o ke ke wa ba mong. O tla ba kamehla ho Modimo mahodimong. Otla ba lehlohonolo hoba ho Yena.Haeba o eso ka o eba ngwana wa Modimo, o tla ba le bonnete ba hore Bibele etla o ruta ka Modimo wa mantlha ya teng kamehla. O lokela ho dumela hoModimo ona!16


Ha a tshwantshwe le batho, Modimo ha a na qalo le qetelo. Ha a atswalwa hohang mme o ke ke wa shwa. Modimo o ka ho safeleng.Pesalema 90:2HA HO YA TSHWANANG LE MODIMO hobane e le Modimo ka ho safeleng.Hape a ka etsa tsohle ka thato ya Hae.17


3.3. Modimo o matla ohle.Ke ka makgetlo ke lakatsa eka nka fofa. Ho bonahala ho le monate hoba jwalekanonyana ha e fofela hodimo e ntse e dikoloha. Wena o lakatsa ho etsang? Kabomadimabe o ke ke wa kgona ho iketsetsa tsohle tseo o di batlang. A ko tadimemonna leqepheng le latelang setshwantshong,ya phahamisang poone. Pele o nea batla ho phahamisa mokotla o le mong. O ile a kgona. Jwale a batla ho ephahamisa ka bobedi ka nako e le nngwe, empa a seke a kgona. Ha a kgonehobane tsohle tseo batho ba batlang ho di etsa ha ba kgone ho di etsa kaofela.Ho ke ke ha etsahala! Empa kaha HA HO SE KA TSHWANANG LE MODIMO.MODIMO O MATLA WOHLE. Tsohle tseo a ratang ho di etsa a kadi etsa.Bala: * Pesalema 115:3 le 135:6 * Esaya 46:10* Jeremia 32:17-19 le 32:27 * Mattheu 19:26O nahana jwang jwale, ke dife kapa tsohle tseo Modimo o ka di etsang? A kaetsa ditshepiso mme di phethahale. E, leha ditshepiso tsa Modimo di ngotsweBibeleng o bile o rata le ho ka di phethisa. MODIMO O MATLA OHLE, o bile wafa batho dijo hore ba je hape re bala kamoo a ileng a thusa Jesu ho hloladiabolosi. Re bala hape kamoo a ileng a thusa batho hore ba phele hantle.Efela e le MODIMO o moholo! Kannete HA HO YA TSHWANANG LE YENA.MODIMO O MATLA OHLE. O etsa tsohle tseo a di batlang.Ha o le ngwana wa Modimo, o ka etsa ka hore o se phetse ho rapela Modimoona o matla ohle, hobane o batla ho o mamela mme a ka o thusa. Haeba o enale bothata kajeno bo o hlolang, bua le Modimo kahoo. Ha ho letho ho Yena le kahlolang. Batho ba marantha ke dibe, a ka ba ntlafatsa. A ka etsa monna lemosadi hore ba boele ba ikutlwe ba atlehile. A ka o thusa ho tlohela jwala. A ka othusa hore o boele o fumane mosebetsi hape.Mosebetsi:Qoqang e le sehlopha ka tsohle tseo le hopolang hore Morena a kadietsa le ho batla ho di etsa. Fanang ka mehlala ka ketso tsa Hae.E mong wa baithuti a ka bolela hakgutshwanyane (e seng ho feta 1motsotso) ka mehlolo e makatsang eo Morena a seng a e entsemaphelong a bona.Haeba o eso be ngwana wa Modimo, ho teng thapelo e le nngwe eo otshwanelang ho e rapela, hore Modimo a boele a o etse ngwana wa Hae.Modimo o tjhesehella ho ka o fetola yena. Bala 2 Petrose 3:9.18


Motho ha a kgone ho etsa tsohle tseo a batlang ho di etsa, empaModimo ha ho ya ka tshwanang le Yena. Modimo o matla ohle.Tsohle tseo a ratang ho di etsa a ka di etsa.Pesalema 135:6Hore Modimo o matla ohle, re a bona ha re sheba mesebetsi e metle a e entseng.19


3.4. Modimo ke mohlodi.A nke ke o kope ho etsa ho hong. Thabo, wena etsa sefofela-sebakeng (kite);Teboho, etsa koloi ya terata; Tshepo, wena o tla fumantshwa mosebetsi o boimaaetse leqhwa, Tshidi wena etsa kuku; Lerato , wena etsa mose. Ha re tadimenghore ke mang ya qetang pele.Waai, hobaneng le sa etse? Na ha le kgone ho di etsa? Hobaneng le sa kgone?E, ho ke ke ha etsahala, hobane ha le na disebediswa tseo le ka etsang ka tsona!O ka kgona ho etsa ntho ha ho ena le ntho eo o ka e etsang ka sona. O ka kgonaho etsa ntho eitseng feela, eseng ntho e nngwe le e nngwe.Empa, na o ne o tseba .... Modimo ha o etse dintho ka letho. Tshimolohong ho neho se letho - ke Modimo feela ya neng a le teng, a ko tadime tsohle tseo a dientseng! Sheba setshwantsho leqepheng le latelang. A ko qamake ka hohle tsatlhaho. Naha, difate, dimela, diphoofolo, dipalesa ..... Kgele, a na ha sedimakatso!MODIMO KE MOHLODI. O hlodile tsohle. O hlodile le bophelo! E, HA HO YATSHWANANG LE MODIMO. Ke Yena feela ya ka etsang hona.Bala: * Genese/Tshimoloho 1:1 ho isa 2:4* Pesalema 104:24Ruri ke Modimo o tsotehang ya hlodileng tsohle!A ko tadime tse o potapotileng. Bolela tsohle tseo e ka bang di entswe keModimo. Hopola, ho na le ntho tseo Modimo o di entseng tseo o ke keng wa dibona ka leihlo fela. mohlala: modumo wa maqhubu le tshisinyeho ya lefatshe. Ako nahane ka mefuta ya menko eo Modimo o e entseng. A ke re dintho tsohle hadi nkge ka ho tshwana? A ko itjhebe. Ke mang ya o bopileng? E, ke Modimo yao hlodileng o le motle hakaana. O na le mahlo a ho bona tsohle, tseo Modimo o dihlodileng. O na le ditsebe tsa ho utlwa, o na le lentswe leo ka lona o ka tlotlisangle ho rorisa Modimo ka lona jwalo jwalo. E, Modimo o o bopile hore o mosebelletse le hore o mo utlwe. Kgidi, o lokela ho leboha Modimo ka tsohle tseo adi hlodileng - hape ho babatseha hore a o hlodile.20


Nna le wena re ka kgona ho etsa ntho eitseng ha feela re na ledisebediswa. Ha ho ya tshwanang le Modimo. O kgona ho etsantho ka ho bua feela, a sa sebedisa ntho eitseng. Modimo kemohlodi.Genese 1:1Ha Modimo o se o bopile ntho tsohle, Ha O a ditlohella feela. Tjhe - HA HO YATSHWANANG LE MODIMO jwale he, O ile a re o tla dula a hlokomela hloleho kadinako tsohle.21


3.5. Modimo o hohle.A nke ke o hlalosetse hore o tle o utlwisise hantle. Ke mang ho lona ya kileng aetsa papadi ya maipatelana? Bohle! Ke mang ho lona ya neng a ipata hoo a kekeng a fumaneha ha bobebe ke ba mmatlang? O itshirelleditse E, ke le bonabohle! Tadima moshanyana setshwantshong, le yena o leka ho ipata.A na o ne o tseba hore Modimo Yena o ke ke wa ipatela Yena. Ha ho mang kapamang ya ka ipatelang Yena. Ho Jeremia 28:24 ho ngodilwe: "Ha ho le mang yaka ipatang sekgutlong sa sephiri ntle le hore ke mmone. Ke hohle mahodimong lelefatsheng." Ka tsela e jwalo, hohle moo o ipatang teng, Modimo o tla o bona,hobane HA HO YA TSHWANANG LE MODIMO. MODIMO O HOHLE. O tengkamehla pela hao.A ko otlollele diphaka tsa hao mahlakoreng ohle, jwale kaha o bontshitswesetshwantshong. E, o ka pela hao, ka tlasa hao, kamora hao, mahlakoreng a hao..... MODIMO O HOHLE!Bala: * Pesalema 139:7-12Ke nnete e tiileng - Modimo o dibakeng tsohle ka nako e le nngwe! A ko bolelehore Modimo o teng dibakeng dife. Ka tlung, mosebetsing wa hao, lefifing,lewatleng, hodima kgwedi, jwalojwalo. E, ha se yo sebaka seo o ka ipatelangModimo ho sona. Tsohle tseo o di etsang, Modimo o a di bona hobane MODIMOO HOHLE. Ha o le setlokotsebe se lwantshakang batho, Modimo o a o bona. Obona ketso tsa hao. Ha o etsetsa e mong molemo, kapa o bolella e mong taba emolemo, Modimo o tseba hoo, hobane MODIMO O HOHLE. Modimo o teng hapele ha o mo hloka - nako yohle dibakeng tsohle. Ho bolela hore o ka morapela leho buisana le Modimo dinako tsohle le dibakeng tsohle.Mosebetsi:* A ko bolelle sehlopha bongata ba dibaka tseo o bileng hotsona le maemo ao o bileng ho ona, moo Modimo o bileng lewena. Ho bolelang hore Modimo o bile le wena? Na ho a othabisa kapa ho a o tshosa? Hobaneng?Kwala mahlo mme o kgutse. A ko nahane kaha Modimo a enale wena. O utlwe bo teng ba Hae.22


O ka ipatela batho, empa o ke ke wa ipatela Modimo. Ha ho yatswanang le Modimo, Modimo o dibakeng tsohle ka nako e lenngwe - Modimo o hohle.Jeremia 23:24Jwale ha Modimo a le hohle, ho bolela hore Modimo o tseba tsohle!23


3.6. Modimo ke setsebi - O tseba tsohle.E, ke nnete! Modimo o tseba tsohle tsa bohle. Ke mang ya kileng a bala buka?A na o ka mpolella ka lentswe le leng le le leng le ngotsweng moo? A nke ke enolofaletse taba ena. A na o ka mpolella lentswe le lentswe leo o le badilengleqepheng leo re sa tswa lebala bukaneng ena, a ke re re sa tswa bala mmoho?Waai, le ke ke!Moshanyana ya setshwantshong o bala e nngwe ya dibuka tse ngata tse Pokelletsongya Dibuka (Biblioteek/ Library). Na o nahana hore a ka tseba se fuperwengke e nngwe le e nngwe ya dibuka tsa Pokelletso ya Dibuka? Tjhe, ho a belaetsa!Kamora nakwana o tla be a se a sa hopole hore ho ngodilweng bukeng eokaofela ke eng. Le ha ho le jwalo, o teng ya tsebang tse ngodilweng kaharadibuka tseo, ke Modimo! Modimo o tseba ka boYena tse ding tse ngata, le tse sangolwang dibukeng lefatsheng lohle. Hobane Modimo Ha HO YA TSHWANANGLE YENA. MODIMO KE SETSEBI. O tseba tsohle.Modimo o tseba sesosa sa ntho e nngwe le e nngwe. O tseba hore ho tlile jwanghore e etsahale le hore e etsahetse jwang. Leha re sa tsebe tsela eo ka yona hoetsahalang hore e re kgomo e jele jwang bo le botala empa lebese la yona le belesweu - Modimo ona o a tseba! Modimo o tseba tse ding tse ngata. Ha a tsebefeela tse etsahalang lefatsheng, empa le e nngwe le e nngwe ya dipolanete ledinaledi. O a di tseba le ho utlwisisa tsa popo yohle. Modimo o tseba tsohle kawena.Bala: * Pesalema 139:1-6 * Mattheu 10:30Hopola, Modimo o tseba tsohle ka wena. O tseba le hore lebitso la hao o mang lehore o dula kae. O tseba le hore o kgothetse kapa o botswa. O tseba le hore ojara boikarabelo ho le hokae, o tshepahala ho le hokae, ha o tshepahale le kae.O tseba ha pelo ya hao e le bohloko, le ha o thabile haholo. Modimo o tsebadiphiri tsohle tsa hao - tseo ho seng motho ya di tsebang. O tseba ka bothata bobong le bo bong ba hao. Ha o a tshwanela ho itharollela mathata a hao o lemong. Modimo o utlwisisa mathata a hao - o na le tharollo ya wona bakeng sahao - O batla ho o thusa. MODIMO KE SETSEBI, O tseba tsela eo o mo ratangka yona le hore o ngwana wa Hae.Mosebetsi:O ikutlwa jwang ka lekunutu lena la hao la hore Modimo o a orata?* Na le a o thabisa? Hobaneng?* Na mohlomong le a o swabisa? A na ho na le dinthobophelong ba hao tseo o ileng wa di kgetha hore Modimo ha odi tsebe? Hobaneng ho se jwalo?24


.Nna le wena ha re tsebe se fuperweng ke buka ele nngwe. Ha rehopole ntswe ka leng bukeng. Ha ho ya tshwanang le Modimo, Otseba tsohle ho ntho tsohle. Modimo o tseba tsohle.Pesalema 139:1-4E, kannete HA HO YA TSWANANG LE MODIMO. Ha o tsebe tsohle feela, hapeo a Halalela.25


3.7. Modimo o a halalela.Ka hobane Modimo o tseba tsohle, o tseba dintho tse mpe le tse ntle tseo re dietsang. Empa Modimo o tseba tsohle tse mpe le tse fosahetseng tseo re dinahanang, re di buang le tseo re di etsang. O tseba le batho bao ba sa mo ratengle ho ba thusa.Mosebetsi:A le keng le qoqe ka tsohle dintho tse mpe tseo nna le wena re dietsang ka bongata.E, nna le wena re tletse dibe. Empa na o a tseba hore - HA HO YATSHWANANG LE MODIMO. MODIMO O A HALALELA. Hoo ho hlalosa horeModimo o Moholo, le hore o a makatsa, ebile o a babatseha! Kaha Modimo o ahalalela, ho na le dintho tse ding tseo Modimo o sa di batleng le ho di etsa. Na oa tseba hore ke dife? E, ke dibe. Modimo ha o na sebe. Modimo o ke ke wa dietsa ebile ha o rate ho di etsa. Ha a e so ka a etsa phoso. Seo a se etsangkamehla, o se etsa hoba a o ratile.Bala: * Esaya 6:1-5. * Tshenolo 4:8Mosebetsi:A ko kgutse hape. A ko nahane ka hore Modimo ha ona sebe.Nahana tsela eo a babatsehang ka teng. A na ha ho thabisi haYena e le Modimo le Ntate wa hao?TSEBISO HO MORUPELLI: E nngwe ya semelo sa Modimo ke hore o atshepahala, ha a hlahiswa ntlha eo mona. E ntse e le ntlha e bontshangbohalaledi ba Modimo, ena e tla hlahiswa bukeng ya bo 4. Hona ho tla bontshabaithuti hore kgalalelo le botshepehi ba Hae ke tsona tse etsang hore Modimo aotle sebe, empa ka baka la Lerato o ile a etsa qeto ya hore e mpe e be Jesu yajarang kotlo ena.26


Nna le wena re nahana, re bue hape re etse dintho tsefosahetseng, empa haho ya tshwanang le Modimo. Modimo haona sebe. Modimo o a halalela.Esaya 6:3Ke Modimo o moholo, o babatsehang! Hobane ha o etse ntho tse fosahetseng,empa O a kgahleha haholo!27


3.8. Modimo o Lerato.Ho bolelang ebile ho hlalosang, ha motswadi a sika e mong wa bana ba hae? E,ho bolela hore motswadi eo o rata ngwana wa hae. Ho bolela hore o batla ho bamolemo ho ngwana wa hae. A ko tadime setshwantshong, mosadi eo hobonahala a rata moshanyana wa hae haholo!Na o ne o tseba? - MODIMO O LERATO. Ho hlalosa hore Modimo o o ratahaholo. O batla ho ba molemo ho wena.Bala: * Pesalema 136: 1-26 (Pesalema ena, ke thoko ya lerato le molemo waModimo. Nakong ya Testamente ya Kgale, Baiseraele, setjhaba saModimo, se ne hatelletswe ke Baegepeta. Morena wa ba pholosamatleng a Baegepeta ka mehlolo le diketso tse ngata. Yaba o ba nehanaha ya hae le ho ba hlokomela moo.)* Johanne 3:16a* 1 Johanne 4:8Batho ba ka tseba molemo le lerato la Modimo jwang? Wena o tseba jwang? E,o o file lefatshe le letle hore o dule ho lona. O bile o a o hlokomela. O o filemosebetsi le dijo tsa letsatsi le leng le le leng, a o fa moaparo le moalo wa horobala. O o hlokomela le ha o le bodutu le ho o tshedisa ha pelo ya hao e utlwilebohloko.Mohlomong o teng hara lona a sa le buiseng hobane a hloka dijo tsa letsatsi,leleng le le leng le diaparo jwalojwalo. Mohlomong o ikutlwa eka ha ho ya o ratang.Le wena kajeno ke batla ho o netefaletsa e le kannete hore Modimo o o ratahaholo feela. MODIMO O LERATO. E, HA HO YA TSHWANANG LE MODIMOleha e le batho. Mona ho Johanne 3:16a ho ngotswe: "Modimo o ratile lefatshehakaalo." Jwaleka ha ho ngodilwe lefatshe; ho hlaloswa wena .... (Thato, Themba,Sipho, Tlaleng, Disebo ...) o ratile hakaalo. O batla hoba molemo ho wena le ho oetsa ngwana wa Hae! O batla le hore o Mo rate.Boholo ba lerato la Hae o bo bontshitse ka ho re romella Mora wa Hae Jesu,empa ka taba ena re tla ithuta ha re se re ithuta ka leqephe le lefubedu la Bukanae senang Mantswe.28


Lerato la Modimo ho nna le wena, ke le se nang ho lekangwa; leleholo ho feta lerato leo motswadi a ratang ngwana hae ka lona.Modimo ha o na lerato feela, ha ho ya tshwanang le Modimo.Modimo ke lerato!1 Johannes 4:8 (karolo ya bobedi)29


Qetello:E, ke nnete ya mmakoma hore ha ho ya tshwanang le Modimo ona o Moholo, yao kgathallang - ya o ratileng! A ko mamele fela mantswe ana a makatsang aoModimo o ileng wa a bolella Abrahama Bibeleng, ho Genese/Tshimoloho 17:7 are: "Ke tla ba Modimo wa hao. "Ke ketsahalo e kgolo: Modimo wa dimakatso otlile ho wena kajeno. Eka o tlile ho o sika diatleng tsa Hae a re: "Tumelo,Tshediso, Nthapeleng ....Ke tla ba Modimo wa hao. "Modimo ona o Moholo o oratile! O batla hore o be ngwana wa Hae. Haeba o e so be ngwana wa Hae, orata ho o etsa ngwana wa Hae!Mosebetsi:A kwale mahlo mme o nahane ka Modimo ona o Moholo ha kaanaeo Ho se ya tshwantshwang le Yena, a kgahlwa ke wena! A bile ao rata! A ko nahane ha a se a o'phutha 'a o phahamisa mme a osika. O ka ikutlwa jwang ka hoo?TSEBISO HO MORUPELLI: Hlakiso ena ke ya bohlokwa ka baka la hobanebatho ba bangata ba sa ntse ba fumantshwa lerato le lenyenyane mme ho boimaho bona ho ka dumela hore Modimo o a ba rata le hore o a amohetse. Ba thuseka tsela ena hore ba amohele lerato la Modimo, le hore o ba amohetse.Ka pela dimakatso tsena tsa Modimo eo ho seng ya tshwanang le Yena yajwaleka nna le wena, re ka kgumama ho mo rapela! A re hle re etse jwalo kathapelo!TSEBISO HO MORUPELLI: A ko fe baithuti sebaka jwale sa hore ba leboheModimo, ba o tlotle le ho o tlotlisa hore ke mang le hore o ba etseditseng.Bontsha baithuti hore jwale ba totobale dithapelong tsa bona le hore ba lokela hoetsa ho ya ka dimelo tsa Modimo tseo ba ithutileng tsona.30


<strong>KAROLO</strong> 4 (45 metsotso)DITEMANA TSA HLOOHO LE PAPADI YA HOFUPUTSA THUTOSelelekela:TSEBISO HO MORUPELLI: Sebedisa dintho tse tharo tse ka fumanehang. Tsepedi tsa dintho tseo di tshwane mme e le nngwe e fapane le tsona, mohlala:dithutswana tse pedi e le nngwe e be ya mollo, kapa majwana a mabedi asephara le le leng le tjhitja, kapa dithotse tse pedi tsa poone le seqo se tletsengpoone, jwalo jwalo.Baithuti ke na le dintho tse tharo. (Bontsha dintho tseo tse tharo tseo o dikgethileng.) Ke batla jwale le di bapise mmoho. Ka mantswe a mang, ke dife tsadintho tsena tse tshwanang mme phapang ho e setseng ke efe?Jwale o se o ile wa sebedisa majwana/dithutswana (kapa seo o ileng wa sesebedisa) ho di bapisa mmoho. Empa na o ne o tseba hore Modimo o ile wabotsa potso ya bohlokwa ka hara Bibele? O ile a botsa hore ho teng ntho kapa hoteng motho ya ka lekanngwang le Yena. Ka tsela eo, Modimo o batla ho tsebasetjhabeng sa Hae, hore ekaba ho sa le teng motho kapa ntho e jwaleka Yena?Modimo o batla hore setjhaba sa Hae se tle se latele kapele hore Ha ho yatshwanang le Yena.Bala temana:Bona, potso eo Modimo o ileng wa e botsa e ngotswe mona ho Esaya 40:25.(Dumella baithuti ba iphumanele yona Bibeleng tsa bona) "Na le ka ntekanya lemang, hore ke tshwane le yena? Ho botsa Mohalaledi. "Jwale le ka ntekanya lemang, la re thaka ya ka yena ke mang?" Ho rialo ya Halalelang.Hlalosa temana:Ke mang ya Halalelang ya botsang potso ena? E, ke Modimo ka bo Yenahobane o sa tswa ithuta hona jwale hore Modimo o a Halalela.Le ka ntekanya le mang, la re thaka ya ka ke mang? ho rialo Ya Halalelang.Modimo o botsa hore na ebe o teng Ya jwaleka Yena? Wena o reng? Na o teng?Tjhe, ha a yo, hobane ha ho ya jwaleka Modimo. Ho teng Modimo a le mong hose ya ka tshwanang le Modimo. Na o ka mpolella hore hobaneng?TSEBISO HO MORUPELLI: A ko dumelle baithuti ho etsa dintlha kgolo tse robeditsa dipolelwana (semelong sa Modimo) tseo ba ithutileng tsona ka hlooho.31


Tebisetso:- temana e bolelang ho wena?:E bolelang ho wena? (Dumella baithuti ho pheta ka bo bona temana e leboikgopotso ba thuto eo ba ithutileng yona.)Ho bolela hore ho na le Modimo o le Mong. Modimo ona oo re ithutileng ka wonao thusang ka mathata a hao, Ke Yena feela ya ka o sirelletsang kgahlanong leboloi le mafu. Ke Yena feela ya se nang dibe mme ke Yena feela ya ka o thusangho hlola dibe bophelong ba hao. Ke Yena feela Modimo. Ya o ratileng haholo,eya jwale ho Yena. O batla hoba Modimo o ikgethileng ho wena le hore o bengwana wa Hae. O batla hore e sa le jwale o ithute Yena hantle o mo tsebe le homo sebelletsa kannete. O batla hore o ka phela jwang bophelo bo botle, o tloheledibe le hore o ikutlwe hape o le lehlohonolo.Pheta-pheto ya temana:TSEBISO HO MORUPELLI: Sebedisa mokgwa ona o latelang hore o ka phetatemana makgetlo a mmalwa e le hore baithuti ba ka e hopola hape. Papadiso yateko le yona ka etselletswe hammoho.* Arola baithuti dihlopha tse pedi.* Sehlopha sa 1 se re: Esaya 40:25, "Jwale le ka ntekanya le mang,la rethaka ya ka yena ke mang?" Ho rialo ya Halalelang.(Baithuti ba ka tjo polelwana ena ba e shebile dibukathutongtsa bona kapa Bibeleng ka ho otloloha, hofihlela ba e tseba ka hlooho.)* Sehlopha sa 2 se re: ha ba araba:"Ha ho le a mong, hobane HA HO YA TSHWANANG LEMODIMO.Modimo ke.........................(Bakeng sa ho bolela semelo sa Modimo, barutwana bababedi ba ka etsisa ka ho fana ka pontsho feela, seseng sa dimelo tse ithutilweng. Sehlopha sa 1 selokela ho inahanela hore ho bolelwang ka se etsiswangmme ba arabe ka ho bolela mantswe a sona. Ha ebaba nahanne hantle mme ba nepile, ba tla fumantshwantlha.)32


* Jwale fapanyetsa sehlopha: Ho qala sehlopha sa 2, se re:Esaya 40:25. "Jwale le ka ntekanya le mang, la re thaka ya ka yena kemang?" Ho rialo ya Halalelang.[Baithuti ba ka boela ba bala mantswe ana buka-thutongkapa Bibeleng, ho fihlela ba ba ba a tshwara ka hloohoho se thuso.]Sehlopha sa 1 se araba ka hore:"Haho le a mong hobane HA HO YA TSHWANANG LEMODIMO. Modimo ke.........."[Bakeng sa ho bolela semelo sa Modimo ho tseo baithutileng tse robedi, ba bang ba etsa pontsho feela.Sehlopha sa 2 se lokela ho inahanela hore hobolelwang ka pontsho eo mme ba bolele karabo. Haebale bona ba nohile hantle, ba fumana ntlha.]* Dihlopha di tla nne di fapanyetsa jwalo ho fihlela sehlopha kang se etsisitsedimelo tse nne. Ho seke ha phetwa semelo se le seng makgetlo a fetangbobedi, nakong ya papadi.* Sehlopha se botswang se lokela ho boela hape se hlalosa hore semelo seo saModimo se bolelang nakong ya boikwetliso.* Sehlopha se nang le dintlha tse ngata, ke bahlodi, empa ka lehlohonolo, banabohle ba Modimo ke bahlodi mme ba lehlohonolo mahlong a Hae. Jwalesehlopha kapa dihlopha tseo di ka ikopela diatla.33


<strong>KAROLO</strong> 5 (40 metsotso)HO TENG MODIMO O LE MONG O O RATILENG!O se o ithutile dintho tse ngata ka Modimo. Jwale re tlilo etsa kgutsufatso entlenyana eo re tla qoqa ha monatjana ka yona. Kgutsufatso e fumanehangleqepheng la 14 -15 ho Tataiso ka Thutabodumedi ya Polasi(Plaasgodsdiensgids), ka ho tshwana le e hlahellang leqepheng la 4 - 5 Bukana esenang Mantswe moo e hlaloswang.TSEBISO HO MORUPELLI: Fana ka thuto 2 leqephe 14 -15 le TATAISO KATHUTA BODUMEDI ya Polasi (Plaasgodsdiensgids) ho baithuti. Etsa bonnete bahore e mong le e mong o nka karolo. Haeba sehlopha se le seholo haholo, o kabotsa dipotso ka dihlotshwana tse nyenyane. Wena, jwaleka morupelli, o lokelaho tseba leq. 6 -11 la Tataiso ka Thutabodumedi ya Polasi (Plaasgodsdiens ka hoithuta hantle.Hopola, baithuti ba tla latela seo wena o leng sona le seo o ba rutang, jwalekasebapadi-sa-diketso (rolmodel) ya bona. Mokgwa oo o fanang ka dithuto ka oona,e tla ba mokgwa oo ba tla o etsa. Haeba o itlhophisetse mme o fana ka molaetsao phelang o nang le tjantjello ba tla o futsa. Hopola mokgwa wa utlwa, bona, buamme etsa.Karolo ena e lokela hoba metsotso e 40 ho rutwa le ho qoqwa.34


<strong>KAROLO</strong> 6 (65 metsotso)TABA KANG TLASA GALASE YA SEHODISIHa o lokela ho bolella batho ba bang ka Modimo, hopola tse latelang:6.1. Ruta batho hore Modimo oa ba rata.Batho ba bang ba na le tjhadimo e hanyetsang Modimo. Taba ya pele ka Modimoke hore o teng kamehla ho otla. Batswadi ba sebedisa ditshosa tse itseng kaModimo e le setshosahadi sa bana ho fihlela ba eba le kutlo ho bona. "Modimo obona seo o se etsang, mme o tla o otla!" etjho jwalo ho bona. Ha ngwana a bonasetshwantsho sa Modimo se le seholohadi, hamorao o ba le letswalo mme a lekeho dula hole le Modimo. Ba kopanya Modimo le melao e matla e ba tshabisang leetsa hore ba phutholohe. Kahoo ba leka hore ba seke ba nahana ka Yena. Ke kayona ba ka ikutlwang ba lokollohile le ho phutholloha. Leha ho le jwalo, haseBibeleng moo Modimo o itsebisitseng rona kateng? Molaetsa wa bohlokwahadioo Modimo ka Bibele o ileng wa o neha e mong le e mong ka Boyena, ke o reng:"Ke o ratile! Haholo hakaakang! "Modimo o o ratile kannete! (1 Johanne 4:8 le16)Bana le batho ba baholo ba lokela ho fumana molaetsa ona pele. Ba lokela houtlwisisa hore Modimo o Moholo, o a makatsa le hoba molemo - hore o na leLerato le ke keng la lekanngwa bakeng sa motho e mong le e mong. Takatso yaModimo ke hore ha e mong a mo utlwisisa hantle hore Yena ke mang, o tla motlisa hang pela Modimo, hore a tle a ithute Yena haholwanyane. Lerato laModimo kannete ho batho le ke ke la lekanngwa. Ka Modimo ona o leng Mongwa nnete ya ratileng nna le wena,batho ba ka thabiswa ke hoo.Dibe tseo leqephe le ditshila le re rutang ka tsona, di ke ke tsa thibela lerato laModimo. Bala hore Modimo o reng ka Yena:* Eksoda/Phallo 34:5-7 * Nehemia 9:17* Hosea 11:8-9 * Baroma 5:8-10Ke ntho e le nngwe eo o lokelang ho e utlwisisa: Modimo o lerato mme wena (lebatho ba bang) o le rata haholo. Ha o bua le ba bang ka Modimo, o lokela tselaeo o itshwarelle ka molemo, lerato le boholo ba Modimo! Ho ya ka mokgwa oo otla beng o ba pakela ka oona, ba lokela hore le bona ba fumane ho hong leratongla Modimo. Maikutlo/kgopolo a pele a bohlokwa ao batho ka tsela eo ba tla afumana, ke hore: Modimo o Lerato, Modimo o molemo, Modimo o rata ho othusa!35


6.2. Bontsha batho phapang e kgolo pakeng tsa Modimo wa nnete lemedimo.Ditshebelletsong tsohle tsa medingwana, batho ba lokela ho etsa dintho tse ngataho etsa hore medimo e ba mamele le ho fumana mahlohonolo, hobane medimoha e na setswalle,e se hloho le hoba dira pela bona le batho. Batho balokela ho nka kgato ya pele. Ka ho etsa mahlabelo, ba nyehele le ho utlwabohloko pele hore medimo e ka ba utlwa, Medimo ena batho ba lokela ho etsebisa e sa le pele seo a tlang ho se etsa, ntle le moo e ka halefa hampe ebe bahlekefetsa batho.Molaetsa o makatsang Bibeleng ke o reng ha ho mang ya lokelang ho sebelletsaLerato la Modimo. Modimo o re ratile kgale, o o ratile e sa le pele, o o ratile o ntseo le tjena! (Johanne 3:16/Baroma 5:8-10/1 Johanne 4:19) Ha ho a tshwanelahore re etse mahlabelo, mesebetsi e metle, ho itlhokofatsa kapa ho etsa ntho eitseng ho O kgahlisa ka borona. Ke Emmanuele - ho hlalosang hore: "Modimo ona le rona. "(Mattheu 1:23)Ho medimo ya bohata, batho ba sebelletsa ho ya ho yona.modingwanabathoKa tshebelletso ya nnete ya mantlha, ha re a ka ra etsa hoo ka Modimo wa nnete.Hobane o ratile mothohakaalo, o ile a tla ka sebopeho sa Kreste.ModimobathoTsitlallela tabeng ya hore batho ha ba aka ba etsa dintho tse ngata pele Modimo aka ba rata. O re ratile, ho swabela dibe tsa rona. (Re tla bua ka tsena Bukeng ya4.)36


6.3. Ruta batho hore Modimo wa Bibeleng o batla hoba Ntata bona.Batho ba bangata ba bona Modimo e le mohlodi le hoba hole haholo le hobabohale. Boholo ba batho ba esong ho tsebe Modimo ka Jesu Kreste jwalekaNtatabona, ba bolela hore ha a amane le diketsahalo tsa letsatsi. Ke ka hoo banang le tumelo ya setso ya Afrika. Ka hobane ba dumela hore Modimo o Moholoebile o hole haholo mme ba dumela hore pakeng tsa hao le Yena ho teng ba sengba ile (badimo) ho ka o buella ho Modimo. Kannete ba re bao ba haufi le ho kabuisana le Modimo ho feta ba phelang.Kahoo ho bohlokwa ho bontsha hore Modimo ho bana ba Hae o batla ho baNtate. Ka Jesu o bile Ntate. Ka Jesu ba tshwanela ho mmitsa Ntate (Baroma8:15 -16.) Ba ka Bontate ba Hae ha a ba hlokometse. (Matt.6:25 -27.) JwalekaNtate o amana le maphelo ohle a bona, hore ho seke ha lahleha leha e le qoba ele nngwe ya moriri hloohong, ha ese thato ya Hae. (Matt. 10:29.)Tiisa taba ya hore Modimo wa Bibeleng, leha a le Moholo hakaalo le ha ho se yatshwanang le Yena, hase Modimo o hole o behileng moedi dipakeng moo bathoba lokelang ho ema teng ha ba ho yena. Modimo wa Bibeleng ke Ntate wa banaba Hae. O haufi le bana ba Hae. O ema ka mokgwa wa Ntate-Ngwana (Vaderkind)ho e mong le e mong ya dumelang ho Jesu.37


6.4. Ruta batho hore ba seke ba sebedisa dintho tse hlodilweng ho dikgumamela le ho di rapela.Ho latela Esaya 44:6 le ho feta moo ho bohlokwa ho nahana hore dintho tseo reiketsetsang tsona e kaba Modimo. O re bopile a le mong, ke Modimo. KeModimo wa nnete a le mong le ho o rata haholo. Ha ho le jwalo, ke sebe honahana hore ntho e nngwe le e nngwe popong, e ka sebediswa e le modimo o kakgumamelwang le ho rapelwa (Baroma 1:23 le 25). Ya behang tsepo ya haedinthong tse bopilweng, o tla swabiswa ke qeto ya hae.Ha o a lokela hoba le medimo e meng (Eksoda/Phallo 20: 3 - 5). Ho bolela horeha o a tshwanela, leha e le batho ba bang, ba ntseng ba phela, kapa bafu, ho bakgumamela kapa hoba rapela le ho ba sebelletsa. Ha o a tshwanela ho batlameya ya ba ileng (bafu) le ho botsa ho yona kapa ho batla thuso ho yona.Bala: * Levitike/Meetlo 19:31* Levitike/Meetlo 20:5-7* Levitike/Meetlo 20:27* Deut./Dipolelo 18:9-14* Esaya 8:19-20Ha o a tshwanela le ho rapela mangeloi. Nahana ka seo lengeloi le ileng lasebolella moapostola Johanne ha a ne a re o a le kgumamela.Bala: * Tshenolo 19: 10Ha o a tshwanela hore bophelo ba hao bo laolwe ke dinaledi. Dinaledi ke karoloya popo ya Modimo. Modimo ke Yena feela ya tsebang ka bophelo ba hao le hohlophisa bokamoso ba hao.Bala: * Esaya 47:12 - 15.38


6.5. Etsa memo ya batho hore ba fumane tokolloho ho Modimo wa nnete.Ha o ilo tshwasa dihlapi, ho na le thuso ho ka lahlela dilope metsing, olokela hape ho tshwara dikgwele o di tii-tiise hanyenyane hore o tle o ntshe kapao inolle hlapi metsing. Ho teng batho ba rerang ba rere, ba bolelang ba bolele,empa ba esoka ba memela batho hore le bona ba dumele.Ha o bolella batho ka Modimo, o lokela ho ba mema hore ba dumele le bona. Olokela ho ba fa boikgethelo, hobane Modimo o leng Mong wa nnete o bitsetsabatho ho ona hore ba tle ba pholoswe. Esaya 45:21b le 22 Modimo o re:"Sokolohelang ho Nna, mme le bolokehe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe.Hobane ke nna Modimo, o mong ha o yo."Batho bohle ba merabe yohle ka tsela ena ba ka pholoswa ke Modimo ona o lengmong. Ha ho morabe ofe kapa ofe o ka rapelang medimo ya ona mme ba hopolehore medimo eo e ka ba pholosa. Modimo wa nnete o mong feela, o kapholosang merabe, setjhaba, ba dipuo tse fapaneng le meloko ka bo mong, keModimo wa Bibeleng. Ntate wa Morena Jesu Kreste.Leha re e so ka re ithuta ka leqephe le dithila (sebe), o tjhesehella ho thintshamokokotlo wa hao ho furalla sebe mme o dumele ho Jesu Kreste, empa o tsebehore Modimo wa nnete o mong, ya o ratileng hakaalo ya bileng a lakatsang ho oetsa ngwana wa Hae. Ho bohlokwa hore kajeno o Mo mamele ha a o bitsetsa hoYena.TSEBISO HO MORUPELLI: Na ba pitsong ya hao ho baithuti, Botsa e mong horeke mang eo Moya o Halalelang o kentseng tjhesehello ya ho tla ho Modimo o leho utlwa pitso ya Hae. Ka kopo, ya jwalo a mpe a sale kamora dithuto, ha ho seho uwa hae kapa ho tsuuwa qetellong ya dithuto tsa kajeno. Thusa motho eokapa batho bao ho amohela Kreste. Sebedisa Bukana e senang Mantswebakeng sa morero oo.Ha eba o se o le ngwana wa Modimo, o lokela e sa le jwale ho dumela ho JesuKreste. Ho o thusa hore o bue le bona, o na le ditlhophiso tse 3 tsa Bukana esenang Mantswe tseo o e seng o di amohetse. O ka boela wa ithekela tse dinghape ho <strong>Amos</strong> Agrimin. Di ka dipuo tse fapaneng mme di ja tjhelete e nyanehaholo.39


<strong>KAROLO</strong> 7SEHLOOHO:SebeMOKOTABA:O tletse dibe.SEPHEO:Baithuti ba eso sokolohe ba tla rerelwa ka matla haholo, le ho ba bontshahore ba tletse dibe. Sephetho sa sebe se tla bolediswa ka totobala le hore haho mokgwa oo a ka o etsang ho itokolla hore a tswe dibeng.Baithuti ba seng ba pholositswe ba tla hlokomediswa ka bofofu ba lefatshe ladibe. O bitsitswe e sa le pele ho bala Bibele le ho ka rapela Moya oHalalelang hore o mmontshe tsela hore sebe ke eng.DIHLOHO TSEO HO TLA RUTWA KA TSONA:* O ke ke wa bona dibe tsa hao ka nepo.* Modimo o o bolella Bibeleng ya hao hore sebe ke eng.* Sebe ke ho se utlwe Modimo.* Sebe ke tsohle tse mpe tseo o di nahanang, etsang le tseo o di buang.* Sebe ke ho tlohela tsohle tse molemo le tse ntle tseo Modimo o o laetsengho di etsa.* Bohle re baetsadibe.* Sebe se o thibela ho tla ho Modimo.* Modimo o otla sebe.* O ke ke wa iketsetsa letho ho ka itokolla le ho tswa kotlong ya sebe.TSEBISO HO MORUPELLI: Ho bohlokwa haholo - hopola, ha re bue ka leqephele letsho kapa le lesweu, hobane botsho ha bo bolele ditshila mme bosweu ha bobolele bohlweki. Kotsi e ka bang teng ke hore batho ba Batsho, ba ka nahanahore kaha ba le batsho, ba tletse dibe. Ba Basweu hape ba nahane hore kaha babasweu, ha ba na dibe. Ka kopo, bua ka tsela ena ya hore leqephe le "ditshila leleqephe le "hlwekileng."40


<strong>KAROLO</strong> 7 (95 metsotso)SEBE KE ENG?Selelekela:A re ke re etseng kapelenyana boikgopotso ba leqephe la gauta. A ke re o ntse ohopola hore setshwantsho sa ho qetela se ne se hlalosa hore Modimo o o ratahaholo-holo. O lakatsa hore o be ngwana wa Hae. Leha Modimo o entse batho(hape le wena) ebile a ba rata kaofela, hase batho bohle bao e leng bana baModimo. Hobaneng? Karabo ke ena:DIBEDibe di etsa maphelo a batho a be ditshila. Ha re bua ka leqephe le ditshila laBukana e senang Mantswe, re tla ithuta ka tseo Morena Modimo kaBibeleng a re bolellang tsona ka dibe.Na o ye o tsebe ka nako tsohle hore sebe ke eng?41


7.1. O ke ke wa bona dibe tsa hao ka nepo.A ko tadime setshwantsho se ka leqeleng, leqepheng le latelang. Monna enwa osebeditse ka thata letsatsi lohle o ne a sebetsa ka terekere. Hoba letsatsi ledikele, a ya hae ka mora nako e telele. Na o tla itjheba diaparo a le lefifing? Obona diaparo tsa hae di shebahala jwang? Na o tla bona matheba ohle a ditshilaka nepo? Tjhe, hobane o eme lefifing, mme ho bonahala eka diaparo tsa hae dilokile mme di hlwekile.Sheba jwale setshwantsho se seng. O eme kganyeng e hlakileng ka tlung. Osheba diaparo tsa hae hape. Na o nahana hore o bonang jwale? E, hoba jwale aeme kganyeng, o bona kamoo diaparo tsa hae di leng ditshila ebile di le mathebaa oli ka teng.Hobane nna le WENA RE TLETSE DIBE, re jwaleka monna eo ya neng a ememoo ho leng lefifi. Ya neng a sa bone kamoo diaparo tsa hae di leng ditshila, lerona re ke ra ipona kamoo maphelo a rona a leng ditshila ebile a tletseng dibekateng. Maphelo a rona a hole haholo le kganya, a hole haholo le Modimo. Hamoporofeta Esaya a bona boteng ba Modimo le ho tla ha hae, kapelepele o ile aitemoha kamoo a leng ditshila le ho tlala dibe kateng. (Esaya 6:1-6.)Bala hape Johanne 3:19-20Ho Diprovebia 16:2 re bala hore motho e mong le e mong o bona tsohle tseo a dietsang, di lokile. Le wena, o ka nahana ka tsela eo, hantlentle le ha hohang e lephoso. Ho bolela hore ha re bone dibe tsa rona ka nepo. Bibeleng ho na lemehlala e mangata e bontshang kamoo batho ba sa lemoheng dibe tsa bona kanepo.Bala le qoqe ka hona: * Malakia 1:6-7 * Tshenolo 3:17Sebe se etsa hore o seke wa bona dibe tsa hao. Ha o latelle dibe tseo o dientseng, ebile leha o sa latelle, ha o bile ha o itshwenye ka tsona. Bana bababedi ba kile ba lwana. Ba ne ba ile ba ngangisana ka hore ke mang ya bohlaleho feta e mong. E mong le e mong o ile a nahana hore seo a se hopotseng senepahetse, ha jwale ho ne ho se le a mong wa bona ya neng a ipona hore ofositse ka ho ngangisa, hore a ka ba molemo ho feta e mong. Hobaneng bana bababedi bao ba sa kang ba latella ho tseba ka sebe sa bona? E, sebe se etsa horeo seke wa bona phoso ya hao. Le wena ha o latelle ho tseba ha o ile wa etsaphoso.WENA O TLETSE DIBE kahoo o lokela ho hopola hore o bile phoso hangatamme wa etsa dintho tse kgopo tseo tsa tsona o seng o sa di tsebe. O ke ke watseba ka nako tsohle hore sebe ke ha o etsang le ha o sa etseng, hobane WENAO TLETSE DIBE.42


Sebe se etsa hore o se ke wa bona dibe tsa hao. Ka mokgwa oo onahana hore seo o se etsang, se lokile, empa se fosahetse.Diprovebia 16:2Tshenolo 3:17Jwale o tla tseba jwang hore seo o se etsang se fosahetse kapa se nepahetse -e leng sebe?43


7.2. Modimo o o bolella Bibeleng hore sebe ke eng.Hobane ha o tsebe ka bowena hore sebe ke eng, o hloka e mong ho ka o bolellale ho o bontsha hore dibe ke eng. Ho teng Motho a le mong feela ya ka obolellang hore sebe ke eng mme ke e Mong ya senang sebe ya esoka a se etsa.Ke e mong eo mahlo a hae a e so ka a kwalwa ke sebe, e mong ya e so ka afoufatswa ke dibe. Ke mang eo?E, ke Modimo - A ka o bolella hore sebe ke eng. A ke re leqepheng la gauta o ilewa ithuta hore Modimo o a Halalela le hore a ke ke a etsa dibe ebile ha a di rate.Empa ke hokae, mme Modimo o reng ka dibe? Modimo o re bolella ka Bibele.Ka tsela ena ha o bala Bibele, Modimo o bua le wena mme o o bolella tse lokilengle tse sa lokang. Modimo o bua le wena le ka Moya o Halalelang. Ke Moya oHalalelang o o etsang hore o dumele sohle se ka hara Bibele, le hore ke hokae lehore ke eng o ka etsang. Boinnotshing ba hao ha o bala Bibele, o tla tseba e leka nnete hore dibe ke eng.Na o tla tseba kang hore ho rohakana ke sebe? E se e le tlwaelo ho batho babangata ho rohakana, hoo ba bileng ba sa hlokomele hore ba etsa sebe. Hobatho ba bang ho rohakana e se e le karolo ya puo, tsatsi le leng le le leng. Haba bone phoso mabapi le hoo. Mohlomong le wena o nahana hore ha se sebe horohakana. Empa ha re shebe hore Modimo o reng Bibeleng: Bala Baefese 4:29-31 le Jakobo 3:9-12. Modimo o re ho fosahetse, hobane ho bontsha ho se ratebatho ba bang. Ho rohakana ho utlwisa Moya O Halalelang bohloko. Modimo ore ha ho etsahale hore ka molomo o le mong re mo rorise hape re rohake bathoba bopilweng ka setshwantsho sa Wona.Kajeno re se re utlwa kgafetsa-kgafetsa ka ho hlalana. Ho bolela ha monna lemosadi ba se ba sa dule mmoho lenyalong, ba arohane. Le ha wena o hladilekapa o le maemong a tlhalano. O nahana jwaleka batho ba bang hore honepahetse -hore ha se phoso. Tjhe, ke o utlwela bohloko, hobane batho ba tletsedibe, le wena O TLETSE DIBE ka mokgwa oo o hloka Modimo ho obolella horeho hlalana ke phoso kapa tjhe. Na o a tseba hore Modimo o reng Bibeleng katlhalano? Ho Malakia 2:16 re bala: "Hobane ke hloile hlalo, ho bolela Jehova..."Ho fosahetse ho hlalana- ke sebe.O se ke wa etsa tsohle tse etswang ke batho bao o phelang hara bona. Ha baetse tse lokileng ka dinako tsohle. Bona le wena O TLETSE DIBE. Kopa jwalehore Modimo a o bontshe Bibeleng seo e leng sebe.44


Hobane ke Modimo feela ya senang sebe, ke Yena ya ka obolellang hore sebe ke eng. Modimo o o bolella Bibeleng horesebe ke eng.Baroma 3:20 (karolo ya ho qetela).Empa Bibeleng Modimo o re sebe ke eng ?45


7.3. Sebe ke ho se mamele Modimo.Sebe ke ho se mamele Modimo. Ke ha o sa etse seo Modimo a reng o se etse hotswa Bibeleng. Ke ha o nahana hore o tseba ho feta Modimo, le ha o rata hoitaola. O rata ho imamela wena feela. O TLETSE DIBE jwale he o batla ho etsaseo o se batlang, e seng seo Modimo o se batlang.Modimo o ile a bopa batho ba babedi, Adama le Eva ba se na sebe. Bibeleng rebala hore Modimo O ile wa re ba ka ja ditholwana tsohle tsa difate, empa sefatese mahareng a tshimo ba se ke ba se ja. Ba ile ba ikgethela ho se mamele seoModimo O ba bolelletseng sona. Ba ile ba etsa se ratwang ke bona, e seng seoModimo O ratang hore ba se etse (Genese 3:2-6). Ke sebe ho se mameleModimo.Taelo ya bohlokwa eo Modimo O o fileng ho tswa Bibeleng, ke hore o mo rateYena le batho ba bang. Ha osa etse jwalo, ha o mamele Modimo ho bolela hore oetsa sebe.Empa hobaneng nna le wena re sa mamele Modimo? Ke hobane nna le wena resa mo rate. Haeba re mo rata, re tla mo mamela (Johanne 14:15-21 le 1 Johanne5:3a). Ke ka baka lang nna le wena re etsa batho ba bang hampe? Ke hobanehare ba rate e le kannete. Motho ha a etse hampe eo a mo ratang e le kannete.Ka hoo re ka re: Sebe ke ho se mamele Modimo. Ke hose rate Modimo le bathoba bang.46


Sebe ke ho se mamele Modimo! Ha o mamele Modimo ha o sa morate Yena le batho ba bang.Sebeho se mamele Modimoho hloka leratoModimobatho1 Johanne 5:3aSebe sena sa tshimolohong; ho se mamele le ho hloka lerato, se etsa hore nna lewena re etse dibe tse ding tse ngata.47


7.4. Sebe ke tsohle tseo o di nahanang, ho di etsa, ho di bua.Bibeleng ho na le ditemana tsa bohlokwa: Diprovebia/Maele 4:23 moo hongodilweng: "Boloka pelo ya hao ka ho fetisisa, hobane ke yona mehlodi yabophelo. "Ha Bibele e sebedisa lentswe lena "pelo" e bolela hore o hlokomeletsohle tseo o di nahanang, tsohle tse etsahalang ka hloohong ya hao hobanekamoo o nahanang ke papiso ya bophelo ba hao. Menahano e metle e fetohamantswe a matle hamorao e eba tlwaelo tse ntle. Menahano e mebe e fetohahamorao mantswe a mabe mme hamorao e eba tlwaelo tse mpe. Kahoo Morenao a re ruta Bibeleng hore ha ho a fosahala fela diketso tseo e leng dibe, empa felamenahano e mebe le mantswe a fosahetseng.E, Modimo o tseba le dintho tseo o di nahanang, leha o sa di bolelle mang kapamang. Mohlomong o kile wa nahana pele ho phehisano ya bolo ya maoto horeeka sebapadi se tsebahalang se tswe kotsi, hore ebe sehlopha sa heno se kahlola papading eo kaha sebapadi seo se le tshwara hampe. Ha o nahana dinthotse mpe tse fosahetseng o se o entse sebe. E, nna le WENA RE TLETSE DIBE.Ho Mattheu 5:28 Jesu o re: Ha o lakatsa mosadi, mme o nahana ho robala leyena,o se o entse sebe pelong, leha o e so ka o robala le yena, o eso etse jwalo.Dintho tseo o di buang, hampe ka phoso ka makgetlo a mangata. Ha o phoqangwana, o mo nyedisa kapa o mo rohaka, hoo ho bontsha hore ha o morate.Kahoo ha o utlwe Modimo mme hoo ke sebe (Matt. 5:21). Jo, nna le WENA RETLETSE DIBE.Ke dintho dife tse fosahetseng tseo o di etsang? E, mohlomong o nkile tse dingtsa disebediswa tsa monga hao, ntle le hore o di kope mme ha o sa dikgutlisitse.Mohlomong o nwa jwala haholo hoo o sitwang le ho boloka tjhelete ya dijo tsabana le ho ba rekela diaparo. Mohlomong o e mong ya ratang ntwa ya baahisaneo se o kile wa ba wa hlaba e mong ka thipa. Dintho tsena tsohle, di supa hore hao na lerato ho ba bang. Ho bontsha hape hore ha o rate Modimo, hobane ha omomamele. O a hlokomela jwale - WENA O TLETSE DIBE?MOSEBETSI:Ke dintho dife tse fosahetseng tseo o di nahanang?Ke dintho dife tse fosahetseng tseo o di buileng?Ke dintho dife tse fosahetseng tseo o di entseng?48


Dintho tsohle tse mpe tseo o di nahanang, o di etsa, o di bua, kesebe.Mattheu 5:21-22 le 28Ha se ntho tse mpe feela tseo o di etsang e leng sebe; le tse ding.49


7.5. Sebe ke ho tlohela tsohle tse ntle le tse molemo tseo Modimo o olaetseng, ho di etsa.Ho se mamele Modimo hase fela ho etsa dintho tse fosahetseng, hobane o othibetse ho di etsa. O tla be o hlokile kutlo ha o hanyetsa ho etsa tse ntle le tsemolemo, tseo Modimo o re laetseng, ho di etsa. Moshemane ya setshwantshongo entse qeto ya ho tadima thoko bakeng sa ho thusa ngwana ya utlwilengbohloko. Ke sebe ho etsa jwalo.O tla utlwisisa hantle ha o bala pale e ho Luka 10:25-37. Dinokwane ha di a katsa utlwa Modimo, hobane ha ba a ka ba rata monna ya neng a itsamaela tseleng,empa ba mo otla le ho mo tlatlapa. Moprista le Molevi e ne e le batho ba neng basebelletsa Modimo, empa seo ba se entseng, ke sebe. Ba ile ba etsang? Letho!Ba entse sebe hantle, hobane ha ho letho leo ba le entseng; ho hotle kapa hohobe hoo ba ho entseng - ha ba etsa letho. Ka tsela eo ba bile jwalekadinokwane tseo, ha ba a ka ba rata monna eo. Ho se etse dintho tse molemotseo Modimo o re laetseng ho di etsa, ke sebe.Moporofeta Samuele o itse sebakeng se seng, e tla ba ke sebe ha a ka phetsa horapella setjhaba (1 Samuele 12:23). Mamela jwale hore Morena o reng hoPaulose ho 1 Timothea 2:1-2 bakeng sa ka le wena: "Pele ho tsohle, kekgothaletsa hore dikopo, merapelo, dithapello le diteboho di etsetswe batho bohle,le kgosi le bohle ba hlomphehang, e le hore re tle re phele bophelo ba boiketlo leba kgotso ka borapedi le ka boitlhompho." Mosebetsi ona o totobetse. Ha o sarapelle batho ba bang le mmuso le bahlomphehi, kahoo o etsa sebe mahlong aMorena, le ha o sa etse dintho tse mpe, le letho, ho batho ba bang. E, WENA OTLETSE DIBE, hobane ha o hanyetsa ho etsa tse ntle le tse molemo tseoModimo o re laetseng , ho di etsa, le wena hape o etsa sebe.Mosebetsi:Qoqa le sehlopha ka dintho tsohle tseo Morena a re laetseng ho dietsa, empa re hanyetsa le ho hana ho di etsa.50


Ke sebe ho etsa dintho tse fosahetseng le tse mpe! O etsa sebeha o sa etse ho lokileng le ho hotle!1 Samuele 12:23Ke bomang ba sa mameleng Modimo? Ke mang ya sa rateng Modimo le bathoba bang? Ke mang ya nahanang, a bue le ho etsa ntho tse mpe? Na ke bathobaitseng feela? Tjhe!51


7.6. Bohle re baetsadibe.Modimo ha o na sebe. Kahoo o bile a etsa batho ba pele, Adama le Eva, ba lebatle ba sena sebe. Empa hobane Adama le Eva ba ile ba ikgethela ho etsasebe, yaba batho bohle ba tswalwa ba ena le sebe. Esita le morena Davida,monna ya neng a ena le lerato ho Modimo eo Modimo e neng a mo rata; oetsang, hoba a ikele mosadi wa monna e mong, ho bontsha le ho ipolela hore hotloha tswalong ya hae a le moetsadibe. Pesalema 51:7 o re: "Ruri ke bile ya salokang ho tloha tswalong ya ka, ke bile moetsadibe ho tloha popelong ya mme."Jwaleka batho bohle ba tswetswe e le baetsadibe, ba etsa bohle tse sa lokang.Bohle re baetsadibe - batho bohle lefatsheng lena kaofela. Ho Baroma 3:23Modimo o re: "Bohle ke baetsadibe, mme ha ba tshwanelwe ke tlotla ya Modimo."Eitse ha Modimo o botsa Adama hore ke ka baka lang a ile a etsa sebe, o ile abeha molato hodima Eva. Eitse ha Modimo o botsa Eva, o ile beha molatohodima noha (Genese/Tshimoloho 3).Re ntse re etsa jwalo le rona kajeno. Nna le wena ha re rate ho dumela hore kerona ba etsang dibe. Re beha molato hodima dintho kapa batho ba itseng.Batswadi ba re ke bana, le bana ba beha molato hodima batswadi.Boramosebetsi ba re ke molato wa basebetsi le basebetsi le basebelletsi ba re kemolato wa boramosebetsi. Banna ba qosa basadi le basadi ba qosa banna.Hape, batho ba basweu, le bammala le ba batsho kgafetsa ba behana melato.Ha ho a loka ho etsa jwalo, hobane Modimo o re bohle re sitilwe, bohle re etsadibe mme bohle re baetsadibe.E, ke bohle. Ha se fela batho ba itseng ba tletseng dibe. Hape, WENA OTLETSE DIBE! Wena - Thabo, Tshidi, Masweu ...Jwaleka Davida fela (Pesalema51:7) le wena o ne o se o ena le sebe pele o tswalwa. O tswetswe o lemoetsadibe. Ke kahoo o etsang dibe!Mosebetsi:A ko nahane ka dibe tseo e saleng o di etsa? Nahana ka seo sengotsweng Bibeleng le ho kopa hore Moya o Halalelang o obontshe tsohle tseo o di entseng hampe/tseo o di etsang. A rekgutse mme re rapele re kgutsitse ho Morena le ho kopa ho Yenahore a o bontshe hore ke dibe dife tsohle tseo o di entseng le tseoo ntseng o di etsa.Na ho teng ho lona ya ntseng a tiisa hore ha a esoka a etsa sebe? Kaofela halona, le WENA O TLETSE DIBE le ho ba hole le Modimo.52


Le nna le wena re tletse dibe. Ha o re ha o na sebe o a ithetsa,hape o re Modimo o leshano.1 Johanne 1:8 le 10Ho tla etsahalang ka nna le wena? Moputso wa sebe ke eng?53


7.7 Sebe se o thibela ho tla ho Modimo.E, sebe bophelong ba hao se o thibela ho tla ho Modimo, hobane Modimo ha o nasebe mme WENA O TLETSE DIBE. Modimo le dibe ha ba amane. Modimo ohloile dibe tseo o di etsang. Di o arohanya le Yena. Di o tlosa ho Yena. Di jwaleka lebota pakeng tsa hao le Modimo.Bala: * Esaya 59:1-2.* Diprovebia/Maele 6:16-19.Hoo ho bolela hore ebe Modimo ha o sa o rata? Tjhe bo! Modimo o o ratile mmeo rata ho o etsa ngwana wa Hae, empa dibe tse bophelong ba ha di o thibela hotla ho Yena.Hobane Modimo ha o na sebe, haeba Modimo o ne o etsa bobe, re ne re ke ke ranahana hore Modimo le ona o tletse dibe jwaloka rona, na hoo ha se nnete.Modimo o a Halalela ha o na sebe. O hloile dibe.Bala: * Pesalema 50:16-2254


Sebe se o thibela ho tla ho Modimo. Sebe se jwaloka lebota le oarohanyang le Modimo.Esaya 59:1-2Jwale Modimo o tla etsang ka nna le wena ha re le baetsadibe?55


7.8 Modimo o otla sebe.Modimo o hloile sebe mme o itse o tla se otla, mme hopola, Modimo ha o thetswehobane o a Halalela. Kahoo a ke ke, fela tjena a lebala dibe le ho etsa ekahadiyo. O itse o tla otla sebe mme kahoo o lokela ho etsa jwalo. O a tshepahalao etsa sohle seo a itseng o tla se etsa. Sebe se kgopo hoo kgafetsa se bang leditlamorao tse mpe ho ba se etsang. Haeba ka mohlala, o enwa haholo mme otahwe, o ka etsa kotsi ya koloi. O ka nna wa shwa kapa wa holofala hampe.Mohlomong koloi ya hao e robehe hampe hohang le hape o ka lahlehelwa keleihlo kapa leoto.Haeba o ntse o tswelapele ka ho nwa haholo, o ka lahlehelwa ke mosebetsi wahao. Bophelo ba hao le kelello ya hao di ya ameha mme o kenwe ke ho kula,mme o qhwale. Ha o etsa thobalano nako le nako le batho ba fapaneng, o katswaetswa hamorao wa fumana mafu a thobalano. Ena ke mekgwa kaofela eetsang hore Modimo o otle sebe.Empa hase dibe kaofela tse bang le ditlamorao ka potlako. Modimo ha o otle dibetsohle hanghang. Modimo o lokile, o mosa le mohau. O batla hore batho ba tleho Yena ho tla pholoha, ho fumana tokoloho dibeng tsa bona. O sa ntse o hopolaho Esaya 45: 21b-22 ho ngotsweng. Bala hape (Baroma 2:4-5). Hobane Modimoha o tle dibe kapelepele kaofela, batho ba bangata ba nahana hore ba ke ke baotlwa lekgale. Moeklesia/Moruti 8:11 ho ngodilwe: "ka baka la hobane ba kgopoba dieha ho ahlolwa, batho ba ikemiseditse ho etsa bobe ka sebete."O tseba hantle - ka le leng kapa ka nako e nngwe sebe se tla o tshwasa. Modimoo hloile dibe kahoo ho a mo lokela ebile o tla otla sebe. Ho Baroma 6:23 Morenao re "Moputso wa sebe ke lefu." Bibele e bua ka lefu lefe? Lefu leo ke kotlo eoModimo o tla e tlisetsa nna le wena ka baka la dibe tsa rona hore sebe sebe holele Yena kamehla le mehla.Hobane o le moetsadibe mme o etsa dibe, o lokela ho ya diheleng. Ke sebakaseo satane a tlang ho otlwa ka sona, le hore o tla utlwiswa bohloko bo boholo lebomadimbe. Bibeleng re bala hore dihele ke sebaka se tshosang.Bala: * Mattheu 13:40-42* Mattheu 25:41* 2 Thesalonika 1:9* Tshenolo 21:856


Hobane Modimo o a halalela ebile ha O na sebe, ha a lebale dibetsaka le wena. Modimo o tshwanetse ho otla sebe. Dihelengbaetsadibe bohle batla hlokofatswa.Baroma 6:23Mohlomong o a ipotsa hore otla etsa jwang ho itokolla dibeng tsa hao.57


7.9 O ke ke wa iketsetsa letho ho itokolla le ho tswa kotlong ya sebe.Na ho na le ntho eo o ka e etsang hore o itokolle ka ho phema kotlo ena? Na hoka thusa, ka nqenngwe ho re o etse dintho tse ntle? Batho ba bang ba a ba otla.Ba bang ba etsa qeto ya ho se hlole ba rohakana, ha jwalo ba leka ho itokolla leho phema kotlo ya Modimo. Leha ho le hotle ebile ho le molemo ho bala Bibeleya hao letsatsi le letsatsi, esitana le hoo ho ke ke ha etsa hore Modimo a se ootle. Ho Esaya 64:6 ho ngodilwe: "Ketso tsohle tsa rona tse lokileng ekadikatana tse ditshila!"Leha o ka etsa tse molemo le tse ntle, ho ke ke ha o thusa letho hore o tle hoModimo, hobane WENA O TLETSE DIBE. Ho Bagalata 2:16 ho ngodilwe: "...haho motho ya ka lokollohang hodima mobu hore a boloke molao." Ka tsela ena oke ke wa ipholosa. Ke a tseba ke ditaba tse bohloko, empa ke nnete. Dibe tsahao di o thibela ho tla ho Modimo. Ha ho letho leo o ka le etsang!Mosebetsi:Suthisetsa setulo sa hao hanyenyane morao. Phahamisetsamaoto a hao ho tloha fatshe e le hore a seke a thetsa fatshe.Iphahamise hammoho le setulo hore o phahamele lefatshe o ntse odutse. Na ho a kgonahala?Hanyane hakaalo hore o phahamele lefatshe wena le setulo ntle leho hata fatshe, jwalo fela le hanyenyane o ke ke wa ipholosakotlong ya sebe. O ikutlwa jwang ka hoo?Na o batla ho tseba hore Modimo o ile a etsang? Bala Johanne 3:16. "Modimo oratile lefatshe hoo a le nehileng Mora wa Hae ya tswetsweng a inotshi, hore emong le e mong ya dumelang ho Yena, a seke a timela, a mpe a be le bophelobao sa feleng."Kgetlong le tlang o tla ithuta haholwanyane ka Jesu Kreste, Mora wa Modimo. Oseke wa foswa ke tsona. Ke ditaba tsa bohlokwa tse makatsang lefatshe lohle.TSEBISO HO MORUPELLI: Thuto ena ha eso tshwarane le tshokoloho lepholoho dibeng, empa haeba moithuti kannete a fihlile jwale botebong ba holemoha dibe tsa hae mme a etla buisana le yena. Ruta hape Bukana e senangMantswe kaofela hammoho le baithuti le ho ba tataiisetsa ho fihlella tumelo.58


Diketso tse molemo le tse ntle di ke ke tsa o thusa hore o se ke wahlokofatswa, hobane nna le wena RE TLETSE DIBE hoo diketsotsa rona di leng ditshila haholo.Bagalata 2:16Nakong e latelang o tla ithuta hore Modimo oo rata hakaakang!59


<strong>KAROLO</strong> 8 (45 metsotso)WENA O MOETSADIBE MME O KE KE WA IPHOLOSAO se o ithutile dintho tse ngata ka sebe. Jwale re tla ke re nke hantle lehakgutshwane ho qoqa. Moqoqo mmoho o tla o fumana thutong ya bohlanoleqepheng la 20 - 21 la Tataiso ya Bodumedi Polasing (Plaasgodsdiens.)Yona karolwana eo hape e teng leqepheng la 6-7 la bukana e hlalosang Bukana esenang Mantswe.TSEBISO HO MORUPELLI: Fana ka thuto ya 5 leqephe 20-21 ya Tataiso yaBodumedi ba Polasi ho baithuti. Etsa bonnete ba hore bohle ba nka karolopuisanong ena. Haeba sehlopha se le seholo haholo, o ka botsa dipotso kadihlotshwana tse nyenyane pele. Etsa hore o be o ithutile leqephe 6-11 la tataisoya bodumedi ba polasi hantle haholo.Hopola, hore baithuti ba tla o latela ho seo o se etsang jwaleka sebapadi-sa-ketso(rolmodel). Mokgwa oo o nehelang ka dithuto, e tla ba mokgwa wa bona wa honehelana ka tsona. Etsa hore o itlhophisetse mosebetsi wa hao hantle le ho fanaka molaetsa o phelang o nang le tjantjello. Hopola, mokgwa wa utlwa, bona, buale ho etsa.60


<strong>KAROLO</strong> 9 (10 metsotso)MOSEBETSI OO O TLA O ETSA HAEMosebetsi 1Ithute ditlhaloso tsa mebala ya Bukana e senang Mantswe jwalekaha ekgutsufaditswe <strong>KAROLO</strong>NG 2 leqephe 12 buka ena.Mosebetsi 2Moithuti e mong le e mong o lokela ho ithuta dithuto tsena tse tharo tse latelangtsa thutabodumedi ya polasi ho itokisetsa tlelase e latelang:Nomoro 4: Modimo o tseba tsohle ka wena.Nomoro 6: Bibeleng Modimo o o bolella hore sebe ke eng.Nomoro 7: O ke ke wa patela Modimo dibe tsa hao.TSEBISO HO MORUPELLI: Ha ho ntse ho tshwarahanwe le tlelase e latelang hotla ba le sebaka sa baithuti hore ka enngwe ya dithuto tsena a ke a fane ka yonasehlopheng.Mosebetsi 3E ya o qoqele bana ba hao, monna wa hao/mosadi wa hao le metswalle ya haohore Modimo ke mang. Tshwara bonyane thutabodumedi ya lapeng le bana bahao ha robedi ka makgetlo a tla lekana le ao o tla ruta semelo sa Modimo se leseng ka lekgetlo. O tshwanela ho ikwetlisa ka phetapheto kamoo o hlokang.Bapala le bana ba hao maipatelana mme o bale Jeremia 23:24. Jwale ebe leqoqa ha monate ka semelo sena sa Modimo mme bana ba tla hlokomela hore hobolelwang ka papadi eo ya maipatelana. Na ha ebe ntho e ntle ha bana ba haoho tloha bonyaneng ba se ba ithuta Modimo?61


Mosebetsi 4Bibeleng re bala hape ka semelo se sengata sa Modimo tseo re sa di hlahisangbukeng ena. Haeba o ka bala ditemana tse latelang. Kopa Modimo hore a ohlalosetse hore dimelo tseo o tla di fumana moo di bolelang ka ho fapafapana hatsona.O tshwanela ho hopola hape hore Modimo, hobane ho se ya tshwanang le Yenaho batho, ha a na semelo feela. Modimo ke semelo ka boyena. Mohlala:Modimo ha a na Lerato feela, Modimo ke Lerato. Semelo sa Modimo ha se bolelefeela hore o jwalo, kapa a kaba jwalo ha o rata empa o feela o le jwalo.Bala: * Deuteronoma/Dipolelo 32:4* Nehemia 9:8* Nehemia 9:17* Nehemia 9:30-32* Pesalema 102:27-28 (Baheberu 1:11)* Pesalema 116:5* Johanne 17:5* Baroma 11:33-36* Baroma 15:13* Baheberu 10:23* Baheberu 12:29* Baheberu 13:8* Tshenolo 19:1-262


Mosebetsi 5Araba dipotso tse latelang. Haeba o fumana bothata, o ka sheba leqepheng la66, empa leka e le ka bowena ho iphumanela dikarabo pele.1. Hobaneng o sa tsebe kamehla hore sebe ke eng?2. Ke mang ya ka o bolellang hore sebe keng mme o o bolella jwang?3. Sebe ke eng?4. Na ho teng feela batho ba itseng bao e leng baetsadibe?5. Na ngwana ya sa tswa hlaha o na le sebe?6. Ho 1 Johanne 1:8 ho ngodilweng?7. O ka etsang hore o seke wa otlelwa dibe tsa hao?8. Kotlo ya Modimo bakeng sa dibe ke efe?63


DIKARABO TSA DIPOTSO TSE LEQEPHENG LA 65:Karabo ya potso 1:Hobane o tletse dibe, o ke wa ipona dibe tsa hao hantle.Karabo ya potso 2:Ke Modimo ya ka o bolellang dibe tsa hao mme o o bolella ka Bibele le ka Moyawa Hae o Halalelang.Karabo ya potso 3:Sebe ke ho hloka kutlo ho Modimo. Ke ho hloka lerato ho Modimo le ho batho babang. Tsohle tseo o di hopolelang bobe, o di buang le ho di etsa, ke sebe. Kesebe ho dieha ho etsa tse ntle le tse molemo tseo Modimo o o laelang ho di etsa.Karabo ya potso 4:Tjhe, batho bohle ke baetsadibe - le wena hape. Bohle ba tswetswe ba ena lesebe.Karabo ya potso 5:E, Pesalema ya 51:7 e re ngwana o tswalwa a ena le sebe.Karabo ya potso 6:Ha re latola hore ha re na sebe, re a ithetsa mme nnete ha eo ho rona.Karabo ya potso 7:Ha ho letho leo o ka le etsang.(O nepile, le ha o ka re o fana ka molaetsa wa leqephe le lefubedu, le reng ka hodumela ho Jesu.)Karabo ya potso 8:O tshwanela ho ya diheleng.64

Hooray! Your file is uploaded and ready to be published.

Saved successfully!

Ooh no, something went wrong!