16.05.2013 Views

LINTLHA TSA MOTHEO

LINTLHA TSA MOTHEO

LINTLHA TSA MOTHEO

SHOW MORE
SHOW LESS

Create successful ePaper yourself

Turn your PDF publications into a flip-book with our unique Google optimized e-Paper software.

LINTLHA

TSA

MOTHEO

BAKRESTE

BOROMUA

KHALALELO

LINTLHA

TSA

MOTHEO

(CORE VALUES)

SOTHO

ISBN-978-0-7977-1191-4

Printed with Permission by:

Africa Nazarene Publications

P.O Box 1288, Florida 1710, Republic of South Africa

PITSO EA BAKRESTE EA KHALALELO:

SEO LITHO TSA NAZARENE LI SE LUMELANG

Sehlopha se seng le seng sa batho se nang le mokhoa o hlakileng oa

tsamaiso,se bileng se leng teng ka nako e telele,se its’etlehile ka lintlha

tse tebileng tse arolelanoang joaloka morero,tumelo le litloaelo.Sena ke

se etsahalang le kerekeng ea Nazarene.E thehiloe ho fetola lefats’e ka

ho hasa evangeli ea khalalelo.Pono ea rona ke ho etsa barutuoa ba

ts’oanang le Morena Jesu Kreste lichabeng tsohle.Bophelo ba kereke ea

Nazarene ba kajeno le ka moso,bo hlalosoa ka ho nka karolo ponong ea

Molimo.Ka lebaka lena,sena ke ponts’o ea kereke ea Jesu Kreste le

sehlopha se ikhethang eseng ka seo se se lumelang feela empa le ka

tsela eo ba nkang karolo ‘musong oa Molimo.

Qalehong ea lilemo tsena tse ncha,hoa nepahala kerekeng ea Nazarene

hore re hloaee lintho tse re khethollang tseo re liketekang re bile re li

nka e le tsa bohlokoa ka thabo.Matlotlo a rona,pono ea

rona,pitso,litumelo le lintlha tsa bohlokoa-re li fana e le mpho

molemong oa meloko e leng hona e tlang.

Ke thapelo ea rona hore lintlha tsa motheo tsa rona li tsoelepele ho

thusana e le tataiso ea leseli ho bohle ba tlang ho feta leseling le

meriting ea lilemo tse leng hona li tlang.

LINTLHA TSA MOTHEO

1 Re Batho Ba Bakreste

Joaloka litho tsa kereke ka kakaretso, re kopana ha ‘moho le balumeli

ka ‘nete ho boleleng Bomolimo ba Jesu Kreste le ho nka karolo

mokhoeng oa tumelo ea bakreste. Re nka sewesele sa rona e le ntho ea

bohlokoa-eleng tumelo ea rona ea khalalelo e le tsela ea kutloisiso ea

tumelo e nepahetseng ho ea ka mangolo, ka ho ts’etleha mabaka, moetlo

le boits’oaro.

2 Re Batho Ba Khalalelo

Molimo ea halalelang o re bilelitse ho phela maphelo a khalalelo. Re

lumela hore Moea o halalelang o batla ho phetha ka ho rona mosebetsi

oa bobeli oa mohau,o bitsoang ka mekhoa e fapaneng e kenyelletsang e

latelang, “khalalelo e phethahetseng le kolobetso ea Moea o halalelango

re hloekisang sebeng sohle;o re nchafatsang hore re ts’oane le

Molimo;o re matlafatsang hore re rate Molimo ka lipelo tsa rona

tsohle,ka moea,ka kelello le ka matla a rona oohle le hore re rate bana

ba bo rona joaloka ha re ithata e sita le hore re hlahise ka hare ho rona

limelo tsa kreste.Khalalelo bophelong ba balumeli e utloisisehang e le

ho ts’oana le Kreste.

3 Re Batho Ba Pitsong

Re batho ba ronngoeng ,ba arabang pitso ea Kreste le ba matlafatsoang

ke Moea o halalelang ho ea ka lefats’e lohle,ho paka Bomolimo ba

Kreste le ho sebelisana ‘moho le Molimo ka ho haha kereke le ho

holisa ‘muso oa hae (IIBakorinthe 6:1).Pitso ea rona (a) e qala ka

khumamello,(b) ho ruta lefats’e evangeli ka lerato, (c) ho khothats’a

balumeli malebana le kholo ea mokreste ka bosebeletsi, (d) ho lokisa

bo’me’ le bontate bosebeletsing ba bokreste ka thuto e phahameng ea

bokreste.

THLALOSO

1 Re Batho Ba Bakreste

Re kopane hammoho le balumeli ba bang ho phatlalatsa Bomolimo ba

Jesu Kreste. Re lumela hore Molimo ka lerato la oona o fana ka

ts’oarelo ea libe ho batho bohle le ho ba khutlisetsa ho eena hore ba

boele ba be le likamano. Ka ho boelangoa le Molimo, re lumela hore re

lokela ho boelana le batho ba bang, ho ratana joaloka ha Molimo le

eena a re ratile, le ho ts’oarelana joaloka ha Molimo a re ts’oaretse. Re

lumela hore maphelo a rona ‘moho a lokela ho fana ka sebopeho sa

Kreste. Re ema le bakreste ba bang ho tiisa mokhoa oa tumelo le

bolumeli ba bakreste re ntse re nka lefa la rona la sewesele le le

bohlokoa-e leng moetlo oa khalalelo. Re sheba mangolo e le oona

mohloli oa motheo oa ‘nete e halalelang e tiisoang ka mabaka, moetlo

le boitsebelo.

Rona ‘moho le bana ba bang ba Molimo re bolela le ho rorisa Jesu

Kreste e le Molimo.

Jesu Kreste ke Molimo oa kereke eo tumelo ea baapostola e e bolelang

e le ‘ngoe,e halalela,e le ka lefats’e lohle e bile e le e rongoeng.Ka Jesu

Kreste le ka Moea o halalelang,Molimo Ntate o fana ka ts’oarelo ea libe

‘me o fana ka poelano ho lefats’e lohle.Bohle ba arabelang pitso ea

Molimo ka tumelo e ba bana ba Molimo.Ha re se re ts’oaretsoe le

hoboelangoa le Molimo,le rona rea ts’oarela ‘me re boelana le batho ba

bang.Ka mokhoa ona re ba kereke le ‘mele oa Kreste,re ba le “Molimo

a le mong feela,tumelo e le ‘ngoe le kolobetso e le ‘ngoe.”Re tiisa

bonngoe ba kereke ea Kreste ‘me re sebetsa ka hohle ka moo re ka

khonang ho e sireletsa (Baefese 4:5, 3)

Jesu Kreste ke Molimo ea halalelang,ka lebaka lena kereke le eona ha e

‘ngoe feela empa e boetse e ea halalela.E lokela ho halalela likarolong

tsa eona tsohle,ke hore bathong bao e leng litho joaloka ha e halalela

hloohong(e lenng Kreste).Kereke e ea halalela e bile e bilelitsoe

khalalelong.E ea halalela hobane ke ‘mele oa Kreste eo e bileng ho loka

hoa rona le khalalelo ea rona.E bilelitsoe ho halalela ke Molimo eo a re

khethileng le pele lefats’e le theoa hore re halalele re be re hloke

sekoli.Joaloka ‘mele o le mong oa Kreste,maphelo a rona ‘moho

joaloka kereke,a lokela ho kenyelletsa semelo sa khalalelo sa Kreste ea

ileng a itlohela hore a sebelisoe ke Molimo e le mohlanka.

Re tiisa khalalelo ea kereke ea kreste e le mpho le pitso.Jesu Kreste ke

Molimo oa kereke. Ka lebaka lena kereke ha e ‘ngoe kapa ha e halalele

feela empa e ka lefats’e lohle ho kenyelletsa bohle ba tiisang tumelo ea

bohlokoa ea bakreste. Re tiisa tumelo ea baapostola e ts’oaroang

kamehla ke bakreste bohle ho sa tsotellehe libaka tseo ba leng ho

tsona.Re nka ntlha ea John Wesley ea Moea o halalelang e le ea

bohlokoa, oo ka oona re nang le kopano le ba tiisang bohlokoa ba

mantlha ba mangolo,’me re ananela bohle ba sa lumellaneng le rona ka

lintho tseo e seng tsa bohlokoa pholohong ea rona.

Jesu Kreste ke Molimo oa mangolo. Ke lebaka lena kereke e leng

‘ngoe, e halalelang, e leng ka lefats’e lohle hape e ronngoeng. E hahiloe

holima motheo oa baapostola le baporofeta ‘me e tsoelapele ho inehela

thutong ea baapostola. Kereke e sheba ka kotloloho mangolong e leng

eona tsela le tloaelo e le ‘ngoe ea ho phela hoa kereke le tumelo.

Bomolimo ba Jesu Kreste holima mangolo bo bolela hore re lokela ho

utloisisa mangolo ka thuso ea Moea o halalelang ha o pakela Jesu. Ho

tiisa le ho netefatsa kutloisiso ea rona ea mangolo, re ananela le ho ela

hloko tumelo ea khale, mantsoe a mang le litloaelo tsa bakreste tse

hlalosang mangolo ka bots’epehi bohle. Re boetse re ananela kutloisiso

ea mangolo ka tataiso ea lentsoe la Moea o halalelang ha o buoa le rona

ka pako, tumelo le tiiso. Qetellong ,re leka kutloisiso ea rona ea

mangolo ka ho batlisisa kamano ea ona le Kreste.Re bilelitsoe ka

kotloloho ho pakahatsa khalalelo ea kereke ea Kreste joaloka ha

mawesele a lumela-moetlo oa khalalelo. Re tiisa mokhoa oa pholoho ka

mohau feela ka tumelo ho Jesu Kreste mopholosi oa rona. Ka ho etsa

sena, re tiisa hore kereke ea Jesu Kreste e ‘ngoe, e ka lefats’e lohle,

hape e ronngoe. Empa pitso ea rona e khethehileng, ke ho ts’oara ka

pela mahlo a lefats’e le kereke motheo oa khalalelo le ho khothatsa

batho ba Molimo ho phela ka kakaretso laratong le halalelang la

Molimo. Ka lebaka lena re tiisa sewesele–kutloisiso e halalelang ea

tumelo ea mokreste le ho labalabela ho ema holima tsamaiso ea thuto ea

bots’epehi; mohau oa Molimo o hlolang ka ho sa feleng le litsela tsa

mohau e leng pako, tumelo, tsoalo ka bocha, tokafatso, tiisetso, lelapa la

bokreste le bosebeletsi ba lona le lerato la Molimo le phethehileng.

2 Re Batho Ba Khalalelo

Re biletsoa ke mangolo ‘me re atametsoa ke mohau ho khumamela

Molimo le ho mo rata ka lipelo tsa rona tsohle, moea, kelello le matla a

rona le ho rata ba bang joaloka ha re ithata. Ho fihlela mona re inehela

ka hohle hohle ho Molimo, re lumela hore re ka halaletsoa ka hohle

hohle joaloka ha e le sello sa rona sa boitsebelo ba bobeli. Re lumela

horeMoea o halalelang oa kholisa, oa hloekisa, oa tlatsa ‘me oa re

ntlafatsa joaloka ha mohau oa Molimo o re fetola letsatsi ka leng ho re

etsa batho ba lerato,ba boits’oaro,ba moea, ba litloaelo tse hloekileng,

ba kutloelo bohloko le toka. Ke mosebetsi oa Moea o halalelang ho re

koetlisetsa hore re ts’oanele le ho bopa ka hare ho rona semelo sa

Kreste. Khalalelo bophelong ba balumeli e utloisisoa hantle e le ho

ts’oana le Kreste.

Re lumela ho Molimo Ntate,’Mopi ea bitsang lintho tse so kang li ba

teng e be li ba teng. Re ne re le sieo eaba Molimo oa re bopa. Molimo o

re bopetse eena ‘me o re entse ba ts’oanang le eena. Re bilelitsoe ho ba

le sebopeho sa Molimo: “Hobane ke ‘na Molimo oa lona; le ts’oanela

ho ikhetha le be le halalele hobane kea halalela (Levetike11:44).

Ho lapela hoba batho ba khalalelo hoa rona ho thehiloe holima

khalalelo ea Molimo.Khalalelo ea Molimo e its’etlehile ka Bomolimo

ba hae le bonngoe bo feletseng. Ha ho na ea ts’oanang le eena ka

boholo le ka khanya. Karabelo e nepahetseng ea batho ka boteng ba

Molimo ea khanyang joalo , ke khumamelo eena.Khalalelo ea Molimo e

bonahatsoa ke liketso tsa hae tsa poloko ea mohau.Kopano le Molimo

ea iponahatsang,e etsa hore khumamelo e khonahale ‘me khumamelo e

ba tsela ea mantlha ea ho tsebana le Molimo.

Re khumamela Molimo ea halalelang ea pholosang ka ho rata seo a se

ratang.Khumamelo ea rona ho Molimo ea phahameng e nka mekhoa e

fapaneng. Hangata e nka sebopehho sa thoriso le thapelo ka tumelo le

ba bang. Hape e ka iponahatsa ka liketso tsa boinehelo ba bo mong,

teboho, thoriso le ho utloa Molimo. Ho arolelana evangeli ea tumelo, ho

utloela baahisane bohloko, ho sebeletsa toka le litloaelo tse lokileng ke

liketso tsa khumamelo ka pela Molimo ea halalelang.Mesebetsi ea rona

e tloaelehileng ea bophelo le eona e ba khumamelo ho Molimo ‘me li

bonahatsa bophelo ba khumamelo ho Molimo ea halalelang. Jesu Kreste

o bonahalitse Molimo a le mong ea halalelang ho rona,’me a bonts’a

bophelo ba khalalelo le khumamelo molemong oa rona. Jesu o re ruta

ho utloisisa khalalelo ka bophelo ba hae, sehlabelo le thuto ea hae

joaloka ha li hlaha Bibelengg haholo holo “thuto ea thabeng”. Joaloka

batho ba halalelanng, re lokela ho labalabela ho ts’oana le Jesu

katamelong le liketsong tsa rona tsohle.Molimo ka mohau o neha

balumeli ba mo khumamelang ka lipelo tsa bona tsohle ho phela

bophelo bo ts’oanang le ba Jesu. Sena re se utloisisa e le motheo oa

khalalelo.Molimo o re file mpho le boikarabello ba ho etsa khetho.

Hobane re tsoetsoe re na le semelo sa ho rata ho etsa sebe, e ba re

khetha litsela tsa rona ho feta hore re khethe litsela tsa Molimo (Isaia

53:6). Ka ho silafatsa tse bopiloeng ke Molimo ka sebe sa rona, re

shoele libeng tsa rona (Baefese 2:1). Haeba re lokela ho phela bophelo

a semoea hape, Molimo ea bitsang tse sieo hore li be teng, o lokela ho

re bopa bocha ka mohau le ka litsela tsa Mora oa oona o pholosang. Re

lumela hore Molimo ka ho Khetholoha o kene lefats’eng la rona ka ho

tlisa bothong Mora oa oona ea inotsi, Jesu Kreste oa Nazaretha e leng

Molimo motho oa nalane eohle. Jesu o tlile ho nchafatsa sets’oants’o sa

Molimo ka ho rona hore re be batho ba halalelang. Re lumela hore

khalalelo bophelong ba balumeli ke litla morao tsa taba tabelo ea

boitsebelo le ntho ea bophelo bohle. Ho latela nchafatso, Moea oa

Molimo o re atametsa ka mohau boinehelong bo phethahetseng ba

maphelo ho Molimo. Ka mokhoa o ts’oanang, litsela tsa hae tse

phahameng tsa khalaletso eo ka nako e ‘ngoe e bitsoang kolobetso ka

Moea o Halalelang, Molimo o re tlatsa ka boteng ba hae bo

halalelang.O re etsa ba phethehileng leratong,o etsa hore re phele ka

litloaelo tse lokileng ‘me o re matlafatsa hore re sebeletse. Moea oa

Jesu Kreste o sebetsa ka ho rona ho hlahisa sebopeho sa hae se

halalelang sa lerato le ho apara motho e mocha ea bopiloeng ka

sets’oants’o sa Molimo ho lokeng le khalalelong ea ‘nete.

Ho ts’oana le Molimo ke ho ts’oana le Kreste. Ka ho ba le ts’oano le

Molimo eo re boelantsoeng le eena, ka ketso ea Molimo ea khalalelo e

phethehileng, re ananela hore ha re so fihlele boemo ba semoea bo

hlokahalang; takatso ea bophelo ba rona bohle ke ho ts’oana le Kreste

lipuong tsohle, mehopolonng le liketsong. Ka ho tsoela pele

boinehelong, ho utloeng le tumelong re lumela hore re ts’oana le eena

(Jesu) ka khanya ea hae e atang ka matsatsi ‘ohle (IIBakorinthe 3:18).

Re boela re nka karolo hape tabeng ena ha re phela bophelo ba

khumamelo bo bonahalang ka mekhoa e mengata e kenyeletsang ho

ananela likhalemelo tsa semoea, kopano le boikarabello ba kereke ea

lehae. Joaloka ‘mele oa balumeli oa phutheho e ikhethang re thohothella

ho ba phutheho e ts’oanang le Kreste, ho khumamela Molimo ka lipelo

tsa rona tsohle, le ho fumana ho tsoa ho eena mpho ea lerato; tlhoeko,

matla le kutloelo bohloko.

Joaloka batho ba halalelang ha re phele ho ea ka bokreste ba khale feela

empa re ikamahanya le Testamente e ncha le kereke e ncha. Lintlha tsa

tumelo tse re khethollang li re etsa bakreste ba litloaelo tse re

khethollang. Re ikhetholla ho ba lebotho la mohau o sa lefelloeng (ke

hore Kreste o re shoetse bohle) le tokoloho ea batho.-matla ao Molimo

o a fileng bohle hore ba khethe Molimo le pholoho.Re boetse re

latellisa lefa la rona la bokreste ho tloha tsoseletsong ea sewesele ea

lilemo tse lekholo tsa leshome le metso e robeli le ho isa thutong ea

khalalelo ea lilemo tse lekholo tsa leshome le motso o mong le tsa

mashome a mabeli. Lilemong tse makholo kholo batho ba khalalelo ba

ile ba ba le ho tlala ho hotle hoa Jesu Kreste likelellong tsa bona. Re

khumamela Jesu Kreste, rea mo rata, re nahana eena re buoa eena re

phela eena. Sena ke sona se re khethollang se etsang hore re tlale ka ho

halalela ho rona re khetholohe bathong ba bang.

3. Re Batho Ba Pitsong

3a. Pitso ea rona ea ho khumamela

Pitso ea kereke lefats’eng e qala ka khumamelo.Khumamelo e ka nka

sebopeho sa ho kopana hammoho pela Molimo ka khumamelo-ho

bina,ho utloa ha ho baloa Bibele,ho nts’a boshome le monehelo,ho

rapela,ho mamela lithero,ho kolobetsoa le ho arolelana selallo sa

Morena-seo re tsebang hantle hore se bolela hore re bana ba

Molimo.Tumelo ea rona ea hore mosebetsi oa Molimo lefats’eng o

phethehe liphuthehong tse khumamelang Molimo,e etsa hore re

utloisise hore thomo ea rona e kenyeletsa ho amoheela litho tse ncha

likopanong tsa rona tsa kereke le ho hlophisa liphutheho tse ncha tse

khumamelang.

Khumamelo ke ponts’o e kholo ea lerato la rona ho Molimo.Ke ho

tlotlisa le ho boka Molimo eo mohau le lereko la hae li re

bolokileng.Moelelo oa khumameelo ea rona o lokela ho ba likerekeng

tsa rona tsa lehae moo bana ba Molimo ba kopaneng, e seng ka

boitsebelo ba motho kapa ho ipatlela khanya hoa motho empa e lokela

ho ba ka boinehelo le ho itlohela pela Molimo. Khumamelo ke

ts’ebeletso eo kereke e e etsang ka lerato, kutlo le bosebeletsi ho

Molimo.

Khumamelo ke ntlha ea pele le boikarabello ba bana ba Molimo. Ke

kopano ea batho ba selekaneng le Molimo ho phatlalatsa le ho keteka

seo Molimo a leng sona, seo a se entseng le seo a ts’episitseng ho se

etsa. Kereke ea lehae ka khumamelo ea eona e ts’oere ntlha e re

khethollang. Kereke ea Nazarene hantle ntle ke kereke e

khumamelang,’me ke ka maphutheho a lehae re fihlellang thomo ea

rona. Pitso le thomo ea kereke e fumana moelelo le tlhomamiso ea eona

khumamelong. Ke polelong ea evangeli, ketekelong ea lisakramente,

palong ea lentsoe likopanong, ho bina lifela le lipina tsa thoriso,

thapelong e kopanetsoeng, tlhahisong ea boshome le monehelo tse re

khetholang re le bana ba Molimo. Ke khumamelong moo re utloisisang

hore na ho bolelang ho kopanela le Molimo morerong oa hae oa ho

boloka batho.

Thomo ea rona ea khumamelo ke motheo oa kereke ea rona. Joaloka ha

kereke ea Nazarene e its’etlehile ka liphutheho tse khumamelang,

thomo ea rona ea khumamelo e tla kenyeletsa boitelo bo tsoellang pele

ba ho qala liphutheho tse ncha.

3 b Thomo Ea Rona Ea Ho Utloela Bohloko Le ea Evangeli

Joaloka batho ba bitsitsoeng ke Molimo, re arolelana lerato la hae le

batho ba lahlehileng,’me re utloela bohloko ba pelo li robehileng le

mafutsana. Molao o moholo le thomo e kholo li re susumetsa ho

kenyeletsa lefats’e lohle evangeling, ho utloela bohloko le ho tlisa toka.

Ho fihlela mona re ikemiselitse ho memela batho tumelong, ho

hlokomela ba hlokang, ho ema khahlanong le tsohle tse hlokang toka le

ho emela bohle ba hlorisoang, ho sebeletsa ho sireletsa le ho boloka

lihloliloeng tsohle tsa Molimo le ho kenyeletsa likopanong tsa rona

bohle ba tla bitsa lebitso la Morena.

Ka thomo ea eona lefats’eng, kereke e bonahatsa lerato la Molimo. Pale

ea Bibele ke pale eo Molimo a boelanyang lefats’e ho eena ka Jesu

Kreste (II Bakorinthe 5:16-21)-Kereke e romiloe lefats’eng ho kopanela

le Molimo ts’ebeletsongg eena ea lerato le poelano ka evangeli, kutloelo

bohloko le toka.

Thomo e kholo ea ho bolela evangeli le molao o moholo, li bohlokoa

kutloisisong ea pitso ea rona. Ke liponts’o tse peli tsa thomo e le ‘ngoe,

likarolo tse peli tsa polelo ea lentsoe le le leng.Jesu ea re tataisang ho

rata Morena Molimo oa rona ka lipelo tsa rona tsohle le ka meea ea

rona eohle le ka mehopolo ea rona eohle…le ho rata ua heno joaloka ha

u ithata (Mattheu 22:37-39), o re bolella hape o re “E eang ke hona, le

rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora le la

Moea o Halalelang. ‘me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng

tsona (Mattheu 28:19-20)

Thomo ea kereke lefat’seng e lokela ho fihlela libupuoa tsohle,

joalokaha batho bohle ba bopiloe ka ho t’soana le Molimo, ho nang le

boleng. Ke thomo ea rona ho rata le ho ela hloko batho ba bang

joalokaha Molimo o etsa – ea ratang ho ba tlisetsa khotso, toka le

pholoho sebeng ka Jesu Kreste.Ke thomo ea rona ho utloela bohloko le

ho hlokomela bohle ba hlokang. Ke thomo le boikabello ba ho ema

khahlanong le litloaelo le litsamaiso tsa bophelo tse sa eleng hloko ba

bang le ho ba hlokisa matla.

Thomo ea kereke e tsoella pele mothong ka ho phethahala. Molimo o re

bopile re le ba phethahetseng,’me ke boikarabello ba rona hore re be

baruti ba lerato la Molimo bathong e le batho ka ho phethehala- e leng

‘mele, pelo le moea. Thomo ea rona ea ho hasa evangeli, ho utloela

bohloko le toka ke thomo e le ‘ngoe e kentseng likarolo tse ‘maloa, e

elang hloko ea batho linthong tse bonoang, boikutlong le moeeng.

Thomo ea kereke lefat’seng e kenyelletsa batho bohle hobane Jesu

Kreste o tlile lefat’seng ho boloka e mong le e mong ea bitsang ho eena.

Joaloka bana ba Molimo, ke boikarabello le tokelo ea rona ho arolelana

litaba tse molemo tsa evangeli le bohle ba e utloang. E kaba moo le leng

bangata kapa mothong ka bo mong, sepheo sa rona ke ho nka monyetla

o mong le o mong ho memela bohle tumelong ea Jesu Kreste.

Thomo ea kereke lefat’seng e kenyelletsa batho bohle hobane Moea o

Halalelang, ka pentekonta o ile oa theohela ho bohle (Liketso 2). Ke

thomo ea rona ho bolela evangeli ea pholoho ka Jesu Kreste ho batho

bohle ba lefat’seng. Re tlatsoa ka Moea o Halalelang ho ea ka lefat’se

lohle re bolela ‘muso oa Molimo le ho kopanela le Molimo ho haha

kereke. Ke ka moea oa t’sepo le oa sebete re nkang karolo thomonng eo

Molimo a re fileng eona lefat’seng. Sena ke pont’so e fetisang botho ,

hape ke ho arabela pitso ea Molimo le ho nka karolo mosebetsing oa

Molimo oa ho khutlisetsa bohle ‘musong oa hae. Ke bopaki bo

ts’epahalang ba kereke le pont’so ea lerato la Molimo lefat’seng e leng

ho hasa evangeli, ho utloela ba bang bohloko le ho ba le toka. Ke

bokhoni ba tumelo ea rona e leng mohau oa Molimo oa ho khutlisetsa

maphelo a bohle ba hlokofalitsoeng ke sebe hore ba t’soane le eena.

3c. Thomo ea Rona ea Borutuoa

Re ikemiselitse ho- memela bohle ho ba barutuoa ba Jesu. Re boetse re

ikemiselitse ho fana ka mekhoa eo sena se ka fihlelloang e leng ka

(sekolo sa sontaha le boithuto ba Bibele lihlopheng tse nyenyene tse

nang le boikarabelli, joalo joalo) tseo ka tsona bakreste ba

khothaletsoang ho hola kutloisisong ea tumelo ea bona ea bokreste le

likamanong tsa bona le baena esita le Molimo. Re utloisisa hore

borutuoa bo kenyelletsa boinehelo ba rona ho utloa Molimo le

likhalemelo tsohle tse amanang le tumelo ea rona. Re lumela hore re

lokela ho thusana ho phela bophelo ba khalalelo ka t’sehetso e tiileng,

kopano ea bakreste le boikarabello ba lerato. Wesley o re, “Morena

Molimo o fana ka e mong ho e mong e le ho matlafatsana matsoho.”

Borutuoa ba bakreste ke tsela ea ho phela. Ke tsela e tsoellang pele ea

ho ithuta hore na Molimo o rata ho re bona re phela joang lefat’seng.

Ha re ntse re ithuta ka ho phela ka ho utloa lentsoe Molimo, ho inehela

le ho ananela khalemelo ea tumelo, le boikarabello ba e mong ho e

mong, re qalella ho utloisisa thabo ea nnete ea bophelo bo nang le

boits’oaro le moelelo oa tokoloho ea bokreste. Borutuoa hase matla

feela a motho le ho inehela melaong le tsamaiso, empa ke tsela eo Moea

o Halalelang o re tlisang kholong ea Kreste hanyane ka hanyane. Ke ka

borutuoa re bang batho ba sebopeho sa bokreste. Seo borutuoa bo

ratang ho se fihlella ke ho fetola batho hore ba t’soane le Jesu Kreste (II

Bakorinthe3:18).

Ka ho ithuta le ho nahanisa mangolo, bakreste ba fihlela sehlohlolo sa

tlhabollo libakeng tsohle tseo ba nang le lenyora leetong la bona la

borutuoa. Ho matlafatsoa ke lentsoe, ho hloekisoa ke ho sesa ka har’a

lentsoe, ho noa botebo ba nnete ea lentsoe, barutuoa ba ela hloko ka

thabo le ho makala hore ba, “fetotsoe ka nchafalo ea likelello tsa bona”

(Baroma12:2). Tsela ea bakreste e buleha ka pel’a bona joaloka tsela e

phahameng e bulehileng. Ka ho hopola Molimo ba tsoelapele tseleng ea

bona ea bophelo e sitang batho feela le ba tumelo tsa meetlo. Ka ho

matlafatsoa ke matla a lentsoe, barutuoa ba nehelana ka maphelo a bona

bosebeletsing ka ho fitisisa.

Re tiisa boits’oaro ba semoea bo fanang ka boleng ba bophelo tataisong

ea banna le basali e le barutuoa ba Kreste. Boits’oaro ba thapelo le

boitimo, khumamelo, boithuto, ho ikhutsa ka bo mong le ts’ebeletso ke

lipont’so le boitelo bo reriloeng bophelong ba molumeli.

Borutuoa bo hloka t’sehetso e matla le boikarabello. Ka matla arona ke

ba fokolang ba rona ba ka bang le boit’soaro ba semoea bo isang

kholong ea bokreste. Re lumela hore re lokela ho khothaletsa t’sehetso e

khethehileng e tlisoang ke litsela tse kang lihlopha tsa barutuoa,

lihlopha tsa boithuto ba Bibele,likopano tsa thapelo, lihlopha tsa

boikarabello le borupelli ba bakreste joalokaha ho hlokahala mothehong

le kholong ea rona ea semoea. Re ela hloko mosebetsi oa boikarabello

lihlopheng tsa Sewesele re khothalla ho t’sehetsa sebaka sa eona ka

har’a phutheho ea bakreste ba nako eno.

3d. Thomo ea Bakreste ea Thuto e Phahameng

Re inehetse thutong ea bokreste, eo ka eona bo ‘me’ le bo ntate ba

hlomelloang sebakeng sa maphelo a bokreste a bosebeletsi. Lithutong

tsa rona tse khuts’oane, sekolo sa boithuto ba Bibele le likolong tsa

lithuto tse phahameng, re ikemiselitse ho ruoa tsebo, ho ntlafatsa

semelo sa bakreste le ho hlomella baetapele ho fihlela pitso ea bona eo

ba e filoeng ke Molimo ea ho sebeletsa kereke le ho isa let’sebeletso

lefat’seng.

Thuto ea bakreste e phahameng ke karolo ea mantlha ea thomo ea

kereke ea Nazarene. Lilemong tse fetileng tsa kereke ea Nazarene,

likolo tsa thuto e phahameng ea bakreste li hlophisitsoe molemong oa

ho lokisa bo ‘me’ le bontate ba Molimo molemong oa boetapele le

bosebeletsi ba Kreste khasong ea khalalelo ea sewesele litsoseletsong.

Ho tsoellapele hoa boikitlaetso ba rona thutong e phahameng ea

bokreste ka lilemo, ho hlahisitse khokahano ka lefats’e lohle ea likolo

tsa Bibele e sita le likolong tse ling tse phahameng. Thomo ea rona ea

thuto e phahameng ea bokreste e hlaha ka kotloloho ho se boleloang ka

ho ba bana ba Molimo. Re lokela ho rata Molimo ka lipelo tsa rona

tsohle le ka moea oa rona oohle le ka khopolo ea rona eohle. Re lokela

ke hona ho ba basebeletsi ntlafatsong ea kelello ea rona, lisebelisuoeng

tsa thuto e phahameng le ho Kenya ts’ebetsong tsebo ea rona. Ka leseli

lena, re ikemiselitse ka ho buleha le ka ho phehella tsebo le nnete e

hokahane le boleng ba tumelo ea rona ea bokreste. Thuto e phahameng

ea bokreste ke tlhophiseho ea bohlokoa molemong oa ntlafalo ea

mehopolo ea rona bosebeletsing. E reretsoe hore e be ho ikhetha ka

puisano le ho fumana nnete le tsebo ka Molimo le ka tsohle tseo a li

bopileng.

Thutong e phahameng ea bokreste, tumelo ha se karolo e itseng e

ikarotseng, empa e kenyelelitsoe hantle ka tsebo joaloka ha tumelo le

boithuto li entsoe hammoho. Motho ka ho tlala o fuoe karolo eohle ea

mohopolo le bophelo ka kutloisiso le kopano thatong le tsamaisong ea

Molimo. Semelo sa mokreste le ho hlomelloa hoa baetapele ba bakreste

molemong oa bosebeletsi kerekeng e sita le le lefats’eng, li

hokahantsoe ke moelelo oa ho ithuta ka Molimo, ka batho le ka

lefats’e. Boitelo bona ba thuto e phahameng ea bakreste mothehong oa

motho ka kakaretso bo bohlokoa kholong le nchafalong ea bo ‘me le

bontate molemong oa thomo ea boetapele kerekeng e sita le lefats’eng.

Joaloka ha batho ba bolokuoeng ba bileng ba bitselitsoeng ho ts’oana le

Kreste, ba romuoeng e le lisebelisoa tsa lerato la Molimo lefats’eng, re

lokela ho sebetsa mmoho le Molimo le ho hokahana le Molimo

mosebetsing oa hae oa ho boloka batho bohle. Thuto e phahameng ea

bokreste e bapala karolo e kholo hore rebe batho ba thomong-ho

nehelana ka thuto e pharaletseng ea tsebo-‘me e bohlokoa bosebeletsing

bo sehlahlo ho Molimo lipitsong tsa rona tse pharaletseng.

Bots’epehing ba rona ba ho nka karolo mosebetsing oa Molimo oa ho

boloka batho, re hloka ho phahamisa banna le basali ba Molimo ba ka

emang libakeng tse hlokahalang e le basebeletsi ba baetapele ba

bakreste kerekeng le lefats’eng leo re bilelitsoeng ho le sebeletsa, le

ntseng le thatafala letsatsi ka leng. Joaloka ha mosebetsi oa Molimo oa

ho boloka o ntse o tsoelapele melokong ea joalo le etlang, bopaki ba

rona bo ts’epahalang Bomolimong ba Kreste le ho nka karolo

mosebetsing oa Molimo oa ho haha kereke ho tsoelapele o hloka

boikemisetso bo khethehileng thutong e phahameng ea bokreste.

QETELLO

Qetellong ea lilemong tse lekholo tsa bo mashome a mabeli, kereke ea

Nazarene e ne e thehoa! P.F Bresse le ba bang ba ne ba kholisehile ka

botebo hore Molimo o ba phahamisitse hore ba phethe morero oa ho

bolella kereke le lefats’e evangeli ea Kreste ka ho ea ka mokhoa oa

sewesele oa khalalelo. Ho bile le mats’oao a tse kholo kerekeng ena. Ho

tsoa lets’olong lena, kereke ea Nazarene e na le litho tse fetang 1.3

milone ‘me e ruta linaheng tse lekholo le mashome a mararo a metso e

mehlano.

Qetellong ea lilemo tse lekholo tsa bo mashome a mabeli a motso o

mong, bokamoso ba kereke bo ne bo se botle ho hang! Ba bangata ba ne

ba lumela hore re holiselitsoe e seng molemong oa lilemo tsa

bomashome a mabeli empa molemong oa bo mashome a mabeli a

motso o mong. Re beiloe sebakeng seo re lokelang ho nka karolo e

kholo lefats’eng la joale. Kholiseho ea sena e thehiloe ho tsoa lefeng la

khalalelo ea rona ea sewesele ea mohau oo motho a ikhethalang ho o

nka ka boeena. Re lumela hore motho ‘moho le bohle ba ka fetoloa ka

ho phetheha ka mohau. Re na le kholiseho molaetseng oona oa ts’epo o

tsoang pelong ea Molimo ea halalelang.

P.F Bresee o ne a re, “ Letsatsi ha le ka ke la likela ka meso. E sa le

meso haholo kerekeng ea Nazarene,’me letsatsi ha le likele holima

litsebeletso tsa rona lefats’eng lohle. Ke taba tabelo ea rona ho tlatsa

lefats’eng la bomashome a mabeli a motso o mong lekholong ka

molaetsa oa khalalelo! Ka tlhaloso ea pono, boinehelo, tumelo e tiileng,

re talima lilemo tse qalang lekholong e le letsatsing la monyetla oa

rona oa ho etsa barutuoa ba ts’oanang le Morena Jesu Kreste lichabeng

tsohle.

All Scripture quotations are taken from the Holy Bible, New International Version® (NIV®).

Copyright © 1973, 1978, 1984 by International Bible Society. Used by permission of

Zondervan Publishing House. All rights reserved.

Hooray! Your file is uploaded and ready to be published.

Saved successfully!

Ooh no, something went wrong!