12.07.2015 Views

KAROLO 3 - Amos Africa

KAROLO 3 - Amos Africa

KAROLO 3 - Amos Africa

SHOW MORE
SHOW LESS

Create successful ePaper yourself

Turn your PDF publications into a flip-book with our unique Google optimized e-Paper software.

<strong>KAROLO</strong> 2 (40 metsotso)O KA UTLWISISA MOLAETSA WOHLE WA BIBELETadima setshwantsho sa Bibele e butsweng, ka hodimo leqepheng le latelang.Molaetsa o setshwantshong ke ona: "Ho teng Modimo a le mong feela mme oao rata haholo!" Jwale, ha nka seha setshwantsho seo dikotwana mme kaditswakahanya, di tla shebahala jwaleka ha ho bontshitswe setshwantshong se katlase hona leqepheng moo. Ha eba o ne o ile wa sheba setshwantsho seopejana,ho ne ho tla ba boima ho ka fumana tlhaloso ya sona kapa molaetsa wasona. O lokelwa ke hore o bone molaetsa wa setshwantsho sohle pele, mme hotla ba bobebe ho kopanya dikotwana ho etsa molaetsa o utlwisisehang ka tsona.Jwale ena ke qaka eo nna le wena, makgetlo wohle ha re bala Bibeleng, re shebakarolwana feela ya Bibele. Re bala ntho mona le mane. Eba jwale ha re utlwisiseha re ntse re etsa jwalo hore ho bolelwang, hobane ha re tsebe hore dikarolo tseodi ka kopanngwa jwang mme kae.Ha feela o sa utlwisise molaetsa wohle wa Bibele, o tla sokola ho ka fumana horedikarolwana tsohle tseo tsa Bibele hore di bolelang. Jwale o kgathatsehile horemolaetsa wohle wa Bibele o ka o utlwisisa jwang?Kajeno ke o tshwaretse ditaba tse monate! Ha o a kena sekolo nako e telele kapaha o tsebe ho bala hantle, hoo ha se taba. Le wena hape, O KA UTLWISISAMOLAETSA WOHLE WA BIBELE, hobane ke tseba ka bana ba bangata ba esoka ba kena sekolo, empa ba se ba utlwisisa molaetsa wa Bibele, hohang. Ketseba hape batsofe ba sa tsebeng ho bala le hanyenyane, empa ba se bautlwisisa molaetsa wa Bibele ka ho ithuta oona. O ka ba ka tsela ya botsofadikapa ya botjha, hoo ha ho etse letho. O KA UTLWISISA MOLAETSA WOHLEWA BIBELE. Ho bobebe ha kaakang. Tloo, ke o rute kajeno. Ha ho etse letho leha o se o tseba ka molaetsa o Bibeleng, tloo ke o rute hore o ka o fetisetsa jwangho ba bang.O KA UTLWISISA MOLAETSA WOHLE WA BIBELE, hobane ho ya ka Bibele,ho dintho tse tsheletseng, tse ka etsang hore o utlwisise molaetsa wa Bibelehantle. Re tla di etsa ka bonngwe bukaneng ena eo re e nkang hammoho.(Bontsha Bukana ya hao e senang Mantswe sehlopheng). Re e bitsa, Bukana esenang Mantswe. Ke bukana e sa ngolwang letho, eo e nngwe le e nngwe yamabaka a tsheletseng e tsamaelanang le Bibeleng e entsweng ka mebala. Katsela eo o ka hopola molaetsa ka ho tadima mebala feela kapa wa nahana kayona. A nke ke o rute ka molaetsa wa leqephe ka leng:8

Hooray! Your file is uploaded and ready to be published.

Saved successfully!

Ooh no, something went wrong!