12.07.2015 Views

KAROLO 3 - Amos Africa

KAROLO 3 - Amos Africa

KAROLO 3 - Amos Africa

SHOW MORE
SHOW LESS

You also want an ePaper? Increase the reach of your titles

YUMPU automatically turns print PDFs into web optimized ePapers that Google loves.

<strong>KAROLO</strong> 4 (45 metsotso)DITEMANA TSA HLOOHO LE PAPADI YA HOFUPUTSA THUTOSelelekela:TSEBISO HO MORUPELLI: Sebedisa dintho tse tharo tse ka fumanehang. Tsepedi tsa dintho tseo di tshwane mme e le nngwe e fapane le tsona, mohlala:dithutswana tse pedi e le nngwe e be ya mollo, kapa majwana a mabedi asephara le le leng le tjhitja, kapa dithotse tse pedi tsa poone le seqo se tletsengpoone, jwalo jwalo.Baithuti ke na le dintho tse tharo. (Bontsha dintho tseo tse tharo tseo o dikgethileng.) Ke batla jwale le di bapise mmoho. Ka mantswe a mang, ke dife tsadintho tsena tse tshwanang mme phapang ho e setseng ke efe?Jwale o se o ile wa sebedisa majwana/dithutswana (kapa seo o ileng wa sesebedisa) ho di bapisa mmoho. Empa na o ne o tseba hore Modimo o ile wabotsa potso ya bohlokwa ka hara Bibele? O ile a botsa hore ho teng ntho kapa hoteng motho ya ka lekanngwang le Yena. Ka tsela eo, Modimo o batla ho tsebasetjhabeng sa Hae, hore ekaba ho sa le teng motho kapa ntho e jwaleka Yena?Modimo o batla hore setjhaba sa Hae se tle se latele kapele hore Ha ho yatshwanang le Yena.Bala temana:Bona, potso eo Modimo o ileng wa e botsa e ngotswe mona ho Esaya 40:25.(Dumella baithuti ba iphumanele yona Bibeleng tsa bona) "Na le ka ntekanya lemang, hore ke tshwane le yena? Ho botsa Mohalaledi. "Jwale le ka ntekanya lemang, la re thaka ya ka yena ke mang?" Ho rialo ya Halalelang.Hlalosa temana:Ke mang ya Halalelang ya botsang potso ena? E, ke Modimo ka bo Yenahobane o sa tswa ithuta hona jwale hore Modimo o a Halalela.Le ka ntekanya le mang, la re thaka ya ka ke mang? ho rialo Ya Halalelang.Modimo o botsa hore na ebe o teng Ya jwaleka Yena? Wena o reng? Na o teng?Tjhe, ha a yo, hobane ha ho ya jwaleka Modimo. Ho teng Modimo a le mong hose ya ka tshwanang le Modimo. Na o ka mpolella hore hobaneng?TSEBISO HO MORUPELLI: A ko dumelle baithuti ho etsa dintlha kgolo tse robeditsa dipolelwana (semelong sa Modimo) tseo ba ithutileng tsona ka hlooho.31

Hooray! Your file is uploaded and ready to be published.

Saved successfully!

Ooh no, something went wrong!