12.07.2015 Views

KAROLO 3 - Amos Africa

KAROLO 3 - Amos Africa

KAROLO 3 - Amos Africa

SHOW MORE
SHOW LESS

You also want an ePaper? Increase the reach of your titles

YUMPU automatically turns print PDFs into web optimized ePapers that Google loves.

7.9 O ke ke wa iketsetsa letho ho itokolla le ho tswa kotlong ya sebe.Na ho na le ntho eo o ka e etsang hore o itokolle ka ho phema kotlo ena? Na hoka thusa, ka nqenngwe ho re o etse dintho tse ntle? Batho ba bang ba a ba otla.Ba bang ba etsa qeto ya ho se hlole ba rohakana, ha jwalo ba leka ho itokolla leho phema kotlo ya Modimo. Leha ho le hotle ebile ho le molemo ho bala Bibeleya hao letsatsi le letsatsi, esitana le hoo ho ke ke ha etsa hore Modimo a se ootle. Ho Esaya 64:6 ho ngodilwe: "Ketso tsohle tsa rona tse lokileng ekadikatana tse ditshila!"Leha o ka etsa tse molemo le tse ntle, ho ke ke ha o thusa letho hore o tle hoModimo, hobane WENA O TLETSE DIBE. Ho Bagalata 2:16 ho ngodilwe: "...haho motho ya ka lokollohang hodima mobu hore a boloke molao." Ka tsela ena oke ke wa ipholosa. Ke a tseba ke ditaba tse bohloko, empa ke nnete. Dibe tsahao di o thibela ho tla ho Modimo. Ha ho letho leo o ka le etsang!Mosebetsi:Suthisetsa setulo sa hao hanyenyane morao. Phahamisetsamaoto a hao ho tloha fatshe e le hore a seke a thetsa fatshe.Iphahamise hammoho le setulo hore o phahamele lefatshe o ntse odutse. Na ho a kgonahala?Hanyane hakaalo hore o phahamele lefatshe wena le setulo ntle leho hata fatshe, jwalo fela le hanyenyane o ke ke wa ipholosakotlong ya sebe. O ikutlwa jwang ka hoo?Na o batla ho tseba hore Modimo o ile a etsang? Bala Johanne 3:16. "Modimo oratile lefatshe hoo a le nehileng Mora wa Hae ya tswetsweng a inotshi, hore emong le e mong ya dumelang ho Yena, a seke a timela, a mpe a be le bophelobao sa feleng."Kgetlong le tlang o tla ithuta haholwanyane ka Jesu Kreste, Mora wa Modimo. Oseke wa foswa ke tsona. Ke ditaba tsa bohlokwa tse makatsang lefatshe lohle.TSEBISO HO MORUPELLI: Thuto ena ha eso tshwarane le tshokoloho lepholoho dibeng, empa haeba moithuti kannete a fihlile jwale botebong ba holemoha dibe tsa hae mme a etla buisana le yena. Ruta hape Bukana e senangMantswe kaofela hammoho le baithuti le ho ba tataiisetsa ho fihlella tumelo.58

Hooray! Your file is uploaded and ready to be published.

Saved successfully!

Ooh no, something went wrong!