16.05.2013 Views

PM's Inaugural Speech-08 June 2012 - The Lesotho Government ...

PM's Inaugural Speech-08 June 2012 - The Lesotho Government ...

PM's Inaugural Speech-08 June 2012 - The Lesotho Government ...

SHOW MORE
SHOW LESS

You also want an ePaper? Increase the reach of your titles

YUMPU automatically turns print PDFs into web optimized ePapers that Google loves.

PUO EA MOHLOMPHEHI TONA-KHOLO

MONGHALI MOTSOAHAE THOMAS THABANE

TLHAPANTŠONG EA HAE E LE TONA-KHOLO

EA LESOTHO

MASERU, KA LA 8 JUNE, 2012

MOTLOTLEHI KHOSI LETSIE LA BORARO LE MOTLOTLEHI

MOFUMAHALI ‘MASENATE

YOUR EXCELLENCIES HEADS OF STATE AND GOVERNMENT

MOHLOMPHEHI MOOKAMELI OA SENATE

MOHLOMPHEHI MOTSAMAISI OA LIPUISANO KA LEKHOTLENG

LA SECHABA

MOHLOMPHEHI MOOKAMELI OA LEKHOTLA LA MAIPILETSO

MOHLOMPHEHI MOAHLOLI E MOHOLO

BAHLOMPHEHI BAAHLOLI BA LEKHOTLA LE PHAHAMENG

BAHLOMPHEHI LITHO TSA LEKHOTLA LA NAHA

YOUR EXCELLENCIES HEADS OF DIPLOMATIC MISSION AND

HEADS OF INTERNATIONAL ORGANIZATIONS

MOHLOMPHEHI RAMOLAO E MOHOLO OA ‘MUSO

BAHLOMPHEHI BAKHETHOA BA SECHABA

MARENA A SEHLOOHO, LE MARENA ‘OHLE A TŠOARISANENG

PUSO LE ‘ONA

BALULA-SETULO LE LITHO TSA KOMISI EA KHIRO EA

BAHLANKA BA SECHABA, KOMISI EA KHIRO EA LITICHERE,

KOMISI E IKEMETSENG EA LIKHETHO, KOMISI EA PUSO EA

LIBAKA LE KOMISI AIDS

MONGOLI E MOHOLO OA’MUSO

MONAMOLI

2

LEKHOTLA LA LIKEREKE LESOTHO

BAETA-PELE BA MEKHA EA LIPOLOTIKI

BANGOLI BA BAHOLO BA MAKALA A ’MUSO

BAOKAMELI BA SESOLE, SEPOLESA, MAUTLOELA LE LITSI TSA

TLHABOLLO EA BATŠOARUOA

BAPHATLALATSI BA LITABA

BAHLANKA BOHLE BA SECHABA

BO-NTATE LE BO-‘M’E LE LONA BACHA

Baheso, lea elelloa hore kahare ho rona ho na le baeti ba sa

bueng puo ena ea rona. Ka hona ntumelleng ke mpe ke ba

hlalosetse hore ke tla bea puo ea ka ka leleme la Sesotho,

empa khabareng le bona ke tla ba kumela hore na ke ne ke

ntse ke reng ho lona sechaba sa heso.

At the outset, permit me to make my statement in Sesotho, our

mother tongue, so that I can be clearly understood by the

Basotho Nation. At the end, I will convey my message in

English, which is the second official language of the Kingdom of

Lesotho.

3

Sechaba sa heso,

Ke ema ka pele ho lona ke aparetsoe ke thabo e

khaphatsehang, le boikokobetso bo boholo, ho amohela

boikarabello bona boo ke bo tšepeloang ke Motlotlehi le

Sechaba sa Basotho ho ba hlooho ea ‘Muso oa Motlotlehi.

Re tsoa likhethong tse akaretsang haufinyane, tseo hantle li

hlōtsoeng ke lona sechaba sa heso, kaha e le lona, ka bongata

ba lona, banna le basali ba heso, le lona bacha, le tlisitseng

boemo bona ka khetho ea lona. Ka lebaka lena, tlholo ena ha

se ea ka, ke ea lona.

Letsatsing lena la mathomo, leo ka lona ke nkang kano ea ka

ea bohlanka, ke ema ka pele ho lona sechaba sa heso, ho le

tiisetsa hore, ka thuso le matla a Morena Molimo, ke tla etsa

sohle se matleng a ka, ho le sebeletsa ka ‘nete, ka toka, le ka

botšepehi, le ho le baballela puso e hloekileng e nang le

ponaletso, phethahatsong ea merero le litakatso tsa lona

sechaba sa Basotho.

Letsatsi lena la kajeno, ke letsatsi le hloliloeng ke Morena

Molimo. Ke ka thato ea Molimo ea matla ‘ohle re tsebileng ho

4

tataea har'a lefifi le letšo la likhohlano le liphapang tsa

lipolotiki, ho fihlela mona moo re leng teng kajeno. Hape ke ka

matla a Molimo, ‘Mopi le Morena oa rona, re tlang ho qala

leeto lena le lelelele, leeto le metheo le meepa, la puso ka

lilemo tse hlano tse tlang.

Ntumelleng hee, sechaba sa heso, ke qale pele ka ho leboha

eena Morena Molimo, le ho mo kopa ho re bonesetsa kamehla,

hore re bone tsela ea rona leetong lena leo re le simollang

‘moho kajeno.

Motlotlehi Letsie III

Motlotlehi ‘M’e ‘Masenate

Bahlomphehi

Bo-Ntate le bo-‘M’e,

Lebitsong la ka le lebitsong la lona sechaba sa heso, ke leboha

ka pelo eohle ea ka baeti ba rona ba bohlokoa ba tsoang

linaheng tse nang le setsoalle le naha ea rona, baemeli ba

mekhatlo ka ho fapakana ha eona le metsoalle ea rona eohle, e

tsoang kantle le kahare ho naha. Re re ho lona, re leboha ruri

ha le tsebile ho behella ka thoko mesebetsi ea lona ho tla

5

tlotlisa letsatsi lena, le ho tla ba lipaki tsa kano ea bohlanka eo

ke sa tsoa e nka, ha ke amohela thómo ea sechaba.

Bahlomphehi ba ka,

Ka ho khetholoha ke lakatsa ho lebohela Motlotlehi, ‘Muso oa

hae, esita le sechaba sa Basotho ka kakaretso, ka mosebetsi o

moholo oo re tsoang ho feta ho oona oa likhetho, ‘me o

entsoeng ka makhethe a maholo ruri.

Ke boele ke lebohe ka pelo eohle ea ka mekhahlelo ena e

latelang:

Metsoalle ea Lesotho le Bafani, ka litlatsetso le lithuso

tseo ba li entseng ho re tšehetsa mosebetsing ona o

boima oa likhetho;

Baetapele lipolotiking tsa naha ena, bao esaleng re

tšoarana ka matsoho tokisetsong ea likhetho tsena. Re

leboha haholo khotso eo re sebelitseng ka eona;

Baruti ba Moshoeshoe, ka lithapelo le likhothatso, le ka

ho kenya letsoho ka mokhoa o matla ho bopa moea oa

6

kutloano le mamellano, hore re behe naha ea rona pele

ho litakatso tsa rona ka linako tsohle. Re le Basotho re

lokela ho ikotla sefuba ka tlatsetso e matla e etsoang ke

boetapele ba likereke, e seng feela litabeng tsa moea,

empa le tharollong ea mathata a puso ea sechaba ka

kakaretso;

Re leboha mekhatlo e ikemetseng, ka tlatsetso eo e e

entseng, haholo-holo thupelong ea bakhethi le ho

hlokomelisa sechaba ka bohlokoa ba ngoliso le likhetho

ka bo-tsona;

Balebelli ba likhetho bohle, ba Lesotho esita le ba

tsoang linaheng le mekhatlong e fapakaneng ea lefatše.

Re ananela bolula-qhooa le qeto ea bona hore likhetho

e bile tsa khotso le bolokolohi, ‘me tse nang le

ponaletso;

Komisi e Ikemetseng ea Likhetho (IEC) le bahlanka

bohle ba eona, ka tšebetso e ntle tlhophisetsong le

tsamaisong ea likhetho tsena. Rea leboha ruri, ‘me le

7

moo e bang mefokolo e bile teng, re se re ba inetse

matsoho metsing hoba matsoho ho lutla a sebetsang;

Re leboha le ho thoholetsa marena a naha ena ka

kakaretso, ka tlatsetso ea bona tokisetsong le

tsamaisong ea mosebetsi ona oa likhetho;

Bahlanka ba tšireletso ka mafapha ’ohle a bona, ka

mosebetsi o khahlehang oo ba o entseng tokisetsong ea

likhetho le tšireletsong ea sechaba le thepa, le ho lula e

le bo-‘mesa-mohloane ho bona hore likhetho tsena e ba

tsa khotso;

Baphatlalatsi ka mafapha ’ohle a bona, kamoo ba ileng

ba bea sechaba sehlohlolong sa litaba ka linako tsohle;

le

Sechaba sa Basotho ka kakaretso, ka mamellano,

tlhomphano le khotso, tseo ka tsona ba sebelitseng

mosebetsi ona o moholo oa likhetho.

8

Ka thabo e kholo, ‘me ka ho khetholoha, lebitsong la bo mphato

oa ka, baetapele ba mekha le makhotla a lipolotiki, ke leboha

balekane ba rona le malapa a rona, ka tšehetso eo esaleng ba

re fa eona haesale re qala mosebetsi ona o boima oa likhetho.

Ho tloha qalong ho fihlela qetellong, joko ena e boima re ne re

e jarisane le bona. Ba oele, ba tsoha le rona, ba re khothatsa

ha eka re felloa ke matla.

Sechaba sa Heso

Bo-Ntate le Bo-‘M’e

Le lona bacha,

Lerōle le neng le aparetse makhotla le mekha ea lipolotiki

matsatsing a ho feta, ha ho ne ho iketeloa botšehetsi ba

sechaba, le kokobetse joale. Sefefo se matla sa lerata la

lipolotiki tsa likhetho se khutsitse. Sechaba se hoile ka lentsoe

le phefa, se entse khetho ea sona. Ha sechaba se buile, eba le

lumme.

Re le Basotho, re lehlohonolo hobane re sechaba se thehiloeng

ke Morena Moshoeshoe I, ea ileng a kopanya mefuta-futa ea

lichaba, a re tlamahanya hammoho, ra ba ngatana-‘ngo’e e

bitsoang Basotho le kajeno. Ha lichaba tse ling li aroha’ngoa ke

9

lipuo le litumelo tse fapakaneng, liphapano tsa merabe,

mekhoa le meetlo, rona Basotho re sechaba se le seng se

buang puo e le ‘ngoe. Ka hona, ho fapana ha rona ka maikutlo

le mapetjo a lipolotiki ha hoa lokela ho ba sesosa sa karohano

ea rona.

Morena Moshoeshoe o ile a theha sechaba sa Basotho nakong

eo lichaba li neng li futuhelana ebile ho e-na le ba jang ba

bang, e leng malimo, a qetelletseng a jele ntata’e moholo.

Empa Morena Moshoeshoe o ile a atleha ho fa lira tsa hae

khotso, esita le ‘ona malimo ao. A li fa mofuthu oa lerato, a li

tiisetsa tšireletso, a bokella marena le lichabana tsa ‘ona, a ba

tlamahanya ‘moho, ‘me a ahela lesaka taelo ea morena

Mohlomi ha a ne a re, ho se be motho ea ntseng a re ho

Moroa, Moroa tooe. Ke mona kajeno re sechaba har’a lichaba

tse ling, re sechaba se tsebahalang ka khotso, ‘me re

itsamaisetsa litaba tsa puso ea rona. Re tseba ho qothisana

lehlokoa lipolotiking ho se ea thibeloang ka lebaka la maemo a

hae, tumelo ea hae, kapa ka hore na o tsoa sebakeng se fe.

Haele mona sefefo se khutsitse, ‘me sechaba se supile tsela, ke

itlama kapele ho Morena Molimo, kapele ho Motlotlehi, kapele

ho Likereke tsa rona, marena a rona, makhotla le mekha ea

10

lipolotiki le balateli ba ‘ona, le ho sechaba ka kakaretso, bohle

ba teng le ba sieo koano, hore ke tla sebeletsa sechaba sohle

sa Basotho ka toka, ka ‘nete le bohloeki. ‘Muso o eteletsoeng

pele ke ‘na, ha e na ho ba ‘muso oa mokha oa heso oa

lipolotiki, kapa oa bao re leng setlamong le bona feela, empa e

tla ba ‘muso oa sechaba sa Basotho ka moka. Ke tla sebeletsa

ho kopanya Basotho e le hore re tle re tsebe ho hlola mathata a

bofuma, mathata a tlhokahalo ea mesebetsi le mathata a tlala

le mafu ana a hlorisang sechaba sa habo rona.

Ke mema bo-mphato oa ka, lona bao re khethiloeng le lona,

hore re tšoaraneng ka matsoho, ‘me re beheng mohoma

temeng. Mona ke bua ka bakhethoa kaofela ke sa khetholle.

Sechaba se re tšepetse ho se etella pele ka sebopeho sena seo

re emeng ka sona. Ka hona re sepane sa sechaba, re sepane se

le seng. Ka mantsoe a mang, sechaba se re hlomphile haholo

ho re fa boikarabello bona ba ho se etella pele. Qholotso e re

tobileng ke hore re tiisetse sechaba hore ha sea khetha ka

phoso, ehlile se betsitse chitja, ‘me e le sechaba, lentsoe la

sona ke lentsoe la Molimo.

11

Sechaba sa Heso,

Ha ke hloke ho le hopotsa nalane ea lipolotiki tsa naha ena ea

rona. Le lipaki hore re fetile nakong tse thata ho tloha lilemong

tsa bo-1970, 1974, 1994, le bo-1998. Re sebelitse ka thata

hore re fihle boemong bona ba puso ea sechaba ka sechaba,

boo re leng ho bona kajeno.

Re lokela ke hona ho hetla morao, ’me re nene lintho tsohle tse

re hlokisitseng botsitso ka nako e fitileng, e le hore re phetleng

leqephe le lecha nalaneng ea puso ea naha ea rona, re

matlafatse kopano le bo-'ngoe ba sechaba tse re li rutiloeng ke

Morena Moshoeshoe I, re bouleleng khotso le botsitso ba

Lesotho, ‘me re aheng naha ena molemong oa rona le

molemong oa meloko e tlang.

Sechaba sa Heso,

Haele mona re kena leetong lena la puso ea lilemo tse hlano tse

tlang, ke rata hore re ikhopotseng hore ka selemo sa 2000

sechaba sa Lesotho se ile sa lumellana ka tokomane e bitsoang

Vision 2020. Tokomane ena e supa lintlha-kholo tsa hore na re

labalabela hore Lesotho le be maemong a fe a ntlafatso. Litaba

tseo kaofela li lokela ho arabeloa ka meralo e hlakileng ea

12

‘muso le Moralo oa Ntlafatso oa Naha (National Strategic

Development Plan).

Phephetso e kholohali ka ho fetisisa, eo re tobaneng le eona, ke

pheliso ea bofuma le ntlafatso ea maphelo a Sechaba naheng

ea rona. E le ho fihlela sepheo sena, ‘muso oa Motlotlehi o

lokela ho tsepamisa maikutlo a oona holim’a kholiso ea moruo,

ka sebopeho seo mafapha ‘ohle a tlang ho kenya letsoho le ho

khola litholoana tsa katleho. ‘Nete ke hore, ha moruo o hola le

mesebetsi e tla ata:

Re tla ema ka maoto ke hona, ho hohela le ho thusa bo-

ramatsete ba tsoang kantle le kahare ho naha ho theha

mesebetsi mona Lesotho;

Re tla ntlafatsa khokahanyo le marang-rang a litšebeletso

tse kang litsela, metsi, motlakase, le meaho e hlokahalang

bakeng sa khoebo le khoebisano;

13

Re tla bulela mafapha ‘ohle ho kenya letsoho ka matla

litabeng tsa ntlafatso ea naha; ho kenyeletsa basali ka

mekhatlo ea bona, bacha ka Lekhotla la bona (National

Youth Council), esita le mekhatlo e ikemetseng.

Re tla loantša ka matla litlolo tsa molao naheng ena ea

rona haholo-holo bosholu, bobolu le tlhekefetso ea

maqeku, basali le bana;

Re tla hlompha boikemelo ba litšia tse tharo tsa puso e

leng Makhotla a Boahloli (Judiciary), Lekhotla la Ketsa

Melao (Paramente) le Lefapha la Bophethahatsi

(Executive);

Re tla ntlafatsa thuto, haholo ea mahlale le ea matsoho

hore e re tsoalle mesebetsi;

Re tla kenya tšebetsong meralo e ka tsebang ho arabela

phephetso ea maemo a leholimo a fetohileng haholo

morao tjena, e le ka morero oa ho ntlafatsa tlhahiso ea lijo

le ho ntlafatsa mehlape;

14

Re tla ntšetsa pele toantšo ea tšoaetso ea lefu la HIV le

AIDS, ‘me re tla etsa kahohle ho fumana mekhoa ea ho

fokotsa sekhahla sa mafu a bo-‘m’e le masea nakong ea

pelehi (Child and Maternal Deaths);

Re tla tšireletsa maqheku, likhutsana, le ba nang le

bokooa, le bohle ba tlokotsing e le ho ba bebofaletsa

mathata a bophelo.

Empa ka holimo ho tsohle, re lokela ho ba seli ho baballa

litokelo tsa mantlha tsa botho le ho tebisa metso ea puso ea

sechaba ka sechaba, khotso le botsitso, hobane kantle ho tsona

ha ho letho leo re ka le fihlelang ka katleho.

Your Majesties

Excellencies

Distinguished Guests,

It is with a deep sense of honour and humility that I stand

before you to accept the responsibility of the high office of

Prime Minister and Head of His Majesty’s Government. At the

very beginning of this five year constitutional term of the new

government, I pledge to execute the onerous responsibilities of

this high office with honesty, transparency and dedication. In

15

executing this sacrosanct mandate as Prime Minister of

Lesotho, the wishes and aspirations of my people will always

take precedence over my own.

On behalf of the government and people of Lesotho, and

indeed, on my own behalf, I wish to express our profound

gratitude to all of you, my country men and our guests from

other countries, for having made time to grace this occasion

with your presence.

We are deeply indebted to our development partners,

International organizations, non-governmental organizations,

the Christian Council of Lesotho, our security agencies and the

media for the valuable contribution which they made in various

ways to facilitate successful holding of the general election that

we have just gone through.

I wish to single out for special commendation, the Independent

Electoral Commission and its staff, for their dedication and the

exemplary manner in which they applied themselves in the

preparations preceding the elections and during the conduct of

the election itself.

It would be remiss of me not to pay a deserving tribute to the

entire nation of Basotho, for the patience and maturity with

which they went through the elections.

16

Your Majesties

Excellencies

Distinguished guests,

We have had elections that have been declared by the local and

International observers as free, fair and transparent. We are

not unaware of the elaborate and hard work that has been

done by the Election Observers over the past days and weeks.

For that we are indeed grateful.

The election that we have just gone through is a powerful voice

through which the people of Lesotho have elected a

government of their choice. Today’s occasion is, therefore, a

reflection of the will of the people of Lesotho. The

electioneering time is now behind us. The dust of the election

campaigns must now settle. The people have spoken through

the ballot box. It is now time for us to put shoulder to the

wheel and join hands to develop our beloved country for the

betterment of every Mosotho man, woman and child in our

towns and villages.

The real winner of this election is no other than the people of

Lesotho themselves. Their will takes precedence over our

personal wishes. Let us get on with the business of governing

and of developing our country for the benefit of our people and

the future generations.

17

On this occasion, I extend an invitation to all political leaders in

Lesotho and the nation as a whole, to put aside political

differences that were manifested in the heat of the election

campaigns, and to join hands to respond to the challenges that

face us as a nation.

We, the people of Lesotho, are fortunate that we are a

homogeneous nation that speaks one language, that practises a

common culture and that is united by kinship. We are

untouched by the sentiments of tribalism or religious schisms.

It would be folly to allow ourselves to be divided by the

differences of our political opinions.

As we start this long journey of governance over the coming

five years, I stand before God, His Majesty, church leaders,

chiefs, leaders and followers of political parties, and the nation

as a whole, to pledge my commitment to serve this nation

faithfully, with dedication and transparency. I will endeavour to

undertake the widest consultations on issues of importance to

the nation while at the same time doing all in my power to

eradicate the scourge of corruption in the conduct of public

affairs.

18

Your Excellencies

Distinguished guests,

I need not remind anyone that over the past half century since

Lesotho attained political independence, our country has gone

through successive periods of turbulence and agony in the

political sphere. Our people have worked very hard to have

the rule of law, peace and stability that we enjoy today. We

must build on the achievements that we have already made to

further consolidate peace and stability in our country and to

deepen the roots of democracy and good governance.

Our elections in 2002 ushered in a new era of political

accommodation and inclusiveness, which was embodied in the

new electoral model that we adopted. That model contributed

significantly to the advancement of peace and stability in

Lesotho. We have continued to improve on that model and to

remove some of its shortcomings. The current electoral

legislation has, once again, modified and improved in various

ways on the electoral model that we use in Lesotho. It has, in

particular, also introduced a system that guarantees increased

representation of women in parliament.

Through our collective effort we have succeeded in taking our

country to higher level of political maturity. In effect, we have

transformed the nature of politics in our country. We must

build on this success to transform our country’s economic

situation. The challenges that confront us as a nation today

are many and varied. While we may define them in different

19

political dialects, in reality, the challenges that confront us as

we begin the 8 th Parliament of His Majesty’s government, are

the same and common to all of us. They include;

Poverty eradication, shared economic growth and

employment creation;

Building of effective governance institutions in the public

and private sectors;

Infrastructure development for facilitation of trade and

access to services;

Investment in the education of our people and

transformation of skills development, particularly among

youth and women;

Increasing access to improved health facilities in order to

reduce maternal and child mortality, as well as

vulnerability to pandemics such as HIV and AIDS;

Improvement of agriculture, food security and

preparedness for natural disasters, particularly in the wake

of the consequences of climate change;

Combating of environmental degradation;

20

Increasing the access of women and youth to resources in

order to facilitate their involvement in development

activities;

Effective and efficient dispensation of justice,

Escalation of the fight against corruption, all forms of

crime, including violent crime, robberies, and stock theft;

and

Provision of efficient delivery of public services.

In addressing these challenges, the consolidation of peace and

deepening of the roots of democracy and good governance

must remain our top priority because without peace and good

governance, there can be no development.

Mohlomphehi Motsamaisi oa tšebeletso,

Ke lakatsa ho qetella puo ea ka ka ho mema Basotho bohle, ka

bo-mong le ka lihlopha tsohle tsa bona, hore joaloka ha

mothehi oa sechaba sa rona Morena Moshoeshoe oa Pele, a re

rutile, re beng ngatana-‘ngoe, re tšoaraneng ka matsoho joalo

ka bana ba thari ho pholosa naha ea rona litleneng tsa bofuma

le ho hloka botsitso. Re ke re beng le sepheo se le seng, e leng

ho fumanela naha ea rona kholiso ea moruo, tsoelopele le

boiketlo ba sechaba.

21

Molimo a ke a boloke Batlotlehi, Molimo a ke a boloke Lesotho

le Basotho.

Khotso, Pula Nala.

22

Hooray! Your file is uploaded and ready to be published.

Saved successfully!

Ooh no, something went wrong!