here - National Library Of South Africa
here - National Library Of South Africa
here - National Library Of South Africa
You also want an ePaper? Increase the reach of your titles
YUMPU automatically turns print PDFs into web optimized ePapers that Google loves.
Sehloho: Menyepetsi ya maswabi

Mongodi: A.T. Maboee

Mofuta wa

sengolwa: Tshomo

ISBN: 9780636135826

Mophatlalatsi: Maskew Miller Longman

Puo: Sesotho

Kgutsufatso: Diketsahalo tse bukeng ena di etsahala mane motseng wa Matatiele.

Monnamoholo Monakodi o kgathatsehile ka setloholo sa hae Sobi, se bonahalang se

se na kgahleho dithutong tsa hae.O leka ka matla ho mo elellwisa bohlokwa ba thuto.

O mo qoqela ka bophelo ba hae e leng menyepetsi ya maswabi, e leng yona tsela ya

ho mo kgothaletsa hore a ye sekolong a tle a se ke a tshwana le yena a bapala ka

menyetla. O mo eletsa ka hore ho batla mosebetsi a se na lengolo la thuto, ho ke ke

ha mo tswela molemo. O qetella ka ho mo hlahisa leseding la hore thuto e bohlokwa

kamanong ya tsa molao le ho thusa setjhaba.

Hodimo dikeleto tsohle tseo monnamoholo a lekileng ho di fa Sobi, ke Sobi feela ya

ka nkang qeto ka bophelo ba hae. Buka ena e sebedisa thuto le bodumedi ho aha

dintlhatheo tsa bophelo. Babadi ba tla natefelwa ke diketsahalo tse hlahiswang bukeng

ena.

Preserving and Celebrating our literary heritage Page 47